Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 1/15 maq. 3-4
  • ‘Ho Bolela Molaetsa o Molemo’ ka Mesebetsi ea Ntlafatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Bolela Molaetsa o Molemo’ ka Mesebetsi ea Ntlafatso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa o Nang le Pale e Telele
  • Tšebeletso ea Ntlafatso—Kamoo e Amang Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Etsahala’ng Likolong Kajeno?
    Tsoha!—1996
  • Na Likolo li Nka Sebaka sa Batsoali?
    Tsoha!—1988
  • Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 1/15 maq. 3-4

‘Ho Bolela Molaetsa o Molemo’ ka Mesebetsi ea Ntlafatso

KUO TUNG, mohlankana oa Mobuddha oa Hong Kong, o ile a fumana thuto ea koleche. Hsiu Ying, ’mè e mong oa Taiwan, o ile a fumana thuso eo a neng a e hloka haholo bakeng sa mora oa hae ea neng a kulela lefu. Liketsahalo tsee tse peli tseo ho bonahalang ho se moo li amanang teng li tšoana ka eng?

Tlas’a maemo a tloaelehileng Kuo Tung o ne a ka ’na a hlōloa ke thuto ea koleche. Empa menyako e ile ea mo bulehela ka kereke eo a e kenang. Ka ho tšoanang, mokhoa oa phekolo o rarahaneng o neng o hlokoa ke mora oa Hsiu Ying o ile oa fumaneha feela sepetleleng sa kereke sebakeng sa habo. Hape, bothata bo rarolloa ka likamano le kereke.

Litaba tsa Kuo Tung le Hsiu Ying hase mekhelo ho hang. Batho ba likete-kete ba linaheng tse ntseng li hōla ba ’nile ba huleloa likolong, lipetleleng, mahaeng a likhutsana le libakeng tse ling tsa lithuso tse laoloang ke likereke. Ka tsela ena ba iphumanetse melemo e meholo ea lintho tse bonahalang. ’Me ha hona ho ntse ho etsahala ba bangata ho bona ba thusitse ho eketsa manane a litho tsa kereke ka hore ba kene likereke.

Mokhoa o Nang le Pale e Telele

Ha e le hantle, likolo le lipetlele tsa likereke ha li ncha. Ha e le hantle, ho tloha ha baromuoa ba qala ho romeloa linaheng tseo ba bang ba neng ba re ke tse hlaha tsa bohetene, ho ’nile ha talingoa likolo le lipetlele e le mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho kena libaka tse ncha le ho fumana ho tšeptjoa ke batho ba moo le ho fumana botsoalle ba bona.

Ka mohlala, ha e hlalosa boemo India mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, buka Nineteen Centuries of Missions (1899) e re: “Baromuoa ha baa tšoareha feela ka tieo mosebetsing oa boevangeli, empa ba boetse ba sebetsa ka thata ka katleho e hlokomelehang mosebetsing oa thuto, oa bongaka, le oa boitlami.” Phello ke efe? “Sebaka se seng le se seng sa boromuoa se na le likolo tsa sona tseo ho seng bana ba lulang ho tsona, likolo tsa mesebetsi ea matsoho le tseo ho luloang ho tsona, sekolo se phahameng kapa koleche, ’me hoo e ka bang tabeng e ’ngoe le e ’ngoe, seminari ea ho ithuta ka Molimo.”

Ha e hlalosa ka mosebetsi oa bongaka “tšebetsong e khōlō ea boromuoa,” buka ena e tsoela pele: “Ngaka e amoheleha ka linako tsohle, ’me ho lopolloa mahlabeng a ’mele ha ho susumetse tšepo ho ngaka feela empa hangata ho lateloa ke ho lumela bolumeling boo e bo rutang. Metse e meng e ee e etelloe pele e le motse kaofela hore e tlohele borapeli ba litšoantšo ’me e amohele thuto ea Bokreste ka lebaka la thuso ea meriana.”

Seo e bileng ’nete India e boetse ea e-ba ’nete linaheng tse ling tsa Bochabela bo Hōle, Amerika Boroa le Afrika. Khopolo ea ho bolela lentsoe ka mekhoa ea ntlafatso e ne e hahlametse. Mekhatlo ea boromuoa ea Europe le Amerika, ea Mak’hatholike le ea Maprostanta, e ile ea romela basebetsi libakeng tsena ’me ea hloma libaka tsa eona tsa boromuoa hammoho le likolo, lipetlele le mekhatlo e meng. Hona ho ipakile ho atleha haholo ho hohela batho ba libaka tsena hoo mesebetsi e joalo ea ntlafatso e ileng ea phakisa ea fetoha karolo e setsing ea mosebetsi oa boromuoa o tšeelitsoeng ke likereke tsena mose ho maoatle.

Ho theosa le lilemo mekhoa ena e tsamaisoang ke kereke e hōtse hore e be ea bohlokoa haholo ho batho ba metse eo. Likolo le liunivesithi tsa tsona hangata ke tsona tse ratoang haholo le tse batloang bakeng sa thuto e phahameng. Ka kakaretso, lipetlele tsa tsona ke tsona tse nang le thepa e ngata le ea morao-rao haholo. ’Me libakeng tse ngata, moo mebuso e phathahaneng ke mathata a boima a kahisano, lia amoheleha, haeba ho phaella moo e se tse hlomphuoang.

Ha ho pelaelo hore litšebeletso tse fanoeng ka lenaneo le joalo li felletse ka molemo o moholo bakeng sa metse eo li e sebeletsang ka tsela ena. Likolo le liunivesithi tse laoloang ke kereke li thusitse liithuti tse likete ka thuto eo ntle ho moo e neng e ka ’na ea e-ba pharela ho tsona. Lipetlele tse joalo le litšebeletso tsa bophelo li lopolotse batho ba se nang palo libakeng tse hōle le tse thōko. Ka mohlala, mosebetsi oa botho oa lithuso oa Albert Schweitzer le “Mè” Teresa, o tsebahala machabeng ’me ka bobeli ba fumane moputso oa Nobel oa Khotso.

Ka lehlakoreng le leng, motho o tlameha ho botsa: Na molaetsa oa ntlafatso o hlile o finyelletse sepheo sa oona? Na ba fumaneng melemo ka mesebetsi ea liphallelo ho ba entse Bakreste ba sebele? Na ho neile batho tumelo ea ’nete le tšepo ea ’nete? Habohlokoa haholoanyane, re tlameha ho botsa: Na ke sona seo Jesu a neng a se hopotse ha a roma balateli ba hae hore ba ‘bolele Evangeli lefatšeng’?—Mattheu 24:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela