A Susumetsoa ke Botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova
KA 1978 Christine E. King o ile a etela ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e London, England. O ne a batla boitsebiso bo amanang le liphihlelo tsa Lipaki tsa Jehova Jeremane ntoeng ea bobeli ea lefatše hore a ngole taba e nang le bopaki bo e tšehetsang ha a lokisetsa lengolo la hae le phahameng la univesithi. Ha a ntse a bokella taba ea hae, o ile a susumetsoa ke boemo ba ho se sekisetse ba Lipaki tsa Jehova Jeremane ea Bonazi hoo a ileng a fihlela qetong ea ho lokisetsa le ho atolosa taba ea hae hoo e ka hatisoang e le buka. Hoba a fumane lengolo la hae la thuto e phahameng, a ngolla ofisi ea lekala: “Buka ea ka e buang ka Lipaki tsa Jehova ke fumane e le e phephetsang haholo ’me ke qetelletse ke khahliloe haholo ke karabelo ea Lipaki tsa Jeremane ho Manazi; ke na le tšepo ea hore ke seo buka ea ka e tla se bontša.” Buka ea Dr. King e bitsoa, “The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity.”
Ho totobalang haholo lipatlisisong tsa Dr. King ke palo ea Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa shoa le tse ileng tsa kenngoa litlamong. Lipalo tsena li bontša hore lipalo tse phatlalalitsoeng ke Lipaki pele li tlase haholo. Dr. King o fumane lipalo tsena moqolonga o hatisitsoeng Munich, Jeremane, ke Michael Kater. O re: “Ho phenya-phenya ha ka IitIaleho tsa Lekhotla le tsa Gestapo, ruri ho ka tšehetsa lipalo tsena tse phahameng.”
Lipalo tsee ke life? “Ba keneng litlamong ba ka ba 10 000, ’me ha ho akaretsoa lilemo tseo ba ileng ba li ahloleloa litlamong, li 20 000. Paki e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse peli Jeremane e ile e kenngoa litlamong, e le ’ngoe ho tse ’ne ea shoa.
O tsoela pele: “Ho sa tsotellehe maemo a mabe a Lipaki tse likampong, li ’nile tsa kopana le ho rapela hammoho, tsa etsa libuka le ho sokolla batho. Li tiisitsoe ke botsoalle ba tsona, ’me, ho fapana le batlamuoa ba bang ba bangata, Lipaki ka ho hlokomela hore na libaka tse joalo li teng ka mabaka afe le hore na ke hobane’ng ha li lokela ho ba mahlomoleng a joalo, tsa ipaka e le lequloana le lenyenyane empa le hlokomelehang la batlamuoa, le tšoauoang ka lesela le likhutlo li tharo le pherese le le tsebisahalang ka sebete le kholiseho ea bona.”
Dr. King a boela a lekanyetsa: “Li ne li tšoarelletse metheong ea puso ea leholimo; Lipaki tsa lula li sa ‘nke lehlakore’, li ne li tšepahala hoo ka lebaka leo, ka mohlolo li neng li atisa ho iphumana li sebeletsa S.S. [mokhatlo o neng o laola likampo tsa mahloriso]. Mohlanka oa S.S. a bolela hore ke Paki ea Jehova feela e neng e ka tšepeloa ho beola monghali oa eona ka lehare le bohale ntle ho ho sebelisa lehare hampe.”
Kamor’a ho hlalosa hore ’muso oa Nazi o ne o tšositse mekha e meng ea bolumeli hore e sekisetse, Dr. King a re: “ ’Muso o hlōlehile ho atleha feela ho Lipaki, hoba le hoja ba ne ba bolaile tse likete, mosebetsi [oa ho bolela ’Muso oa Jehova] oa tsoela pele ’me ka Motšeanong 1945 mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ne o ntse o phela, ha Puso ea Bompoli e buellang hore phahlo kea sechaba le ’muso eona e felile. Lipaki li ne li eketsehile ka palo ’me ho se tse sekiselitseng. Mokhatlo o ne o fumane bashoela-tumelo ’me o loanne ka katleho ntoeng e ’ngoe ea Jehova Molimo.”
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Die Ernsten Bibelforscher Im Dritten Reich” ho Vierteljahrs Hefte Für Zeitgeschichte, Moqolo 17, Munich, 1969.