Bolumeli ba Batho—Na Kannete bo ka Khotsofatsa?
BATHO ba ka bang 450 000 000 ba amohela bolumeli ba Hindu. Setsebi sa Hindu Dr. S. Radhakrishnan o re: “Bolumeli hase tšenolo eo re ka e fumanang hakaalo tumelong e le ka boiteko ba ho senola botebo bo tlase-tlase ba boleng ba motho.” A eketsa: “Ha ho pelaelo hore, motho ke sekala sa lintho tsohle.”
Ha ho sehlopha se setsing se busang barapeli ba Hindu, leha e le hore ho na le mokhoa o beiloeng oa ho rapela. Ha ho na buka leha e le efe, e kang Bibele, eo e leng mohloli oa litumelo tsa bona. Ka makholo a lilemo ho hlahile tokisetso e batsi ea mangolo a Hindu, ’me ho hlahile likolo tse tšeletseng tsa filosofi ea Hindu: Nyāya (ho bea mabaka ka tlhahlamano), Vaiśeshika (tsebo ea lintho tsa tlhaho), Sānkhya (kopano ea lintho tsa tlhaho). Yoga (ho kopano le molimo), Mīmāmsā (patlisiso), le Vedānta (ho phethahala ha Mangolo a halalelang a Hindu).
Lifilosofi tsena li hlahisitsoe ke matichere a fapaneng a Hindu ka linako tse sa tšoaneng le maemo a sa tšoaneng historing. ’Me e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisa mokhoa o fapaneng oa ho rapela. Nyāya, e sebelisa litsamaiso tse thata tsa mokhoa oa ho bea mabaka a ho paka boteng ba Molimo ka ho fihlela qeto (ka mohlala, ho fihlela qeto ka boteng ba sebele ba moea ka ho tsukutleha ha lifate).
Mokhoa ona ka ho totobetseng o batla o utloahala, kaha ka ho tšoanang Bibele e re: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa.” (Ba-Roma 1:20) Leha ho le joalo, na tsamaiso ea ho bea mabaka ka tlhahlamano ka sebele e ka u etsa hore u tloaelane le ’Mōpi? Na tsamaiso e joalo e ka senola hore na lebitso la hae ke mang? Na e ka hlalosa qalo ea bokahohle kapa hore na ke hobane’ng ha ho lumelletsoe bokhopo le mahlomola? Na e ka u fa tšepo e khotsofatsang bakeng sa kamoso? A re boneng hore na ke bolumeli bofe bo arabelang lipotso tsena ka ho khotsofatsang haholoanyane—bolumeli ba linnete tse senotsoeng kapa bolumeli ba batho.
Lithuto tsa Batho le Bibele
Mahindu a nahanne haholo ka boleng ba Molimo. Filosofi ea Vedānta, ka mohlala, e thea maikutlo a eona mangolong a bolumeli a bitsoang Upanishads. Mangolo ana a batlisisa boleng ba Molimo le kamano ea oona le batho.
Leha ho le joalo, Bibele e lemosa ka ho batsi ka Molimo, ’me e etsa joalo ka ho hlakileng le ka ho tsitsa. O khetholloa e le ’Mōpi oa lintho tsohle. (Tšenolo 4:11) Empa a hlalosoa e le Motho, e seng matla a mang a se nang lebitso. Bibele ho Pesaleme ea 148:13 e re: “A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng, bokhabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatše le maholimo.” O hlalosoa e le “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Exoda 34:6) O bile o mema le batho ba sa phethahalang hore ba mo tsebe le ho ba le setsoalle le eena! (Pesaleme ea 34:8) Na seo Bibele e se bolelang ka Molimo hase khotsofatse haholo ho feta lipatlisiso tse ferekanyang tsa filosofi ea batho?
Upanishads e boetse e batlisisa kamoo moea oa motho o bōpiloeng kateng. Leha ho le joalo, Bibele ka ho hlakileng e hlalosa hore “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Ka hona motho ke moea—e seng ea nang le moea o mong o kang seriti o tsoaloang hangata. Leha e le hore moea ona ha o shoe. Bibele e re, “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.
Upanishads e nyakurela boleng ba motho ka Boeena le Boiphahamiso ba hae. Leha ho le joalo, ke Bibele feela e fanang ka senotlolo sa ho utloisisa motho ka ho pepesa boleng ba hae ba boetsalibe. “Hobane bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Ka baka leo, motho o tlameha hore nako le nako a loantše litšusumetso tse fosahetseng.—Ba-Roma 7:20, 25.
Upanishads e fuputsa ka lipotsong tse mabapi le bonnete ba bokhopo le tefelo ea bona. Leha ho le joalo, Bibele ka ho hlakileng e bolela hore bokhopo lefatšeng lena ke tholoana ea ho ikhethela ha motho tsela ea ho ipusa. “U talime sena see ke se fumaneng: ke hobane Molimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamene-mene a mangata.” (Moeklesia 7:29) Mabapi le tefelo ea ho qetela ea bobe, Mangolo a re: “O tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae: Ba batlang khanya, le hlompheho . . . empa ba ngangellang, ba sa utloeng ’nete, ba utloang ho sa lokang, o ba nee khalefo le bohale. Mahlomola le litlokotsi . . . Hobane Molimo ha o ee ka tšobotsi ea motho.”—Ba-Roma 2:6-9, 11.
’Me ha Upanishads e ntse e loanela ho hlalosa tsela ea poloko, ka bonolo feela Bibele e re, “Poloko e tsoa ho Jehova!” (Pesaleme ea 3:8) Ba latelang tsela ea Jehova baa tšepisoa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho Iona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Bibele e fana ka likarabelo tse bonolo, tse tobileng le tse utloisisehang lipotsong tse tsielitseng babatlisisi ba batho. Ha ho mofilosofi ea neng a ka hlahisa likarabelo tsena ka boeena.
Bibele—Na ke Tšenolo e Tsoang ho Molimo?
Leha ho le joalo, na hoo ho hlile ho bolela hore u ka tšepa Bibele e le tšenolo e tsoang ho Molimo? Ho na le mabaka a mangata a hore u ka etsa joalo.
Pele ho tsohle, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore Molimo o ne o tla itšenolela motho ka tsela e ’ngoe. U nahana’ng ka monna ea tsoalang bana e be joale o-oa baleha ’me o-oa ba lahla? Ho thoe’ng haeba monna ea joalo a siile bana ba hae ba sa mo tsebe ho hang, a sa ba siela le lebitso la hae feela? Na le ne le ke ke la mo halefela? Ka baka leo, na hase ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ’Mōpi ea lerato o ne a ka itšenolela bana ba hae ba lefatšeng ka tsela e ’ngoe?
U ka ’na ua botsa: ‘Empa ke hobane’ng ha a ne a ka etsa joalo ka buka? Na Molimo o Matla ’Ohle o ne o ke ke oa sebelisa ntho e ’ngoe e mohlolo haholoanyane—mohlomong lentsoe le tsoang sebakeng?’ Molimo o kile oa bua o le leholimong ka makhetlo a ’maloa, ha o ne o fana ka Melao e Shome. Ka nako eo, batho ba ne ba tšohile haholo ke ho bonahala ha matla a tlhaho hoo ba ileng ba rapela Moshe hore, “Molimo o mpe o se ke oa bua le rōna, ra tšoha re e-shoa.” Kahoo ba emella thokoana ha Jehova a bua le Moshe. (Exoda 20:18-22)a Empa le Moshe a ka be a ile a lebala mantsoe ao a builoeng ke Molimo. Ka hona Jehova ka bohlale a khetha Moshe ’me, hamorao, banna ba bang ba tšepahalang, hore ba boloke mantsoe a Hae a ngotsoe. (Exoda 34:28) Kahoo, batho ba ka bala menahano ea Molimo bolokolohing ba bona. Ba ka nahana, ba thuisa, le ho ithuta seo Molimo o se buang.—Bona Joshua 1:8; le 1 Timothea 4:15.
Ke ’nete, Bibele e ngotsoe ke batho, feela joalokaha e le ’nete hore batho ba ngotse mangolo a Hindu. Empa batho ba ngotseng Bibele ba ne ba le ka tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Jehova Molimo. (2 Petrose 1:21) Mangolo a bona e ne e se feela ho thuisa ha filosofi. ’Me Bibele e na le matšoao a khethollang a tataiso ea Molimo. Na ho na le ntho e ’ngoe ntle ho tataiso ea Molimo (e ka ikarabellang) ka ho bolela ha Bibele ka nepo tatelano eo bophelo bo hlahileng ka eona lefatšeng? (Genese, khaolo ea 1) Na ho na le ntho e ’ngoe ntle ho tataiso ea Molimo e ikarabellang ka ho bolela ha Bibele ka nepo, lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng, hore lefatše ha le chitja feela empa le hore le leketla ‘sebakeng se feela’? (Jobo 26:7; Esaia 40:22) Na ho na le ntho e ’ngoe ntle ho tataiso ea Molimo e ikarabellang ka ho nepahala ho sa foseng ha Bibele ha ho tluoa boprofeteng, bo kang bo ho Esaia 44:28, moo ho boletsoeng lebitso la mohapi oa Persia Cyruse e Moholo lilemo tse ka bang 130 pele a hlaha? Na motho leha e le ofe o ne a ka profeta lilemong tse 2 500 tse fetileng phetoho ea mebuso e meholo e ’meli e hlōlisanang e hapileng boemo bo setsing ba lefatše kajeno?—Daniele 11:27, 36-40.
Ka hona ho na le mabaka a tiileng a ho lumela Bibele e le tšenolo ea thato ea Molimo. Re u mema hore ntle ho leeme u hlahlobe seo e se buang. Lipaki tsa Jehova li thabela ho thusa batho ho etsa hona. Ka tsela ena borapeli ba hao e ke ke ea e-ba lefeela la ho phehella bohlale ba batho. (Mattheu 15:9) Leha e le hore uena, joaloka Basamaria ba boholo-holo, u tla be u rapela ‘seo u sa se tsebeng.’ (Johanne 4:22) Ka thuso ea moea oa Molimo, ha e le hantle u ka tseba “le tse tebileng tsa Molimo.” (1 BaKorinthe 2:10) Hobane “ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna.”—2 Likronike 15:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona le Exoda 33:17; Mattheu 3:17; 17:5; Johanne 12:28.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ba limillione ba amohela bolumeli bo entsoeng ke batho, empa na bo fane ka likarabelo tse khotsofatsang lipotsong tse botsang ka Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bibele ha e-ea ka ea bontša feela hore lefatše le chitja empa e boetse e itse le leketlile ‘sebakeng se feela.’ Na hona ha ho bontše pululelo ea Molimo?