’Muso oa Molimo—Pheko e Tiileng
‘MOTHO o rena holim’a e mong ho mo etsa hampe.’ Polelo ena, e tlalehiloeng ka Bibeleng ho Moeklesia 8:9, e bile ’nete paleng eohle le ho tla fihlela mehleng ea rōna. Hobane’ng? Ke hobane’ng ha motho a sitiloe ho ntlafatsa mehla e thata eo a tobaneng le eona hona joale?
Ka 1778 George Washington a ngola: “Ho ba le tsebonyana ka tlhaho ea motho ho tla re kholisa hore, motheo o busang har’a batho ba bangata ke boikhabi; le hore hoo e ka bang motho e mong le e mong o tlas’a puso ea bona ka tsela ena kapa eane. . . . Ke batho ba fokolang feela ka palo ba tsebang ho tela pono eohle ea boithahasello, kapa melemo, molemong oa bohle. Ke lefeela ho latola ho haelloa ha tlhaho ea motho ntlheng ena; ho lutse ho le joalo, phihlelo ea mehla e meng le e meng le sechaba e pakile hore ho joalo ’me ka tekanyetso e khōlō re tlameha ho fetola melao ea motho, pele re ka leka ka mokhoa o mong.”
Kaha batho bohle ba tsoetsoe ba sa phethahala, e le baetsalibe, ho thata bakeng sa motho ofe kapa ofe hore a sebetsane le batho ba bang ka tsela e phethahetseng ka ho feletseng le ka toka. (Ba-Roma 5:12) Lithahasello tsa botho tsa boithati li fifatsa kapa li busa kahlolo ea hae le liketso. ’Me leha batho ba ka leka kahohle ho etsa melao e hananang le mefokolo ena e futsitsoeng, ha ho ’muso o ka e behellang ka thōko. Laurence Beilenson o ngotse ho The Treaty Trap hore “Ha ho tsamaiso ea ’muso—ebang ke ’muso o nang le morena e le hlooho ea naha, ’m’ampoli, mohatelli, motlatlapi, lequloana, riphabliki, kapa oa puso ea lentsoe la sechaba le hloekileng, kapa Mokha oa Bokomonisi—o kileng oa theoa o tla tiisa hore baeta-pele ba molemo le ba bohlale ba tla ’ne ba etelle pele pusong. Lebaka ke hobane ba ba khethileng le ba ba latelang ka bothoto pusong ea bona ke batho. . . . Leha e le hore batho ba busoang ba molemo kapa ba bohlale. Mohla batho ba ithatang joalokaha ba rata baahisani ba bona, ho ke ke ha hlola ho hlokahala melao e thibelang, le maponesa a bonang hore melao e ea bolokoa, ’me ho tla fela le lilekane tsa khotso.”
Leha Beilenson, joaloka ba bang ba bangata, a ikutloa hore “letsatsi le monate” joalo “le hōle,” maikutlo ao ha a nahanele morero oa Molimo bakeng sa lefatše. Ho hlōleha ha motho ho busa ka bohlale le ka khotso, ho sa tsotellehe hore na o leka lehlakore lefe, ho bontšitse ka ho hlaka hore batho ba sitoa ho ipusa. Pheko feela e lutse ’Musong oa Molimo tlas’a puso ea Mora oa hae Jesu Kreste. Ke ka lebaka leo Jesu, ha a ruta barutuoa ba hae thapelo ea mohlala, a ba rutileng hore ba rapele Molimo hore: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.
Ke thato ea Molimo hore ’Muso oa oona, o seng o hlomiloe maholimong, e be oona o tlisang khotso e feletseng lefatšeng. Ka puso ea Mora oa oona, “Morena oa khotso,” tlaleho e bululetsoeng e re: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:6,3 7.
’Muso oo o ke ke oa etsa hore lefatše le apareloe ke khotso ea ’nete feela, empa o tla phetha seo ho seng ’muso o mong o ka se etsang: ho felisa litšekamelo tsa motho tsa boithati bo tsoaloang ke ho futsa ho se phethahale. Hobane tlas’a puso ea ’Muso, batho ba lopollotsoeng sebeng le thohakong ea sona lefu, ba ka thabela bophelo bo phethahetseng bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Ba-Roma 6:23) Ntlheng ena, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” ’Me Jehova o-oa tšepisa: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” (Tšenolo 21:4, 5) Eo e tla ba pheko e tiileng bakeng sa mehla ea rōna e bohloko.