Lentsoe la Jehova le Tiile!
‘ ’Na Jehova ke tiisa lentsoe la mohlanka oa ka.’—ESAIA 44:24-26.
1. Ka 1864 ho ile ha profetoa bokamoso bofe?
HOSASA ho tla tla le eng? Batho ba rata ho tseba. Empa boprofeta ba bona ke bo sa khotsofatseng hakaakang! Ho etsa mohlala: Morao koana ka 1864 seithuti sa bophelo ba tlhaho Alfred R. Wallace se ile sa profeta ka ‘bokamoso bona bo entsoeng ke motho bakeng sa moloko oa motho’: “E mong le e mong o tla . . . itokisetsa thabo ea hae kamanong le ea ba bang; . . . matla a boitšoaro bo itekanetseng hantle le ka mohla a ke ke a lumella mang kapa mang hore a tlōle bolokolohi ba ba bang bo lekanang le ba hae; . . . motho e mong le e mong o tla tataisoa ke melao e molemohali; kananelo e tebileng ea litokelo, le kutloelo bohloko e phethahetseng ka boikutlo ba bohle ba mo potileng.” Wallace o profetile hore motho o ne a tla fetolela lefatše la rōna “paradeiseng e khanyang e fetang e kileng ea hlaha hangata litorong tsa seboni kapa seroki”!
2. Ho hlōleha ha boprofeta ba motho ho isa lipotsong life?
2 Mongoli oa mantsoe ao o shoele likhoeli tse robong pejana motho a qoela lefifing la bosiu la Ntoa ea I ea Lefatše. Joale, ‘paradeise ela e khanyang’ e tletseng ka batho ba mohau e ne e le kae? Kajeno teng? Ha ho pelaelo, ‘lerato la ba bangata le tapile’—ho sa tsotellehe boprofeta bofe kapa bofe bo hananang le hoo. (Mattheu 24:12) Empa na hoo ho lokela ho re etsa hore re belaele boprofeta bohle? Jehova Molimo o ikhetholla e le Ea ‘suthisang ba bohlale ka santhao, ea fetolang bohlale ba bona bohlanya, ha ka lehlakoreng le leng a tiisa lentsoe la mohlanka oa hae.’ (Esaia 44:24-26) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Na re ka itšetleha ka boprofeta ba Bibele? Na Lentsoe la Jehova le hlile le tiile?’
Tšenyeho le Tsosoloso
3. Tumellanong le Levitike 26:27-35, ho ile ha etsahala’ng ho Juda le Jerusalema lekholong la bosupa la lilemo B.C.E.?
3 Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore e hlile re ka itšetleha ka boprofeta ba Bibele. Ka mohlala, boprofeta ba tšenyeho le ba tsosoloso bo phethahetse tabeng ea batho ba Molimo ba boholo-holo, Baiseraele. Ha ba ne ba rapela Jehova ka bokhabane, ba atleha ‘naheng ea bona ea lebese le linotši’ eo ba e filoeng ke Molimo. (Levitike 20:24; 1 Marena 4:1, 20) Empa ba ile ba lemosoa esale pele hore paradeise ena e bonahalang e ne e tla ba lesupi haeba ba sa mamele. (Levitike 26:27-35) Ka selemo sa 607 B.C.E., lilemo tse ka bang 900 hoba Moshe a ngole Levitike, ba-Babylona ba hapa Juda le Jerusalema. Nakoana kamor’a moo, Bajode ba setseng naheng ba balehela Egepeta, ’me lesupi le profetiloeng la phethahala.—Jeremia 39:8-10; 40:5; 41:2; 43:1-7.
4. (a) Nako e telele pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., Jehova o ne a tšepisitse batho ba hae eng? (b) Tšepiso ee e ile ea phethahatsoa joang?
4 Leha ho le joalo, lilemo tse fetang lekholo pele Jerusalema e timetsoa, Jehova o ne a tšepisitse ho khutlisetsa batho ba hae ba bakileng naheng ea bona e entsoeng lesupi le ho ea tsosolosa khanya ea eona ea paradeise. (Esaia 35:1-4) Hape Molimo o ne o itse: “Ke ’na Jehova, . . . ke tiisang lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsang litaba tsa ba romiloeng ke ’na, ke bolelang hore Jerusalema o tla ahuoa, le hore metse ea Juda e tla boela e hahuoe, ’me ke tla tsosa lithako tsa eona.” (Esaia 44:24-26) Ka 539 B.C.E., Babylona e ile ea haptjoa ke Bamede le Bapersia tlas’a Cyruse, feela joalokaha Esaia a profetile. (Esaia 44:27–45:6) Molao oa Cyruse o lumellang Bajode ho khutlela naheng ea bona le ho ea haha tempele hape oa sebetsa ka 537 B.C.E., ’me ka nako ea teng naha ea Juda ea fetoha joalokaha ho ne ho profetiloe. (Esdrase 1:1-4: Esaia 35:5-10: Ezekiele 36:35) Lentsoe la Jehova le tiile hakaakang!
Tyre e ne e ke ke ea Hanyetsa Boprofeta
5. Ka Ezekiele, Jehova o ne a profetile eng mabapi le Tyre?
5 Boprofeta bo bululetsoeng ba Molimo bo boetse ba phethahala holim’a motse oa Tyre ea boholo-holo, oo ka nepo o neng o bitsoa “Mofumahali oa Leoatle.” Mabapi le kou ena ea Fonicia, Jehova o ile a bolela: “Ke tla u futuhela, Tyre: ke tla u nyollela lichaba tse ngata, . . . Bonang, ke tla lata Nebukadnezare, morena oa Babylona . . . ke mo tlise Tyre . . . a heletse litora tse hao . . . ba lahlele majoe a hao le lifate tsa hao le lerōle la hao metsing. . . . Ke tla u etsa lefika le hlobotseng: u tla fetoha nqalo eo ho aloang matlooa ho eona.”—Ezekile 26:3-14.
6. Phethahatsong ea boprofeta, ho ile ha etsahala’ng ka Tyre ea boholo-holo?
6 Ho oa ho joalo ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala. Ho ea ka rahistori oa Mojode Josephus, Babylona e ile ea thibella Tyre ka lilemo tse 13. (Josephus, Against Apion, Buka I, Khaolo 21) Histori ha e tlalehe hore na boiteko ba Nebukadnezare bo ne bo le matla hakae, le hoja tahlehelo ea thepa ea Tyre le bophelo e tlameha e be e bile khōlō. Phatlalatso ea morao ea boprofeta ka Zakaria e bontšitse hore Molimo o ne o tla timetsa motse ka ho feletseng. (Zakaria 9:3, 4) Boprofeta bona bo ile ba phethahatsoa lilemo tse ka bang 200 hoba bo fanoe. Ka nako eo ba neng ba phela haufi le sehlekehleke sa motse oa Tyre ba ikutloa ba sireletsehile kamor’a marako a sa kenoeng. Leha ho le joalo, ka 332 B.C.E., makhotla a Alexandere e Moholo a ketola motse oo oa sehlekehleke, a sebelisa majoe a helehileng a tsoang har’a naha ea Tyre ho haha tsela e eang sehlekehlekeng. Ho tloha ka nako eo hloahloa ena ea maiketsetso e ’nile ea atolosoa ke mahoholi a siiloeng ke metsi. Ho feta moo, koung ea motse ea kajeno, ho ka bonoa batšoasi ba lihlapi ba omisa matlooa a bona—ho phethahala ho hong ha boprofeta. Ka sebele, Lentsoe la Jehova le tiile!
“Motse oa Mali” O-Oa Oa
7, 8. (a) Ka baprofeta ba hae, Jehova o ile a profeta eng mabapi le Ninive? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore Ninive e be “nahathothe”?
7 Lentsoe la Molimo la boprofeta le boetse le ipakile e le ’nete tabeng ea Ninive ea boholo-holo, motse-moholo oa ’Muso oa Assyria o neng o hateletse batho ba Jehova. (2 Marena 17:1-6; 1 Likronike 5:6, 26) Mabapi le Ninive, bophahamong ba puso ea eona, Jehova, ka baprofeta ba hae o ile a bolela: “Lobelang silevera, le lobele gauda. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokiloeng; . . . Hoa hapjoa, hoa hlakoloa, hoa senngoa! . . . Jo! motse oa mali.” (Nahume 2:9, 10; 3:1) ‘O tla fetola Ninive nahathothe . . . Mehlape e tla botha teng.’—Sofonia 2:13, 14.
8 Hoo ho ne ho ka etsahala joang? Ninive e ne e le ‘motse o moholo.’ (Jonase 1:2) Ho ea ka rahistori Diodorus oa boholo-holo, Ninive e ne e e-na le lerako le bophara ba limithara tse 30, le le bophara bo lekaneng bakeng sa makoloi a mararo a tsamaeang a bapile. Mehleng ea moprofeta Jonase (lekholo la borobong la lilemo B.C.E.), ho ne ho hahile batho ba fetang 120 000 motseng oo. (Jonase 4:11) Na hoo hohle ho ne ho tla fetoha “nahathothe”?
9. Ninive e fane ka bopaki bofe bo eketsehileng ba hore Lentsoe la Jehova le tiile?
9 Ka 632 B.C.E., lilemo tse 16 kapa ho feta kamor’a boprofeta ba Sofonia, ba Babylona le Bamede ba futuhela Ninive ka mahlakore ’ohle. Ho ea ka Diodorus (Buka II, Khaolo ea 27), “lipula tse matla tsa litloebelele” tsa etsa hore Nōka ea Eufrate e je litlhokoa. E ile “ea koahela karolo e ’ngoe ea motse le ho liha marako a sebaka se bolelele ba mabala a lipapali a mashome a mabeli.” Ninive ea haptjoa. “Ba e-ba le khapo e khōlō motseng le sebakeng sa tempele ’me ba fetola motse tutulu le qubu ea tšenyo ea majoe a helelitsoeng,” kamoo ho boletseng Babylonian Chronicle ea boholoholo. Ninive e bile motse o lahlehileng ka makholo a lilemo. Ho ketoloa ha eona ka sebele e bile ‘litaba tse molemo’ ho batho ba Molimo, ba ileng ba boetse ba tiisetsoa hore “Jehova o molemo” le hore “o tseba ba mo tšepileng.” (Nahume 1:7, 15) Kajeno, moeti lithakong tsa Ninive tse Iraq a ka ’na a bona linku li fula haufi le maralla a eona, feela joalokaha ho profetiloe. Ho sena re na le bopaki bo tsoelang pele ba hore Lentsoe la Jehova le tiile.
“Lenaka le Leholo” Lea Robeha
10. (a) Ke pono efe ea boprofeta e tlalehiloeng ho Daniele 8:1-8? (b) Gabriele o hlalositse litšobotsi tsa boprofeta boo joang?
10 Ponong ea boprofeta, Daniele o ile a bona pheleu e naka li peli e bolaoa ke phooko e “lenaka le leholo.” Lenaka lena le ile la robeha ’me manaka a mane a le nkela sebaka. (Daniele 8:1-8) Hoo ho ne ho ka bolela eng? Lengeloi Gabriele la hlalosa: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa Iona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.”—Daniele 8:16, 20-22.
11, 12. Daniele 8:20-22 e phethahalitsoe joang?
11 Babylona e Matla e ne e hapiloe ke Medo-Persia, pheleu e naka li peli e bonoeng. Empa lengeloi la Molimo le ile la profeta hore “phooko,” e leng Greece, e ne e tla bolaea pheleu. Sena ke se etsahetseng hantle lekholong la bone la lilemo B.C.E., ha makhotla a buang Segerike a Alexandere e Moholo a phethola ’Muso oa Medo-Persia. Leha ho le joalo, ka tšohanyetso Alexandere a shoa a le lilemo li 32 ka 323 B.C.E., a siea ho se mohlahlami ea tšoanelehang. Ka ho shoa ha Alexandere, “lenaka le leholo” le ne le robehile. Empa ho thoe’ng ka ‘manaka a mane a profetiloeng ao qetellong a ileng a mela sebakeng sa lona’?
12 Alexandere o ne a e-na le balaoli ba ’maloa, empa ba bane ho bona qetellong ba itlhomamisa pusong. Ka hona “lenaka le leholo” la robeha ’me hamorao la nkeloa sebaka ke “manaka a mane,” kapa “mebuso e mene.” Ka 301 B.C.E., babusi bana ba ne ba itlhomamisitse pusong: Ptolemy Lagus (Egepeta le Palestina); Seleucus Nicator (Mesopotamia le Syria); Cassander (Macedonia le Greece); le Lysimachus (Thrace le Asia Minor).a Re boetse rea bona hore Lentsoe la Jehova le tiile.
“Motlotsuoa Morena” O-oa Hlaha!
13. Daniele 9:24, 25 e re’ng ka ho hlaha ha Messia?
13 Buka ea Daniele e boetse e fana ka bopaki bo totobetseng ka ho khethehileng ba hore Lentsoe la Jehova le tiile. Makholo a lilemo esale pele, Daniele o ile a bululeloa hore a supe nako ea ho hlaha ha Messia lefatšeng. Karolo ea boprofeta bona bo hlollang e itse: “Veke li mashome a supileng tse baliloeng holim’a sechaba sa heno, le holim’a motse oa heno o halalelang, ho koalla bobe, le ho felisa sebe, le ho phekola bokhopo, le ho hlahisa ho loka ka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boprofeta, le ho tlotsa sehalalelisiso. Tseba ke hona, u utloisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.”—Daniele 9:24, 25.
14. (a) Ke motheong ofe oa Mangolo re ka bolelang hore ‘vekeng’ tsa Daniele 9:24, 25 letsatsi le le leng le emela selemo? (b) ‘Taelo ea ho tsosolosa Jerusalema’ e ile ea tsoa ka selemo sefe? (c) “Veke” tse 69 li ne li le telele hakae, hona li qalile neng ’me tsa fela neng?
14 Na ‘liveke’ tsee e ne e le tsa sebele? Che, hobane lintho tsohle tse profetiloeng mona mabapi le Motlotsuoa ha lia ka tsa etsahala ka liveke tse 70, kapa nako e ka tlase ho selemo le halofo. Tsena li ipakile e le “veke” tseo letsatsi le le leng le emelang selemo se le seng. (Bapisa Numere 14:33, 34.) ‘Taelo e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe,’ e ile ea tsoa ka selemo sa bo20 sa Morena oa Persia Artaxerxes (Longimanus). (Nehemia 2:1-18) Kaha o qalile ho busa ka 474 B.C.E., selemo sa hae sa bo20 e ne e le 455 B.C. E. Kahoo, liveke tse 69 tsa lilemo ho tloha ‘taelong ea ho tsosolosa Jerusalema ho fihlisa ho Motlotsuoa Morena’ e bile lilemo tse 483 (7 x 69) ’me tsa atolohela ho 29 C.E.
15. Ka 29 C.E., ho bile le tebello efe har’a Bajode?
15 Selemong seo Johanne Mokolobetsi o ne a tšoarehile “a ntse a bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe.” Empa ho thoe’ng ka Bajode? “Sechaba se ne se lutse ka tebello, bohle ba hakanya ka lipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be eena Kreste.” (Luka 3:3-6, 15) Mabapi le tebello e joalo, morutuoa oa Mojode Abba Hillel Silver o boletse: “Leha ho le joalo, lekholo la pele la lilemo, haholo-holo moloko oa pele ho timetso [ea Jerusalema], o bone batho ba e-na le thahasello e khōlō ka ho ba teng ha Messia. Hona ha hoa bakoa . . . ke ho tiea ha tlhoriso ea Roma empa ke tumelo e tletseng hohle e bakiloeng ke bohlale bo tloaelehileng ba ho lekanya nako ba mehleng eo . . . Messia o ne a lebelletsoe ho e ka bang kotareng ea bobeli ea lekholo la pele la lilemo C.E.” ‘Bohlale boo ba ho lekanya nako’ bo ne bo theiloe bukeng ea Daniele.
16. (a) Ke hobane’ng ha selemo sa bo15 sa ho busa ha Tibere Cesare e ne e le sa bohlokoa? (b) Ha Jesu a kolobetsoa, ho ile ha etsahala’ng?
16 Boprofeta ba Daniele bo ne bo bontšitse hore liveke tse 69 tsa lilemo li ne li tla atolohela ho 29 C.E. Na joale Messia o ile a hlaha ka nako selemong seo? E! Johanne Mokolobetsi o ne a qalile ho bolela le ho kolobetsa “ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare.” (Luka 3:1-3) Kaha Tibere e bile ’musisi oa Roma ka la 17 Phato, 14 C.E. (k’halendara ea Gregori), mosebetsi oa Johanne oa qala selemong sa bo15 kamor’a moo, kapa mathoasong a 29 C.E. Ha ngoaha eo e roba, Jesu oa Nazaretha a kolobetsoa ke Johanne, ’me moea o halalelang oa theoha leholimong oa tlotsa Jesu e le Kreste, kapa Messia. (Luka 3:21, 22) Boprofeta ba Messia bo ne bo phethahetse.b Hang hape ho ile ha pakahala hore Lentsoe la Jehova le tiile.
17. Ke boprofeta bofe bo bong ba Messia bo phethahalitsoeng mabapi le Jesu Kreste?
17 Boprofeta bo bong bo bongata ba Mangolo a Seheberu bo ile ba phethahala kamanong le Jesu Kreste. Ka mohlala, Jesu o ile a tsoaloa ke moroetsana Bethlehema. (Esaia 7:14; Mikea 5:2; Mattheu 1:18-23; 2:3-6) Masea a ile a bolaoa hoba Jesu a hlahe. (Jeremia 31:15; Mattheu 2:16-18) O bile le selelekela. (Esaia 40:3; Mattheu 3:1-3) Jesu o jarile mefokolo ea rōna. (Esaia 53:4; Mattheu 8:16, 17) O kene Jerusalema a kaletse petsana ea esele. (Zakaria 9:9; Johanne 12:12-15) Moapostola e mong a mo eka ka lichelete tsa silevera tse 30. (Pesaleme ea 41:9; Zakaria 11:12; Mattheu 26:14-16, 46-56; Johanne 13:18) Hoba Jesu a khokhotheloe, masole a arolelana liaparo tsa hae ’me a laola kobo ea hae ea kahare ka lotho. (Pesaleme ea 22:18; Johanne 19:23, 24) Masapo a hae ha a ka a rojoa, empa o ile a hlajoa. (Pesaleme ea 34:20; Zakaria 12:10; Johanne 19:33-37) Kamor’a likarolo tsa matsatsi a mararo ka lebitleng, a tsosoa. (Jonase 1:17; 2:10; Mattheu 12:39, 40; Mareka 9:31; Liketso 10:40) Ena ke mehlala feela ea kamoo Jesu a phethahalitseng boprofeta ba Bomessia. Empa le eona, e paka hore Lentsoe la Jehova le tiile.
Bokamoso Bo Ka Tsejoa
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha e se taba feela e sa reng letho ho batla ho tseba hore hosasane ho tla re tlisetsa life? (b) Ho botsoa lipotso life tse eketsehileng?
18 Jesu, Messia, o buile ka boprofeta bo susumetsang tšepo. Ka mohlala, o profetile hore ‘o tla ba teng.’ (Mattheu 24:3-14) Ha e le hantle, boprofeta bo khothatsang ba bohlokoa lekholong la bo20 la lilemo bo ile ba ngoloa ke bangoli ba Bibele ba fapaneng. Ka hona ha se taba feela e sa reng letho ho botsa, ‘Hosasa ho tla tla le eng?’ Re ka fumana karabo!
19 Ho tla fihlela joale, re hlahlobile boprofeta bo bong ba Mangolo bo phethahalitsoeng nakong e fetileng. Empa ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Na re na le bopaki bo hlollang bo eketsehileng ba hore Lentsoe la Jehova le tiile?
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bona maqephe 188-95 a buka “Thato Ea Hao E Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoe ka 1958 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka “veke tse mashome a supileng,” ka kōpo bona khaolo ea 7 ea buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na u-ua Hopola?
◻ Joalokaha ho profetiloe, ho etsahetse eng ka motse oa Tyre ea boholo-holo?
◻ Ninive e fane ka bopaki bofe ba hore Lentsoe la Jehova ke ’nete?
◻ Ho etsahetse eng ho phethahatsa Daniele 8:20-22?
◻ ‘Liveke’ tse 69 li bile bolelele bo bokae ’me li qalile neng le ho fela neng?
◻ Boprofeta bo bong ba Messia bo phethahetseng maloka le Jesu ke bofe?