Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/1 maq. 4-8
  • ‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Lekholo la bo20 la Lilemo
  • ‘Ho se Utloe Batsoali’
  • “Ba se Nang Lerato la Hlaho”
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali ba Tlas’a Khatello
    Tsoha!—1997
  • Ha Pefo e Hlasela Lelapa
    Tsoha!—1993
  • Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/1 maq. 4-8

‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?

“Leha e ka ba bofumeng, lapeng ke lapeng.”

Ke seqapi John Howard Payne se ngotseng joalo. Empa o ngotse lilemong tse fetileng tse 160. Lefatšeng la kajeno ho hlahile boemo bo fapaneng. “Lapeng mane moo ho neng ho thoe ho monate,” hangata e se e le lebaleng la ntoa. Lerato la tlhaho le kameho e lerato tseo re ka lebellang ho li fumana har’a lelapa ha li eo malapeng a mangata. Ka lebaka lefe? Na ho na le ntho leha e le efe e ikhethang ka likhathatso tse joalo tsa lelapa mehleng ea rōna?

Lelapa la Lekholo la bo20 la Lilemo

Ka makholo a lilemo tse fetileng hangata lelapa le ne le ipōpa ngatana ho hlahisa lintho tse molemo. Ke hore, bohle—batsoali le bana—ba ne ba sebelisana ho haha ntlo, ho etsa thepa ea ntlo, ho hlaola masimo le ho hlokomela mehlape. (Genese 37:2; Liproverbia 31:16) Empa ha ho qala tšebeliso ea mechine, lintho tsa fetoha.

Haholo-holo ha lichaba tsa Bophirima li qala mesebetsi e meholo ea khoebo, ke moo malapa a mangata a ileng a fallela metseng e meholo ho ea batla mosebetsi lifemeng. Eaba joale batho ba tlameha ho tloha malapeng ho ea mosebetsing tsatsi le leng le le leng. Nako ea hore malapa a lule hammoho ea ’na ea fokotseha. Lintho tse kang liaparo le thepa ea matlo tsa rekoa ho e-na le hore li etsoe. Le joalokaha buka e bitsoang The Family, Society, and the Individual e hlokomela:

“Joalokaha ho ne ho ka ’na ha lebelloa, liphetoho tsena tsa ama bophelo ba lelapa haholo. Lelapa ha le sa iketsa ngatana ho etsa lintho ka mokhoa oa ho baballa. Ha e sa le ho etsoa melao ea thuto e tlamang le melao e laolang lilemo tseo ngoana a ka sebetsang ka tsona, bana ba se ba fetohile moroalo cheleteng ea lelapa ho e-na le ho ba thepa ea bohlokoa.” Hona ho ama mekhoa ea ho hōlisa bana joang? “Mokhoa oa hore ka lapeng ntate e be hlooho oa fetoha, ’me khalemelo le ho hlompha ba boholong tsa fetoha feela tšireletso bakeng sa bophelo bo botle.”

Liphetoho tse joalo tsa khathatsana haholo le malapa a lekholo la bo20 la lilemo ka ho khethehileng. ’Me bothata bona hase ba linaha tsa Bophirima feela. Ho etsoa ha likoloni ho ileng ha lateloa ke ho tlisoa ha mesebetsi e meholo ea khoebo ho ferekantse likarolo tsa neano tsa lelapa le linaheng tse fokolang moruong. Mabakeng a mang basali ba hloile hore ha ba talingoe e le balekane. Ke ka mokhoa oo mosali e mong oa Afrika a ileng a bua ka pelo e bohloko: “Ke eng ha banna ba re tlohella ho roala thoto? Ke ea masimong ke jere mohoma ke bile ke pepile ngoana. Monna ha a nke letho. Joale ke khutla ka mohoma, ngoana, le nkho ea tonana ea metsi hloohong. Monna o ntse a sa nka letho. Chelete e sebelisoa joaleng, e seng ho rōna kapa bana. Re kopanela mosebetsi, kapa boholo ba oona o etsoa ke rōna, empa monna o nka chelete kaofela a re bolelle hore ke ea hae—hore ke eena ea e sebelelitseng. Boo ke bothoto.”

Lelapa la lekholong la lilemo la bo20 le utloa tšusumetso ea ho hong ho boima ho qalang ho etsahala historing—thelevishene. Ho hakanngoa hore nakong eo ka eona mocha a ka bang lilemo li 18, o tla be a sebelisitse lihora tse 15 000 a shebeletse thelevishene ha li bapisoa le tse ka bang 11 000 tseo a leng phapusing ea lithuto ea sekolo. Ha a le lilemo li 14, ka karolelano ngoana oa Amerika o se a bone ha ho bolaoa batho ba 18 000 ho TV. Ka phello efe? Buka ea M. S. Miller, Childstress! e-ea arabela: “Liithuti tse ngata tsa kelello le baahloli ba re thelevishene e molato bakeng sa pefo eo bana ba e etsisang. Ha ngoana ea lilemo li robong a kena bankeng ea Motse oa New York ho e utsoetsa ka sethunya sa ho bapala, a nka lidolara tse lekholo, o itse ke hobane ‘ke bone methaka e ho etsa ho TV.’ ” Makasine ea The Family Coordinator e-ea eke tsa: “Le hoja phello e tobileng ea ho pepesetsoa ha bacha ho eona e theiloe mabakeng a sa fellang, ho hlakile hore mekhoa e ’maloa e bontšoang ke mehloli ena ea litaba le eona e tla ba le tšusumetso e matla bophelong ba bacha le mokhoa oo ba tla phela ka oona hamorao.”

Ha ho pelaelo hore lelapa la lekholo la bo20 la lilemo le oelane le maemo a bophelo a ikhethang a entseng hore le khathatsehe le ho susumetseha ka tsela e ncha historing ea batho. Empa na hona ho hlile ho felletse ka likhathatso tse fanang ka bopaki bo tšehetsang hore re phela “mehleng ea qetello”?

Ka ho qaqa ho tsotehang, moapostola Pauluse o hlile a bolela hore ‘mehla ea qetello’ e tla khetholloa ka “linako tse bohloko.”a “Linako tse bohloko” joalo li ne li tla fella ka eng bophelong ba lelapa? Pauluse o-oa arabela: “Batho e tla ba . . . ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho, . . . ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha.”—2 Timothea 3:1-3.

‘Ho se Utloe Batsoali’

Bana ke nama le mali a batsoali ba bona ’me baa ba kolota bakeng sa melemo e mengata haholo. Hoa nyarosa ha bana ba sa bontše batsoali tlhompho, tlotla le tlhokomelo e ba tšoanetseng. Joalokaha seithuti se seng sa Bibele se itse: “Ke pontšo ea tsamaiso ea batho ba bolileng ka ho fetisisa ha ngoana a felloa ke tlhompho ho batho ba baholo, ’me a hlōloa ho elelloa sekoloto seo le ka mohla a ke keng a se lefa le tšoanelo e ka sehloohong eo a lokelang ho e lefa ba mo fileng bophelo.” Na sena sea etsahala malapeng a lekholo la bo20 la lilemo?

Mosali e mong o ile a bua ka pelo e bohloko ka bopaki bo bong bo matla ba borabele ba bana ho batsoali—ho tlatlapa batsoali, “Ke tšaba ngoana oa ka.” Ka komang e ’ngoe e befileng, mora ea lilemo li 17 oa mosali enoa a raha ’m’ae ka sehlōhō hoo a ileng a nonyetseha lehetleng. Pefo e joalo ho batsoali e tloaelehile hakae? Ha e tlaleha liphello tsa phuputso e entsoeng ka pefo ea ka lapeng United States, buka Behind Closed Doors e hlokometse hore: “Ngoana a le mong ho ba bararo ba pakeng tsa lilemo tse tharo ho isa ho tse leshome le metso e supileng o otla batsoali ba hae selemo le selemo.” Na hase pontšo e feteletseng ea ho hloka tlhompho ha ngoana a phahamisetsa batsoali ba hae letsoho?—Bapisa Ba-Efese 6:1-3.

Bana ba boetse ba fetohela batsoali ba bona ka litsela tse seng mabifi haholo. Ka bo1960 e ne e le moaparo le moriri o molelele oa “ma-hippie.” Empa eare ha batho ba baholo ba etsisa mekhoa eo, bacha ba tlameha ho hlaha ka litsela tse ncha tsa borabele. Buka Childstress! e-ea hlalosa: “Ka boqapi bohle, mekhoa e lekoang le ea ’nete ea tello e hōla ka matla—lithethefatsi, ho noa, ho baleha sekolo le ho baleha malapeng. Moloko oa bo-nkhono le bo-ntate moholo o re, ‘Ke ne ke tla nyonya ho hōlisa bana mehleng ena le linakong tsena.’ ”

Hase bana ba banyenyane feela ba hlōlehang ho bontša batsoali ba bona lerato le tlhompho tse ba loketseng. Ho na le sehlopha se seng hape—batho ba baholo ba khahlapetsang ba tsofetseng. Ba ba khahlapetsa joang? Psychology Today e-ea hlalosa: “Ho khahlapetsa ho ka ’na ha etsoa ’meleng, ea e-ba ka ho tlatlapa (ho amoha batsoali lichelete tseo ba li bolokileng, le ho ba hlokisa puo), ho se ba tsotelle (ho hlōleha ho fana ka lijo kapa pheko) kapa ea e-ba kelellong (ho ba rea mabitso). Batlatlapi ba boetse ba atisa ho tšosa batsoali ka hore ba tla ba lelekela ntle kapa ba ba ise libakeng tsa phekolo ea mafu a kelello kapa mahaeng a tlhokomelo haeba ba belaela ka hore ba tšoeroe hampe.”

