Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/1 maq. 3-4
  • Ho Etsahala Eng ka Bophelo ba Lelapa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Eng ka Bophelo ba Lelapa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Mahlonoko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke’ng e Bontšang Hore re Phela “Mehleng ea Bofelo”?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/1 maq. 3-4

Ho Etsahala Eng ka Bophelo ba Lelapa?

“NA U ka nthusa? Monna oa ka o ntšoere hampe ’me ha ke sa khona ho mamella. Ha ho eo nka lebang ho eena. Ke mong feela ntle ho mora oa ka ea selemo se le seng. Monna oa ka o halefa kapele ’me o nteteka hore ka linako tse ling ke be motala liphakeng. Libekeng tse peli tse fetileng o ile a nthula nkong ’me ka tsoa mokola hampe. ’Me ka bosiu bo bong ha re robetse, a nkhama ’me ha a ka a hlokomela seo a se entseng ho fihlela ke akheha. Ha nkuka matsatsi ke koenya ka thata. . . .

“Monna oa ka o-oa hoeletsa ’me o pshatla lintho ka tlung le ho tšosa ngoana. Ka bosiu bo bong hoba monna oa ka a nkotle ke be ke oele fatše, ngoana a bokolla a tšohile ’me ke ne ke tsoile kotsi ke tšohile haholo hoo ke neng ke sitoa ho etsa ntho leha e le efe. . . . Ke mo boleletse hore ke batla ho mo hlala. Joale ha ke sa batla ho ahlamisa molomo oa ka ke re kea tsamaea hobane a ka qala ho nkotla hape ’me ke tšohile hore bophelo ba ka kapa ba mora oa ka bo kotsing.”—E tsoa bukeng Scream Quietly or the Neighbours Will Hear, ea Erin Prizzey.

Na ena ke ntho e etsahalang mona le mane? Che! United States feela ho hakanngoa hore selemo se seng le se seng basali ba ka bang limillione tse 1,8 ba otloa ke banna ba bona, ke hore, baa rahuoa, baa otloa, baa tetekoa, ba otloa ka ntho e ’ngoe, ba tšosoa kapa ba hlaseloa ka thipa kapa sethunya. Ha ho phaelloa litlaleho tsa ho tšoaroa hampe ha basali botšehaling le ho hlokomolohuoa ha bana, litlaleho tse mpe le ho feta ke tsa ho tlatlapuoa ha batsoali le bo-khono le bo-ntate moholo. Kahoo, potso ke ena: Ho etsahala eng ka bophelo ba lelapa?

U na le lebaka la ho ameha. U ka ’na ua botsa, ‘Hobane’ng ke lokela ho ameha? Nka u tiisetsa hore lintho tseo ha li etsahale lapeng la ka!’ Leha ho le joalo, u lokela ho thahasella mathata a joalo a lelapa. Hobane’ng? Hobane Bibele e profetile khale hore ho ata ha ho ferekana ho joalo ha lelapa e tla ba karolo ea bopaki bo hlakileng ba hore re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena eohle ea lintho ea lefatše ka bophara.a Hlokomela seo moapostola Pauluse a se profetileng: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, . . . ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho.”—2 Timothea 3:1-3.

Na mantsoe a Pauluse a hlile a phethahala kajeno? Ntoa e joalo ea lelapa e khōlō hakae? Na e sebeletsa ho tšehetsa ho phethahala ha boprofeta ba Pauluse bo bontšang hore ka ’nete re phela “mehleng ea qetello”?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho lokela ho hlokomeloa hore boprofeta ba Bibele mabapi le “mehleng ea qetello” bo etsa pontšo e kopaneng. Ke hore, ha lintho tsohle tse profetiloeng li etsahalla moloko o le mong e tla ba bopaki ba hore re phele mehleng ea bofelo. Lethathamong lena la lihlooho re tla sheba ntlha e le ’ngoe ea boprofeta, e leng, phello ea ‘mehla ea rōna e bohloko’ ka malapeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela