Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/15 maq. 22-25
  • Tlhoro e Thabisang ea Lilemo Tse 80 Tsa ho Bokella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhoro e Thabisang ea Lilemo Tse 80 Tsa ho Bokella
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Leseli la ’Nete le Tla India
  • Litholoana ho sa Tsotellehe Litšitiso
  • Lingoliloeng ka Lipuo tse Ngata
  • Litholoana tsa Lilemo tsa 80
  • Lilemo tse Tseletseng tsa Mosebetsi
  • Qetello
  • Ketsahalo e Khethehileng
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/15 maq. 22-25

Tlhoro e Thabisang ea Lilemo Tse 80 Tsa ho Bokella

INDIA! Naha ea metsoako-tsoako—tlhabolohong, bolumeng, meetlong le mohatsela kapa mofuthu oa naha. Ke naha e fapaneng le ea mohlolo ho ba bangata, empa leha ho le joalo e khahlang ho e mong le e mong ea etelang mabōpo a eona a hapang mahlo.

Hohle naheng ena e khōlō e phetheselang ka batho ba limillione tse 775, barati ba Jehova Molimo ba ne ba ikhopotsa ketsahalo e khethehileng motsaneng oa Lonavla, holimo Methating ea Bophirima Seterekeng sa Maharashtra. E ne e le ka Sontaha, la 20 Pherekhong, 1985.

Ke hobane’ng ha ka letsatsi leo le khethehileng, mehopolo e mengata hakana e ne e tsepamisitsoe leralleng lee le le leng le letle le lik’hilomithara tse 110 (limaele tse 70) ho tloha motseng oa litletle o petetsaneng oa Bombay? Karabo e lilemong tse 80 tsa ho bokella lintho tsa bohlokoa tsa Jehova—batho ba hae—India. Hase mohloli oa thabo feela bakeng sa Lipaki tsa Jehova tse fetang 7 000 mona empa le bakeng sa mokhatlo ’ohle oa batho ba Molimo lefatšeng lohle.

Empa ho ananela hamolemo bohlokoa ba ketsahalo ena e khethehileng, ka bokhutsoaane a re ke re hlahlobeng hore na metheo ea ’nete e ile ea tiisoa joang ka lilemo tse fetileng tse ka holimo ho mashome a robeli.

Leseli la ’Nete le Tla India

Ka 1905 seithuti se seng sa thuto ea mahlale sa Moindia, S. P. Davey, a etela Linaha tse Kopaneng tsa Amerika. Ha a le moo, a ba teng puong ea Bibele ea C. T. Russell, eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society. Davey a thahasella ’nete haholo, a khutlela hahabo Madras lebōpong le ka bochabela la India, ’me qetellong a thea lihlopha tsa thuto ea Bibele tse 40.

Hoo e ka bang ka nako eona ena, mohlankana oa Moindia o ne a batla likarabo lipotsong tse mabapi le thuto ea Boraro-bo-bong le kolobetso ea masea. A. J. Joseph ka nako eo e ne e le setho sa Kereke ea Chache, empa a amohela ka poso buka ea Russell At-One-Ment Between God and Men. Buka ena ea nolofaletsa Joseph ho bona ’nete e buang ka bophahamo ba Jehova. Joseph, ntat’ae le motsoal’ae ba phakisa ba jala ’nete ea Bibele metseng e lemang reisi le masimong a coconut moo hona joale e leng setereke sa Kerala. Kamorao ho leeto la Moena Russell India ka 1912, Joseph ea e-ba ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. Ka 1924 a tsamaea a le mong lik’hilomithara tse 5 800 (limaele 3 600) leetong la ho bolela India, a nolofaletsa batho ba bangata ho utloa ’nete. Moena Joseph e ne e le mosebetsi ea mafolo-folo ho fihlela a e-shoa ka 1964.

Mookameli oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, J. F. Rutherford, a etela Engelane ka 1926. Ha a le moo, a botsa Edwin Skinner, morekisi oa libuka tsa bolumeli (’moleli oa nako e tletseng): “Ho ka ba joang ha u ka ea India?” Moena Skinner a arabela a sa qeaqee: “U batla ha nka ea neng?” Nakong ea libeke tse tharo feela kamorao ho moo eena le motsoalle oa hae ba ne ba le tseleng e eang India!

