Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 12/15 maq. 4-7
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Semelo sa Eona
  • Na Bakreste ba Pele ba ne ba Keteka Keresemese?
  • Bakreste ba Koenehileng le Mekete ea Bahetene ea Mariha
  • Lebaka Leo Keresemese e Leng Kotsi
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 12/15 maq. 4-7

Keresemese—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?

GEORGE BERNARD SHAW o ngotse ka 1897: “Sechaba se monyebe le se khathetseng se qobelloa Keresemese ke beng ba mabenkele le likoranta.” Na ho ne ho le joalo nakong eo e fetileng feela? Habohlokoa haholo, na ke ’nete kajeno?

The Star ea Johannesburg, Afrika Boroa, e buile ka mantsoe a bohloko molaetseng oa eona oa Keresemese oa 1983: “Batho ba bangata ba lahlehetsoe ke se boleloang ke lerato ka lebaka la moea oa ho reka o tlerohang lia-le-moeeng, thelevisheneng le mabenkeleng, likoranteng le limakasineng o khothalletsang hore, rekang, rekang, rekang.”

Har’a sena sohle, batho ba balumeli baa phehella: Khutlisetsang Kreste Keresemeseng. Empa Bakreste ba na le lebaka la ho botsa: Na Kreste o kile a ba teng Keresemeseng? Taba ena ke ea bohlokoa, hobane Bakreste ba ’nete ba utloisisa kotsi. Haeba ba kopanela liketsong tsa bolumeli tseo Molimo o sa li amoheleng, o ke ke oa ba hlohonolofatsa. Ka hona, semelo sa Keresemese ke sefe?

Semelo sa Eona

Batho ba boholo-holo ba ka leboea ba ne ba tšaba hore lefifi le nkang nako e telele la Tšitoe le tla koenya letsatsi. Karolong ea tšebeletso ea mehlolo, ba khabisa malapa a bona ka limela tseo ho bonahalang li le tala selemo sohle hobane ho bonahala li e-na le matla a mohlolo a ho phela. Ho ne ho hotetsoa likerese le mello ka boiteko ba ho tsosa letsatsi le shoang. Likarolong tse ling tsa Europa ho sa ntsane ho chesoa likoqo. Ke eng e hlohlelletsang mokhoa ona oo hajoale e leng oa Keresemese? Ho The Story of Christmas Michael Harrison o fihlela qeto ena: “Ho bonahala e le ho nyalanngoa ha mekhoa e ’meli ea boholo-holo—leseli le limela tse sa lahleng botala—ho re hlahiselitseng sefate sa Keresemese sa Kajeno.”

Baroma ba boholo-holo ba ne ba e-na le mokete oa mariha o neng o bitsoa “Saturnalia,” o neng o etsoa pakeng tsa la 17 ho isa ho la 24 Tšitoe. Dr. Conway, o hlalosa mokete oo ka tsela ena bukeng ea hae Ancient Italy and Modern Religion: “Bophelo bo tloaelehileng ba lumelloa ho fetoloa; batho ba tela mesebetsi ea bohlokoa, ’me haeba ba sa chakelane matlung ho ea keteka, ba ne ba tsekela literateng ba hoeletsana ‘Io Saturnalia’ joaloka re re ‘Happy Christmas’ moketeng ona, u ne u lebelletsoe ho fa metsoalle ea hao limpho tse itseng; . . . ho ne ho nahanoa hore u motho ea sa hlabolohang haeba u hlaphohetsoe nakong eohle ea ‘Saturnalia!’”

Hoo e ka bang ka 85 C.E., seroki Martial sa hatisa Xenia le Apophoreta, libuka tse peli tse nang le litemana tse khutšoaane tse 350. Lithoko tsena li ne li lokiselitsoe hore li kopitsoe ’me li romeloe hammoho le limpho tsa “Saturnalia,” joalokaha Dr. Conway a hlalosa, “motsoako o monate oa se ngoliloeng.” Na hoo ha ho utloahale ho tšoana le likarete tsa kajeno tsa Keresemese? ’Me joaloka likarete tse ling tsa kajeno tsa Keresemese, litemana tse ngata tsa Martial li ne li bua haholo ka boitšoaro bo bobe.

Le pele “Saturnalia” e fela Baroma ba ne ba keteka mokete oa Selemo se Secha oa Kalends. The Story of Christmas e-ea hlalosa “Khubung ea nako ena ea thabo e akaretsang, ho ne ho e-na le letsatsi le khethetsoeng hlompho e khethehileng bakeng sa letsatsi leo ho neng ho bonahala eka le tsoaloa bocha ha le e-tsoa tlung mariha ’me ho beoa e le lebaka la boitšireletso bakeng sa nyakallo ena eohle ea bohetene. Letsatsi lena le ne le tsejoa e le Dies Solis Invicti Nati, Letsatsi la ho Tsoaloa ha Letsatsi le sa Hlōloeng, ’me le ne le e-ba ka letsatsi la almanaka ea rōna la la 25 Tšitoe.” Hamorao mokete ona oa bitsoa Keresemese e le hore baahi ba Roma ba ka hohelloa “Bokresteng” bo silafetseng.

E, Keresemese e simolohile borapeling ba letsatsi boo e seng ba Bokreste. Mohlala oa mokete ona o ka saloa morao ho fihlela Babylona ea boholo-holo moo batho ba neng ba rapela molimo oa letsatsi Shamash. Ho The Englishman’s Christmas, mongoli oa histori Pimlott o lumela hore, “Ho tšoana ho feteletseng le mekhoa ea Keresemese ho etsahala meketeng ea Selemo se Secha ea Babylona.”

Joale u ka bona hore na ke hobane’ng ha lentsoe “kotsi” le lokela ho amahanngoa le Keresemese. Bibele e lemosa Bakreste ka ho hlaka mabapi le Babylona e Moholo (e amanang le bolumeli bo theiloeng lithutong tsa boholo-holo tsa Babylona). Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Ba bang ba ka ’na ba ikutloa e ka e batla e le ho feteletsa litaba ho talima Keresemese e le kotsi moeeng. Empa a re ke re hlokomeleng linnete tsa histori ka hore na Bakreste ba pele ba ne ba talima joang ho boloka letsatsi la phomolo leo ho neng ho nahanoa hore le likoloha ho tsoaloeng ha Jesu empa le hlile le amana le mokete oa bohetene.

Na Bakreste ba Pele ba ne ba Keteka Keresemese?

Moprofesa Ferguson bukeng ea hae The Religions of the Roman Empire o bolela hore, “Bakreste ba pele ha ba ka ba keteka letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu; ho ne ho se moo le ngotsoeng.” Bibele ha e fane ka letsatsi le tobileng la ho tsoaloa ha Jesu. Ho feta moo, e bontša hore Jesu ha a ka a tsoaloa khoeling ea mariha le lipula ea Tšitoe kapa Pherekhong (karolong e ka leboea ea lefatše) empa nakong e mofuthu. Ho ka boleloa joalo joang?

Hoo e ka bang nakong ea ho tsoaloa ha Jesu, ’musisi oa Roma Sesare Augusto a laela hore bafo ba ee metseng ea habo bona eo ba tsoaletsoeng ho eona ’me ba ngolisoe. Bibele e-ea tlaleha: “Batho bohle ba ea ho ngoloa, e mong le e mong motseng oa habo.” (Luka 2:1-7) Josefa le Maria ba tsamaea sebaka se fetang likilomethara tse 110 ho tloha Nazaretha ho ea Bethlehema. Na ho ne ho ka khoneha hore ba tsamaee leeto le lekaalo nakong ea lipula, e batang ka Tšitoe (karolong e ka leboea ea lefatše)?

Ha ho felle moo. Maloka le nako ea ho tsoaloa ha Jesu, Bibele e-ea phaella: “Ho ne ho le balisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebeletse mehlape ea bona bosiu.” (Luka 2:8) Tlhaloso ena ha e tšoanele khoeli ea Iseraele ea pula e lumellanang le Tšitoe ea rōna ea kajeno—nako eo ka eona ka linako tse ling ho batang haholo Bethlehema.—Esdrase 10:9, 13; Jeremia 36:22.

Ho na le ntlha e ’ngoe hape ea bohlokoa. Haeba Jesu a ne a batla ha balateli ba hae ba keteka tsoalo ea hae, ke hobane’ng ha a sa ka a ba laela hore ba etse joalo? Ka letsatsi la ho shoa ha hae, o thathamisitse tšebeletso e bonolo ’me a laela: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Jesu ha a ka a laela joalo ka ho tsoaloa ha hae.

Le lentsoe “Keresemese” ha le hlahe ka Bibeleng hobane ho ne ho se mokete o joalo har’a barutuoa ba pele ba Jesu. Dr. R. S. Conway o-oa hlalosa: “Moruti e moholo oa thuto ea bolumeli ba Bojakane Origen, mathoasong a lekholo la boraro la lilemo o pheta ka makhetlo a mangata polelo eo a reng o e nkile ho e mong oa ba tlileng pele ho eena, hore ha ho motho ea phelang hantle kelellong kapa mohalaleli oa Mokreste ea kileng a boloka letsatsi la tsoalo, ea hae kapa ea e mong. Ke batho ba babe feela ba kang Faro kapa Heroda bao matsatsi a ho tsoaloa ha bona a boleloang ka Mangolong. Hona ho bontša ka ho hlaka hore haeba a ne a kile a utloela ka mokete o kang Keresemese, o ne a o nyatsa ho hang.”

Bakreste ba Koenehileng le Mekete ea Bahetene ea Mariha

Bakreste ba pele ba ile ba hana moleko oa ho kopanela le baahisane ba bona meketeng ea bohetene. Empa Bibele e hlile ea bolela hore kamorao ho nako ho tla hōla bokoenehi bo boholo har’a Bakreste. (Liketso 20:29, 30; 2 Ba-Thessalonika 2:3; 1 Timothea 4:1-3; 2 Petrose 2:1, 2) Ho isa qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo sengoli Tertullian sa tlameha ho khalemela “Bakreste” ka ho kopanela “moketeng oa Saturn, le oa Pherekhong, le oa Mariha ha letsatsi le e-tsoa ka tlung.” O bua ka “ho fanoa ha limpho” ’me o bolela hore o maketse haholo hore ba bangata ba khabisa matlo a bona ka “mabone le ka botala.”

Ho sa tsotellehe keletso e joalo phutheho ea mathomo e hloekileng ea Bokreste ea silafatsoa. Bakreste ba bakoenehi ha ba ntse ba senyeha ho ea pele ba lokafatsa tsela ea bona ka ho rea mekete ea bohetene mabitso a Bokreste. Joalokaha buka Christmas e lumela: “Kereke ea Bokreste . . . lekholong la bone la lilemo ea ho fumana ho loketse ho hapella letsatsi le halalelang la bohetene la la 25 Tšitoe, ha letsatsi le e-tsoa tlung ea mariha [karolong e ka leboea ea lefatše] . . . Letsatsi la ho tsoaloa ha letsatsi ea e-ba letsatsi la ho tsoaloa ha Mora oa Molimo.”

Lebaka Leo Keresemese e Leng Kotsi

Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho ketekoa ha Keresemese ho kotsi hobane ho hōlisa moea oa boithati. Ka mohlala, sesoasoi Danie Martins phatlalatsong ea sea-lemoea Afrika Boroa o boletse hore o tšohile ho ithuta kamoo bana ba talimang Keresemese kateng. Meketjaneng ea bana a ba botsa hore na ke hobane’ng “ha re keteka Keresemese.” Karabelo e tloaelehileng ea e-ba hore: “Hore re fumane limpho.” Batsoali le lingoli Martin le Deidre Bobgan, ba supa kotsi e ’ngoe: “Batho ba bangata ba baholo ba fepa bana bolotsana le mekhoa e sothehileng e qetellang ka ho se lumele hore Molimo o teng. Mahlong a ngoana, haeba seo ‘Father Christmas’ a se buang a re ke ’nete e le leshano, mohlomong Molimo le oona o bua leshano eka ke ’nete.”

Empa kotsi e fetisisang ea ho keteka Keresemese ke hore e ka ’na ea etsa hore re lahleheloe ke mohau oa Molimo. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mangata. Ka mohlala, Keresemese e hōlisa borapeli ba litšoantšo, ntho e haneloang ke Bibele. (1 Johanne 5:21) Hona ho etsoa ka bolokolohi meketeng e mengata ea ho tsoaloa ha Jesu, moo e kang kerekeng ea Aracoeli e Roma. Ho thoe’ng ka ho kenngoa ha sefate sa bohetene sa Keresemese ka likerekeng tse ngata tsa Boprostanta? Na ha se lefotha la borapeli ba litšoantšo?

Ho feta moo, ho ketekoa ha Keresemese ho hōlisitse hore ho rapeloe Jesu sebakeng sa Ntate oa hae, Jehova Molimo. Hona ke sebopeho se seng sa borapeli ba litšoantšo kaha Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ke “hloho ea libopuoa tsa Molimo.” (Tšenolo 3:14; bona le Ba-Roma 1:25.) Ho binoa ha lipina tsa Keresemese ho sebelelitse ho nontša maikutlo ana a fosahetseng lipelong tsa bana ba libillione. Pina e ’ngoe e ratehang ea Keresemese e na le mantsoe ana: “Setala se batang bohareng ba mariha se ile sa lekana Morena Molimo o matla ’Ohle Jesu Kreste.”

’Nete ke hore ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela hore ke Molimo o Matla ’Ohle. Ho e-na le hoo Jesu o ile a bolela: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) A lebisa borapeli bohle ho Ntate oa hae, a re: “Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Mattheu 4:10) Leha a se a tsohile, Jesu o ’nile a rapela Ntate oa hae oa leholimo.—Johanne 20:17.

Keresemese e koahela seo ha e le hantle e leng nako ea ho etsa lintho ka mokhoa o fetelletseng le o hlaha. Boitšoaro bo hlephileng meketjaneng ea Keresemese ke sesosa se tsebisahalang sa mathata a lenyalo. Ho ea ka Lekhotla la Manyesemane la Bosechaba la Tataiso ea Lenyalo, palo ea banyalani ba tlileng ho tla eletsoa kamorao ho nako ea Keresemese ea 1983 e ile ea mena habeli e tlang kamehla beke le beke. Meketjana ea Keresemese e ile ea qoolloa e le sesosa se seng hammoho le “khaello ea chelete ea lijo, limpho le lintho tsa ho bapala.” Lintho tse joalo li amana le bothata bo bong bo tebileng. Ho ea ka ngaka ea Johannesburg ea mafu a kelello, “Ka nako ena palo ea batho ba ipolaeang le ba lekang ho ipolaea e-ea tšosa.”

Hape re ke ke ra hlokomoloha hore ba tsoelang pele tlas’a moea oa bolumeli oa “Babylona e Moholo” ba talimane le kotsi e khōlō. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore nako ea ho ahloloa ha eona e haufi haholo.—2 Timothea 3:1-5.

Bonneteng, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ka mekhoa le matsatsi a teng a bohetene, o tla tloha o fela ka ho sa feleng. Joale, ha nako e sa le teng, ikarole liketsong tsa bona tse ekang. Ho e-na le hoo kopanela le Bakreste ba ’nete ba tla pholoha ho ea thabela khotso ea ka ho sa feleng le mohau har’a batho.—Pesaleme ea 37:29.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na lipono tsena tsa ho tsoaloa ha Jesu, ho tšoana le e leng kerekeng e Roma, li amana le borapeli ba Bokreste?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ka nako ea Keresemese, bana ba Roma ba tlisoa ho tla rapela setšoantšo sena se kerekeng ea Aracoeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela