Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 12/1 maq. 31-32
  • Bophelo ba Hao, Botšepehi ba Hao le Karete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ba Hao, Botšepehi ba Hao le Karete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Itokisetse Bokuli ba Tšohanyetso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 12/1 maq. 31-32

Bophelo ba Hao, Botšepehi ba Hao le Karete

“HA ho kula ho hlaha, monna ea bohlale oa ipata; empa ea leoatla o ikenya masoabing.”—Liproverbia 27:12, Septuagint, ka Charles Thomson.

Maele ao a bululetsoeng a bonahatsa bohlokoa ba ho nahanela pele. ‘Bohloko’ bo bong kapa tlokotsi eo bahlanka ba Molimo ba batlang ho e qoba ke ho senya botšepehi ba bona. Ka lilemo-lemo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa etsa sena ka khothalo mabapi le taelo ea Molimo ea hore Bakreste ‘ba tele mali.’—Liketso 15:28, 29.

Bakreste baa tseba hore ha ba ka hlaheloa ke kotsi ba ka ’na ba ilibana kapa ba sitoa ho fana ka hlaloso e qaqileng ea hore ke hobane’ng ba ke ke ba amohela tšelo ea mali. Esita le haeba Paki e tsoileng kotsi e ka ’na ea bua hore—tumellanong le motheo oo ho seng ho lumellanoe ka oona—ha e batle ho tšeloa mali, lingaka kapa basebetsi ba sepetlele ba ka ’na ba khathatseha ka hore taba e ka qetella e isitsoe lekhotleng haeba ba sa latela phekolo e tloaelehileng. Kahoo, ka lilemo-lemo Lipaki tsa Jehova li ntse li tsamaea ka karete ea “Medical Alert.” Ena ke karete e saenoeng, le ho ngoloa ke lipaki e lokollang lingaka le ba boholong sepetlele molatong leha e le ofe o ka ’nang oa hlaha ka baka la ho hana mali. Karete e ncha e ea saenoa le ho ngoloa letsatsi selemo le selemo; ka baka leo, karete e ba nakong kamehla.

Haeba u batla ho mamela molao oa Molimo mabapi le mali, na kamehla u tsamaea le e ’ngoe ea likarete tsena? Na u tiisa hore e nakong ’me, haeba ho khoneha, na e saennoe ke beng ka uena? Hlokomela ho tsoa lengolong lena hore ke hobane’ng ha u loketse ho etsa joalo:

“’Na le monna oa ka re batla ho le leboha haholo ka ho re nea lijo tsa moea ka nako ea teng le boitsebiso bo rutang bo re thusitseng. Ke rata ho le phetela kamoo boitsebiso boo bo pholositseng bophelo ba rōna.

“E ne e le ka Phupjane 6, 1983 bosiung boo pula e ne e tšoloha ha re le tseleng ho ea lapeng re hlaha mosebetsing. Re ne re sebetsa re le bahahi konterakeng e hahang matlo a macha lik’hilomithara tse 50 ho tsoa lapeng ’me re sa tsoa lata bana ba rōna ba bararo ba banyenyane sekolong. Ha monna oa ka, John, ea neng a khanna koloinyana ea rōna tseleng e khōlō e hlahang karolong e ka leboea, re ne re tšoere moqoqo ka kopano ea setereke e tlang. Eaba ke bona teraka e neng e hula letoroko e hlaha karolong e ka boroa, ea thinya kapele ’me ea thula lerako le arohanyang tsela ka matla a maholo, ’me ea qhalanyana seretse le joang hohle. Ka ho panya ha leihlo teraka ea phunyeletsa lerakong le arohanyang tsela ’me ea ema pel’a rōna joale ka lerako le leholo la litene.

“Re ne re atisa ho ipotsa hore re ne re tla etsa joang ha re ka hlaheloa ke kotsi. Re ile ra latela keletso ea hore re buisane le ngaka ea rōna ea lelapa le sepetlele sa rōna mabapi le tšebeliso ea tšelo ea mali. Empa ho thoe’ng haeba re ne re ilibetse re le hōle le motse re sa khone ho hana tšelo ea mali? Boemong bo tjena e ’ngoe ea lithuso tseo lōna [Mokhatlo oa Watchtower] le faneng ka tsona ka lerato li ne li ka thusa: karete ea ‘Medical Alert.’ Re tsamaea le tsona ka linako tsohle. Li tlatsitsoe hantle, tsa ngoloa letsatsi ’me tsa saenoa.

“Ha ke ntse ke ilibetse kotsing e mpehali, mosali e mong oa mooki ea nang le mangolo a thuto a ema. Mooki enoa o ne a batla ho nka bana ba ka ba babeli bao a neng a ka ba finyella, kaha e mong oa bona o ne a se a tsoa mali haholo leqebeng le hloohong, John a mo lumella. Ngoananyana e mong o ne a petahane le ’na ka terakeng ho fihlela ha monyako oa eona o buloa.

“Ha ba Tšebeletso ea Bongaka ea Tšohanyetso ba fihla, John a kōpa mooki ea re phalletseng hore a letsetse ba leng sepetlele ka seea-le-moea sa letsoho ’me a ba bolelle hore ka tlas’a mabaka leha e le afe ba se ke ba tšela bana mali. Mooki a hana, ho fihlela ha John a mo balisa karete ea ‘Medical Alert.’ Ea mo kholisa ’me a fetisetsa molaetsa ho ba leng sepetlele ka seea-le-moea sa letsoho.

“John o ne a le boemong bo bobe, a tsoile maqeba a tšabehang hloohong, a robehile leqaqailane le letšehali a tsoile matetetso a mangata. Empa a rapella feela hore a mpe a phele ho fihla moo a tla khonang ho bona ha litlhoko le litakatso tsa lelapa la hae li hlokomeloa.

“Ke ne ke robehile masapo a mabeli a letheka, le leng le ne pshatlehile, ’me ka robeha le lesapo la serope ka ho le letšehali, le neng le lutla mali ka hare, ha re fihla sepetlele ke ne ke sa ntsane ke ilibetse. Ngaka ea bolella John hore metsotsonyana e latelang ke tla be ke lahlehetsoe ke ho fetang halofo ea mali a ka ’me ke tla shoa haeba ke sa tšeloe mali. Ho sa tsotellehe boemo ba hae, John a phehella ho ba bolella hore ‘Le se tšele mali.’ Ba ’na ba khathatsana le eena, ba mo bolella hore o tla lahleheloa ke mosali oa hae, ’me ba re, ‘Ke mang ea tla u hlokomella bana?’ Qetellong ba fumana karete ea ka ea ‘Medical Alert.’ Ngaka ea etsa likopi tse ling tsa likarete tsena ’me ea li saena. Kaha ke karete e lumeletsoeng ke molao, ba e hlompha ’me ba khaotsa ho leka ho nqobella tšelo ea mali. Kamor’a lihora tse tšeletseng ka hlaphoheloa ka ho feletseng ’me ka khona ho ipuella. Empa le hoja ba bang ba ka ’na ba nahana hore karete ena ha se ea bohlokoa—karete ena e nyenyane ea mpholosa hore ke se qobelloe ho tšeloa mali ha ke ne ke ilibetse.

“Ke bile sepetlele ka libeke tse ka bang supa empa ke ikutloa hore ke ile ka fola kapele, kahobane ke sa ka ka amohela mali a motho e mong le likhathatso tsa ’ona. Re kopane bohle joale ka lelapa ’me re ipheletse hantle. Liteboho ke tsa Jehova hobane a re neile thuso e ntle hakana e joaloka karete ea ‘Medical Alert.’ Ka sebele e ea sebetsa.”

Lipaki tsa Jehova li fumana karete ena ea bohlokoa ho baholo ba liphutheho tsa bona. Phihlelo ena e kaholimo e bontša lebaka leo uena le lelapa la hao le lokelang ho ba “bohlale” ’me kamehla le tsamaee le karete e tlatsitsoeng le e leng nakong ea “Medical Alert.”—Liproverbia 22:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela