Molimo O U Etselitse’ng?
BA BANG ba ka ’na ba arabela, ‘Letho! Ke tlameha ho sebetsa ka thata le ho itlhokomela.’ Haeba ke ka tsela eo u ikutloang ka eona, ak’u nahane hanyenyane. Ho tlile joang hore u be teng?
Likhoeli tse ka bang robong pele u hlaha, lintho tse peli tse nyenyane tse phelang li ile tsa kopana ka hare ho ’mè oa hao. Li kopane tsa bōpa ntho e ncha, ntho e phelang e ikhethang.
E khōloanyane ea lintho tsena tse phelang e ne e le lehe le loketseng kemolo, le lokiselitsoeng ke ’mè oa hao. Ntho e nyenyane e phelang e ne e le peō e tona e tsoang ho ntate oa hao—e nyenyane hoo, ho latela buka ea Sheila Kitzinger The Experience of Childbirth, haeba peō e tona kaofela e hlahisitseng batho bohle ba lefatšeng e ka beoa e bapisitsoe, e ne e ka “feta hanyenyane lisenthimithara tse 2,5.” Empa hang hoba peō e tona ea ntate oa hao e phunyeletse lehe le loketseng kemolo la ’mè oa hao, paterone ea seo u tla ba sona e ile ea boptjoa ’me u ile ua emoloa!
Joale ha qala letoto la liphetoho tse rarahaneng ka mokhoa o phahameng. Li ne li “rarahane hoo, kamor’a ho ithuta ka lilemo tse fetang lekholo, litsebi tsa mahlale li ntseng li le hōle le ho li hlalohanya,” kamoo ho ngotseng Andrea Dorfman ho Science Digest.
E le mohlala oa khōlo e tsoelang pele e qakileng litsebi tsa mahlale, eena mongoli eo oa hlalosa: “Ho laola khōlo ke taba e rarahaneng ka ho tšoanang. Ka mohlala, letsoho le letona le le letšehali, a hlomela linameng tse bonojoana tse bolelele ba milimithara ’me ka leng le sa itšetleha ka le leng ho hang, empa a qetella a lekana ka bolelele. Lisele tsee li tseba joang hore ke nako ea ho khaotsa ho ikatisa? . . . Setho se seng le se seng ho bonahala se e-na le mekhoa e kahare ea ho laola khōlo.” Na ha rea thaba hore e be ho joalo?
Ke eng ho etsang le ho laola khōlo linthong tsohle tse phelang? Na ke matla a se nang kelello a bitsoang tlhaho? Na ke mokhoa o sa reroang o bitsoang ho iphetola ha lintho? Na hase ho hlakileng hore ho rarahana ho hlollang, ho se tšoane ho hoholohali, le libopeho tse ntle ka ho makatsang tsa bophelo qitikoeng ee e hohelang e ka ba feela mosebetsi oa ’Mōpi ea matla ’ohle? Kaha ho joalo, na ha rea lokela ho ikutloa re leboha haholo ka seo a re etselitseng sona?
Bopaki ba Kamehla ba Limakatso tsa Pōpo
Letsatsi le leng le le leng—le ka hora e ’ngoe le e ’ngoe—re rua molemo limakatsong tsa pōpo. Ka mohlala, ho etsahala’ng ha re robala? Ho sebetsa ha kelello le ha litšutšu ho fokotseha ka ho itlisang. Hona hase ka boikhethelo ba rōna, hobane hangata re khaleha re sa ho hlokomele. ’Me boroko bo monate bo khatholla hakaakang! Ba bang ba ka qeta libeke ba sa je, empa ba qetang matsatsi a fetang a mararo ba sa robale ba na le bothata bo boholo ba ho nahana, ho bona le ho utloa.
Hoba u tsohe hoseng, mohlomong motho e mong o u tlisetsa kofi e nokiloeng ka tsoekere. Tsoekere, e kileng ea haella e bile e le theko e boima, hona joale e ngata hoo re tšohang re nahanne ka eona. Empa e etsoa joang? E etsoa limeleng ke mahlaseli a letsatsi a etsang botala limeleng—tšebetso ea khanya ea letsatsi le metsi le moea o litšila. Ka nako e tšoanang ho hlaha moea o hloekileng e leng oa bohlokoa libōpuoeng tsohle tse phelang lefatšeng. Khanya ena e etsang botala limeleng ke mokhoa o rarahaneng ka ho fetisisa oo bo-ramahlale ba ntseng ba sa o utloisise ka ho feletseng. Buka The Plants (Life Nature Library) ea botsa, “Khanya ee e etsang botala limeleng e ho finyella . . . joang? Hona ho tšoana le ho botsa hore na bophelo bo qala joang—ho hang ha re tsebe.”
Mohlomong ha u ntse u phoka kofi ea hao, u hopola lenaneo la thelefishene la maobane ka shoalane. Ka mahlo a hao a kelello u ka bona lipono tsane tse thahasellisang hape. Li ile tsa fetisetsoa kelellong ea hao joang, li bolokoa moo joaloka moqolo oa filimi, e be joale li boetse li bapala e le hore u ka li hlalosetsa ba bang? Ntho e babatsehang, na ha ho joalo? Motho o fumane bohlale boo joang hore a ka etsa lintho tse hlollang tseo a li finyellang? Ka sebele hase liphoofolong. Na boko ba motho hase bo hlollang?
Ke qalong ea letsatsi feela. Empa ke lintho tse ngata hakaakang tseo re seng re ntse re lokela ho leboha ’Mōpi ka tsona! Empa ho na le tse ngata hape.