Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 12/15 maq. 3-4
  • Keresemese—Ba Bangata ba Bona Nako ea Thabo, e Seng Kotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keresemese—Ba Bangata ba Bona Nako ea Thabo, e Seng Kotsi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 12/15 maq. 3-4

Keresemese—Ba Bangata ba Bona Nako ea Thabo, e Seng Kotsi

“HO BONAHALA lebitso Keresemese le e-na le mohlolo,” kamoo ho ngotseng Charles Dickens e monyenyane. “Mōna o monyenyane le likhohlano lia lebaloa . . . Hoja Keresemese eo e ee e nke selemo kaofela.” Ho bonahala eka Dickens o ne a thabisoa haholo ke Keresemese, ’me o buile ka eona le batho ba limillione ka libuka tse kang A Christmas Carol. Mantsiboeeng a Keresemese, tikolohong ea malapa ho sa ntsane ho baloa buka ena (Mookameli oa U.S. Franklin Roosevelt ho boleloa hore o ne a latela mokhoa ona). Mocha o ile a khotsa ha Charles Dickens a e-shoa: “Dickens o shoele? Joale e be ho tla shoa le ‘Father’ Keresemese?” Empa “Father” Keresemese o ntse a phela hoo a phelang likelellong le lipelong tsa bana ba bangata.

Hase bana feela ba talimang mokete ona e le thabo, e seng kotsi. Moaustralia ea nang le tšusumetso o ile a angoa ke seo a ileng a se bona ha a hlahetse ka fenstere Mantsiboeeng a Keresemese ka 1937. Sea-le-moea se ne se llela tlase, ’me pel’a sona ho lutse mosali moholo, a nkile kerese ka letsohong, a mametse lipina tsa Keresemese. Ka Keresemese selemong se latelang a hlophisa seboka se seholo se etsetsoang ka ntle se bitsoang “Lipina tsa Keresemese li Binoa ka Khanya ea Kerese.” Se ne se lumellana hantle le linako tsa mantsiboea tsa lehlabula tsa Australia, ’me kapele sa rateha hohle. Kajeno, hohle ka har’a naha eo, batho ba bokana, ba bonese likerese e be ba bina lipina tsa Keresemese.

Francis oa Assisi e ne e le ’muelli e moholo oa Keresemese. Ka 1224 a tsamaisa tšebeletso ea Keresemese e pota-potileng sejelo sa sebele sa liphoofolo se nang le khomo le esele tse phelang, e leng ho ileng ha thabisa batho ba motse ba bangata. Boteng ba sejelo sa liphoofolo ea phakisa ea e-ba pono e ratehang, ’me ka nako ea Keresemese e sa ntse e etsoa malapeng a mangata le likerekeng tsa K’hatholike. Kereke ea Aracoeli, Roma, e na le sejelo sa liphoofolo se nang le lesea le apesitsoeng ka gauda le mahakoe. Basali ba tlisa bana ba bona ho tla hlompha ‘lesea lena le halalelang.’ Ka mathoko ho setšoantšo ke qubu ea mangolo a tsoang lefatšeng lohle a kōpang thuso kaa mehlolo.

Engelane, Khosana Albert (oa Lejeremane) le mosali oa hae, Mofumahali Victoria, ba tumisa sefate sa Keresemese ka ho se sebelisa moketeng oa bona oa Keresemese oa 1841. Kapele Weihnachtsbaum ea Majeremane ea rateha haholo ho Manyesemane. Hamorao, baruti ba babeli ba Chache ba etsa tlhahiso ea hore sefate sa Keresemese le sejelo li sebelisoe Kerekeng e Khōlō ea St. Paul, London. Hona ha thulana le khanyetso, kahoo Morena George V a kōpuoa ho fa kereke lifate tse peli, ’me a ho etsa. Ho tloha nakong eo, sejelo sa liphoofolo le lifate ke karolo ea lintho tse bonoang moo ka Tšitoe, ’me le likereke tse ling tsa Boprotestanta li sebelisa litšoantšetso tsena.

Mekhoa ea Keresemese e ka ’na ea fapana ho ea ka linaha, empa moea oa Keresemese, o etsoang ka mabone le lifate tse tala selemo sohle, lijelo tsa liphoofolo le lipina tsa Keresemese, meketjana le limpho, ke lintho tseo ba bangata ba sitoang ho iphapanyetsa tsona. Mongoli oa histori Pimlott o ile a botsa: “Ke ngoana ofe eo Letsatsi la Keresemese e seng le leholo ho ’ohle selemong ho eena?” Empa haeba ho bonahala Keresemese e le monate hakana ho ba bangata, ke hobane’ng ha puisano ee e bua ka kotsi? ’Nete ke hore, tšimoloho ea sebele ea Keresemese e-ea tšoenya ’me liphello tsa eona li ka ba kotsi. Joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela