Ho Ipoloka ‘Lefatšeng re se na Letheba’
“Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—JAKOBO 1:27.
1, 2. Lintho tse ling tse hlokahalang borapeling bo hloekileng ke life?
JEHOVA o hloka borapeli bo hloekileng. (Johanne 4:23, 24) Har’a lintho tse ling, bolumeli bo se nang sekoli bo susumelletsa mafolo-folo, kameho e lerato ho ba hlokang. (Ba-Galata 2:10) Bo boetse bo re hloka hore re ipoloke re sa silafatsoa ke lefatše, ke hore, mokhatlo oa batho o khopo o ikarotseng ho Molimo le o ‘rapaletseng ka tlase ho e mobe,’ Satane Diabolose.—1 Johanne 5:19.
2 Morutuoa Jakobo o ngotse hore: “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.” Phetolelo e ’ngoe e re: “Bolumeli bo hloekileng, bo sa senngoang, mahlong a Molimo Ntat’a rona ke bona: ho thusa likhutsana le bahlolohali ha ba hloka thuso, le ho ipoloka motho a sa silafatsoa ke lefatše.”—Jakobo 1:27, The Jerusalem Bible.
3. Ke lipotso life tseo joale re tla li nahana?
3 Empa rōna bahlanka ba Jehova re ka ipoloka re “sa silafatsoa ke lefatše” joang? Pono ea Mangolo ke efe linthong tse kang litaba tsa lefatše tsa boahisani, litokisetso tsa thuto, litšebelisano tsa khoebo le mesebetsi ea boikhathollo?
‘Ho Ipoloka u sa Silafatsoa ke Lefatše’
4. Johanne 17:14 le Esaia 2:2-4 li bontša eng mabapi le kamano ea rōna le lefatše lee?
4 Kaha Lipaki tsa Jehova ha ‘se tsa lefatše,’ re lokela ho fapana le mokhatlo oa batho o khopo. (Johanne 17:14) Karolong e ’ngoe, hona ho hloka hore re lule re sa jele pate litabeng tsa lefatše tsa bopolotiki. Re boetse re lokela ho ikhula ho itšunya-tšunyeng pefong ea Iona ’me re lokela ho phehella khotso joaloka ba ‘teileng liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma.’—Esaia 2:2, 4.
5. Ho lula re sa silafatsoa ke lefatše lee, re lokela ho nka bohato bofe joalokaha bo bontšitsoe ke (a) 1 Ba-Korinthe 6:9-11? (b) Ba-Efese 5:3-5?
5 Joaloka batho ba lakatsang ho lula re sa silafatsoa ke lefatše lena, re lokela ho qoba lipuo, boitšoaro le maikutlo tse tloaelehileng hakana har’a batho ba lefatše, empa li sa lumellane le Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, lehloeo, meharo, boitšoaro bo lihlong le mesoaso e mebe ha li na sebaka se loketseng bophelong ba rōna. (1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Efese 5:3-5) Ha ho makatse hore e be liketso tsa rōna le maikutlo a rōna li fapane le tsa batho bao ba lefatše, hobane ha ba kopanele tšepo ea rōna ea Bokreste.
Nako e Khutšoane Bakeng sa Taolo ea Lefatše Lena
6. Ponong ea 1 Ba-Korinthe 7:29-31, Lipaki tsa Jehova li lokela ho talima lenyalo, maruo kapa lintho tse ling tsa lefatše joang?
6 Moapostola Pauluse o ngotse: “Nako e khutšoanyane; e le hore ba nang le basali ba be joale ka hoja ba se na bona; ba llang ba be joale ka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be joale ka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be joale ka hoja ba sa rua letho; le ba itšebeletsang ka tsa lefatše lena, ba be joale ka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokhoa oa lefatše lena oa fela.” (1 Ba-Korinthe 7:29-31) Hona ho bontša hore le hoja banna ba Bakreste ba lokela ho phetha litlamo tsa lenyalo, ha ba lokela ho etsa lenyalo bophelo bohle ba bona. Lefung, Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba tla siea likamano tsohle tsa lefatše, thabo, masoabi le maruo. Hobane, esita le hona joale, Bakreste, ebang ba na le tšepo ea leholimo kapa ea lefatše, ba ka ’na ba lahleheloa ke basali kapa maruo a bonahalang! Ho feta moo, nakong ea ‘mahlomola a maholo,’ ho tla bolokoa bophelo, e seng maruo a bonahalang. (Mattheu 24:21; Moeklesia 9:11) Kahoo ha hoa lokela hore le a mong oa Lipaki tsa Jehova kajeno a etelletse pele bophelo ba lenyalo, maruo kapa lintho tse ling tsa lefatše. Ho e-na le hoo, Bakreste bohle ba lokela ho etsa kamano e ntle le Jehova Molimo taba ea bohlokoa bo phahameng. Haholo-holo ho joalo kaha re phela “mehleng ea qetello” ’me “mokhoa oa lefatše lena oa fela.”—2 Timothea 3:1.
7. Ho ea ka setsebi se seng sa moruo, ke eng e hōtseng hammoho le khōlo thutong, cheleteng, le tse joalo?
7 Batho ba bangata ba amehile ka bokamoso ba “mokhoa oa lefatše lena.” Ka mohlala, mongoli oa litaba Nancy Brown o ile a qotsa setsebi sa tsa moruo Ezra Misham e le se reng mabapi le ho eketseha ha thuto le chelete: “[Ha] ea tlisa boahisani bo molemo. Tumellanong le ho eketseha ha tsebo ea bohlale bo tebileng, thutong le licheleteng, batho ba bone ho hōla pefo, botlokotsebe ba bacha, tlōlo ea molao, tšenyo ea thepa ka boomo, polao ea batho, ho ipolaea, puo e mpe le e lihlong.” Habohlokoa ka sebele e bile polelo e qalang ea sehlooho sena sa pampiri ea litaba: “Ke ho kenella ha Molimo feela ho ka pholosang lefatše hore le se ke la itimetsa.”—Times-Colonist, Victoria, British Columbia, la 25 Tlhakubele, 1982.
8. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho kōkōna sohle lefatšeng lee?
8 Ha e le hantle, Jehova o ne a sa bōpela lefatše hore le ahuoe ke mokhatlo oa batho ba khopo, empa le ahetsoe batho ba lokileng, ba phethahetseng. (Esaia 45:18; Pesaleme ea 37:29, 38) Kahoo Molimo o ke ke oa lumella moloko oa motho hore o itimetse. Empa ha ho pelaelo hore tsamaiso ena ea khale ea lefatše haufinyane e tla feta ka ho feletseng. Kahoo, bahlanka ba Jehova ba inehetseng ha ba lokela ho sebelisa lefatše ‘ka botlalo.’ Kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e bolela: “Ha le sebelisa lefatše, le se ke la leka ho kōkōna ka ho lona sohle seo le ka se khonang, kaha lefatše lena boemong ba Iona ba hona joale lea feta.”—1 Ba-Korinthe 7:31, The New Testament in the Language of Today, ea William F. Beck.
Na re se Sebelise Lefatše ho Hang?
9. (a) Batho ba Jehova ba ka sebelisa lefatše lee ka ho loketseng ho fella kae? (b) Ponong ea Mattheu 6:31-33 le 1 Timothea 6:7, 8, re lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le lintho tse bonahalang?
9 Joale, re le Lipaki tsa Jehova tse inehetseng, na ho re loketse ho fumana ntho leha e le efe lefatšeng lee? E, Pauluse o bontšitse hore re ka sebelisa lefatše empa e seng ka botlalo. Kahoo, re ka sebelisa litokisetso tsa lefatše tse nepahetseng ha re phetha litlamo tsa rōna tsa Mangolo le ho etsa hore molaetsa oa ’Muso o boleloe. (1 Timothea 5:8; 6:17-19) Kaha re lakatsa ho ‘ipoloka lefatšeng re se na le lethebanyana,’ leha ho le joalo, ka ho loketseng re ke ke ra itšunya-tšunya likhanyetsong tsa lona, lipontšong tsa nyatso, lintoeng tsa mantsoe le tsa libetsa kapa litabeng tse joalo. Le ka sekhukhu ha rea lokela ho tšehetsa lehlakore lefe kapa lefe. Leha e le hore re lokela ho ameha ka mokhoa o sa lokang ka ho phela ha rōna le ho atleha linthong tse bonahalang, hobane Jesu o itse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahedene; empa Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” ’Me Jesu o ne a sebelisa seo a se bolelang, hobane le hoja liphokojoe li e-na le letsaba la tsona le linonyana li e-na le lihlaha tsa tsona, eena o ne a sena moo a samelang hlooho ea hae teng. Ka baka leo, e se e ka re ka khotsofalla lintho tse re tšehelitseng bophelong le matlo ha re ntse re ‘batla ’muso pele.’—Mattheu 6:31-33; Luka 9:58; 1 Timothea 6:7, 8.
10. Mabapi le thuto, ke lipotso life tse lokelang ho nahanoa ka thapelo, hona u ka li arabela joang?
10 Joale, ho thoe’ng ka ho phehella mosebetsi oa boipheliso oa lefatše? Kaha lefatše lena le tla feta mehleng ea rōna, na e ne e tla ba ho utloahalang ho lokisetsa bophelo bo theiloeng katlehong ea lefatše? (Mattheu 24:34) Che! Ka sebele pono ena e ne e tla ama boikutlo ba rōna mabapi le thuto ea lefatše, na ha ho joalo? Le hoja thuto ea motheo e hlokahala, likolong tsa thuto e phahameng ho batla ho se bonolo ho pholoha hore u se ke ua fielloa le leqhubu le atileng la khopolo ea lefatše. Ha e le hantle, liqeto tsa botho li lokela ho etsoa mabapi le thuto. (Ba-Galata 6:5) Empa lipotso tse kang tse latelang li lokela ho nahanoa ka thapelo: Lilemong tse sentsoeng univesithing, na liithuti li boetse li khona ho ‘ ’na li batla ’Muso pele le ho loka ha Jehova’? Na ha li anngoe ka ho feletseng ke likhopolo-taba le lifilosofi tse fokolisang tumelo ea ’nete? (Ba-Kolosse 2:8) Na metsoalle ea lefatše e bile le tšusumetso e ntle ho bona, kapa e bile e senyang moeeng? (1 Ba-Korinthe 15:33) ’Me na batho ba bangata ba rutehileng haholo e hlile ke baikokobetsi?—Ba-Filippi 2:2, 3.
11. Ho sa tsotellehe mokhoa oa thuto ea motho, ke thuso efe e fanoang mabapi le ho hlahloba maikutlo a susumetsang ho batla thuto eo?
11 Ka baka leo, ba bang ba eang likolong tsa mesebetsi ea matsoho ba ka tšoareha haholo mosebetsing hoo ba seng ba hloka nako e lekaneng eo ba ka e sebelisang tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na thuto ke ea mofuta ofe, ho hoholo ho itšetlehile ka boikutlo ba motho. Na ho lakatsa boipuso le maruo ke lebaka le leholo? Na thuto e tla fella ka ho fokotseha ho hoholo ha tšebeletso ho Jehova kapa e tla u thusa ho u tšehetsa tšebeletsong e halalelang? Le hoja Mokreste a sa lokela ho silafatsoa ke lefatše, na ho e-na le hoo u leka ho iphatela sebaka se molemonyana tsamaisong ee ea lintho kapa na u hlile u tšoarehile pele ka lithahasello tsa ’Muso bophelong?
12. Ke eng e susumelitseng batho ba bang ba rutehileng haholo hore ba amohele ’nete ea ’Muso?
12 Re thabile hore e be batho ba bang ba rutehileng haholo ba amohetse ’nete ea ’Muso. Empa ha ba etsa joalo ka baka la thuto ea bona e phahameng. Ho e-na le hoo, ba ile ba hlokomela hore, ho sa tsotellehe thuto ea bona e phahameng, bophelo bo ne bo se na morero hobane ba ne ba se na Molimo le tšepo e tiileng. Hona joale ba tseba hore ‘hase ba bakae ba bohlale, le ba matla, le ba baholo’ ba amoheloang ke Molimo. (1 Ba-Korinthe 1:26-31) Empa, bona ba thabetse hore qetellong ba fumane morero oa sebele bophelong e le lipaki tsa Jehova.
‘Litaba Tsa Khoebo Tsa Bophelo Bona’
13. Timothea oa Bobeli 2:3, 4 e hlahisa eng mabapi le ho phehella khoebo le Mokreste ea inehetseng?
13 Kaha re batla ho lula re sa silafatsoa ke lefatše lena, re lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le ho phehella litaba tsa Iona tsa khoebo? Moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea: “Ha e le uena, mamella bothata ka mokhoa oa mohlabani ea molemo oa Jesu Kreste. Ea eang ntoeng ha a itšitise ka litaba [“tsa khoebo,” NW] tsa bophelo bona, a tle a khahlise ea mo memileng.” (2 Timothea 2:3, 4) Bakreste ba lokela ho sebetsa ’me ba fepe malapa a bona ka botšepehi. Empa na e ne e ke ke ea e-ba ho makatsang haeba Mokreste ea inehetseng a ne a ka tsebahala haholo-holo e le mookameli oa khoebo ho e-na le mosebeletsi oa Molimo? Pele ho tsohle, na haa lokela ho tsejoa e le ’moleli oa ’Muso le “mohlabani ea molemo oa Jesu Kreste”?
14. Ba-Heberu 13:18 e ka sebelisoa joang litšebelisanong tsa rona tsa khoebo?
14 Maemong a khoebo, ho hlokahala re itlhahlobe ka litsela tse ngata. Lebaka la hore re ka ’na ra sebelisana le batho ba lefatše ba baithati ha le fane ka phephi ea hore re amohele mekhoa ea bona ea bolotsana, le e sa tšepahaleng le lipuo tsa bona tse lihlong. Ho e-na le hoo, re lokela ho “rata ho etsa hantle nthong tsohle.” (Ba-Heberu 13:18) Ke ’nete, re ka ’na ra se amohele tšoaro e ntle e tsoang ho batho ba khoebo ba thatafetseng ba lefatše lena. Empa re ka ’na ra kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ka baka la tsela ea rōna ea botšepehi, ’me ena ke tsela e ’ngoe eo re ka ‘hlophisang thuto ea Molimo, ’Moloki oa rōna’ ka eona.—Tite 2:9, 10.
15. Ho fanoe ka keletso efe ea Mangolo mabapi le merero e nang le kotsi ea khoebo ea botho?
15 Joaloka ba sa lakatseng ho silafatsoa ke lefatše lena, re lokela ‘ho etsa bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.’ (Ba-Galata 6:10) Empa re tla be re sa etse sena haeba ka boithati re ntšetsa pele liteko tse ling tsa khoebo ea botho ka ho sebelisa ho tloaelana ha rōna le batho ba Molimo ho etsa phaello ka bona. Ha e le hantle, Bakreste ba lokela ho ‘tsamaea joale ka batho ba bohlale.’ (Ba-Efese 5:15) ’Nete ea hore e mong ea bitsoang moena o tla ho rōna ka mokhoa oa ho rua ka pele ha e-ea lokela ho ba lebaka la ho susumeletseha habonolo ho fana ka chelete ea rōna. Ka lebaka le letle phutheho ea Molimo ka linako tse ling e re lemosa khahlanong le ba ipolelang hore ke baena ba rōna ba moea, empa ba batla ho tlatlapa ‘linku’ tsa Jehova.
E Seng ba Lefatše ka Tsela Efe Kapa Efe
16. Litsela tse ling tseo re bontšang ka tsona hore re ‘ipolokile lefatšeng re se na le lethebanyana’ ke life?
16 Ka ho hlakileng, re ke ke ra qotsa tsela e ’ngoe le e ’ngoe eo ka eona Lipaki tsa Jehova li bontšang hore li ‘ipolokile lefatšeng li se na le lethebanyana.’ Leha ho le joalo, ka sebele ho inehela linong tse tahang ho tlōlisa, ho thabela mesebetsi ea lipapali tsa tlhōlisano e phahameng kapa e befileng, ho senya lihora u shebile baesekopo kapa mananeo a thelevishene a bontšang sehlopha sa linokoane, babolai, le libapali tse ling tse boitšoaro bo bobe, ho bala libuka tse buang feela ka litaba tsa botona le botšehali le ho shebella lipapali tsa “video” tse bontšang ntoa le mabifi ha se litsela tsa ho lula u sa silafatsoa ke lefatše lena. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 15:33; Ba-Galata 5:19-26; 1 Petrose 4:3) Jehova o lebelletse hore lipaki tsa hae li qobe lintho tse fetelletseng, boitšoaro bo bobe le pefo tsa lefatše lena. Kahoo ha rea lokela ho batla tsebo kapa phihlelo bokhopong ba lefatše empa re lokela ho ba ‘bana ba sa tsebeng letho ka nģeng ea bobe.’—1 Ba-Korinthe 14:20; bapisa 1 Johanne 3:2, 3.
17. Ho se silafatsoe ha rōna ke lefatše ho lokela ho ama kamano ea rōna le ba bang joang?
17 Ho ba ba sa silafatsoang ke lefatše lena ho akarelletsa mokhoa o mong le o mong oa bophelo ba rōna ’me ho ama kamano ea rona le ba bang. Leha mekhoa e kang mōna o tšabehang, khang, boithoriso le leshano li tloaelehile hakana lefatšeng lena, ha li na sebaka har’a rōna, hobane Jakobo o ngotse: “O kae har’a rōna ea hlalefileng, ea rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale. Empa ha ekaba le e-na le mona o bohloko le khang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa, ’me le se ke la etsa leshano, ka ho siteloa ’nete. Bohlale boo hase bo tsoang holimo, empa ke ba lefatše, ba nama, ba bademona. Hobane moo mōna le khang li leng teng, ke moo ho leng mofere-fere le mesebetsi eohle e mebe.” (Jakobo 3:13-16) Ke habohlokoa hakaakang ho bontša “mosa o tsoaloang ke bohlale,” le ho ‘phehella ho ba le khotso le batho bohle’! (Ba-Heberu 12:14) Ka sebele, re le Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang re ke ke ra lumella liphapang tsa botho tse sa reng letho ho senya kamano ea rōna le baena ba rōna le bo-khaitseli ba rōna tumelong. Ho e-na le hoo, ‘re mamellane, ’me re tšoarelane, joalokaha Jehova a re tšoaretse.’ (Ba-Kolosse 3:13, NW) Eo ha se tsela ea lefatše e tloaelehileng ea ho sebelisana le ba bang, empa ke tsela ea bomolimo.
18. Ho aroha ha rōna lefatšeng ho totobala haholo-holo ha re etsa eng?
18 Ho phehella ho ba le khotso le batho ba ka ntle le ka hare ho phutheho ea Bokreste ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore ha rea silafatsoa ke lefatše lena. Empa ho aroha ha rōna ho lona ho totobetse haholo-holo ha re boloka boemo ba rōna re le masole a Jesu Kreste a sebete ka ho feletseng re apere lihlomo tsa moea tse tsoang ho Molimo ’me ’maotong a rōna re roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso.’ (Ba-Efese 6:11-18) Matšoele a ntse a lapela le ho nyoreloa molaetsa o fanang ka bophelo oa ’Muso. Ka baka leo, e se e ka ka ho hloka boithati re ka sebelisa maruo a rōna, matla a kelello le matla mosebetsing o moholo oa ho bolela “Evangeli” nakong e khutšoane e sa ntsaneng e setse ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena.—Mattheu 24:14.
19. Matsatsing aa a qetello a fetang ka potlako re lebelletse hore Satane a etse eng, empa re tla atleha ho etsa eng ka thuso ea Molimo?
19 Mehleng ena ea qetello e potlakang, Satane, molimo oa lefatše lena, o tla tsoela pele ho re hlasela ka matla re le lipaki tse tšepahalang tsa Jehova. Diabolose o tla pepesa maruo a lefatše a bonahalang, lintho tse hohelang tsa lefeela, thuto ea lona e phahameng le tse ling tse ngata boitekong ba ho qetela ba ho re khelosa tšebeletsong e halalelang ho Molimo oa rōna. Empa ka thuso ea Molimo e sa hlōleheng re tla atleha ho ‘ipoloka lefatšeng re se na le lethebanyana’ thorisong ea Molimo oa rōna ea halalelang, Jehova.
U Tla Arabela Joang?
◻ Ho ea ka Jakobo 1:27, lintho tse ling tse hlokahalang borapeling ba ’nete ke life?
◻ Litsela tse ling tsa ho se silafatsoe ke lefatše ke life?
◻ ’Nete ea hore lefatše lena lea feta e ka boetse ea ba le phello efe ponong ea rōna ka thuto e phahameng?
◻ Mabapi le litšebelisano tsa khoebo, boitlhahlobo bo hlokahala ka litsela life?
◻ Lipaki tsa Jehova li ka bontša joang hore ha li na le lethebanyana lefatšeng’ boitšoarong ba tsona le likamanong le ba bang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Kahobane Lipaki tsa Jehova ke Bakreste ba sa jeleng pate, ba phema pefo ea lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Tsoelo-pele ea lefatše ha e tlise kamohelo ea Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Jehova o lebelletse hore Iipaki tsa hae li lule li sa silafatsoa ke lintho tse fetelletseng, boitšoaro bo bobe le pefo tsa lefatše lena