Ho Bolela Litaba Tse Molemo Donegal
“EBILE ho babatsehang!” “Ho ne ho thabisa.” Ana ke mantsoe a ileng a utluoa sehlopheng sa batho ba 120 ba neng ba tloha Brithani ba ile Donegal, setereke se ka leboea-bophirimela sa Ireland. Che, e ne e se bahahlaoli ba khotsang seo ba se boneng. E ne e le banna, basali le bana ba neng ba iketse ka litšenyehelo tsa bona ho arolelana tšepo ea bona ea bokamoso le batho ba Donegal Bophirimela.
Kaha ho na le Lipaki tsa Jehova tse 19 feela har’a baahi ba Donegal ba 120 000, ka lilemo tse ngata boholo ba batho sebakeng seo ba ne ba e-so chakeloe ke Lipaki. Ka hona, sehlopha sena se seholo sa baeti sa ithaopela ho qalisa mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho sika le lebōpo le letle la Atlantic la Donegal.
Lipaki tsa moo li ne li entse ho hongata ho lokisetsa ho fihla hoa sehlopha seo. Tse ling li ne li tsamaile lik’hilomithara tse makholo li etsa ’mapa oa sebaka sohle, li ntlafatsa limmapa ’me li khetholla tsela e ’ngoe le e ’ngoe ka ho e fa palo e itseng hore hamorao e tle e fumanehe habonolo. Joale sebaka seo sa aroloa likarolo tse nyenyane, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le malapa a ka bang 400. Lekhatheng lona leo mane Brithani, ba neng ba lokisetsa ho nka leeto ba ne ba phathahane ka litokisetso tsa bona—ba ikholisa hore lipalangoang, bolulo le libuka tse ngata tsa Bibele li tla fumaneha.
Letsatsi la ho tloha Brithani e ne e le Moqebelo oa la 8 Phuptjane, 1985. E sa le ka malungoa-lungoane hoseng hoo, bohle ba bokana ’me ba leba lebaleng la lifofane. Kamor’a nakoana ba be ba theoha Belfast, Ireland Leboea. Joale ba qhalakanela libeseng tse nyenyane tse leshome tseo ba neng ba tla tsamaea ka tsona ka libeke tse peli tse tlang. Kamor’a ho haola Ireland Leboea le ho thabela kamohelo e mofuthu ea Phutheho ea Londonderry, ba tšela moeli ’me ba arohana, ba leba mabatooeng ao ba neng ba se ba a abetsoe likarolong tse tharo tse fapaneng tsa Donegal. Ba ile ba amoheloa joang?
Batho ba Moo ba ea Arabela
Batho ba Donegal ba tletse setsoalle ’me ba tseba ho amohela baeti, ’me hona hoa bebofatsa hore ho buisanoe le bona. Boholo ba bona ba botsa lipotso, ’me e ne e le ho thabisang ho phetla Bibele ho ba bontša likarabo tsa eona tse hlakileng. Hape ho bile molemo ho siela ba botsang libuka tsa Bibele e le hore ba ka eketsa kutloisiso ea bona ha baeti ba tloha.
Mofumahali e mong ea neng a phela ntlong e ka thōko ea polasi o ile a memela Lipaki tse peli lapeng la hae. Kapele a lumela hore maemo a lefatše a ntse a mpefala ’me a hlalosa hore batho ba bangata sebakeng seo ba ka ’na ba e-ba lesisitheho ho memela batho ba sa tsejoeng malapeng a bona ka lebaka la ho phahama hoa pefo sebakeng sa Ireland se neng se le khocheletsaneng, se thotse ’me se tletse khotso. Batho ba bangata ba hōlileng ba ne ba ile ba shapuoa ’me ba utsoetsoa ke lihlopha tsa likoeta tse sollang sebakeng seo. Joale ke hobane’ng ha a ile a memela Lipaki ha hae? Hobane li ne li bonahala “li tletse botšepehi.”
Ha mosali enoa a elelloa hore boprofeta ba Jesu ka mehla ea qetello bo ne bo phethahatsoa, mahlo a hae a tutuboloha, ’me a tlala menyepetsi ha mong’a oona a utloa ka tšepo ea tsoho (Mattheu, khaolo 24; Luka, khaolo 21). Monna oa hae o ne a shoele lilemo tse 20 pejana. Ka thabo a amohela buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me a kōpa hore motho e mong a tle a leke ho khutlela ho eena.
Phihlelo e tjena e ile ea etsahala ka makhetlo. Mohlankana e mong o ile a hlahisa lipelaelo tse ngata ka boteng ba Molimo. O itse, “Haeba Molimo a fela a le teng, ke hobane’ng ha ho na le bokhopo bo bongata hakaale?” Lipaki tse etileng tsa ’montša hore haufinyane Molimo o tla kenella litabeng tsa batho ’me a rarolle mathata a mangata a neng a khathatsa mohlankana eo. A ba kōpa hore ba tle ba khutle e le hore ba ka kopana le batsoali ba hae. Ha Lipaki li etsa joalo, tsa siea buka ea Phela ka ho sa Feleng e le hore lelapa le ka fumana likarabo lipotsong tsa lona tse eketsehileng.
Mosali e mong ea mocha o ne a le mahlomoleng, hobane mora oa hae ea lilemo li ’nè o ne a sa tsoa shoa libeke tse ’maloa pejana. O ile a khothatsoa haholo ke boitsebiso bo bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, haholo-holo tlhaloso ea eona ea tšepo ea tsoho. Ka lebaka la tšarelo e neng e bakiloe ke lefu la mora oa hae, o ne a belaelletse hore na Molimo o fela a le teng na. Empa ha ho baloa mangolo a bontšang boemo ba bafu le tšepo ea bona, pono ea hae ea fetoha. Ka lebaka la’ng? Hobane a hlokometse hore mora oa hae o khotsong, o robetse lefung ka monyetla oa ho tsosoa.—Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29.
Ba babeli ba Lipaki tse etileng ba ea sekolong, ’me tichere ea ba memela phaposing ea ho ruta e neng e tletse barutoana ba banyenyane ba 30. Ka thabo tichere a amohela Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me a bolella sehlopha sa hae: “Re tla ba le pale e tsoang bukeng ena thapameng ea kajeno.” Hamorao, ha sehlopha sa Lipaki se ntse se ja lijo tsa motšehare haufinyane, ba bang ba barutoana ba tla ba lumelisa. Matichere a mang a mabeli a tla ho fumana hore na ho ne ho etsahala’ng, ’me le bona ba amohela buka eo ka thabo.
Hamorao letsatsing leo, e mong oa Lipaki a kopana le moshanyana ea lilemo li 11 ’me a ’motsa: “Na u kile oa utloa ho boleloa ka Lipaki tsa Jehova?” Moshanyana eo a re, “E, tsatsing lena sekolong.” Eaba o kōpa buka ea Lipale tsa Bibele. Hamorao hape lapeng leo ’mè oa teng a neng a sa amohela buka ea Phela ka ho sa Feleng, ngoan’a teng a bua ka kamoo a boneng buka ea Lipale tsa Bibele sekolong. Ka hona ’mè eo a amohela buka eo.
Bathong ba Mefuta Eohle
Lapeng le leng, Lipaki tse etileng tsa bontša litšoantšo tsa buka ea Phela ka ho sa Feleng ho mosali ea hōlileng. Mosali eo a bolela hore seo a neng a hlile a se batla ke Bibele. Ka hona Lipaki tsa thabela ho mo fa Bibele ea New World Translation of the Holy Scriptures. Ha a se a fumane Bibele, a thabela ho boetse a fumana buka e hlalosang Bibele. A bolella baeti ba hae hore o ne a utloile ka boteng ba Lipaki sebakeng seo ’me o ne a rapetse hore li ka tla ho eena ’me tsa tlisa Bibele. Joale a ikutloa hore thapelo ea hae e ne e arabetsoe.
Monna e mong ea mocha ea lilemong tsa bo30 a memela Lipaki tse peli ha hae. Kamor’a puisano e khutšoanyane ea Mangolo, o itse: “Mohlomong le ke ke la thaba ho tseba hore na ke mang. Ke moruti.” Lipaki tsa bolela hore li thabela ho buisana le eena, moo joale moruti a ileng a botsa lipotso tse ngata ka seo li se lumelang. Ha a botsa ka tšebeliso ea lebitso Jehova, baeti ba thabela ho mo fa bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng. O boetse a amohela buka ea Phela ka ho sa Feleng, buka eo ntle le tika-tiko e tla mo thusa ho araba lipotso tsa hae tse ngata.
Ketsahalong e ’ngoe, e mong oa Lipaki o ile a atameloa ke monna e mocha ea ileng a mo utloa ha a ntse a buisana ka Bibele le moamoheli oa baeti hoteleng. A botsa lipotso tse kang, “Ke hobane’ng ha lefatše le le moluba-lubeng o tjee?” Paki eo ea thabela ho arolelana le eena seo e neng e ithutile sona Bibeleng ka taba ena le tse ling tse amanang le eona. ’Me monna e mocha eo e ne e le mang? Moruti ea neng a tlile phomolong sebakeng seo.
Ntle le mosebetsi o tloaelehileng oa boboleli ba ntlo le ntlo, menyetla e meng e ile ea sebelisoa ho buisana le batho ba mefuta eohle. Sebakeng se seng se ka lithabeng, e ’ngoe ea libese tse nyenyane e ile ea emisa ka thōko ho tsela ho fa baeti ba bang monyetla oa ho rōla lieta le ho roala likhohlopo bakeng sa tsela e neng e haola mohlakeng, le ho buisana le sehlopha sa banna ba neng ba ntse ba cheka lisu tsa mohlaka bakeng sa libeso tsa mariha. Sehlopha se seng se ile sa ema sebakeng se khahlehang haufi le letša le thabeng kahar’a moru. Haufi le moo ka koloing ho ne ho robetse mosebetsi oa setsi sa moo ho tšeloang mafura a likoloi ea neng a thabetse boikhutso nakong ea phomolo ea hae ea lijo tsa motšehare. Khotso ea hae ea qhaloa, empa a thabela moqoqo o hlasimollang ka ho fetisisa ’me a ba teng sebokeng se neng se hlophetsoe sehlopha seo mantsiboeeng ao.
Motho e mong o ne a ntse a khanna therekere ea hae ha Paki e mo emisa ’me e mo kōpa metsotsoana e se mekae ea ho buisana le eena. O ne a chesehella ho bua ka Bibele, haholo-holo ka “linako tse bohloko” tseo re phelang ho tsona. (2 Timothea 3:1-5) Thahasello ea hae e ile ea phahamisoa haholo ha a bontšoa litšoantšo tse bukeng ea Phela ka ho sa Feleng. Monna eo a thabela ho utloa hore buka eo e ka sebelisoa bakeng sa lipuisano tsa Bibele tsa lelapa ’me a re o tla qalisa kapele ho e sebelisa ho ruta bana ba hae ba tšeletseng.
Basebeletsi ba mahlaha-hlaha ba lilemo tsohle ba chakileng, ba kopane le sehlotšoana sa Lipaki tsa Donegal, ba na le lebaka le letle la ho thabela boiteko ba bona. Ka libeke tse peli tseo baeti ba neng ba le moo, ba ile ba sebetsa lihora tse 5 767 ba buisana le ba bang ka Bibele. Ba tsamaisitse libuka le Libibele tse 1 613 hammoho le limakasine tse 2 611 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e hatisitsoeng ka puo ea Seaerishe e hlile ea ananeloa ka ho khetheha ke beng ba malapa ba bang.
E ne e se moea oa boikhohomoso ba hore ke bona feela ba nepileng kapa maikutlo a ho itokafatsa a tlisitseng Lipaki tse neng li chaketse Donegal. Ho e-na le hoo, li ne li batla ho arolelana litaba tse molemo le batho bao, ka lebaka la ho haha sebakeng se thōko, e ka ’nang eaba ha baa ka ba fumana menyetla e mengata ea ho li utloa. Ha e bua ka leeto la pejana la sebopeho se tšoanang, pampiri ea moo ea litaba e bitsitse bao ba neng ba kentse letsoho “mafokotsana.” Ho bonahala eka sena se ne se bolela hore ba ne ba le moo feela bakeng sa hlabula ’me ba tla boetse ba tloha. Empa “mafokotsana” ao, kapa ba bang ba kang bona, ba tla khutlela ho ea thusa batho ba lipelo li tšepehang ho fumana tsebo e nepahetseng ea litšepiso tse babatsehang tsa Bibele. Ha e le hantle, ba bang ba ileng ba kenya letsoho maetong a pejana a ho paka ba se ba falletse Donegal.
“E bile leeto le molemohali ho fihlela joale.” Eo e bile har’a lipolelo tse ngata tsa kananelo le thabo tse entsoeng ke ba bang ba ileng ba kenya letsoho morerong oo o phephetsang. Ba latsoitse bonnete ba maele a Bibele: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.” (Liproverbia 11:25) E, e bile tlhohonolofatso e khōlō ho jela pate boitekong bo khethehileng ba ho bolela litaba tse molemo Donegal. Na u ka kenya letsoho tšebeletsong e putsang ka mokhoa o tšoanang ea Jehova karolong ea heno ea tšimo ea lefatše eo joale e butsoelitseng kotulo e khōlō?
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
DONEGAL
IRELAND LEBOEA
Londonderry
Belfast
IRELAND
[’Mapa]
EUROPA
LEOATLE LA ATLANTIC
[Setšoantšo]
Ba ne ba nyakaletse ho bolela litaba tse molemo Donegal
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho paka ka ntlo le ntlo Ireland leboea-bophirimela