Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/15 maq. 26-29
  • Ho Bea Litholoana “Sehlekehlekeng sa Linōko”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bea Litholoana “Sehlekehlekeng sa Linōko”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Ho Lema Lipeō tsa ’Nete
  • Sebete sa Bakreste Har’a Mofere-fere
  • Ho Matlafaletsoa Mosebetsi o ka Pele
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/15 maq. 26-29

Ho Bea Litholoana “Sehlekehlekeng sa Linōko”

METSING a futhumetseng, a hloekileng a Leoatle la Caribbean ho teng “Sehlekehleke sa Linōko” se senyenyane. Se boetseng se bitsoa Grenada, se boholo ba lik’hilomithara tse 311 feela ka ’nga tsohle. Ha ho makatse hobane leha se na le lihlekehleke tse itšetlehileng ka sona, Carriacou le Petit Martinique, kakaretso ea boholo ke lik’hilomithara tse 344 feela ka ’nga tsohle. Grenada e ile ea iphumanela lebitso la bosoasoi la “Sehlekehleke sa Linōko” ka lebaka la bongata ba linōko tse monko o monate, tse kang cinnamon, cloves, linaoa tsa tonka le nutmeg.

Ho tloha ka leboea ho ea ka boroa, sehlekehleke sena se paroloa ke letoto la lithaba tse fellang ka ho etsa lilomo leoatleng, haholoholo ka lehlakoreng le ka bophirima. Linōka le linōkana tsa metsi a hloekileng li phallela leoatleng, ’me meru e teteaneng e melang libakeng tse chesang e mengata. Nakong ea komello matsoapo le liphulana li apesoa ke lithunthung tse bofubelu bo khanyang le tse tšehla tsa lifate tsa naha tsa immortelle le poui. Botle ba pono ena e hlollang e mebalabala bo totisoa ke limela tsa mefuta-futa tse thunyang tse kang bougainvillea, hibiscus, snow-on-the-mountain, le lipalesa tse ling tse menko e monate haholo.

Tšobotsi e ikhethang ea Grenada ke lebopo la eona le potapotiloeng ke lifate tsa lipalema le le aparetsoeng ke lehlabathe le letle le lesoeu. Ho tloha khale moruo oa naha ena o ’nile oa tšehetsoa ke limela tse romelloang kantle ho naha tsa libanana, cocoa, le nutmeg, li lotoa ke bohahlaoli le lichelete tsa bohlokoa tse romelloang ke seng se falletseng libakeng tse kang Aruba, Curacao, England, Trinidad, United States le Venezuela. Baahi ba nang le botsoalle ba Grenada ba 112 000 ba tletse pososelo ’me ba tseba ho fetola lipoleloana meqoqo e qabolang.

Ho Lema Lipeō tsa ’Nete

Lipeō tsa ‘nete li ile tsa jaloa Sehlekehlekeng sena se mebalabala ka 1914, selemo seo ka sona Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma. Ka nako eo moahi oa Grenada, Elias James, o ile a khutla Panama. Ha a ntse a le moo ka tšebetso, o ne a ile a amohela molaetsa oa ’Muso oa Molimo ’me a fetoha mosebeletsi ea inehetseng le ea kolobelitsoeng. A chesehella ho jala lipeō tsa ’nete bathong ba botsoalle ba sehleke-hleke sena sa linōko. Kamor’a nakoana o ile a etela Monghali Briggs, letsoalloa la Barbados le ahileng Grenada. Ka pele Briggs o ile a amohela molaetsa oa ’Muso, kahoo ea e-ba tholoana ea pele “Sehlekehlekeng” sena “sa Linōko.” A bona tlhokahalo bakeng sa moo ho kopaneloang, Briggs o ile a bula mokato oa pele oa ntlo ea hae e le sebaka sa pele sa moo ho kopaneloang sa batho ba Jehova motse-moholo, St. George’s.

E le mosebeletsi ea inehetseng le sebui se hloahloa, Elias James o ile a thusa batho ba bangata ba tšepehang. Har’a bona ho ne ho le teng ngoetsi eabo, Chriselda James. Kajeno Chriselda o lilemo li 88, ke eena motho feela sehleke-hlekeng ea ipolelang hore ke Mokreste ea tlotsuoeng. O holisitse bana ba robong a sa natse khanyetso e phehellang ea monna oa hae, borobong ba bona e ile ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng. Ba bararo ba se ba hlokahetse, empa ba bang e ntse e le basebeletsi ba mafolofolo ba akhang ba babeli ba tšebeletsong ea bopula-maliboho le a le mong ea sebeletsang e le pula-maliboho ea khethehileng le moholo.

Ka nako eo Elias James a phethang bophelo ba hae ba lefatšeng, o ne a entse monehelo o tiileng oa bopula-maliboho ho lengoeng hoa lipeō tsa ’nete Grenada. Kajeno ho na le liphutheho tse tšeletseng moo ’me e ’ngoe e Carriacou, ka tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso ba 353.

Lilemong tsa khōlo e tsamaeang butle empa e sa fetoheng, Lipaki tse tšepahalang li phetse liphetohong tse fapaneng tsa bopolotiki—ho tloha bokoloning ho ea naheng ea tšireletso le ho itokolla pusong ea Brithani ka 1974. Ka nako eo, ho ne ho se khanyetso e bonahalang litabeng tse molemo ’me batho ka kakaretso ba ne ba labalabela ho mamela leha ka linako tse ling e ne e le feela ka lebaka la hlompho. Ka 1979, phetoho ponong ea ba bang ea lipolotiki e ile ea lebisa ho ketoloeng ka likhoka hoa ’muso ho ileng hoa tlisa puso ea ’Muso oa Batho oa ho Nka Puso ka Likhoka. Le hoja ba bangata ba ile ba nahana hore mosebetsi oa bolumeli o ne o tla laoloa ke ’muso ona o mocha o sekametseng bokomonising, hona ha hoa ka hoa etsahala, ’me mosebetsi oa ho bea litholoana tsa ’Muso oa ’na oa tsoela pele.

Phetoho e hlollang e ile ea etsahala ka la 19 Mphalane, 1983, letsatsi leo Magrenada a tla le hopola ka nako e telele. Letsatsing leo Lekhotla la Sesole la Ho Nka Puso ka Likhoka le ile la ikhapela ’muso. Liofisiri tse ’maloa tsa ’muso li ile tsa thunngoa hammoho le baahi ba bang bao palo ea bona e sa kang ea boleloa.

Hona ho ile hoa lateloa kapele ke molao o neng o qobella batho bohle ho lula mahaeng a bona ka lihora tse 24 ka matsatsi a mane, ka kahlolo ea ho thunya mang le mang ea tlōlang molao oo. Liketsahalo tsena tsa pefo, phihlelo e ncha ho baahi ba tletseng khotso ba sehlekehleke, li ile tsa fehla tšabo e akaretsang le ho hloka botsitso. Kaha bohle ba ne ba thibelletsoe malapeng a bona, ba bangata ba ile ba thulana le mathata a maholo, haholo-holo ba kulang le ba hōlileng.

Ka matjeke ka Labobeli, ka la 25 Mphalane, 1983, Magrenada a mangata a ile a tsosoa ke molumo o sa tloaelehang oa lifofane, o neng o ntse o khaoletsoa ke ho phatloha ho thibang litsebe le ho khabola ho sa nyallaneng hoa lithunya. Hamorao ba ne ba tla utloa ka khaso ea sea-le-moea ea moo hore mabotho a melata a ne a fihlile sehleke-hlekeng. Mabotho a kopaneng a Mokhatlo oa Linaha tse ka Bochabela tsa Macarib le a Sesole sa Metsing sa United States a ne a kene lipakeng ka mabifi, ho ea ka litlaleho e le kamor’a hore ’Musisi-Kakaretso a kōpe thuso. Kamor’a lihora tse seng kae, mabala a lifofane a mabeli (Pearls le Point Salines) a ile a oela taolong ea mabotho a Macarib le a United States. Ha li tloaela makhulo, Grenada e ne e le sehlooho sa litaba tsa lefatše.

Ntoa e mahlo-mafubelu e ile ea qhoma pakeng tsa mabotho ana a melata le bano ba neng ba tšepahala ho Lekhotla la Sesole la ho Nka Puso ka Likhoka. Leha ho le joalo, hona boholo ho ne ho le tikolohong ea St. George’s. Batho ba bangata mono ba ile ba qeta matsatsi ana a mabifi ba le tlas’a liphate tsa bona. Ba bang ba ne ba tšohile hoo ba neng ba tšaba ho ea moo ho pheheloang ho lokisetsa malapa a bona lijo. Ka thabo, ha ho lea mong oa Lipaki tsa Jehova sehleke-hlekeng seo ea ileng a tsoa kotsi nakong ea ntoa eo. Leha ho le joalo, ba seng ba kae ba ile ba e-ba lintšing tsa lefu.

Sebete sa Bakreste Har’a Mofere-fere

Paki e ’ngoe ea mosali, kamoo moholo oa moo a ileng a hlalosa, e ile ea khutla “litleneng tsa lefu.” O ile a tlaleha: ‘Khaitseli enoa o ile a kōpa tšireletso tlung ea moahelani oa hae, moo a neng a nahana hore o ne a tla sireletseha hamolemonyana. Eena le ba bang ba neng ba le ka tlung ba ile ba utloa ho thunya ho neng ho tloha leralleng le neng le okametse ntlo eo. Masole a metsing a U.S. a ile a qala ho thunya ntlo eo, a lumela hore ho thunya ho ne ho hlaha moo. Kapele ba ka tlung ba oela fatše. Ha ho thunya hoo ho emisa mong’a ntlo a mathela ka ntle a tšohile a tšoere lakane e tšoeu. Bohle ba ka tlung ba ile ba mo sala morao, hammoho le khaitseli oa rōna ea tšohileng. Ha ba ntse ba eme ka jareteng, hoa boetse hoa thunngoa ntlo ea bona, empa lekhatheng lena e le ho tloha leralleng moo ho thunya ho neng ho qalile teng pele. Har’a lethala leo la likulo, masole a metsing a potlakela ho ba hulela sebakeng se sireletsehileng. Empa ka mokhoa o makatsang, ho ne ho se le ea mong ea tsoileng kotsi. Hamorao masole a metsing a ba bolella hore ba ne ba le lehlohonolo haholo, kaha ba ne ba le lekhatheng la ho qhomisa ntlo eo ba nahana hore masole a Lekhotla la Sesole la ho Nka Puso ka Likhoka a ne a le ka ho eona ‘me a ntse a ba thunya. Ha morusu ona oohle o felile, khaitseli oa rōna ea ratehang o ile a fumana sekotoana sa moutloa se bolelele ba linōko tse 5 ka leotong la hae. Ha a ka a utloa le bohloko feela ha o mo hlaba!’

Ha ntoa e ntse e tsoela pele, morali ea lilemo li hlano oa moholo e mong o ile a oela ka tlung ’me a robeha letsoho le letsehali. Ho ne ho le thata ho fumana thuso ea tsa meriana ka nako eo. Sohle seo batsoali ba neng ba ka se etsa e ne e le ho fa ngoana eo lipilisi tse ling ho kokobetsa bohloko. Ha taba li boetse malulong matsatsi a ’maloa hamorao, ba isa ngoana eo ho setsebi sa masapo. Ha a hlahlojoa, ho ile hoa fumaneha hore o ne a robehile masapo a ‘maloa. Leha ho le joalo, masapo a ne a se a khutletse litulong tsa oona ’me o ne a se a ntse a ipholla hantle ntle le mathata a letho. Ntle le pelaelo batsoali ba neng ba amehile ba ne ba thabile haholo.

Ho makaleng hoa hae ho hoholo, khaitseli e mong ea fokolang o ile a sibolla kamoo a neng a le matla kateng. Monna oa hae, ea neng a tšoeroe ke lefu la tsoekere le ea lekanang habeli le eena ka ’mele o ile a oela fatše ’me a akheha nakong ea ha batho ba ntse ba thibeletsoe malapeng a bona. E ne e le eena feela motho ea moholo ka tlung, ’me o ne a sitoa ho fumana thuso ea ba tsoang kantle. Joale ho ne ho ka etsoa joang? O ile a tlaleha: “Ke ile ka llela Jehova ka mo kōpa thuso. Ka botšepehi nka re Jehova o ile a utloa thapelo ea ka e tiileng. Ka boiteko bo matla ke ile ka khona ho tlosa monna oa ka fatše le ho mo lulisa ho fihlela a hlaphoheloa. Seo nka se bolelang feela ke hore matla ao ke ileng ka a fumana mono le ka nako eno e ne e le a tsoang ho Jehova.”

Nakong ea ntoa eo e khutšoaane empa e le e mabifi, baholo ba khethiloeng ba bile le menyetla e mengata ea ho ipaka e le ’mahaha ha sefefo se e-tla.’ (Esaia 32:1, 2) Ho fana ka lithuso tse bonahalang le matšeliso moeeng, ba bea tšireletseho ea bona le bophelo ba bona kotsing ka ho chakela baena ba bangata, haholo-holo ba neng ba le libakeng tse neng li hlanaka e mahlo-mafubelu.

Moholo e mong le lelapa la hae ba ne ba le har’a makholo a neng a tlositsoe mahaeng a oona ’me a beuoe kampong ea tšireletso. Ba ile ba tlameha ho mamella melumo e thibang litsebe ea lithunya tse khōlō. Molumo o mong o joalo o hlile oa lihela moholo enoa, mosali oa hae, le morali oa bona fatše. Ha a botsoa hore na o ile a khona joang ho lula a sa khathatseha nakong eo e thata, o itse: “Ho hloka tšabo hoa ka le ho se khathatsehe e ne e le tholoana ea lilemo tsa boithuto bo tebileng ba Lentsoe la Molimo, bo ileng ba nkaha le ho ntokisetsa boemo bo sa tloaelehang tjena.” Kahoo, moholo enoa o ile a khona ho kokobetsa le ho tšelisa Lipaki tse neng li le kampong moo.

Libeke tse seng kae hamorao, ha sehlekehleke sohle se ne se le tlas’a taolo ea mabotho a U.S. le a Macarib, ho ile hoa hlongoa puso ea nakoana. Hona ho ile hoa fana ka nako e batlang e tsitsitse bakeng sa ho tšoara likhetho tse akaretsang. Li ile tsa tšoaroa ka la 3 Tšitoe, 1984. Mokheng o Mocha oa Sechaba o eteletsoeng pele ke Tona-kholo, Herbert Blaize, matsatsi a fetileng a pefo a bonahala a hlakohile, ’me ba bangata ba lebelletse bokamoso bo khanyang.

Ho Matlafaletsoa Mosebetsi o ka Pele

Liketsahalo tsa morao tjena li sebelelitse ho matlafatsa Lipaki tsohle tsa Jehova tse Grenada. Ba latsoitse matla a pholosang a Jehova ’me ba ikemiselitse ho matlafatsa liteko tsa bona tsa boboleli ba ’Muso. Batho ba bangata ba tšepahalang le ba pelo nolo, ba bontšang thahasello e khōlō molaetseng oa ’Muso, ba ne ba le har’a ba 914 ba neng ba le teng bakeng sa ketekelo ea Sehopotso sa lefu la Kreste ka la 4 ’Mesa, 1985. Bakeng sa e mong le e mong oa Lipaki tse 350 sehlekehlekeng, batho ba ka bang babeli ba thabelang ba ne ba le teng bakeng sa ketsahalo eo. A bopaki bo botle ba khōlo nakong e tlang!

Botle ba tlhaho ba Grenada bo fana ka phatsanyana ea hore na lefatše la Paradeise e tšepisitsoeng le tla ba joang. Paradeise e joalo ea lefatše lohle ke tšepiso e tiileng ea ’Mōpi oa lefatše, Jehova. Haufinyane ba lokileng ba “tla rua lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Lipaki tsohle tsa Jehova li thabetse le ho chesehella ho arolelana molaetsa ona o thabisang oa tšepo le Magrenada a mang ’ohle ‘Sehlekehlekeng sena sa Linōko.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela