Na Bolumeli bo ka Thusa Tlokotsing Ee?
LIMAKASINE tse tloaelehileng le tsa bolumeli le likoranta li potlakela ho bua ka “katleho” eo likereke tse itseng li bang le eona. Li bolela ka liboka tsa thapelo le poko tse atametsang batho haufi le Molimo. Li tlaleha hore lithuto tse etsoang likerekeng tse itseng li bua haholo ka litaba tsa moea ho e-na le ho bua ka litaba tsa sechaba kapa tsa bopolotiki. Li bua ka ho thusa bafumanehi, mafelo-beke a tsosoloso, lihlopha tsa thuto ea Bibele, lithuto tsa litantši tsa moetlo, le ka batho ba ithaopelang ho ea libakeng tseo ho hlokahalang baprista le baitlami. Lintho tsena kaofela li nkoa e le pontšo ea tsosoloso ea bolumeli.
Puong e eang ho Mokhatlo oa Machaba oa Baevangeli selemong se fetileng ka Tlhakubele, Mopresidente Reagan oa United States o itse: “Amerika e se e qalile ka tsosoloso ea moea. Tumelo le tšepo li teng. Maamerika a se a retelehela ho Molimo . . . ’me kea lumela hore Molimo o qalile ho phekola naha ea rōna e hlohonolofalitsoeng.” Mantsoe a joalo a bontša ka tšepo e tšehetsang haholo khopolo ea hore qetellong mathata a mangata a tobaneng le batho ba kajeno ba tsielehileng a tla lokisoa ke tsosoloso ea moea.
Mantsoe ana kaofela a ka utloahala a le monate, empa “tsosoloso ea moea” e entse eng? Batho ba ka ikutloa ba le molemo, empa na ba fetohile Bakreste ba molemo? Batho ba ka ikutloa ba rata lintho tsa moea haholo, empa na ba thahasella haholo lintho tsa moea ho e-na le ho hahamalla maruo? Haeba ho se tsebe Molimo e ’nile ea e-ba lebaka le leholo la tlokotsi ea kajeno, ebe na ba thusitse ho buella borapeli? Likarabo tsa lipotso tsena ke tsa bohlokoa ho tseba hore na ebe bolumeli bo ka thusa tlokotsing ea kajeno kapa che.
Borapeli—Ke Eng?
Bomolimo, kapa borapeli, bo hlalosoa e le ho inehela ho Molimo kapa ho rata Molimo. Ka baka leo, borapeli bo bolela ho fetang feela ho ba le kameho e ka ntle kapa ho ba molumeli. Motho ea nang le borapeli o amehile haholo, e seng ka ho khotsofatsa litlhoko tsa botho, empa o amehile ka ho tseba Molimo le ho etsa thato ea oona, le ho ba le kamano e haufi le oona. ’Me sena se fella ka hore bophelo ba motho bo ntlafale hobane “borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.
Na batho ba retelehelang bolumeling ka hobane ba sa khotsofatsoe ke maemo a sebele a bophelo ka ’nete ke barapeli? Kapa na ba batla ho tšoana le bao moapostola Pauluse a buileng ka bona e le ‘ba nang le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona’?—2 Timothea 3:5.
Haeba motho a retelehela ho Molimo feela ka lebaka la hore a khotsofatse tlhoko e itseng ea botho ho e-na le ho retelehela ho oona ka morero oa ho ithuta thato ea Molimo le ho o sebeletsa, motho eo oa ithapela, ho e-na le ho rapela Molimo, na ha ho joalo? Borapeli ba mofuta ona ha bo na matla a ho fetola bophelo ba motho hore a se hahamalle boithati empa ho e-na le hoo a phehelle tšebeletso ea ’nete ea ho itela ho Molimo.
Seo Pauluse a se boletseng se lumellana le Thuto ea Thabeng ea Jesu e tsebisahalang. Ha a bua hore hase batho bohle ba bolelang hore ke balateli ba hae ba amohelehang, a phaella: “Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:22, 23.
Ka baka leo, ha se ho iponahatsa u le molumeli ho leng bohlokoa ho Molimo. Hore motho a amohele tataiso ea Molimo le tlhohonolofatso, o lokela ho rata ho amohela litaelo tsa Molimo tse ngotsoeng ka Bibeleng le ho li sebelisa bophelong ba hae. Mopesaleme o re: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Na batho ba retelehelang bolumeling kajeno ba thusoa ho ithuta le ho latela litaelo tse joalo?
Linnete li Re’ng?
Phuputso ea morao-rao e entsoeng ho Makatholike a chesehang a 10 000 likerekeng tse 60 ho la United States e senotse hore Makatholike a 77 lekholong a amehile haholo ka se tla etsahala naheng, ha ho bapisoa le a 40 lekholong a amehileng ka “litaba tsa poloko ea motho ka mong.” Ka ho tšoanang, phuputso e fumane hore har’a lipotso tsohle tseo batho ba ka ratang ho li botsa Molimo, potso e tloaelehileng haholo ke ena: “Na ho tla ke ho be le khotso ea lefatše e sa feleng?”
Ka sebele, mehleng ena e bohloko ha ho letho le phoso ka ho ameha ka bokamoso ba rōna. Empa maikutlo a joalo a fapane hakaakang le ao Jesu a a boleletseng barutuoa ba hae: “E tla re ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Seo phuputso e se fumaneng se bontša hore ho sa tsotellehe lipuo tsohle tse ntseng li bua ka tsosoloso ea moea, ho hlora ka bokamoso ho amme haholo lipelo le likelello tsa batho kajeno. Ho ba feela le sebōpeho sa bolumeli ho entse ho honyenyane ho ba thusa tlokotsing ea mehla ea rōna e bohloko.—Bona Luka 21:26.
Tabeng ea ho etsa hore litho tsa kereke li rate lintho tsa moea haholoanyane, sehlooho makasineng oa Ma-sabattha Ministry se lla ka hore “hangata ho na le lintho tse nyenyane mokhoeng oa sebele oa bophelo ba litho tsa rōna kapa ba rōna ka borōna tse re khethollang ho baahisani ba rōna bao e seng Bakreste.” Ho e-na le hoo, o tsoela pele hore, kereke e nea litho tsa eona “mabaka a hore bolumeli bo lokela ho akareletsa ho ineela bophelong ba maruo” ba batho bao e seng balumeli ka ho bolela hore Molimo ke oona “o batlelang batho ba Oona se molemohali le ea ratang ho bona hore ba se fumana.”
Ka ho tšoanang, The Economist ea London, hoba e tlalehe hore “ho na le matšoao a itseng a ho tsoela pele (esita le ho eketseha) ha batho ba khahlehelang ho botsa lipotso tsa bolumeli” e boletse hore “bothata ba Kereke ea Engelane ke hore e ka etsa joang ho thusa ba batlang ho tseba ka tumelo kahobane ha e-ea kholiseha ka seo e se lumelang.”
Ho thoe’ng ka tikoloho ea lelapa le boitšoaro ba batho? Na likereke li matlafalitse litho tsa tsona ho emela litšusumetso tse silafatsang le litsela tse sa lokang tsa lefatše? Na li hlahisitse banna ba molemo, basali, batsoali le bana? Patlisiso ea moraorao e entsoeng ho bacha ba 8 000 le batsoali ba 10 000 ba malapa a kenang kereke mekhatlong e 13 ea bolumeli e re bea leseling ka boemo bona.
Ho ea ka Christianity Today, patlisiso e fumane hore bacha ba 42 lekholong ba bolela hore malapa a bona ha a s’o ka a buisana ka litaba tsa bolumeli, ’me ba 40 lekholong ba bolela hore ba batla tataiso e eketsehileng ea batsoali litabeng tsa botona le botšehali. Har’a ba lilemo li 15, ba 53 ba se ba kile ba sebelisa joala, ba 20 lekholong ba se ba kile ba sebelisa matekoane. Patlisiso e entsoeng pelenyana, e tlalehiloeng ho The Ann Arbor News, e fumane hore basetsana ba 59 lekholong ba boletse hore ba se ba kile ba robala le bashemane ha ba ne ba lilemo li 18.
Ha re lihela likhala, na bolumeli bo thusa balateli ba bona ho tlohela moea o mabifi oa lefatše? Ka sebele, haeba bolumeli ke matla a thusang mehleng ea kajeno e bohloko, na re ke ke ra lebella hore bonyane bo etse seo re buileng ka sona? Empa, hoa soabisa ho bolela hore, batho ba bangata ba hlokometse hore bolumeli, ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, bo tlatselitse haholo lintoeng le likhohlanong tse hlokofalitseng batho. Ha u bua ka libaka tse kang Ireland, Lebanone le Iran, ke eng se fihlang kelellong ea hao? Ho sa tsotellehe mangolo a baruti le mekoloko ea khotso, na bolumeli bo boholo ha boa kopanela likhohlanong tse tšolotseng mali a mangata ka ho fetisisa kajeno?
Ka baka leo, re ka re’ng ka ntho e bitsoang tsosoloso ea bolumeli? Mohlomong ho na le lipontšo tsa tsosoloso ea bolumeli, empa re ke ke ra re ke tsosoloso ea moea. Ho e-na le hore bongata ba batho ba retelehelang bolumeling ba lefatše ba hahuoe moeeng, ba matlafatsoe ho emelana le mehla e bohloko, ba kentsoe sebōpehong feela sa borapeli. Ke ‘sebopeho sa borapeli empa e le ba latotseng matla a jona,’ joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela. Tsosoloso ea bohata ea bolumeli ke ntho e le ’ngoe le maemo a mangata a ntseng a senyeha—ho senyeha ha boitšoaro, ho senyeha ha lelapa, bonokoane le pefo—a tšoaeang mehla ea rōna e bohloko.—2 Timothea 3:1-5.
Phello e Tla ba Eng?
Ha Bibele e sebelisa motse oa boholo-holo oa bolumeli ba Babylona e le mohlala, e bua ka ho oa ho feletseng ho tšoanang le timetso ea bolumeli ba lefatše. Buka ea Tšenolo ea profeta: “Eaba lengeloi le matla le nka lejoe le ka ka leloala le leholo, la le akhela leoatleng, la re: Ho tla akheloa joalo ka matla Babylona, motse o moholo, ’me ha a sa tla hlola a fumanoa.”—Tšenolo 18:21.
Leha ho le joalo, pele timetso eo e potlakileng e hlaha, ho na le monyetla oa ho utloa temoso ea Molimo ea Tšenolo 18:4: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” Lefatšeng lohle, linaheng tse 205, Lipaki tsa Jehova li mametse temoso ea ho balehela ’Musong oa Molimo e le ’ona tšepo feela bakeng sa batho. (Mattheu 24:14) Na u tla ba har’a batho ba likete-kete ba ikopanyang le bona ha ba baleha hore ba bolokehe? Ke uena ea tla iketsetsa qeto.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho sa tsotellehe mangolo a baruti le mekoloko ea khotso, na bolumeli bo boholo ha boa kopanela lintoeng tse tšolotseng mali a mangata haholo kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Batho ba ikutloa hore ba se ba rata bolumeli haholo, empa na ba thahasella haholo lintho tsa moea?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Kajeno batho ba likete-kete ba utloa temoso ea ho tlohela bolumeli ba bohata