Ka lilemo tse latelang tse 50, Edwin Skinner o sebelelitse e le mohlanka oa lekala, qalong a alositse mosebetsi India, Ceylon, Persia, Afghanistan le Burma. O tsamaile haholo India ka terene, a fapanyetsana le motsoalle oa hae pakeng tsa mosebetsi oa boikarabelo ba ofisi, oa ho tsamaea le oa ho bolela. Hamorao ba reka “ntlo-koloi” ’me ba atolosetsa bopaki ba bona libakeng tseo terene e sa fihleng ho tsona. A le lilemo li 91, Moena Skinner e sa ntsane e le mosebetsi ea chesehang oa ofisi ea lekala India le ’moleli ea hlokomelehang oa litaba tse molemo.

Liithuti tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watch Tower li qalile ho fihla ka 1947. Richard Cotterill ea tsoaletsoeng Brithani ke e mong oa liithuti tsa pele, ’me o sa ntsane a le mafolo-folo kamorao ho lilemo tse 38. E se e le nako joale ’muso o thibetse hore baromuoa leha e le bafe ba bacha ba tsoang linaheng lisele ba kene India. Empa baena le bo-khaitseli ba 17 bao ka karolelano ba nang le lilemo tsa boromuoa tse 30 e mong le e mong ba sebeletsa ka botsepehi na heng ena.

Baena ba Maindia ka bobona ba tsoetse pele haholo moeeng, ’me ba bangata hona joale ba tšoaneleha joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng le balebeli ba tsamaeang. Ka 1983 lihlopha tse peli tsa Sekolo sa Bibele sa Watchtower tse nkang libeke tse leshome li ile tsa tšoareloa ofising ea lekala. Bo-pulamaliboho ba khethehileng ba 46 ba ileng ba ngolisa ba ile ba khothatsoa le ho lokisoa hamolemonyana hore ba khahlanyetse tlhokahalo e khōlō mosebetsing oa ho bokella India. E bile thuso ho atolosetseng mosebetsi libakeng tse ncha.

Litholoana ho sa Tsotellehe Litšitiso

Ho sa natsoe liphephetso tse sa tsoaneng tsa tsimo e sabaletseng ea India—metse e meholo le e nang le baahi ba bangata haholo, metse e nang le batho ba lintšing tsa lefu, neano e metseng ka metso ea bolumeli e laolang liketso tsa letsatsi le letsatsi ho tloha tsoalong ho isa lefung—ho bokella ho tsoela pele. Har’a limillione tse phetheselang tsa India, ba bang ba batla pheko mathateng a batho ’me ba lakatsa ho ba le kutloisiso e tebileng haholoanyane ea Molimo.

Motho e mong ea joalo ke Dadu. Ha e le mohlankana, Dadu o ne a makatsoa ke ’nete ea hore batho ba bangata ba rapela melimo e mengata hakana. A qala ho bala Bibele, empa boholo ba eona o ne a sa e utloisise. Joale a ea litempeleng tsa Hindu ’me a qala ho bala libuka tsa bolumeli boo.

Dadu o sa hopola: “Ka bolelloa hore Morena Krishna ke molaoli oa malumeli oohle le hore bolumeli bo bong le bo bong bo emeloa ke sefaha ka seng se sefaheng seo a se roetseng molaleng. Ka nahana hore haeba ho ne ho le joalo, ebe joale ke hobane’ng ha lehloeo le le lengata hakana malumeling a fapa-fapaneng, hangata le fella ka tšollo ea mali?” Phuputso ea moraonyana bolumeling ba Masolomane ea etsa hore Dadu a lumele hore o teana le baholo-holo ba hae ba bangata ba shoeleng. Empa ka ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, Dadu le mosali oa hae ba ithuta ka tšimoloho ea malumeli a mangata a lefatše le hore hoo ho thoeng ke meea e metle eo ba neng ba buisana le eona, ke bathetsi, bademona. Dadu o re: “Re leboha Jehova Molimo ka tsebo e re lokollotseng tšusumetsong ea bona.” Hona joale Dadu le mosali oa hae ke basebeletsi ba nako e tletseng.

Lilemong tse fetileng tse supileng, ’mè e mong o ile a reka Bibele le libuka tse buang ka Bibele ho Lipaki tsa Jehova. Le hoja eena le lelapa la hae ba ile ba fallela sebakeng se seng moo ho seng Lipaki, a tsoela pele ho ithuta a le mong. Haufinyane o sa tsoa kopana le Lipaki hape, a re: “Lilemong tsena tse fetileng, ke ne ke sitoa ho lebala linnete tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng. Ho ne ho le thata hore nka khutlela litseleng tsa ka tsa pele tsa borapeli.”

Lingoliloeng ka Lipuo tse Ngata

India eohle ho buuoa lipuo tse khōlō tse leshome le metso e mehlano, ’me ho sebelisoa mekhoa e robong e sa tsoaneng ea ho ngola. Ho fana ka lijo tsa moea ka lipuo tsena tsohle e bile phephetso. Le pele ka 1912, Moena Russell o ile a lokisetsa hore libukana tse buang ka lihlooho tsa Bibele li fetoleloe ka Sehindu, Segujarati, Semalayalam, Semarathi, Setelugu, le Setamile. Lipuo tse ling tse buuoang moo tsa akarelletsoa hamorao, ’me boholo ba lingoliloeng tsena li hatisoa mose ho maoatle ’me li romeloa India. Joale mathoasong a bo1960 molao oa ’muso oa thibela ho romelloa hoa libuka tsa puo leha e le efe ea India tse tsoang kantle.

Kaha ho ne ho le boima licheleteng hore lekala le ikhatisetse ka bolona, Mokhatlo oa etsa tumellano le bahatisi ba lefatše. Bopula-maliboho ba khethiloeng ba rutoa ho hlokomela lingoliloeng libakeng tsa habo bona. Hona joale, ho na le libaka tse 11 tse fapaneng tsa khatiso tse hlahisang lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse 16, ho akarelletsa likhatiso tse 9 tsa makasine oa Molula-Qhooa. Haufinyane ka ho kenngoa hoa [MEPS] (mokhoa oa ho Hatisa ka Litlhaku tse Ipatileng oa Mokhatlo), ho qaptjoa le ho raloa hoa lingoliloeng ho tla etsoa ofising ea lekala, ho lokolla bo-pula-maliboho ba bangata bakeng sa ho sebelisa nako e eketsehileng mosebetsing oa ho bokella.

Litholoana tsa Lilemo tsa 80

Joaloka sechaba seo baahi ba sona ba hlahlamang ba naha e le ’ngoe lefatšeng ka bongata, mosebetsi o mongata o sa ntsane o saletse hore o etsoe India. Ke karolo ea 6, 6 lekholong feela ea baahi eo hajoale ho seng ho fihliloe ho eona ka litaba tse molemo. Ha e bapisoa le linaha tse ngata, khōlo ea batho ba Jehova India e ‘nile ea tsamaea butle. Ho nkile lilemo tse 53 hore e fihle ho bahoeletsi ba 1 000 feela. Empa baromuoa le baena ba moo ba tsoetse pele ka thahasello le ka mamello ho etseng thato ea Ntate oa bona. (Esaia 60:22) Hona joale re thabela ho bona keketseho ea karolo ea 10 lekholong ho feta selemo se fetileng, le tlhoro e ncha ea bahoeletsi ba 7 410 liphuthehong tse 340 le lihlopha tse kathōko kahar’a naha.

Khōlo ena e iketlileng ea bontša hore ho hlokahala meaho e meholoanyane ea lekala. Leha ho le joalo, katoloso ea lekala la India le Bombay e ne e le bothata. ’Me litša motseng oo li ne li haella e bile li le theko e boima. Hape, moea oa Bombay ho ne ho boleloa hore o theola lilemo tseo motho a ka li phelang ka tse leshome. Kahoo ka 1978 ha fumanoa setša sebakeng se maralla sa Lonavla, sebaka sa pele se ka boroa ho motse oa Bombay moo ’mila le seporo li teanang. O le bophahamong ba limithara tse 610 (maoto a 2 000), motsana ona o na le moea o sa silafatsoang haholo.

Lilemo tse Tseletseng tsa Mosebetsi

Mosebetsi oa pele o ne o kopanyelletsa ho hahuoa ha marako, a bophahamo ba limithara tse 4, 6 (maoto a 15) libakeng tse ling ho sireletsa setša le ho thibela khoholeho ea mobu litšeng tsa baahelani letsoapong. Ho ne ho hlokahala hore ho katoe likoti tse tebileng ’me setša se hloekisoe mofero o neng o tletse linoha tse mahloko, tse kang masumo le marabe. Matlo a mangata a mokato o le mong le mehaho e meng e teng e ne e hloka ho nchafatsoa ka matla hore e be bolulo le liofisi tsa nakoana.

Hoa hiroa likonteraka tsa lefatše, empa baena ba tšoanelehang ba laola mohato o mong le o mong oa mosebetsi, ’me ba bangata ba fana ka thuso kae le kae moo ba ka khonang. Rakonteraka e mong, ea neng a hiretsoe ho etsa tsela ka hare ho setša, a etsa qeto ea hore mosebetsi o lokela ho liehisoa ka likhoeli tse tšeletseng, kaha metsi a hlokahalang bakeng sa ho tšeloa tseleng a ne a ke ke a fumaneha. Ea e-ba pono e bohehang hakaakang ha lelapa lohle la lekala le nkile linkho tsa metsi ho ea tseleng mantsiboea ka shoalane e le hore mosebetsi o ka etsoa ka nako e reriloeng!

Ha ho mohla ho ileng hoa utloahala molumo oa likhofu, kaha boholo ba mosebetsi India bo etsoa ka matsoho. Kahoo, mosebetsi oa tsoela pele ka mokhoa o phollatsi ho fihlela ho phethoa mokato oa pele oa mohaho o moholo. Ka nako ena, hantle hoa e-ba le khaello e matla ea samente. Empa, ka thabo, lekala la Korea la Mokhatlo oa Watch Tower la lokisetsa ho romela mekotlana e 10 000 ea samente, ho lumella hore mohaho oohle o phethoe joalokaha ho ne ho reriloe. Kahoo ka 1984 mohaho o motle o mocha oa lekala oa ema o phethiloe—tlotlisong ea Jehova.

Qetello

Hona joale ho eme mehaho e robeli ka kampong ea Mokhatlo e lihekthare tse 1,9 (liakere tse 4,6), e khabisitsoeng ka lifate tsa libanana, mango, feiga le papaya hammoho le limela tse ngata tse thunyang le lihlahla.

Mohaho o moholo oa lekala o na le mekato e ’meli le karolo e ka tlaase, e nang le karache le moo ho hlatsoetsoang. Sebaka sa khatiso karolong e ka tlaase ea mohaho se na le mechine e meraro e menyenyane ea khatiso hammoho le o pomang lipampiri le o menang, le o rokang. Mokatong ona hape ho na le liphaposi tsa li-computer tsa MEPS le sebaka sa ho romela lintho ntle, seo ho sona ho romelloang lingoliloeng tse entsoeng mona linaheng tse ling tse 56. Liofisi, ntlo ea pokello ea libuka le liphaposi tsa ho robala li mokatong oa bobeli.

Holo ea ’Muso e ncha ke eona e ka pele setšeng sena. Sethalla se ikhohlileng ka kou e ’ngoe, se phethetsoe ka sefate se thata se hahang likepe, se shebile ka holong e ka nkang batho ba 250. Haufi le moo, bolulo, phaposi ea ho phehela, le phaposi eo ho jeloang ho eona li ka mehahong e nchafalitsoeng bakeng sa batho ba 31 ba lelapa la lekala. Ho na le sebaka se lutseng feela haeba ho ka hlokahala katoloso.

Ketsahalo e Khethehileng

Ho bile joalo, kamorao ho lilemo tse 80 tsa ho bokelloa ha lintho tsa bohlokoa tsa Jehova, tlhokomelo e ile ea lebisoa letsatsing leo le thabisang la Pherekhong la ho khakōloa hoa mehaho e mecha ea lekala ea India.

Lilemo tsena tse 80 tsa ho bolela li ile tsa saloa morao lenaneong la khakōlo. Ho ile hoa boleloa lintlha tsa bohlokoa tsa mosebetsi oa ho haha. Molebeli oa libaka Günter Künz puong ea hae ea khakōlo o hlokometse hore batho ba Jehova ba bile le keketseho ea karolo ea 30 lekholong lefatšeng ka bophara lilemong tse fetileng tse hlano. Empa a thabela ho tlaleha hore India e fetile hoo ka keketseho ea karolo ea 34 lekholong, a hopotsa bamameli hore ka mosebetsi o mongata le o boima India e ne e tla ’ne e tsoele pele.

Bohle ba teng ba thabisoa ke bopaki bona ba tlhohonolofatso ea Jehova. Baena India ba ikemiselitse ho sebetsa ka matla e le hore ba ka thusa ba bangata haholo ho arabela litabeng tse molemo tsa ’Muso.

[Setsoantso se leqepheng la 23]

Edwin Skinner (oa bobeli ho tloha ka letsohong le letona) le “ntlo-koloi”

[Setsoantso se leqepheng la 24]

Ntlo-kholo e ncha ea lekala ka boroa Bombay

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela