Ho Nyarela ka Litabeng
Kereke ke Tšusumetso e Matla
Ka bolokolohi bo eketsehileng, likereke tsa Bokreste-’motoana li kopanela litsekong tse tebileng haholo tsa lipolotiki. Tlas’a sehlooho “Ho Theoha Sefaleng ho Tsamaea Literateng,” The Toronto Star ea Canada e behile “palo e eketsehang ea liketsahalo tsa [lipolotiki] tseo baetapele ba kereke ba nkang karolo ho tsona.” Mongoli Jack Cahill o hlokometse hore Kereke ea Roma e K’hatholike e bile le “karolo e khōlō ho lihuoeng ha Ferdinand Marcos oa Philippines” le ho felisoeng ha puso ea Jean-Claude Duvaller oa Haiti. Cahill o-oa eketsa: “Afrika Boroa, . . . Moruti e Moholo oa Chache Desmond Tutu . . . le litho tse ling tsa baruti ba lemositse ’muso hore ba tla khothalletsa khohlano le ’muso” tsekong ea khethollo ea moloko.
Ba bang ba talima katamelo e joalo ea khohlano e le mosebetsi o loketseng Bakreste haeba ba batla ho fetola puso kapa melao e sa rateheng. Le hoja e le ’nete hore Jesu Kreste o ile a romela balateli ba hae literateng, e ne e se ka sepheo sa ho thusa ho tlisa liphetoho tsa lipolotiki. Ho ena le hoo, ba ne ba e’a libakeng tsa batho bohle le matlung ho ba tsebisa ka ’Muso oa leholimo e le oona oo batho ba tla hlohonolofatsoa ka oona. (Mattheu 10:5-7; 24:14) Ha Jesu Kreste a ne a nģosoa ka mesebetsi ea lipolotiki—ka hore o leka ho iketsa morena—a bontša ka ho pepenene hore mesebetsi e joalo ha ea lokela ho lebelloa ho eena kapa leha e le ho balateli ba hae. A bolella ea neng a ahlola hore ‘oa hae ha se ’muso oa lefatše lena.’ Ho khema le ’nete ena, balateli ba ’nete ba Jesu ha ba jele pate litabeng tsa lipolotiki, kahobane o ne a ba boleletse, a re: “Hase karolo ea lefatše.”—Johanne 18:36, Jerusalem, Bible ea K’hatholike; Johanne 17:14, NW.
Filimi Hail Mary E’a Haneloa
Bohato ba morao-rao bo nkuoeng ke mookameli oa Brazil, José Sarney, ba ho thibela hore filimi Hail Mary e se bontšoe bo hlahisitse boipelaetso bo matla ka hare le ka ntle ho Kereke e K’hatholike. “Ke nyatsa taba ea hore Kereke e K’hatholike, joalokaha e entse nakong ea Hlōriso ea Kereke, e kōpe Naha ho nka mehato ea ho sireletsa tumelo,” ho boletse Mobishopo Mauro Morelli. ’Me mothusi ’musong Eduardo Matarazza Suplicy o ile a belaela ka hore mookameli oa Brazil o ne a “sekisetsa khatellong ea litho tsa Kereke tse sa batleng liphetoho.” “Re se re fetohetse selekaneng sa kereke le ’muso,” ho ngolile moprofesara Roberto Romano oa Univesithi ea Campinas koranteng Folha de S. Paulo. “Sena ha sea etsoa ka tsela e pepenene, joaloka tabeng ea Tumellano ea Lateran le Mussolini le Selekane sa ’Muso le Hitler. Che, se entsoe ka sekhukhung liofising tse koetsoeng tsa ’muso.”
Likhatello tse joalo tsa bolumeli le karabelo ea ’muso li re hopotsa setšoantšo sa Bibele sa seotsoa sa tšoantšetso “‘se busang marena a lefatše.’ Empa e bolela hore, marena ao a ‘tla se hloea, a se felise, a se hlobolise, . . . a se chese mollong.’—Tšenolo 17:1, 2, 15-18.
“Mabaka a Bohale”
Bukeng ea hae Raisons de la colère (Mabaka a Bohale), setsebi se tsebisahalang sa Lefora sa masimo a beang le tšoaro e ntle ea mobu René Dumont se hlalosa seo se se bitsang “ho hlōleha” ha “mokhatlo oa rōna o beang.” Le Monde, koranta ea letsatsi le letsatsi ea Paris, e beha mehlala e neng e boletsoe ke Dumont bukeng ea hae: “Hore Canada e khahlametse litlhoko tsa eona tsa pampiri, selemo le selemo e rema lifate se fetang tseo e li jalang; Soviet Union e qetile matla a mobu karolong tse peli ho tse tharo tsa masimo a eona a beang. ’Me ho tlalehoa hore le Fora ‘e senya mobu o nang le menontša, o hlahisitsoeng ke ho bokellana ha moiteli le ho lema lijo tsa liruuoa,’ ka ho sebelisa menontša ea lik’hemik’hale sebakeng sa menontša ea hlaho.”
Hape Dumont o nģosa lichaba tsa mesebetsi ka ‘ho senya’ planete ena ka ho senya moruo le ka tšoaro e mpe, a eketsa: “Re ile ra tšoara moruo oa lefatše hampe ’me re lokela ho tlosoa litulong tsa rōna tse phahameng.” O boletse hore mokhoa oa tsoelopele oa Bophirimela “o sentse moruo oa linaha tse fokolang moruong” ’me o tlositse batho masimong a bona le ho ba fallisetsa “metseng e futsanehileng” e ntseng e eketseha lichabeng tse kobo li mahetleng.
Haeba maemo a joalo a fana ka “mabaka a bohale” ho batho ba bonang kotsi, e tlameha e be mabaka ao a matla hakae ho Ea bōpileng planete ena? Ka baka leo Bibele e profetile nako e tlang ka potlako eo mesebetsi ea batho ea tšenyo e tla tlisa “bohale” ba Molimo, ’me ‘o senye ba senyang lefatše.’—Tšenolo 11:18.