Batlamuoa ba Bararo ba Tumela-Khoela ba Fumana Tokoloho
BA NE ba ’mitsa M. Taut-Blanc, ho bolelang “Monghali Tšoeu.” Moahi oa motse oa Dimbokro, Ivory Coast, Edmond o ne a apara liphahlo tse tšoeu feela ka lilemo tse 16 tse fetileng! ’Me haeba u ne u botsa Edmond hore na ke hobane’ng ha a ne a apara bosoeu feela, o ne a tla u bolella hore ke hobane a ne a mamela. Empa hore na o ne a mamela mang—kapa eng—o ne a sa bolele.
Ntho ea bohlokoa eo Adama a neng a e-na le eona e ne e le hempe ea hae ea lesela le mebala ea “khaka.” E ne e bitsoa joalo hobane mebala ea eona e metšo le e mesoeu e ne e hopotsa ka khaka. Moetso oa eona e ne e le o khethollang mosebetsi oa morabe oa Tagbana ka leboea le hare ho Ivory Coast. Adama o fumane hempe eo e sa le ngoana, empa leha a se a hōlile o ’nile a e boloka ka hloko sebakeng se sireletsehileng. O ne a ikutloa a tlamehile ho ba le eona.
Ka ho tšoanang le Athanase o ne a e-na le ntho eo a e ruileng—botlolo ea setlolo se nkhang hamonate, eo har’a lintho tsohle e neng e tlatsitsoe ka motsoako oa phofshoana ea kaolin (letsopa le lesoeu), lehlabathe, le metsi. Empa o ne a hlile a tšaba ho e lahla!
Banna bana ba bararo e ne e le batlamuoa ba tšabo ea tumela-khoela le ea bolumeli—tšabo eo ha e le hantle e neng e laola bophelo ba bona! Ba bang hape ba limillione ba ntse ba le tlas’a botlamuoa bo joalo. Afrika, ba bangata ba lumela hore lintho tse kang lipetja, masale, liemahale, le lifaha tsa molaleng li na le matla a fetang a tlhaho a ho leleka meea e khopo. Batšehetsi ba tumela-khoela, ba kang bo-ngakana-ntšonyana, ba “ja” ka tšabo e joalo. ’Me Afrika hase eona feela ntlheng ena. Balateli ba bangata ba moetlo oa ka bophirima ba na le litumelo tse tšoanang ha ho tluoa linthong tsa “mahlohonolo,” tse kang leoto la ’mutla le tlhako ea pere. Joalokaha Edmond, Adama, le Athanase ba ile ba ithuta, ho na le tsela ea ho tsoa botlamuoeng bona.
Edmond le “Moea oa Molatsoana”
Tse ling tsa lintho tseo Edmond a li hopolang tsa khale ke tsa ho tsamaea le batsoali ba hae ho ea thabeng e “halalelang” ka ntle ho motse oa habo bona. Haufi le moo e ne e le molatsoana moo ho neng ho etsetsoa mahlabelo a likhomo le lipōli teng ho thabisa moea oa molatsoana. Batho ba ne e-tla ho tla bonana le moea ona bakeng sa tharollo ea mathata a bona. E mong le e mong o ne a utloa lentsoe le hlahang molatsoaneng leo hangata le neng le ba fa keletso.
Bana ba itseng lelapeng le leng le le leng ho ne ho thoe ba na le kamano e khethehileng le moea ona. Ho latela ngakana-ntšonyana, Edmond e ne e le e mong oa bona. Ka hona, o ne a ka itšetleha ka moea ona hore o mo tataise. Ha Edmond a hōlile ho lekana hore a ka sebetsa, o ne a ee a kopane le moea haeba ho bonahala hore basebetsi ba bang ba ne ba le mocheng oa ho fumana boemo boo a bo batlang mosebetsing. Moea o ne o mo bolella hore a etse sehlabelo sa khoho kapa nku. Ka ho khutsisa moea ka tsela e joalo, o ne a kholoa hore “bomalimabe” bo ne bo tla oela basebetsi-’moho le eena. Edmond a tsoela pele ka potlako ’me a ba a ba boemong ba boikarabelo moo a neng a sebetsa teng. Le batsoali ba hae, ba hlokomela “kamano e khethehileng” ea hae, ba ne ba e-tla ho Edmond haeba ba ne ba hloka ho kopana le moea.
Ho makatsang, Edmond a bona ho se khohlano pakeng tsa ho kopana le moea o mobe le Bok’hatholike. Kerekeng e K’hatholike eo a neng a e-ea ho eona kamehla, litšebeletso tsa bohetene tse kang ho letsa meropa (“tam-tam”) e halalelang li ne li etsoa hammoho le litšebeletso tsa “Bokreste.”
Qetellong, mosebetsi oa Edmond oa mo tlisa motse-moholo, Abidjan. Ha a le moo a boela a thahasella moea o mong hape—oo soare ea hae a neng a kopana le oona kamehla. Leha ho le joalo, moea ona o ne o amana le matša le leoatle. Ba ne ba o bitsa Mami-Wata. Haufi le le leng la matša ho ne ho e-na le sebaka se ipatileng seo Edmond a neng a se etela khafetsa e le hore a ka bonana le moea ona bakeng sa keletso.
Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng, moea ha bonahala o ferekane. Edmond a botsa, “Khathatso ke eng?” Moea oa belaela ka hore soare ea Edmond ha a sa tla ho tla o bona. Edmond a botsa, “Hobane’ng?” O ile a bolelloa hore ke ka baka la bolumeli bo bocha ba soare ea hae. Edmond a makala, hobane e ne e le Mok’hatholike, ’me ha ho mohla moea o kileng oa belaela ka hoo. Ho tlameha ho be ho e-na le ntho e fapaneng ka bolumeli bona bo bocha. Kapele Edmond a eteloa ke setho sa bolumeli bona, ’me matsatsi a hae a ho bonana le Mami-Wata le oona a ne a tla fela.
Adama o batla Katleho
Takatso ea Adama e ne e le ho atleha bophelong. Batsoali ba hae ba ne ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang e na le moea. Ka hona ba mo fa seroala—hempe ea mebala ea “khaka”—bakeng sa lehlohonolo e le hore a ka sebetsa hantle sekolong. Leha ho le joalo, ha a sitoa ho feta lihlahlobong tsa hae, a etsa qeto ea hore barutoana ba bang ba tlameha ba be ba e-na le liroala tse matla ho feta tsa hae.
A bua le batsoali ba hae ka taba ena, ’me joale ba mo fa lenaka la pōli. O ne a lokela ho le fasa ka khole e tšesaane, sepekereng sa “ceiling” ea kamore ea hae. Hoseng o ne a ka bona seroala seo, a se bolelle ntho eohle eo a e hlokang. Khole e tšesaane e ne e tla khaoha! A itšetlehile ka tsela eo lenaka la pōli le oelang ka eona, o ne a ka etsa qeto ea hore na a tsoele pele le merero ea hae ea letsatsi leo kapa che. Le seroala sena se secha sa ipaka se se na matla.
Hoba Adama a qete sekolong, a ea toropong ea Agboville. Mono, e mong oa metsoalle ea hae a mo lebisa ho ngakana-ntšonyana, e ileng ea tiisetsa Adama hore e ka mo atlehisa ho fumana mosebetsi. Ho mamela litaelo tsa ngaka ena, Adama a reka selōto se senyenyane. O ile a bolelloa hore a buele ka lesobeng la selotō sena ’me a bolele tsohle tseo a li batlang bophelong. A buela ka selotōng sena ’me a re, “Ke batla ho fumana mosebetsi,” a se koala ’me a emela katleho. Empa ha e-ea ka ea tla.
Leha ho le joalo, Adama ha a ka a nyahama. O ne a kholisehile hore o ntse a sirelelitsoe ke seroala sa mohlolo sa hempe ea hae ea bohlokoa ea mebala “khaka.”
Qetellong Adama a fumana mosebetsi toropong ea San Pedro. E ne e se mofuta oa mosebetsi oo a neng a o batla, empa e ne e le mosebetsi. Ka phirima Adama o ne a ee a chakele ha motsoalle. Phirimaneng e ’ngoe a fumana motsoalle oa hae a e-na le moeti—tichere ea Bibele. E le Mok’hatholike ea thata, Adama a hanyetsa se buuoang ke moeti enoa. Empa leha ho le joalo o ne a makalitsoe ke taba ena ea ho ithuta Bibele hore a tsebe ka ’Mōpi. Phirimaneng e ’ngoe ha ho buisanoa ka sehlooho se reng “Na Ho Teng Meea e Khopo?” Adama a kopanela ka botlalo puisanong. Matsatsi a hae joaloka morapeli oa seroala le oona a ne a atamela ho fela.
Athanase le Seroala sa Hae
Athanase o hōlisitsoe e le ‘Moharris’—mokha oa Bokreste o theiloeng ke William Wade Harris. E ne e le Moliberia ea ipolelang hore o khethiloe ho ba moprofeta ke lengeloi Gabriele. Ho e ka bang ka selemo sa 1913, Harris a tloha Liberia ho ea Ivory Coast ’me a qala ho bolela. Buka e ’ngoe e re: “Ka lentsoe la hae, liroala tsa fetoha phoofo, ba sebeletsang litšoantšo ba latola melimo ea bona ea bohata, metse eohle ea amohela bolumeli ba hae. . . . A tsoela pele, a ikokotlela ka lere le nang le sefapano sa thupa kaholimo, a lateloa ke basali ba tšeletseng bohle ba apere liaparo tse tšoeu joaloka eena ’me o ne a ba bitsa ‘barutuoa’ ba hae.”
Ntate oa Athanase a mo bolella hore e tlameha ho ba moprista oa Harris ha a hōla. Ha ho ne ho boleloa hore Baharris ba nyatsa liroala, ba ne ba bolela hore Bibele e na le matla a mohlolo! Joaloka mothei oa bona, baprista ba Harris ba ne ba sebelisa Bibele ho hlohonolofatsa le ho folisa batho. Leha ho le joalo, Athanase a hlokomela hore ke ba fokolang ba hlileng ba balang Bibele ’me ke ba fokolang ho feta moo ba e latelang.
Ha a qeta sekolong, a etsa qeto ea ho qeta libeke tse peli le moeta-pale oa bolumeli ba Harris, a tšepile hore hona ho ne ho tla fella ka hore a fumane mosebetsi. Empa a tšoha haholo ha moeta-pele oa bolumeli a mo fa seroala—botlolo ea setlolo se nkhang hamonate e tlatsitsoeng phofshoana ea “kaolin,” lehlabathe, le metsi—’me a mo bolella hore hona ke ho mo tiisetsa hore o tla atleha ho fumana mosebetsi. Mohlomphehi eo a re, “Empa ha u ka e lahla, u tla hlanya ’me qetellong u shoe!”
Athanase o ne ferekane. O ne a sa bone phapang pakeng tsa botlolo ena ea setlolo le liroala tse sebelisoang ke litho tsa litumelo tse ling. Leha ho le joalo, ka baka la ho tšaba batsoali ba hae le moeta-pele oa bolumeli, a boloka seroala. Ha sea ka sa mo tlisetsa lehlohonolo leo a neng a le tšepisitsoe. Selemo kaofela sa fela a batla mosebetsi ntle ho katleho. Leha ho le joalo, Athanase le eena, a kopana le motho e mong ea ileng a mo lokolla tšabong ea seroala.
’Nete ka Liroala
Banna bao ba bararo kaofela ha bona ba ne ba kopane le Lipaki tsa Jehova. Ka ho ithuta Bibele le Lipaki, ba ithuta qalo ea meea. Bibele e bontšitse hore pele ho Moroallo oa Noe, mangeloi a ile a fetohela Molimo ’me a iphetolela nameng e le hore a ka thabela likamano tsa botona le botšehali le basali. Moroallo oa qobella meea hore e lahle nama ’me e iphetolele moeeng, ’me ha e sa le a tšoaroa sebakeng sa moea ho tloha ka nako eo. Ha ho makatse ha bademona bana ba buella haholo lintho tsena, tse kang liroala!—Genese 6:1-5; 2 Petrose 2:4.
Hamorao, e mong le e mong oa banna bana ba bararo a haha lerato ho Jehova Molimo le lehloeo bakeng sa mekhoa ea ho kopana le meea e mebe. Bibele ka ho hlakileng e nyatsa ho batla ho kopana le meea e khopo, ho Deuteronoma 18:10-12 e re: “Ho se ke ha fumanoa ha eno motho ea fetisang mora oa hae, leha e le morali oa hae mollong, leha e le mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova, ’me ke ka baka la manyala ao Jehova, Molimo oa hao, a falatsang lichaba tseno pel’a hao.” Hobane ba batla ho amoheloa ke Jehova, hona joale boraro ba bona ba latela keletso ea morutuoa oa Mokreste Jakobo: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.
Leha ho le joalo, ho lokoloha botlamuoeng ba bolumeli ho ne ho se bonolo. Ka mohlala, Edmond o ile a tlameha ho chesa lipetja tseo ho bonahalang li ne li mo hokahanya le Mami-Wata. Empa kamorao ho moo a tsoela pele hantle, o bile a nehela bophelo ba hae ho Molimo le ho kolobetsoa e le tšoantšetso ea sena. Joale, beke e le ’ngoe feela hoba a kolobetsoe, meea ea qala ho mo khathatsa. Mantsoe a mo bolella hore a lahle tumelo ena e fumanoeng bocha. Empa Edmond a rapela ’me a bitsa lebitso la Jehova. Qetellong meea e khopo ea khaotsa ho mo khathatsa.—Liproverbia 18:10.
Adama le eena o bile le mathata a hae. Hobane a lakatsa ho thusa ba bang hore ba lokolohe tšusumetsong ea Satane, ea e-ba ’moleli oa nako e tletseng. Leha ho le joalo, ka nakoana o ile a futuheloa ke maikutlo a ho nyahama. O ne a ikutloa hore ha a tsoele pele hantle le hore ho sa tsotellehe tšebetso e khōlō ea Bokreste, boemo ba hae ba moea bo ne bo fokola. Lebaka la menahano e fosahetseng joalo e ne e ka ba lefe? Ka pele-pele Adama a hlokomela hore o ntse a e-na le hempe eane ea mebala ea “khaka” eo batsoali ba hae ba neng ba mo file eona. A phahla ntlo ea hae, a fumana sehokela seo sa ho qetela le lefatše la moea ’me a se felisa. A re, “Ka ikutloa ke imolohile haholo kelellong.”
Athanase le eena a tlameha ho lahla ho hong—seroala sane seo a neng a se filoe. Kamor’a hore a etse sena, a kula hampe. A ipotsa: ‘Na e be ke ka lebaka la ho se mamele taelo ea hore ke se ke ka se lahla?’ Empa le eena a retelehela ho Jehova ka thapelo. Ho e-na le ho inehela khatellong e tsoang ho beng ka eena ea ho khutlela bonoheng, a batla thuso ea bongaka. Hamorao, bophelo ba hae, ’meleng le moeeng, ba ntlafala. Hona joale Athanase o qeta mafelo-beke a hae a thusa baahelani ho ithuta linnete tsa Bibele.—Johanne 8:44.
Liphihlelo tsa banna ba bararo bao e neng e le batlamuoa ba tumela-khoela li tiisa hore Lentsoe la Molimo le khona ho sebetsa ka matla ho ba lumelang. (1 Ba-Thessalonika 2:13; Liketso 19:18-20) Ba bang ba fetang 2 000 Ivory Coast ba sebetsa le bahlankana bana ho thuseng batho hore ba lokolohe botlamuoeng ba bolumeli. Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno le tsona li tla thabela ho u thusa ho fumana tokoloho e joalo.