‘Ho Titimela Sepheo’
‘Ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse kapele; ke titimela . . . sepheo.’—BA-FILIPPI 3:13, 14.
1, 2. (a) Saule oa Tarese o ile a amohela kabelo ea tšebeletso joang, hona e ne e le efe? (b) A ba le boitšoaro bofe kabelong ee?
HA SAULE oa Tarese a le leetong la ho ea Damaseka ka morero oa ho ea hlorisa Bakreste, leseli le tsoang leholimong la mo teela hare ’me a utloa lentsoe le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na? A re: U mang, Morena? Morena a re: Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang; . . . Tsoha, u kene motseng, ’me u tla bolelloa teng seo u tšoanetseng ho se etsa.”—Liketso 9:3-6.
2 Ke hobane’ng ha Jesu a file Saule oa Tarese phihlelo e joalo? Jesu a e hlalosetsa morutuoa Ananiase: “Eo [Saule] ke lefiso leo ke ikhethetseng Iona, ho isa lebitso la ka ho ba-lichaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.” Ka kutlo Ananiase a ea, a bea Saule matsoho ’me a re: “Morena o nthomile, eena Jesu ea ipontšitseng ho uena tseleng eo u tlileng ka eona, hore u boele u bone, le hore u tlale Moea o Halalelang.” (Liketso 9:15, 17) Hang hoba a boele a bone a kolobetsoa, a qala ho kopanela le phutheho ea Bokreste Damaseka. Joale, e se e le mosebeletsi oa Mokreste ea kolobelitsoeng, kapele-pele a phathahana ke ho bolela har’a Bajode ka cheseho litaba tse molemo tse buang ka Jesu, Mora oa Molimo.—Liketso 9:20-22.
3, 4. (a) Pauluse o ile a lekanyetsa tšebeletso ea hae joang? (b) Ke ka tsela efe boikutlo ba Pauluse bo ileng ba fapana le bo bontšitsoeng ke phutheho ea Efese?
3 Mosebeletsi enoa ea chesehang o tsebahala hamolemo e le moapostola Pauluse. Kamehla o ne a bua ka hlompho ka tšebeletso ea hae le mohau o sa tšoanelang oo a neng a o bontšoa. “Ke boka Morena oa rōna Jesu Kreste, ea ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tšepehile, ha a mpea mohlanka oa hae: ’na, eo ke neng ke le monyefoli pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetsoe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se lumeleng.” (1 Timothea 1:12-14) E, o ne a hlokomela tšebeletso haholo.—Ba-Roma 11:13; 2 Ba-Korinthe 4:7.
4 Lipolelo tse joalo tsa Pauluse li bontša hore na o ne a lekanyetsa tšebeletso bophahamong bofe bophelong bohle ba hae. Ha a ka a oela boemong boo ka nako e ’ngoe bo bileng teng phuthehong ea Efese, eo Jesu a itseng ho eona: “Ke na le see ke se nyatsang ho uena, ke hobane u lahlile lerato la hao la pele.” (Tšenolo 2:4) Ho e-na le hoo, Pauluse a bea sepheo sa hae ka pele ho eena ’me tšebeletsong a boloka cheseho e tšoanang le eo a bileng le eona mehleng ea pele Damaseka.
5. Hoba re sebeletse Jehova ka lilemo, re ka khothatsa ba bang joang?
5 Hoba e be mosebeletsi ea khabane oa Mokreste ka mashome a lilemo, Pauluse a sebelisa semelo sa hae le liphihlelo tsa hae ho khothatsa basebeletsi hammoho le eena phuthehong ea Filippi e le hore ba se ke ba khathala. Na ha u e-so ho fumane hore kamehla ho thabisa haholo ho utloa kamoo e mong a ithutileng ’nete ’me ea e-ba mosebeletsi? Ka ho tšoanang, na u khothatsa ba bang motheong oa pale ea hao ea botho le lilemo tsa tšebeletso e khabane u le mosebeletsi ea inehetseng oa Mokreste?
6. Semelo sa Pauluse e ne e le sefe e le Mojode?
6 Pauluse, lengolong la hae le eang ho Bafilippi, o ne a ka bua ka bophelo ba hae ha a sa le Bojodeng. O itse: “E seng hore le ’na nka hloka see nka ithorisang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ke ’na eo. Ke bololitsoe ka letsatsi la boroba meno e le ’meli, ke oa mofuta oa Iseraele, oa leloko la Benyamine, ke mo-Heberu oa ba-Heberu; ka nģa ea molao ke mofarisi. Ha e le ka cheseho ke ’na ea hlorisitseng kereke; ha e le ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuoa.”—Ba-Filippi 3:4-6.
7. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a siea lintho tseo kamorao, hona o ile a fumana eng ka ho etsa joalo?
7 Ka semelo se joalo Pauluse a ka be a bile le menyetla e mengata ea lintho tse bonahalang le Bajode. Leha ho le joalo, a tsoela pele ho re: “Tse neng li le moruo ho ’na, ke li entse tšenyehelo ka baka la Kreste. Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithole, . . . ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ea hae, le ho kopana le eena mahlomoleng a hae, ke tle ke tšoane le eena lefung la hae; hore mohlomong le ’na nke ke fihlele tsoho ea bafu.” (Ba-Filippi 3:7-11) Ao ke mantsoe a bontšang tumelo e feletseng ho Kreste Jesu le litokisetso tse entsoeng ke Jehova Molimo. Na u tšoana le Pauluse ka ho se lumelle takatso ea bophahamo kapa leruo hore e buse bophelo ba hao?
Boikutlo bo Nepahetseng ba Kelello
8. (a) Hoba a sebeletse tšebeletsong ka nako e telele, Pauluse o ile a re’ng ka sepheo sa hae? (b) Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 9:24-27 e ka ba ’nete joang tabeng ea rōna?
8 Hoba Pauluse a sebeletse Molimo ka mashome a lilemo, na o ne a ka tela ho phehella sepheo sa hae? A ngolla Bafilippi: ‘Banab’eso, ha e le ’na, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile; empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse kapele; empa ke titimela moo ho lekantsoeng teng, e leng sepheo seo re se biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.’ (Ba-Filippi 3:13, 14) O ne a se a entse tlaleho e ntle tšebeletsong ea Bokreste ’me a mamelletse lintho tse ngata, ’me ke ha a le teronkong Roma moo a ileng a ngolla Bafilippi mantsoe ana, empa tšebeletso ea hae e ne e e-so ho fele. Haeba o ne a lokela ho amohela moputso o neng o le teng ho ba sebelelitseng phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo, e leng pitso eo ba ‘e bilelitsoeng holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste,’ joale a tlameha ho ’na a phehella sepheo sa hae. Ena ke pono e nepahetseng e khomaretsoeng ke Bakreste bohle ba hōlileng tsebong, ho sa tsotellehe hore na tšepo ea bona ke ea bophelo ba kamoso leholimong kapa lefatšeng. Ke hantle ha e mong le e mong ho rōna a hlahloba boemo ba hae le tsela ea hae ea ho nahana ho bona hore na ka ’nete re ananela tšebeletso eo re e laetsoeng tlas’a tokisetso ea Molimo.
9. Re ka ba le boikutlo bofe bo hōlileng ba kelello?
9 Pauluse o tsebahatsa ponahalo ea Mokreste ea hōlileng, a re: “Ka baka leo, rōna bohle ba phethehileng [“hōlileng tsebong,” NW], a re ke re ikutloeng joalo; ’me ha le e-na le boikutlo bosele nthong e ’ngoe, le hona Molimo o tla le senolela hona.” (Ba-Filippi 3:15) Boikutlo bo hōlileng tsebong ea Bokreste bo isa katlehong. Hona ho akarelletsa ho hata mehlaleng ea Kreste Jesu ea qetileng ka katleho tšebeletso eo a neng a e abetsoe lefatšeng. Jesu a khona ho rapela Ntate oa hae: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse. Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.”—Johanne 17:4, 5.
10. Ho ka thoe’ng hape ka boikutlo ba kelello bo beang mohlala ba Kreste mabapi le tšebeletso ea Jehova?
10 Haeba re tla thabisa Jehova Molimo, ’me ka tsela ena re amohele moputso oa bophelo bo sa feleng, re tlameha ho ba le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a bileng le bona. Ka ho tseba sena, Pauluse a ipiletsa: “Le fele le be le pelo [‘boikutlo ba kelello,’ NW] e bileng le ho Jesu Kreste; eo leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a lekanya hobane oa utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo; athe o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ea tšoanang le batho. ’Me ha a hlahile a le joale ka motho, o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano. Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” (Ba-Filippi 2:5-9) Jesu o bile le boikutlo bo babatsehang hakaakang! Na re ka mo etsisa? Ho batla ho etsa thato ea Molimo ka boikokobetso kamehla ho isa mahlohonolong. Ha kabelo e phethahatsoa, e fella ka molemo.
11. Ba matla moeeng le ba hōlileng moeeng ba lokela ho etsa joang?
11 Ponong ea seo Pauluse a se ngotseng, ho bonahala ba bang phuthehong ea Filippi ba ne ba ntse ba loanela ho fumana boikutlo bo hōlileng ba Bokreste. Pauluse a etella pele ho ba khothatsa le ho ba thusa. Liphuthehong tse ngata kajeno, ho na le ba matla tumelong le ba nang le bofokoli. Ba matla, joaloka Pauluse, ba lokela ho khothatsa ba bang. Kreste Jesu o entse ho hoholo ho matlafatseng ba neng ba hloka moeeng, a beela Bakreste mohlala hore ba o latele. “Joale, rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang, ’me re se ke ra batla ho khahlisang rōna feela. Motho ka mong ho rōna a khahlise ngoan’abo ka ho ’matlela se molemo ho eena, se ka mo hahisang. Molimo oa mamello le oa tšeliso o ke o le nee ho ba le khopolo e le ’ngoe e mong ka nģa ho e mong, ho Jesu Kreste, bohle hammoho le tle le tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, ka molomo o le mong.”—Ba-Roma 15:1, 2, 5, 6.
12. Re lokela ho ba le pono efe ea moputso oo Molimo o tlang ho fana ka oona?
12 Pauluse, ha a matlafatsa tumelo ea Baroma, a bontša hore “neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Ba-Roma 6:23) Jesu le eena nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a bua haholo ka bophelo bo sa feleng. Ke moputso o babatsehang oo Molimo o o fang bahlanka ba oona. Molimo o batla hore bahlanka ba oona ba tsepamise mahlo a bona moputsong, hobane hona ho ba susumelletsa hore ba be khabane. Ha re etsa joalo re bontša tumelo e matla litšepisong tsa oona. Libokeng tsa rōna tsa Bokreste re na le monyetla oa ho bua hangata ka moputso oo Jehova a o fang ba khabane.
Tšebeletso ea Rōna ho sa Tsotellehe Mathata
13. Mangolo a nka karolo efe ka ho ba ha rōna le boikutlo bo nepahetseng ba kelello?
13 Ho boloka ha rōna ponahalo e nepahetseng, kapa boikutlo ba kelello, ho tla ipaka e le ha bohlokoa haholo ha re phetha tšebeletso ea rōna mehleng ena ea qetello. Le hoja ba bang ba ka ’na ba lahla lerato leo ba neng ba e-na le Iona pele, e se e ka re ka ikemisetsa hore hona ho se re etsahalle le ka mohla. Mangolo ka booona ke thuso ntlheng ena. (Ba-Roma 15:4) Ka ho ithuta oona re fumana tšepo. Na u leboha Jehova ka ho tebileng ka Mangolo, ka lintho tse ngata tse tlalehiloeng ka ho oona ka bahlanka ba Jehova ba khabane ba kang moapostola Pauluse?
14. Pauluse o ile a boloka boikutlo bo sebetsang joang har’a liphihlelo tse thata?
14 Re ne re tla etsa joang haeba re ne re e-na le liphihlelo tsa botho tseo Pauluse a li bolelang ho 2 Ba-Korinthe 11:23-28? Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a nyahama? Hobane o ne a hopotse sepheo sa hae. Re ka ’na ra ba le phihlelo ea lintho tse joalo. Empa re tlameha ho ’na re phehella sepheo sa rōna bakeng sa moputso oo Molimo o re tšoaretseng oona. Ha Pauluse a ngolla Bafilippi a bontša ho nahana ha hae ho hotle ka ho bolela hore o ne a le litlamong tsa teronko bakeng sa ho sireletsa litaba tse molemo. (Ba-Filippi 1:7, 16) A utloisisa hore na ke hobane’ng ha a le moo. Hoo ke habohlokoa ha re le tlas’a teko e joalo. Ho feta moo, rea tseba hore Jehova a ka re sebelisa ho fana ka bopaki bo mo rorisang.
15. (a) Ke hobane’ng ha phutheho ea Filippi e ne e hloka khothatso, ’me Pauluse a ba bolella eng ho ba haha? (b) Phutheho ea Roma e ile ea itšoara joang ka ho kenngoa ha Pauluse teronkong?
15 Bafilippi ba ne ba e-na le liteko tse tšoanang le tseo Pauluse a neng a e-na le tsona Roma. A ngola: “Hobane le lutse ntoeng eo le boneng e le ho ’na, eo le joale le sa utloang hobane e ho ’na.” (Ba-Filippi 1:30) Maemong ana Pauluse o ne a ka ba ngolla ka ho ba khothatsa. O boletse hore litaba tse molemo li ne li tsebahala Matlung a Borena. Ho bonahala molaetsa oa Bokreste o ne o se o phunyelelitse ho ea fihla hona tlung ea borena, ba bang hona moo ba fetoha Bakreste ba inehetseng. Phutheho e Roma e ne e arabela hantle boemong bona, e sa tepelle, e sa nyahamisoe kapa e sa tšabe ka baka la hobane Pauluse a ne a tšoeroe teronkong. Ho e-na le hoo ba ne ba phathahane ke mosebetsi oo Jehova a neng a batla ha o entsoe, ba bontša sebete sohle sa ho bua lentsoe la Molimo ba sa tšabe.—Ba-Filippi 1:12-14; 4:22.
16. Re hloka ho etsa eng haholo-holo ha khanyetso e hlaha?
16 Ha khanyetso e hlaha, ho na le melemo e meholo ea ho boloka bonngoe ba phutheho ea Bokreste. Pauluse a hatisa bonngoe le kopano. (Ba-Filippi 1:27–2:4) Linako tse joalo li hloka mantsoe a tumelo a ho khothatsana, e le hore re se tele ho titimela sepheo. Ke nako ea ho boloka boikutlo ba lerato, ba boikokobetso le ba ho etsana hantle, ho sheba lithahasello tsa ba bang.—Bapisa Ba-Filippi 2:19-21.
Ho Hlōla Mathata
17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khathala ho hahamalla sepheo sa rōna ha mathata a bophelo a hlaha?
17 Motsoalle ea haufi-ufi oa moapostola Pauluse e ne e le Epafrodite. A khutla ntšing tsa lefu ka baka la mosebetsi oa Morena, empa ha ho bopaki ba hore bothata ba bophelo ba hae bo mo entse hore a lahleheloe ke pono ea sepheo se ka pele ho eena. (Ba-Filippi 2:25-30) Ho 2 Ba-Korinthe 12:7, Pauluse o boletse phihlelo ea hae ka “phatsa e hlabang ka nameng,” mohlomong a bua ka bothata bo itseng ka mahlo a hae. A rapela hore bo fole, empa kōpo ea hae ha e-ea ka ea arabeloa. Leha ho le joalo, ho hopola sepheo sa hae ha thusa Pauluse ho ’na a phehella ho sa tsotellehe mahloko a ’mele. Le hoja a ne a e-na le mefokolo, a fumana tsela ka thuso ea Kreste Jesu.—2 Ba-Korinthe 12:9.
18. Pauluse o ile a bontša ho leka-lekana ho hotle joang mabapi le lintho tse bonahalang?
18 Lengolo le eang ho Bafilippi (4:11-13) le Iona le boletse se hlokahalang bophelong. Ho haelloa ke lintho tse itseng e ka ba teko ho Mokreste hore na o tla tela ho phehella sepheo sa hae kapa che. Kapa, na o tla ba le boikutlo bo hōlileng ka hore a sebetsane le bothata ’me a ntse a kopanela tšebeletsong? (Bapisa Liketso 18:1-4.) E bang Pauluse o ne a e-na le lintho tse fokolang kapa tse ngata, tšebeletso ea hae e ne e e-tla pele. Ha a ne a atetsoe ha a ka a sebelisa monyetla oo ho senya nako e ngata a batla boithabiso, empa a phehella sepheo sa moputso.
19. Ba-Filippi 4:6, 7 e re eletsa ho etsa eng ha re hloka thuso? Ka liphello life?
19 Pauluse ha a ka a bolela mofuta o mong le o mong oa phihlelo eo Mokreste a ka ’nang a ba le eona bophelong. Empa ha lintho tse ka khathatsanang le tšebeletso li hlaha, joaloka Bakreste ba hōlileng tsebong re lokela ho retelehela ho Jehova ka thapelo, tsela e khothaletsoang ho Ba-Filippi 4:6, 7. Joale Jehova o tla re fa khotso ea kelello, a re thuse ho nahana hantle le ho re thusa ho hlōla mathata ha re ntse re tsoela pele re le basebeletsi ba hae ba khabane. Thapelo e re thusa ho boloka tumelo ea rōna le ho tsoela pele re titimela sepheo sa rōna.
20. (a) Mehlala ea ba khabane ba hōlileng ’neteng e re khothatsa joang? (b) Re lokela ho etsa joang? Hobane’ng?
20 Ba bangata ba kopanelang le liphutheho kajeno ke ba sebelelitseng Jehova ka mashome a lilemo. Kaofela ha bona ba fetile har’a liteko ha ba ntse ba ntšetsa pele tšebeletso ea bona. Empa Jehova o ba thusitse, kahoo ba tsoela pele ho titimela sepheo ho amohela moputso. Re leboha Jehova hore e be mehleng ea kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, ho na le baena le bo-khaitseli bao e eleng mehlala ea mamello, ba tšepahalang tšebeletsong ea bona ea ’Muso ’me ba ntse ba tsepamisitse mahlo a bona moputsong. Ba banyenyane kapa ba bacha ‘Tseleng ena’ ba rua molemo ka ho hlahloba tlaleho ea moapostola Pauluse kapa ea bahlanka ba khabane ba phuthehong ea kajeno, ka ho sheba hore na bana ba sebelitse mathata a bona joang. (Liketso 9:2, Phetolelo e Ncha ea Sesotho; Ba-Heberu 13:7) E se e ka e mong le e mong oa rōna a ka sebelisa monyetla o mong le o mong ho khothatsana hore re mamelle ka botšepehi tšebeletsong eo re e nkileng, re ntse re kopane ho hahamalla sepheo seo Jehova a se beileng ka pel’a rōna. Ka ho etsa joalo, re na le tebello ea ho sebeletsa Jehova Molimo ka ho sa feleng kopanong e thabileng le ba khabane.—Ba-Filippi 3:13-16.
Lintlha Tse Lokelang ho Hopoloa
◻ Semelo sa Pauluse e ne e le sefe, hona o ile a se sebelisa joang ho khothatsa baena ba hae?
◻ Mehlala ea Kreste Jesu le Pauluse e re bontša joang seo boikutlo bo hōlileng ba Bokreste e leng sona?
◻ Re ka bontša bonngoe ba rōna joang ha khanyetso e hlaha?
◻ Ke hobane’ng ha re tlameha ho tsoela pele re phehella sepheo sa rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Kreste Jesu o entse mosebetsi o mongata oa ho matlafatsa ba neng ba hloka ho itseng moeeng