Ho se Itokolle ho Molimo—Hobane’ng?
“KE BATLA hlasimoloho.” “Ke khathetse ke ho ’na ke bolelloa hore na ke etse eng!” “Ntlohele!” Mantsoe ana a ka bontša moea oa boitaolo. Ka linako tse ling Bakreste ba ka bua mantsoe ana.
Bakreste ba ka tšoaetsoa joang ke moea oa boitaolo, esita le ho itokolla ho Molimo? Hangata ho qala ka ho amohela maikutlo a fosahetseng ka lipatlahalo tsa Jehova Molimo. (Pesaleme ea 73:2, 13, 14) Ba talima melao ea Molimo e le mekoallo e thibelang monyaka, ho e-na le ho e talima e le tšireletso bakeng sa bophelo bo thabileng. Mabenyane le lintho tse hlasimollang tsa lefatše lena le khopo li ba foufalitse hore ba lumele hore ba fetoa ke monyaka. Ho thoe’ng ka uena? U ikutloa joang ka ho itokolla ho Molimo?
Bothata ba Khale
Ho batla ho itokolla ho Molimo hase ntho e ncha. Ho bile teng tšimolohong ea motho. Moea oa boitaolo o jaliloe ke Satane Diabolose. A thetsa mosali oa pele, Eva, hore a nahane hore a ka thaba haholo haeba a lokolohile tataisong ea ’Mopi oa hae. Eva a lumela hore tsela e joalo ea tokoloho e ka mo tutubolla mahlo ho bona liphihlelo tse ngata tse thahasellisang le menyaka eo Molimo o mo thibetseng eona.—Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9.
Eva ea foufalitsoeng ke litakatso tsa boithati tseo a neng a sa tsoa li fumana, a etsa boipiletso ho monna oa hae hore a kopanele le eena a kene bofetoheling. Adama a khetha ho itokolla ho Molimo. Phello ea seo ke ena: Masoabi a nka sebaka sa thabo. Sebe, lihlong, ho kula, bohloko, le lefu tsa latela, e seng feela bakeng sa Adama le Eva, mpa bakeng sa bana bohle ba bona.—Genese 3:6; 16-19; Ba-Roma 5:12.
Tlaleho ea Bibele e re bolella hore mangeloi a Molimo a itokolla ho oona ka ho batla boithabiso bo litšila le ‘barali ba batle ba batho.’ Na tsela e joalo ea boitaolo e tlisitse khotsofalo ea ’nete? Che. Ho e-na le hoo, ea hlahisa boitšoaro bo litšila le pefo hoo Jehova a ileng a rera ho felisa lefatše leo la batho ba khopo. Mangeloi a ipusang a fetoha bademona, a hōlisa moea o joalo o timetsang oa bofetoheli har’a batho.—Genese 6:1-7, 11; Ba-Efese 2:2; Juda 6-12.
Tataiso ea Molimo e-ea Hlokahala
Linnete tse kaholimo li lokela ho re thusa ho utloisisa ’nete ena ea motheo: E le hore motho a be le tsela e atlehileng le e monate ea bophelo, o lokela ho itšetleha ka tataiso ea Molimo. Ke ka baka leo Bibele e reng: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Salomone, monna oa boholo-holo ea bohlale, o ile a hlokomela kotsi ea ho ipehela litekanyetso tsa bophelo bo sa laoloeng ke Molimo. O ngotse: “Mohlomong, ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.”—Liproverbia 14:12.
A ke re etseng mohlala oa ntlha ena ka litsela tse peli. Haeba bakhanni bohle ba lifofane tsa baeti ba ne ba ka hlokomoloha litaelo tse fanoang boemelong ba lifofane ’me ba emisa lifofane ka nako leha e le efe le sebakeng leha e le sefe seo ba ratang ho sona, ho nka leeto ka sefofane ho ne ho ka sireletseha hakae? Kapa haeba sehlopha sa bahahi se ne se ka lahla lipolane ’me e mong le e mong a haha ka tsela eo a ratang ka eona karolong ea hae ea mohaho, ho ne ho tla hahuoa ntlo ea mofuta ofe? Rea utloisisa hore litekanyetso li tlameha ho lateloa haeba mokhatlo oa batho o tla phela ka tsela e hlophehileng.
Ha ho na motho ea tšoanelehang haholo ho fana ka melao ena e tataisang ho feta ’Mopi oa motho, Jehova. Kahobane Jehova Molimo ke ’Mopi, e seng sebopuoa se motho, o na le tokelo e feletseng ea ho bea litekanyetso tseo libopuoa tsa hae tse bohlale li tlamehang ho phela ka tsona. O tseba moo matla a rōna a fellang teng; o tseba meeli ea thabo le masoabi. (Liketso 17:26, 27) Ke ka makhetlo a iphetileng liphihlelo tsa bophelo li pakang hore tsela ea Molimo e-ea sebetsa. Ke tsela e molemo haholo bakeng sa rōna.
Ha ho hlokahale hore re nohe hore na e be litekanyetso tsa Jehova ke life; ka mosa o re bolella tsona Lentsoeng la hae, Bibele: “Buka ena ea molao e se tlohe molomong oa hao, ’me u lokela ho e bala ka lentsoe le phahameng motšehare le bosiu. E le hore u hlokomele ho etsa tsohle tse ngoliloeng ho eona; hobane ka ho etsa joalo u tla atleha tseleng ea hao ’me u tla etsa ka bohlale.” (Joshua 1:8, NW) Moapostola Pauluse o re hlalosetsa kamoo litekanyetso tsa Molimo li akarelletsang lintho tsohle kateng. Ho 2 Timothea 3:16, 17 o ngotse: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”
Jehova o re memela ho hlahloba litekanyetso tsa hae, ‘re tle re lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.’ (Ba-Roma 12:2) Re lokela ho ithuta Bibele ka tsela e phethahetseng e le hore re etse sena ka tsela e nepahetseng. Ho sa natsoe hore na re sa tsoa qala ho ithuta Bibele kapa re ’nile ra ithuta eona ka lilemo-lemo, sepheo sa rōna sa ho bokella tsebo e nepahetseng le temoho ea thato ea Molimo e sa le sa bohlokoa. Haeba re hlōleha ho koetlisa matla a rōna a likelello ka ho a sebelisa, re ke ke ra bona melao e tataisang ea Jehova ka ho hlakileng.—Ba-Heberu 5:14, NW.
Ho hlokomoloha litekanyetso tsa Molimo ke ho ipiletsa kotsi. Likhoreletso tseo motho a lokelang ho li qoba li ngata haholo hore a ka atleha ho li hlōla ka kutloisiso ea hae a ’notši. Pele, motho o lokela ho loantša litšusumetso tse khukhunelang tsa Satane le bademona ba hae ba phahametseng motho. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:12) Hape ho na le tsamaiso ea batho e sa mameleng le e nang le boithati bo fetelletseng. (Ba-Efese 2:2; 1 Johanne 2:15-17) Hape re lokela ho loantša ho se phethahale ha rōna le litšekamelo tse fosahetseng tsa pelo ea rōna. (Pesaleme ea 51:3-5; Jeremia 17:9, 10) Ho phela ntle ho tataiso ea Jehova ho tšoana le ho kena koloing e se nang lebeli le e laolang.
Jesu Kreste ke mohlala o motle haholo oa motho ea ileng a ananela tataiso ea Molimo. Le hoja a ne a phethahetse, o itse: “Mor’a o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae.” (Johanne 5:19) Jesu ha a ka a phelela ho ithabisa boeena. Ka lekhetlo le leng o kile a re: “Ha ke etse letho leo ke iqapelang Iona: seo Ntate a nthutileng sona ke seo ke se bolelang; eena ea nthomileng, ha a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa se mo khahlisang.” (Johanne 8:28, 29, The Jerusalem Bible) Na u lakatsa ho tataisoa ke tekanyetso e lumetsoeng ke Jesu Kreste?—1 Petrose 2:21.
Molemo oa ho Amohela Tataiso ea Molimo
Jehova ke “Molimo o thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW) Ha a batle ho re amoha monyaka, hlasimoloho, kapa thabo e loketseng. Ak’u nahane ka motsotsoana ka mantsoe a ngotsoeng ka ho hlaka a fumanoang ho Ba-Roma 1:28-32. Litholoana tsa ho itokolla ho Molimo li bohloko, hobane tlaleho ho The New English Bible e re:
“Ka baka leo, erekaha ba bone ho sa tšoaneleha ho amohela Molimo, o ba nehetse moeeng oa ho hloka kelello. O ba khannela ho nyelisa melao eohle ea boitšoaro. Ba tletse bolotsana ba mefuta eohle, bosaoana, meharo, le lonya; ba tletse mohono, polao, bora, mano, bobe; ke basebi le baetselletsi, ke ba hloileng Molimo, barohaki, baikhohomosi, le baikhantši; ba qapa lintho tse mpe, ha ba bontše botšepehi ho batsoali, ha ba na letsoalo, ha ba boloke kano ea bona; ha ba na lerato la hlaho le kutloelo bohloko. Ba tseba hantle kahlolo e lokileng ea Molimo, e reng ba itšoarang joalo ba tšoaneloa ke lefu, empa leha ho le joalo ba etsa tsona tseo; ha ba felle moo, ba rorisa mesebetsi e joalo.”
Ka lehlakoreng le leng, ba khethang ho latela litekanyetso tsa Molimo ba khothaletsoa ho hlobola botho ba khale bo nang le moea oa ho itaola ’me ba apare botho bo bocha bo kang ba Kreste. Botho bo bocha bo akarelletsa ho ba ea mosa, ea utloelang bohloko, ea tšoarelang ka bolokolohi. (Ba-Efese 4:20-32) Ke botho bo bonahatsang litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo: “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22, 23.
Kamor’a hore re hlahlobe mefuta ena e ’meli ea botho, u khetha ho ba motho oa mofuta ofe? U ka rata hore metsoalle ea hao e be le botho bofe mefuteng ena e ’meli?
Ho phaella moo, Bibele e ruta hore nakong e tlang e haufi batho bohle ba khopo ba tla timetsoa ke letsoho la Molimo. (2 Petrose 3:7; 2 Ba-Thessalonika 1:7-9) Jesu Kreste o profetile hore, pele Molimo o hloekisa lefatše lena, batho ka kakaretso ba tla iphapanya litekanyetso tsa Molimo joaloka mehleng ea Noe. (Luka 17:26-30) Ka hona ho potlakile haholo hore re ananele ka botlalo melao e beiloeng ke Molimo. Ho etsa joalo ho bohlokoa bakeng sa ho pholoha ha rōna kajeno joalokaha ho ne ho le bohlokoa mehleng ea Noe.
Ka baka leo, ho itokolla ho Molimo ha ho tlise thabo ea sebele; empa ho etsa thato ea Molimo ho tlisa thabo ea sebele. Ba ikokobeletsang tataiso ea Jehova ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng le tlatsitsoeng ka batho ba nang le botho bo kang ba Kreste.—Pesaleme ea 37:27-29.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho ka etsoa ntlo ea mofuta ofe haeba sehahi se seng le se seng se lahla polane ’me se haha kamoo se ratang kateng?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
U lokolohile ho nka leeto, empa hore u sireletsehe u lokela ho khanna koloi ea hao har’a meeli ea molao