Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/15 maq. 13-18
  • Emelana le Maraba a Satane u Tiile!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Emelana le Maraba a Satane u Tiile!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihlomo Tsa Rōna Tsa Moea
  • Litšoaneleho tsa Bokreste e le Lithuso
  • Ikemisetse ho Ema u Tiile
  • Re ka Hanyetsa Bademona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ema u Tiile Khahlanong le Liketso tsa Bolotsana tsa Satane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Aparang Seaparo se Felletseng sa Ntoa se Tsoang ho Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/15 maq. 13-18

Emelana le Maraba a Satane u Tiile!

“Hlomelang ka lihlomo tsohle tsa Molimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.”—BA-EFESE 6:11, Phetolelo e Ncha ea Sesotho.

1. Kabelo ea Bakreste ba phelelang litokelo tsa bona ke efe?

LIPAKI tse inehetseng tsa Jehova tse phelelang litokelo tsa tsona li thabela paradeise ea moea. Ha moprofeta oa Molimo Esaia a sebelisa mantsoe a boprofeta ho hlalosa boemo ba tsona ba kajeno, o ngotse: “Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokhabane bo hlole bo le teng serapeng. Moputso oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae.”—Esaia 32:16, 17.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikalosa kamehla?

2 Hore re boloke boemo bona bo thabileng, re tlameha ho ikalosa kamehla, hobane Satane Diabolose o honohela thabo ea rōna le kabelo e enneng ea moea. O tla tloha a futuhela batho ba Jehova e le Gogo oa Magogo. (Ezekiele 38:8-12) Empa le hona joale ha a lula feela. Ha e le hantle, ka ho tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoane, hona joale o halefetse bahlanka ba Jehova ho feta neng kapa neng.—Tšenolo 12:12, 17.

3. Ke hobane’ng ha Satane a halefetse bahlanka ba Jehova?

3 Satane o laola lefatše lena la batho ba sa lokang. (Ba-Efese 2:1, 2; 1 Johanne 5:19) Batho bao kaofela ba eme ka lehlakoreng la hae tsekong e khōlō ea borena ba bokahohle. Ba tiisa pelaelo ea Satane ea hore na ho na le batho ba ka hlang ba tšepahala ho Jehova Molimo. (Liproverbia 27:11) Hore ho na le Bakreste ba ’maloa ba pakang hore Diabolose ke raleshano oa moikhantši oa lefeela le ea eisehang hoa mo halefisa. Ka hona o sebelisa leraba le leng le le leng le mano ’ohle ao a ka a khonang ho imetsa bahlanka bana ba khabane ba Jehova. Kahoo, “ntoa ea rōna . . . e loana le . . . meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.”—Ba-Efese 6:12.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho hlōla mefokolo ea rōna?

4 Ka baka leo, ke hantle ha u ipotsa, ‘Nka emelana joang le Sera see se matla ke tiile?’ Joalokaha re bone, o sebelisa mefokolo ea nama e oeleng ho chea Bakreste. Mohlomong, motho ha a na bofokoli ba botsoa, empa mohlomong o-oa ikhohomosa. Mohlomong, motho hase moikhotsofatsi tabeng ea menyeka ea nama, empa mohlomong o meharo ea leruo. Ka hona ho hlokahala hore re sehle ka thata ho hlōla mefokolo ea rōna, re hanyetse Diabolose e le hore a ka re balehela.—Jakobo 4:7.

Lihlomo Tsa Rōna Tsa Moea

5. Ke ka lebaka lefe ho hlokahalang re hlomele ka lihlomo tsohle tse tsoang ho Molimo?

5 Sera sa rōna se ’na se sebelisa maraba a tšoanang khafetsa. Ka hona ka ho ithuta Lentsoe la Molimo re ka falimehisetsoa maraba ao Satane a ’nileng a a sebelisa ho tloha mehleng ea Bibele, ’me re ka ithuta hore na re ka emelana le eena joang re tiile. Moapostola Pauluse o ngotse: “Hlomelang ka lihlomo tsohle tsa Molimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolose.” A boela a phehella hore: “Ka baka leo, nkang lihlomo tsohle tsa Molimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.” Hlokomela hore Pauluse o hatisa ho ‘hlomela ka lihlomo tsohle tsa Molimo.’ E ka ba kotsi ho haelloa ke sehlomo leha se le seng sa tsena tse fanoeng ke Molimo, hobane Satane a ka ho hlokomela ’me a ka re hlasela hona karolong eo e kenehang habonolo. Hona ho ka ipaka e le ho bolaeang moeeng ho rōna.—Ba-Efese 6:11, 13, Phetolelo e Ncha ea Sesotho.

6. Ho ‘itlama matheka ka ’nete’ ho re hloka eng?

6 Moapostola o qala ka ho re phehella: “Tieang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa ’nete.” (Ba-Efese 6:14) Lebanta la sesole la mehleng ea boholo-holo e ne e le la letlalo le tlamang letheka. Hangata le ne le hlongoa litšepe tse sephara mona le mane, ho fana ka tšireletso e eketsehileng. Hape le ne le kenya sabole kapa thipa ea mohlabani. Ho bolela eng hore letheka la Mokreste le tlangoe ka ’nete? Ho itlama ka ’nete ea Lentsoe la Molimo ho bolela ho itiisa ka eona, e le hore re ka tseba ho sebelisa Mangolo ho arabela lipotso. Joalokaha lebanta la sesole e ne e le mokhoa oa ho itšireletsa, ka hona ’nete e tla re nea tšepo hore re jare meroalo ea rōna le ho re sireletsa. Ka sebele, ho boloka likelello tsa rōna li tšoarehile ka linnete tsa Lentsoe la Molimo ho tla re thusa ho emelana le Satane re tiile.

7. Ho bolela eng ho ba le ‘tšireletso ea sefuba ea ho loka’?

7 Hape moapostola o re bolella hore ‘re be le tšireletso ea sefuba ea ho loka.’ (Ba-Efese 6:14) Mehleng ea Bibele tšireletso ea sefuba e ne e etsoa ka matlaloana a palamaneng, likhoketsane tsa ketane kapa ka tšepe ’me e sebeletsa ho sireletsa pelo haholo-holo. Ka holim’a tsohle, ho apara tšireletso ena ea sefuba ea ho loka, re tlameha ho ‘lisa pelo tsa rōna.’ (Liproverbia 4:23) Ke kahoo feela re ka emelanang le Satane ka ho susumetsoa ho sebeletsa Jehova le hore re phele bophelo bo hloekileng bo tla re thibela ho ba tšusumetso e senyang boitšoaro har’a batho ba Jehova.—1 Petrose 1:14-16.

8. Ho ameha eng hore ‘maoto a rōna a roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso’?

8 Joale Pauluse o bolela ka hore ‘maotong re roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso.’ (Ba-Efese 6:15) Ke eng se boleloang moo? Hore re lule re le mafolo-folo haholo ho boleleng molaetsa oa ’Muso ka mokhoa oa khotso, joalokaha Jesu a ile a laela baboleli ba Evangeli ba 70: “Leha a le ntlo efe le efe, eo le kenang ho eona, le qale ka ho re: Khotso e be tlung ena.” (Luka 10:5) Ha re tsamaele ho phea khang le batho. Ho e-na le hoo, re ba tlisetsa matšeliso, thabo, khotso ea kelello le tšepo. Satane o tla leka ho fehla khanyetso le ntoa ho bamameli ba bang ho etsa hore re arabele ka mokhoa o tšoanang. Ka baka leo, ho emelana le maraba a Satane re tiile, ho hlokahala re tsebe ho bea taba le hore re mamelle, re fetohe “ntho tsohle ho bohle.”—1 Ba-Korinthe 9:19-23.

9. Lithebe tsa pele le metsu e tukang li ne li le joang?

9 Ho ea pele, moapostola o-oa eletsa: “Le tšoare thebe [e khōlō] ea tumelo eo ka eona le ka tsebang ho tima metso eohle e tukang ea molotsana.” (Ba-Efese 6:16) Lentsoe la Segerike le ngotsoeng mona e le ‘thebe e khōlō’ le fana ka tlhaloso ea thebe e khōlō ka ho lekaneng ho sireletsa karolo e khōlō ea ’mele. Ka “metsu e tukang,” ka linako tse ling Baroma ba ne ba etsa marumo ka leqala leo ba neng ba le hlohla ka lintho tse tšetseng mafura a tukang. Mohlomong Pauluse o ne a bolela marumo a tukang joalo.

10. Satane o sebelisa eng e le ‘metsu e tukang’?

10 Satane o betsa Bakreste ka “metsu e tukang” ea mefuta-futa. Har’a “metsu” ena ke litšomo, thohako le ketselletso e tobisoang ho batho ba Molimo ke lira tsa bona. “Metsu” ena e ka ’na ea e-ba boiteko ba ba bang ho nyahamisa Bakreste ba bahlabani ka lebaka la mosebetsi oa bona o bonahalang o fokola tšebeletsong kapa kahobane ho bonahala ba sa atlehe ho hlōla mefokolo ea nama. Ho boetse ho akarelletsoa mantsoe a hlabang, ho phoqa le leshano. Ka linako tse ling, Satane o ntšitse Bakreste kotsi ka ho tsosa takatso ea bona ea ho tseba lintho tsa bohlale ba lefatše kamoo bo amanang le bonohe kapa lithuto tsa bohlale ba batho tsa hore na tšimoloho ea motho le qetello ea hae ke life. U lokela ho qoba ka masene ‘matebo a joalo a Satane.’ Na u-ua ho etsa?—Tšenolo 2:24.

11. Boholo le molemo oa thebe ea rōna ea moea li itšetlehile ka eng?

11 Ho sireletsa lipelo tsa rōna ‘metsung e tukang’ ea Satane, re hloka thebe ena ea tumelo. Hore na e tla ba khōlō hakae le ho se kenehe ho itšetlehile haholo-holo ka rōna. Tšireletso ena e hlokahalang e tla itšetleha ka hore na re ipha nako e kae ea boithuto ba botho ba Bibele, ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le ho kopanela le lipaki tsa habo rōna tsa Jehova. Koana, ho hlokahala re sebelise seo re ithutang sona, kaha “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Kahoo, tsela e ’ngoe e molemo haholo ea ho atolosa le ho tiisa tumelo ea rōna hore re tsebe ho emelana le eena ka tieo, ke ka ho iteka ka matla ho hlaolela tumelo ka ho ba bang.

12. Heleme ea rōna ea moea ke eng, ’me ke ea molemo ofe ho rōna?

12 Pauluse o tsoela pele a re: “Roalang heleme ea poloko.” (Ba-Efese 6:17) Mehleng ea boholo-holo, liheleme tse ling li ne li entsoe ka leqala, tse ling ka lesela le le tenya kapa ka letlalo ’me tse ling li etsoa ka tšepe. (1 Samuele 17:38) Empa heleme ea rōna ea moea e entsoe ka eng? Pauluse o boleletse Bakreste ba Thessalonika: “Re roale heleme ea tšepo ea poloko.” (1 Ba-Thessalonika 5:8) E, tšepo e ka re sireletsa likotlong le litlhaselong tsa Satane le baemeli ba hae. Tšepo e matla e theiloeng Bibeleng “ha e hlahisetse motho lihlong.” (Ba-Roma 5:5) Tšepo e joalo e tla re sireletsa mashanong a lintho tse bonahalang, hobane e tla re susumeletsa ho batla ’Muso oa Molimo pele.—Mattheu 6:33; Luka 12:31.

13. “Lerumo la moea” ke eng, ’me molemo oa Iona ke ofe?

13 Qetellong, re kena sekotong se le seng sa lihlomo tsa rōna tsa ho itšireletsa, “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.” (Ba-Efese 6:17) Lentsoe la Segerike le ngotsoeng mona e le “lerumo” le bolela lerumo le lekhutšoaane le tšoanang le thipa, le fana ka maikutlo a ntoa eo ho loanoang ho atamelanoe. Ka tsebo e nepahetseng ea lentsoe la Molimo, re ka hlaba le ho phunyelletsa lithuto tsa bohata, re senola ho haelloa ha tsona ke kelello ’me, haholo-holo, ho loantšana ha tsona le Mangolo a Halalelang. (2 Ba-Korinthe 10:4) Hona ha re ho etse ka baka la boikhohomoso empa ka baka la boikokobetso le ho rata Molimo, ’nete le batho hammoho le rōna. Ka thabo, ka thuso ea lingoliloeng tsa Bokreste tsa ’nete, re ka ‘phahamisa lentsoe la bophelo.’—Ba-Filippi 2:15.

Litšoaneleho tsa Bokreste e le Lithuso

14. (a) Ke hobane’ng ha re se na lebaka la boikhohomoso? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ikokobetse hore re emelane le Satane re tiile?

14 Ntle ho lihlomo tsa rōna tsa moea, litšoaneleho tsa Bokreste le tsona li tla re thusa ho emelana le Diabolose re tiile. Kaha Satane o ipiletsa boikhohomosong, hore re be baikokobetsi le ho ba le moea oa kelello e pholileng ho tla re thusa toantšanong le eena. Ha ho Mokreste ea lokelang ho “itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng.” Ha re entse sohle seo re se abetsoeng, re lokela ho re: “Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tšoanetse ho se etsa.” Ntle ho moo, re hloka mosa o sa tšoanelang oa Molimo hore re emelane le Satane re tiile ’me hore re o fumane re tlameha ho ikokobetsa, hobane “Molimo o hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—Ba-Roma 12:3; Luka 17:10; Jakobo 4:6.

15. Ka ho emelana le eena, boitšoaro ke ba molemo ofe?

15 Boitšoaro ke tšoaneleho e ’ngoe ea Bokreste e tla re thusa ho emelana le Satane re tiile. Ho hlōleha ho laola maikutlo a rōna a kang bohale, kapa ho ja, ho noa kapa likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng ho tla re siea re phetlehetse litlhaselo le mano a Diabolose. Ha re ne re itšoara ho ea ka ‘litakatso tsa nama ea rōna,’ re ne re hlile re tsamaea ‘ka mokhoa oa lefatše lena, ha re ne re busoa ke morena [Satane Diabolose] ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.’ (Ba-Efese 2:1-3) Haeba re lumella hore maikutlo a boithati le a sa hloekang le boikutlo li re hape, re kotsing ea ho pitloa ke Diabolose hore re etse thato ea hae. (2 Timothea 2:26) Ho emelana le eena re tiile, re tlameha ho laola ka matla mehopolo ea rōna, le maikutlo, le mantsoe a rōna, le liketso. Re tlameha ho ruta likelello tsa rōna ho nahana lintho tse hloekileng, tse lokileng tse ntle le tse ratehang.—Ba-Filippi 4:8.

16. Ke hobane’ng ha lerato le se nang boithati le ka re thusa ho emelana le eena?

16 Lerato le se nang boithati ke lona le tla hle le re thuse ho emelana le Satane Diabolose re tiile. O potlakela ho ipiletsa tšobotsing efe kapa efe ea boithati eo a ka ’nang a e hlokomela ho rōna. Hore na lerato le se nang boithati le tla re boloka re le mafolofolo hakae tšebeletsong ea Molimo le borapeli ba Jehova, ke eona tsela eo ka eona litlhaselo tsa Satane li ke keng tsa re kenella. O na le monyetla ofe ho rōna haeba re rata Jehova ka pelo eohle, moea, khopolo le matla? Lerato le boetse le re etsa hore re amehe ka polokeho ea ba bang, ’me hona ho tla re thusa ho tiisa polokeho ea rōna. (Mareka 12:30, 31; 1 Timothea 4:16) Hafeela re bonahatsa lerato ka mekhoa ea Iona e sa tšoaneng, Satane kapa baemeli ba hae, ba bonahalang le ba sa bonahaleng, ba ke ke ba fokolisa boemo ba rōna khahlanong le bona.—1 Ba-Korinthe 13:4-8.

17. Ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa hakana ho emelana le eena?

17 Hore re tsebe ho emelana le maraba a Satane re tiile, re tlameha hore re sebelise le thapelo ka ho feletseng. Hobane’ng? Hobane ho hang re ke ke ra hlōla ka matla a rōna. Re batla thuso e tsoang holimo. Kamor’a ho hlalosa lihlomo tsa moea, Pauluse a phehella balumeli hammoho le eena ho sebelisa ‘merapelo eohle le likōpo, ho rapela ka mehla ka moea.’ Ntlheng eo ba ne ba tla ‘falimehela teng ka tiisetso eohle, ba rapelle bahalaleli,’ ho akarelletsa moapostola.—Ba-Efese 6:18, 19.

18, 19. (a) Thoriso le liteboho li ka re thusa joang? (b) Likōpo le liqelo ke tsa molemo ofe?

18 “Merapelo eohle” e akarelletsa eng? Mofuta o mong oa ho rapela ke thoriso. Ka sebele ha re talima hore na Jehova ke mang, litšoaneleho tsa hae le boemo ba hae bokahohleng, o lokeloa ke hore re mo rorise. (Pesaleme ea 33:1) Mofuta o mong oa ho rapela ke liteboho. ’Me re na le mabaka a mangata hakaakang a ho leboha Monehi oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng”! (Jakobo 1:17) Ka ho loketseng haholo, re eletsoa ho ‘leboha Jehova ka mohau oa hae le ka mehlolo ea hae ho bana ba batho.’ (Pesaleme ea 107:31) Ho ba ha rōna le lipelo tse ananelang le likelello ho tla re thusa ka sebele ho emelana le Satane re tiile.

19 Likōpo ke mofuta o mong oa ho rapela. Ke hantle re ka kōpang lintho tse kang bohlale (Jakobo 1:5), moea o halalelang (Luka 11:13), ho tšoareloa libe (1 Johanne 1:9; 2:1, 2) le hore Molimo o hlohonolofatse boiteko ba rōna (Pesaleme ea 90:17). Hape ho na le liqelo. Li bolela ho kōpa Jehova Molimo ka tieo eohle, joaloka linakong tsa khatello e khōlō kapa tlokotsi. Ke kahoo Pauluse ha a ne a le litlamong a ileng a rapela hore a etsetsoe liqelo. (Ba-Efese 6:18-20, NW) Mefuta ena ea thapelo ruri e tla re thusa ho emelana le Satane re tiile.

Ikemisetse ho Ema u Tiile

20, 21. Re ka hlōla joang?

20 Kajeno batho ba Jehova, e le sehlopha ba thabela mahlohonolo a paradeise ea moea. Empa hore rōna ka bomong re ’ne re kopanele boemong bo hlohonolofalitsoeng joalo re se nke lintho habobebe. Re tlameha ho ikalosa ka mehla, re emelane le Sera sa rōna, Satane Diabolose, re tiile.—1 Petrose 5:8, 9.

21 Diabolose o na le maraba a mangata, joalokaha re bone, ’me maqiti a hae ke ho senya botšepehi ba rōna le ho etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova Molimo. Empa Satane a ke ke a re finyella haeba re apara lihlomo tsa rōna tsa moea tse tsoang ho Molimo, re tsoela pele ho hlaolela litholoana tsa moea oa oona tse kang lerato le boitšoaro ’me re mamella thapelong. Kahoo, ka thuso e lerato e tsoang ho Molimo oa rōna, Jehova, re tla hlomella ka ho feletseng hore re emelane le maraba a Satane re tiile.

Na U sa Hopola?

◻ Hore na ke hobane’ng ha Satane a halefetse bahlanka ba Jehova?

◻ Hore na lihlomo tsa Mokreste li entsoe ka eng?

◻ Hore na ‘metsu e meng e tukang’ ea Satane ke efe, empa re tširelelitsoe ka eng ho eona?

◻ Hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho ikokobetsa hore re tie re emelane le Diabolose re tiile?

◻ Hore na ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa hakana ho emeng ha rōna re tiile?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho rapela kamehla ho tla thusa lelapa ho hanela litlhaselo tsa Satane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela