Na Bolumeli Boa Tsosolosoa kapa ke Tlokotsi ea Moea?
“Puo ea thapelo, ho nahanisisa, borapeli le thuto ea Bibele li nkile sebaka sa likhohlano tsa litho tsa likereke tse ngata. . . . Bahlokomeli ba bolela hore litšekamelo tsena li senola boikemisetso bo nchafalitsoeng ba bolumeli ba ‘ho batla maikutlo a halalelang a borapeli’ ho batho ba ’nileng ba suthela hole le setšehetso sa bona sa bolumeli.”—U.S.News &World Report.
“Linaheng tsohle tse ka Bochabela ho Europa, ho na le lipontšo tsa ho tsosolosoa ha bolumeli. . . . Hungary, Czechoslovakia, Jeremane Bochabela le Poland, baruti le liithuti tsa bolumeli ba bolela hore lipalo tse eketsehang tsa batho li retelehela likerekeng. . . . Bacha ba botsa, ‘Ke ka baka la’ng re phela?’ ”—The New York Times.
HAEBA re ahlola litaba ka lipeho tse mona kaholimo na ebe re bona ho tsosolosoa ha boemo ba moea ba batho? Le hoja ho eketseha ha batho likerekeng ho ’nile ha salla morao ha ho bapisoa le ho eketseha ha lenane la batho lefatšeng, empa lilemong tse seng kae tsa morao ho bonahala batho ba eketseha likerekeng mona le mane. Batsamaisi ba bang ba kereke ba bona sena e le pontšo ea hore ho theoha ha manane a kereke ho tloha ka bo1960 hoa ntlafala, ’me lintho lia tšepisa. Ho sa tsotellehe hore na hona ke ’nete kapa che, re ka botsa: Ke hobane’ng ha batho baa ba khutlela likerekeng?
Ke Hobane’ng ha ho na le ‘Tsosoloso’?
“Ho na le bopaki ba hore batho ba lapile, botebong ba boikutlo ba bona ba moea ba fumana hore ba haelloa ke ntho e itseng,” ho its’alo Tilden Edwards, moprista oa Episcopale oa Amerika. Ka mantsoe a mang, ho bonahala hore batho ba bangata ba felloa ke tšepo tseleng ea bophelo e theiloeng matlotlong a bonahalang le mokhoeng oa lefatše, ’me joale ba batla ho tseba seo bophelo e hlileng e leng sona le morero oa bona. Athe ba bang, ka baka la tšabo ea timetso ea libetsa tsa “nuclear” kapa tlōlo ea molao le pefo, kapa ka baka la malimabe a itseng a botho, ba retelehela bolumeling hore ba fumane matšeliso.
Bopaki bo bonahalang ba tšekamelo ena ke hore malumeli a mangata a Bochabela a se a hlongoa linaheng tsa Bophirimela. Litempele, libaka tsa borapeli ho bahalaleli, likereke tsa bo-Moseleme, litsi tseo balumeli ba rapelang ka hore ba lule ba tebisitse menahano ea bona, le mefuta e joalo ea bolumeli, e se e ja setsi litoropong le metseng ea mahae a linaha tsa Bophirimela. Lihlopha tse ling tse seng li bonahala haholo ke tsa ba etsang boikoetliso bo kang “Yoga,” mokha oa bolumeli ba se-Buddha oa Zen le bolumeli ba ma-Hindu Krishna. Batsamaisi ba bang ba bolumeli ba nahana hore litumelo tsena “tse sa tloaelehang tsa linaha lisele” li fana ka eona ntho eo batho ba bangata ba phelang linaheng tsa Bophirima ba hlileng ba e batlang: Bolaoli bo ba bolellang hore ba lumele eng, sepheo se ka tataisang bophelo ba bona, boikutlo ba hore ke litho tsa sehlopha se itseng se atamelaneng haufi-ufi le boikutlo ba khotso ea ka hare kapa hore ba seng.
Na ke Tsosoloso Kapa ke Tlokotsi ea Moea?
Lebaka la hore batho ba retelehele bolumeling ho fumana likarabo tsa bona ha ba le mathateng kapa linakong tse kotsi, kapa haeba ba khathatsoa ke bofeela ba tsela ea bona ea bophelo, le bontša ’nete ea motheo e boletsoeng ke Jesu Kreste, ha a ne a re: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Mattheu 4:4) Ho pepenene hore tsela ea bophelo e theiloeng matlotlong a bonahalang ha e fane ka matla le mamello tse hlokahalang ho sebetsana ka katleho le mathata a mangata a mehleng ena.
Ha e le hantle, bahlokomeli ba bang ba liketsahalo ba lumela hore bofeela bona bo fumanoang boemong ba moea ba batho ke bona bo ikarabellang, ka tekanyo e itseng, bakeng sa limpe tsa moloko oa motho. “Ho hloka letsoalo ha batho, ka baka la ho hloka tataiso ea Molimo, ke hona ho ’nileng ha ikarabella tlōlong e khōlō ea molao e entsoeng lekholong lena la lilemo,” ho boletse joalo mongoli ea tsebisahalang oa Russia Alexander Solzhenitsyn.
Ka baka la tlokotsi ee ea moea eo batho ba talimaneng le eona, re tlameha ho botsa: Na likereke li se li loketse ho jara mosikaro oa ho khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa ba retelehelang ho tsona? Na batho baa ba ka fumana tataiso ea moea le matla a moea ao ba a batlang? Ho toba litaba, na bolumeli bo ka thusa tlokotsing ea mehleng ee?