Ho hlile ho bohloko hore bana ba bangata ba hōlileng ha ba ikutloe ba e-na le boikarabelo ka batsoali ba tsofetseng. Ka mohlala, F. Ivan Nye, pampiring ea liphuputso e hatisitsoeng ho Journal of Marriage and the Family, o hlokometse hore: “Ba bangata ba ileng ba arabela [phuputsong ena] ba bona tšoanelo ea ho tseba ka beng ka bona le ho ba thusa tsietsing ea chelete, empa hoo e ka bang karolo e fetang 30 lekholong e latola tšoanelo e joalo (ea lichelete) hore e teng ’me karolo e ka tlase ho 40 lekholong ea banna le basali e bontša ho se utloisise ho hang ha ba bang ba hlōleha ho phethahatsa litlameho tse joalo.” Hona ha susumelletsa Nye hore a fihlele qeto ea hore “kamano ea malapa” e “tseleng ea ho nyamela sebopehong sa eona sa ketso e tlamang litho tsa malapa ’me ho ka ’na ha etsahala hore e fetohe” mokhoa oa malapa o etsoang ka boikhethelo. Na hona hase “pontšo ea tsamaiso ea batho e bolileng ka ho fetisisa”?—Bapisa 1 Timothea 5:3-8.

Hase bana bohle ba hanang taolo ea batsoali. Empa litlaleho tsa se etsahalang ka bacha ba fetohelang batsoali ba bona li ngata ka ho lekaneng ho paka ntle le pelaelo hore seo moapostola Pauluse a se profetileng ke ’nete kajeno: “Batho e tla ba . . . ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho, . . . le ho tšepeha.”

“Ba se Nang Lerato la Hlaho”

Hase bana feela ba angoang ke ‘mehla ena e bohloko.’ Pauluse le eena o hlile a re: “Batho e tla ba . . . ba se nang lerato la hlaho.”—2 Timothea 3:2, 3.

Ke tlhaho ho lebella hore lelapa leo u leng ho Iona e be sehlopha se u tšehetsang ho feta tsohle. Ka “lapeng le monate” ho lokela ho foke moea oa lerato—lerato ho molekane oa hao le bana ba hao. Empa moapostola Pauluse o itse khaello ea “lerato la hlaho”b e tla tšoaea ‘mehla ea qetello.’ ’Me ho netefaleng ha mantsoe a hae, mabakeng a mangata haholo, “malapeng” ha ho sa le “monate” ho hang. Joang?

Sehloohong se fetileng re hlokometse kamoo ho haella ha lerato la tlhaho ho atileng ka mokhoa o tšosang kateng—ho tlatlapuoa ha basali. Ruri ha ho mosali ea lokelang ho rahuoa, ho otloa kapa ho tlatlapuoa. Ke mohoo o fapaneng ho hang le khothatso ea Mangolo ea hore banna ba rate basali ba bona “joale ka ’mele ea bona”! Ke ntho ea tlhaho. Ho otla mosali ha se ntho ea tlhaho!—Ba-Efese 5:28-33.

Mohlomong ho bileng ho makatsang haholoanyane ke palo ea banna bao ho tlalehoang hore baa shapuoa. Tabeng e ’ngoe monna “o ne a e-ba le mengoapo le matetetso nako le nako” ka baka la hore mosali oa hae “o ne a mo busa ka bohale, ho mo tlatsetsa lerata le ho mo otla ka sehlōhō.” Batho ba bang ba ithutetseng kahisano ba hakanya hore United States feela, banna ba ka bang 282 000 ba shapuoa ke basali ba bona selemo le selemo. Na hona le hona hase mohlala o sisimosang oa ho haella ha lerato la tlhaho malapeng a mangata a lekholo la bo20 la lilemo?—Bapisa Ba-Efese 5:22-24, 33.

Le hoja litlaleho tseo e le tse emisang hlooho, ho utloisang bohloko haholo ke litlaleho tsa ho eketseha ha bana ba tlatlapuoang. Ho tloaelehile ho bala lihlooho tse kang tse latelang:

“Ngoana ea tlatlapiloeng, o hōlile, joale o bua ka mengoapo.”

“Mosali o Lumela hore o Qoelisitse Bana ba Hae ba Bane ba sa Khalehile.”

“Ho khakhathoa ha bana, ba shoa ka bongata Denver le seterekeng sa teng.”

“Ho Lahloa ha Bana ‘Ho Senya Ponahalo e Lerato ea Brithani.’ ”

Rea u baballa hore u se ke ua utloa litlaleho tse tšabehang ho feta tsena.

Ho tlatlapa bana ka tsela eo ho atile hakae? Ha e hlalosa ka liphello tsa phuputso ea pefo ka malapeng, buka Behind Closed Doors e hakanya hore hoo e ka bang “bana ba lipakeng tsa limillione tse 3,1 le tse 4 [United States] ba ile ba rahuoa, ba shapuoa, kapa ba tetekoa ke motsoali neng-neng bophelong ba bona; . . . bana ba lipakeng tsa 900 000 le millione tse 1,8 ba lipakeng tsa lilemo tse tharo le tse leshome le metso e supileng motsoali o se a kile a sebelisa sethunya kapa thipa ho bona neng-neng bophelong.”

Le hoja e le ’nete hore bana, haholoholo masea, ba hlaseleha habonolo ’me ka linako tse ling baa khathatsa, ruri ha ho ngoana ea lokelang ho tlatlapuoa—’meleng, maikutlong kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Ha e le hantle, joalokaha Bibele e bolela: “Bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.”—Pesaleme ea 127:3.

Ha ho pelaelo hore lelapa la lekholong la bo20 la lilemo le tlakiloe ke likhatello tse ncha historing ea batho. U.S.News & World Report e-ea hlokomela: “Ho eketseha ho hokaale ha likhathatso tsa lelapa ho bakoa ke eng? Dr. Bertrand New, ngaka ea mafu a kelello Westchester Medical Center-New York Medical College, o bua ka ho senyeha ha botho le moruo, botahoa le likhatello tse matla tseo mokhatlo oa kajeno o li jarisang malapa a mangata.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ho eketseha hona ha khohlano ka malapeng ke karolo e le ’ngoe feela ea pontšo e nang le likarolo tse sa tšoaneng empa li amana e khethollang ‘mehla ea qetello.’ Litokollo tse latelang tsa Molula-Qhooa li tla bua ka ho qaqileng ka litšobotsi tse ling tsa mantsoe a Pauluse ho 2 Timothea 3:1-5. Empa ’nete e-ea sala: Litlaleho tse buang ka bana ba fetohelang matla a batsoali le ho theoha ha lerato la tlhaho, joalokaha Pauluse a hlile a bolela, li atile hoo li bōpang karolo ea bopaki bo hlakileng ba hore re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho.

Ka sebele, re phela “mehleng e bohloko.” Leha ho le joalo, ‘mehla ena e bohloko’ ha ho hlokahale hore e fifatse thabo ea lelapa la hao. Jehova Molimo o fane ka tataiso e sebetsang ka Bibeleng, eo haeba e lateloa e tlang ho etsa lelapa le thabileng le le atlehileng leha e le hona joale. Ho feta moo, haeba u latela litaelo tseo ka hloko, u ka balelloa har’a malapa a thabileng a tla thabela bophelo ka ho sa feleng taolong e ncha ea ho loka e tla beng e entsoe ke Molimo, e haufi hona joale.—2 Petrose 3:13; Liproverbia 3:13-18.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerika bakeng sa “lintho tse bohloko” (chalepós) le fetoletsoe e le “hampe” ho Mattheu 8:28, moo le sebelisitsoeng ho hlalosa banna ba babeli ba neng ba tšoeroe ke bademona ba neng ba le mabifi haholo ba le kotsi. Kahoo, ‘mehla ea qetello’ e ne e tla ba e tšosang, e sokelang le e kotsi ka ho khethehileng.

b Lentsoe la Segerike storgé le bua ka lerato la lelapa, ho rata beng ka motho. Empa lentsoe bakeng sa “ba se nang lerato la hlaho” ke sebopeho sa ástorgos, le bolelang ho fapaneng le hoo—ho qhalana ha lerato la tlhaho le lokelang ho ba teng pakeng tsa litho tsa lelapa.

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

O shebella ha batho ba thunngoa, ba shapuoa, ba bolaoa. Ho mo ama joang?

Ho sebelisa tataiso e fumanoang Bibeleng ho ka hleka tsela bakeng sa bophelo bo thabileng ba lelapa leha e le hona joale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela