Na Batho ba ka Buisana ka Tumellano ea Pheko?
LE HAEBA ho ka khutleloa morao haholo historing, ho fumanoa hore kamehla litumellano lia senngoa ka baka la lithahasello tsa boithati tsa sechaba. Ho feta moo, litumellano ha lia thibela ntoa.
Laurence W. Beilenson bukeng ea hae The Treaty Trap, o ngotse hore: “Ha e sa le hoba batho ba ipōpe ka merabe ea bona, litumellano tsa khotso tsa iphaphatha ka ntoa. Empa leha ho le joalo hoa makatsa hore litumellano tsa khotso li amana le khotso le hore haeba li le sieo ho ba le ntoa. Boemo bona bo susumellelitse bahlalosi ba bang ho bolela hore ntoa e se e fetohile ’molai, ’me ke ka nepo batho ba ka itšetlehang ka litumellano ho thibela ntoa. Leha ho le joalo, litumellano ha li hlahise litholoana tse lebeletsoeng. Ntoa ea ‘nuclear’ e ka tlisa pheliso e khōlō, empa liketsahalo tsa histori ka botsona li ka re hlaha leseling mabapi le hore na ebe litumellano li ka thibela ntoa.”
Na Litumellano li Lula Nako e Telele?
Tlaleho ea histori e bontša hore litumellano ha li thibele ntoa. “Lichaba tsohle ebile basenyi ba litumellano,” ho its’alo Beilenson. Le hoja baahi sechabeng ba ka thusoa ke kahlolo ea lekhotla haeba motho e senya tumellano, boemo ha bo tšoane haeba e le lichaba tse peli tse senyang tumellano. Lichaba li ka khetha ntoa ho fumana seo li se batlang.
Esita le makhotla a sesole a lefatše a hlōlehile ho lokisa litsekisano tsa lichaba le ho boloka khotso ea lefatše. Lekhotla la Machaba la Toka (boemeli ba boahloli ba Machaba a Kopaneng, bo tsejoang haholo e le Lekhotla la Lefatše), ha le na matla a ho qobella liqeto tsa lona. Ho e-na le ho etsa joalo, le itšetlehile ka maikutlo a lefatše le tšusumetso ea boitšoaro. Lichaba tse ngata li hana ho amohela taelo ea Lekhotla lena ea ho lokisa litsekisano tsa tsona. Melao ea Lekhotla lena la Lefatše e bontša hore sechaba se na le tokelo ea ho hana kahlolo ea Iona ka hore se tsebise Lekhotla.
Bothata bo bong ke hore lichaba ka botsona li seli ka ho khethehileng mabapi le litaba tse amang ’muso oa tsona. Ka baka leo li ntša mahlo linameng ha li ngola litumellano, ’me mabakeng a mangata li sebelisa mantsoe a tla etsa hore ho be bonolo hore sechaba se itokolle haeba ’muso oa sona o thibeloa. The Encyclopedia Americana e boletse hore: “Hangata litumellano li ngoloa ka lipolelo tse sa hlalohanngoeng ha bonolo. Melao e hlalosang lipolelo tseo e mengata haholo . . . empa leha ho le joalo ha ho na tsela e akarelletsang tšebetso e nepahetseng ea molao leha e le ofe . . . ka baka leo ho tsoha ho se lumellane mabapi le tlhaloso e nepahetseng ea molao o itseng, ’me ka hona litumellano ha li hlomphuoe ho hang.” Charles de Gaulle, mopresidente oa nakong e fetileng oa Fora, o itse, “Litumellano li tšoana le baroetsana le lipalesa tse ntle. Li ba teng ka nako e khutšoanyane hakaakang.” Ha de Gaulle a qotsa mantsoe bukeng ea Victor Hugo e bitsoang Les Orientales, o eketsa ka hore: “Oee, ke bone baroetsana ba bangata hakakaang ba pona.”
Karolo ea Mehla ea Rōna e Bohloko
Bibele e ’nile ea bolela hore mehla ea rōna e ne e tla busoa ke batho ba ikhohomosang, ba ithatang, ba sa batleng ho lumellana le ba bang kapa ho amohela lentsoe la bona. Re bala taba ena ho 2 Timothea 3:1-5: “Tseba hona: mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhohomosi. Ba tla rata menate ea lefatše, ho e-na le Molimo; ba tla bonahala eka ba na le bolumeli, athe ba lahlile matla a bolumeli.”—Phetolelo e Ncha ea Sesotho.
’Mehla ena ea bofelo’ e qalile hona lekholong lena la lilemo—ka 1914, ntoeng ea pele ea lefatše—’me ea tsoela pele ho tla fihlela ho lena le holimo. Tlaleho ea histori e fane ka bopaki bo matla mabapi le bonnete ba boprofeta ba Bibele. Kahobane lichaba li ne li tšositsoe ke bohale ba Ntoa ena e Khōlō, kamoo e neng e bitsoa kateng nakong eo, tsa leka ho buisana ka litumellano tse neng li tla thibela ntoa e ’ngoe e khōlō joalo. Pele ho ntoa, ho ne ho se tumellano ea lefatše lohle e neng e bontša ha ntoa e se molaong hape ho ne ho se mokhatlo o neng o hlonngoe ka morero oa ho tiisa hore ho be le khotso. Ka hona baeta-pele ba lefatše ba ne ba batla ho etsa litumellano pakeng tsa lichaba le ho tiisa hore ho ba le khotso ea lefatše lohle.
Selekane sa Lichaba se entsoe ho tšeptjoa hore lichaba tseo e leng litho tsa sona li tla tšehetsana le ho sireletsana ’me li ke ke tsa loantšana, ntle le haeba sechaba se itšireletsa, le kamor’a hore tsekisano e romeloe Lekhotleng la Molao la Selekane sena hore e lokisoe teng ’me hape ho fete likhoeli tse tharo e le hore lichaba li ka khutlisa lipelo. Tokisetso ena e qalile ho sebetsa ka 1920. Litumellano tse entsoeng Locarno, tse ileng tsa sebelisoa ka 1926, li ile tsa rorisoa e le “tlhōlo bakeng sa khotso le tšireletseho” har’a lichaba tsa Europa. Tumellano ea Paris, e neng e tsejoa e le tumellano ea Kellogg le Briand, ea tumisoa ka hore ke “thuso ea ho thibela ntoa.” E ne e le tumellano e neng e akarelletsa lichaba tse ngata ’me li ne li tla e tšehetsa. Tumellano ena ea phatlalatsoa ka molao ka 1929, ’me ea qetella e amohetsoe ke lichaba tse 63 tse ileng tsa lumela ho lokisa liqabang tsa tsona “ka tsela e tla sebeletsa khotso.” Hona nakong eo ho ile ha etsoa le litumellano tse ling, batho ba bangata ba ne ba nahana hore ntoa e se e le ntho ea maobane. Empa ha hoa nka nako e telele pele lichaba tseo li itihela ntoeng e ’ngoe ea lefatše.
Ka hona, na batho ba ka buisana ka litumellano tsa khotso? Tlaleho ea histori le liketsahalo tsa lefatše tsa kajeno li araba ka hore, CHE, ho ke ke ha etsahala! Ho joalokaha mongoli Beilenson a akarellelitse litaba: “Kamorao ho tšenyo ea Ntoa ea I ea Lefatše, babusi ba linaha ba ile ba ngola tumellano ea khotso e neng e le matla joaloka lerako ho feta leha e le neng pele. Empa leha ho le joalo ha ea ka ea thibela ho hlokomolohuoa ha litumellano ho feta leha e le nakong efe historing, kapa ho feta pheliso ea Ntoa ea II ea Lefatše, kapa lintoa tse ling tse nyenyane. Ho sa tsotellehe tumellano ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, lichaba li lula li sa kopana.”
Kajeno, batho ‘ba hana ho boelanngoa le ba bang’ joalokaha Bibele e boletse, ’me ha ho na tumellano e akarelletsang ea khotso ’me ka hona lefatše le phela ka tšabo. Na sena se bolela hore ha ho na tšepo bakeng sa mehla ea rōna e bohloko? Haeba pheko e teng, e hokae?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
“Litumellano . . . li ba teng ka nako e khutšoanyane hakaakang”