Lentsoe la Molimo Lea Phela
Ruthe o ne a Ananela Batho ba Molimo
MOSALI enoa e monyenyane ea motle ke Ruthe, ea neng a phela Moabe, ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng. Le hoja a hōletse har’a Bamoabe ba neng ba rapela melimo ea bohata, o thahasella ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, hammoho le batho ba hae ba Iseraele. (Numere 25:1-5) Ha a ne a e-na le monyetla ona, o o tšoara ka cheseho e mo etsang ea ratehang ho barapeli ba bang ba Jehova ba mo tsebang e le “mosali ea khabane.”—Ruthe 3:11.
Tlala Iseraeleng ea nea Ruthe monyetla ona oa ho sebeletsa Jehova. Ka lebaka la tlala, lelapa la batho ba bane le tsoang motseng oa Bethlehema, la fallela naheng ea Moabe. Ke lelapa le bonoang mona—Elimeleke, mosali oa hae Naomi le bara ba bona Mahalone le Kilione. Empa nakoana kamorao ho moo Elimeleke a shoa. Hamorao Mahalone a nyala Ruthe, ’me Kilione a nyala ngoanana e mong oa Moabe ea bitsoang Orpa. Kahoo, Ruthe ka monna le matsale ba rapelang Jehova, o tseba Molimo oa ’nete.
Leha ho le joalo, nakoana kamorao ho moo Mahalone le Kilione ba shoa, ba sia basali ba bararo ba se na banna kapa bana. U ka inahanela hore na ba bile masoabing hakaakang. Ba tla etsa joang? Naomi a utloela hore tlala e felile Iseraeleng. Joale a rera ho khutlela bathong bahabo Bethlehema. Ruthe le Orpa ba rata matsal’a bona haholo ’me ba tsamaea le eena. Empa hoba ba tsamaee sebakana se itseng, Naomi, joalokaha u bona, o bolella banana: ‘Khutlelang hahabo lōna le lule le bo-’m’a lōna.’
Naomi a aka banana ho ba lumelisa, joale ba qala ho lla. “Che, re tla mpe re ee le uena chabeng sa heno.” Naomi a ba phehella: “Khutlang barali ba ka.” Joale Orpa a kena tseleng ho leba hae. Leha ho le joalo, Ruthe ha a khutle.
Naomi o retelehela ho Ruthe ’me o re: “Sala ngoan’eno morao.” Empa Ruthe a arabela ka tieo e kholisang: “U se ke ua mphehella hore ke u siee, ke tlohele ho ea le uena; hobane ke tla ea moo u eang, ke lule le moo u lulang; chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:1-17) Ka hona Ruthe o khutla le Naomi ’me o fetoha karolo ea batho ba Molimo ba Iseraele.
Na uena, joaloka Ruthe, u tseba Molimo oa ’nete, Jehova, le batho ba mo rapelang? Haeba ho joalo, e se eka u ka ba le boikemisetso bo joalo ba ho tšehetsa ka botšepehi bahlanka ba Jehova ba kajeno joalokaha ho entse Ruthe oa khale.
[’Mapa o leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LEOATLE LE SHOELENG
MOABE