Ke Melemo Efe e Meng E Phallang e Tsoa ho Molimo?
NA U thabela lipalesa tse ntle, monko oa lirosa, lipina tsa linonyana? Na u ne u hloletsoe ke ha ngoana oa hao a qala ho bososela? Na ha u ananele menko e monate e lutlisang mathe? ’Me ke mang ea sa boheng mookoli, ho likela ha letsatsi ho khanyang, kapa linaleli bosiu ha le sele? Litokisetso tsa Molimo tse babatsehang ke tse sa feleng, na ha ho joalo?
Empa ho le joalo ho na le masoabi a maholo. Ho sa tsotellehe matla ao lefatše le nang le oona a ho fepa batho bohle, ba limillione baa lapa. Ba eketsehileng ba limillione ba bolaoa ke chefu ea tšilafalo. ’Me ba likete tsa limillione kajeno ba angoa ke tlōlo ea molao, meharo, boithati, le ho tšaba hore na bokamoso ekaba bo tla le life.
Kaha ’Mōpi o ’nile a fana haholo, ke hobane’ng ha ho hloka thabo ho le hongata hakaale? Qitikoe ena ke sebaka se babatsehang, seo re se etselitsoeng hore re se thabele. Empa lefatše—batho—le boemong bo soabisang. Ho baahi ba bangata ba lefatše, tebello ea bokamoso e lefifi, ea tšosa. Hobane’ng? Ho senyehile eng? Na Molimo o ile oa etsa motho eaba oa mo lahla? Na ho na le leseli boemong boo bo tsietsang? Na re na le tšepo leha e le efe bakeng sa bokamoso?
Mohloli oa Leseli le Tšepo
Lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng ho ile ha hlaha ngoana oa moshemane ea ikhethang—ea ikhethang hobane ’m’ae, Maria, e ne e le motho, ’me ntat’ae e le Molimo ka booona! Na ba bang ba re, ‘Ho ke ke ha etsahala’? Che, e seng ho Moqapi oa kemolo, Moetsi oa mekhoa eohle e rarahaneng ea bophelo. Moshanyana eo o ile a hōla ho ba “Jesu Kreste motho” ea phethahetseng.—1 Timothea 2:5; Mattheu 1:18-25.
E ne e le tsoalo e hopolehang. Ha e le hantle, lichaba tse ngata li lumela sena ka ho bea liketsahalo tsa histori tsa pele ho mehla ea hae e le B.C.—before Christ (pele ho Kreste). ’Me leha ho le joalo lilemo tsa hae tsa pejana o li qetile ka mokhoa o sa hlahellang e le motlatsi oa ’metli lapeng ha ntat’ae oa moholise Nazaretha. Ha feta lilemo tse mashome a mararo. Joale, Nōkeng ea Jordane, Jesu a itlhahisa ho ea etsa thato ea Molimo ’me o ile a kolobetsoa, ’me moea o halalelang oa Jehova Molimo o ile oa theohela holim’a hae. (Mattheu 3:13-17) Joale Jesu a qala phutuho e khōlō ea ho bolela le ho ruta. Joalokaha Esaia a profetile, “sechaba se neng se lutse lefifing, se bone leseli le leholo.”—Mattheu 4:14-17; Esaia 9:2.
Jesu o ile a fetoha Moruti ea tummeng haholo le ho hlomphuoa ka bophara ea kileng a ba teng. Ha ho moruti e mong oa motho ea kileng a ba le tšusumetso e matla hakana ho batho kapa ea kileng a fana ka leseli le lekana la moea le tšepo e kana ea moea. O ne a sebelisa buka efe ea ho ithuta? Bibele, kamoo e neng e le ka teng nakong eo—Mangolo a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.” Jesu o ne a a phelisa. Boprofeta bo bongata ba boholo-holo bo ile ba phethahatsoa ka eena. (Bapisa Mikea 5:2 le Mattheu 2:3-6.) O ile a tiisa tlaleho ea Genese mabapi le qaleho ea motho. (Genese 2:24; Mattheu 19:3-6) Jesu o ile a nka, a hōlisa le ho hasa hōle le haufi sehlooho se seholo sa Bibele—ho tumisoa ha Jehova ka ’Muso oa Molimo. (Mattheu 4:23; 6:10) Ho feta moo, litlaleho tsa bophelo ba Jesu Kreste le mesebetsi ea hae ke likarolo tse hlahelletseng tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, kapa “Testamente e Ncha.” E, Bibele ke mpho e babatsehang e tsoang ho Molimo, leseli le khanyang lefatšeng le lefifing le le masoabing.—Pesaleme ea 119:105.
Ke Hobane’ng ha Batho Ba le Mofere-fereng?
Na Bibele e arabela potso eo? E. E bontša hore e ne e se taba ea hore Molimo o lahlile motho, empa ho e-na le hoo, motho a lahlile Molimo. Hape, molao oa motheo oa bolokolohi ba ho ikhethela o ne o ameha. Batho ba ne ba sa bōptjoa joaloka liroboto, tseo ho kentsoeng hore li utloe. Re ka ikhethela ho utloa kapa ho se utloe.
Ha Molimo o bōpa batho ba babeli ba pele Paradeiseng e ntle ea Edene, e tlameha e be ba ne ba thabile hakaakang ba bile ba se na lipelaelo! Ho se ho kula, ho se tšabo, ho se ho tšoenyeha. Ho ne ho e-na le linonyana le liphoofolo tse ntle, hape ho e-na le lijo tse monate ka bongata. (Genese 1:26; 2:7-9) Leha ho le joalo, kamor’a nako, sera se sa bonahaleng sa hlahella. Sebōpuoa sa moea se matla sa e-ba le takatso, sa lakatsa ho laola lelapa la motho la kamoso. Se ile sa thetsa Eva ka ho ’molella leshano la pele, ’me Adama o ile a susumelletsoa ho se utloe taelo ea Molimo ea ho se je tholoana e thibetsoeng. (Genese 3:1-7) Joaloka ba bangata kajeno, batho ba pele ba ile ba nahana hore ba tla ‘iketsetsa ntho ea bona.’ Empa ka ho etsa joalo ha e le hantle ba ne ba ipea ka tlas’a taolo ea Satane, molimo oa tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho.—2 Ba-Korinthe 4:4.
Hona ha phahamisa khang e tšabehang le ea bohlokoa: Na motho a ka atleha ho ipusa ntle ho Molimo? Ho ne ho tla hloka nako e ngata ho arabela potso ena ka ho khotsofatsang. Ho sa le joalo, Adama le Eva ba ile ba tlameha ho fumana kotlo eo Molimo o ileng oa e bolela pele—lefu. ’Me kaha ba ne ba fetohile baetsalibe ba theohileng, ho bona le bana ba bona ho ne ho se na ea nang le tebello leha e le efe ea bophelo bo sa feleng ntle ho Molimo.—Ba-Roma 5:12; 1 Ba-Korinthe 15:21, 22.
Bokamoso bo Khanyang
Ho tloha mehleng ea Adama ho se ho hlahile meloko e mengata eaba ea fela. ’Me ponong ea litaba tsa batho e fetohang nako le nako, mefuta e mengata ea mebuso ea batho e lekiloe—ea bompoli, ea sechaba ka sechaba, ea bokomonise, le e meng. Empa kaofela e hlōlehile. Mathata a lipolotiki, a boahisane, le a machaba a ntse a eketseha; ho joalo le ka libetsa tse tšosang tsa tšenyo e tšabehang tse tšosang ka hore lefatše le ka ipolaea. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, bo-ralipolotiki ba Bophirimela ba ile ba tšepisa hore tlhōlo e tla tlisa tokoloho ho hlokeng le tšabong, empa ka bobeli lia eketseha.
Tharollo ke efe? Bothata bo boholo bo hloka pheko e khōlō—e seng ho ka tlaase ho ho hloekisoa ha lefatše lohle le ho tlisa lefatše le lecha. Ke mang ea ka finyellang hoo? Ka sebele e ke ke ea e-ba Machaba a Kopaneng kapa ho kopana hofe kapa hofe ho hong ha mebuso e meng ea lipolotiki e atisang ho roba litumellano tsa khotso le pele mesaeno e fopha! Empa e le feela batlamuoa ba se nang thuso litleneng tsa puso ea Satane. (1 Johanne 5:19) Ke Jehova feela, Ea Matla ’Ohle, ea ka tlosang Satane le bademona ba hae, a felisa lefatše la hona joale le senyehileng, ’me a tlisa le lecha le khanyang tlas’a ’Muso oa leholimo ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le Morena oa marena.—Mattheu 6:9, 10; Daniele 2:44; Tšenolo 20:1-3.
’Muso oo o tla finyella eng? Ke mang ea tla pholoha tlhoekisong ee e senyang ea lefatše, kapa Harmagedone? ’Nete e thahasellisang eo batho ba eketsehileng ba tlang ho e hlokomela ke hore puso ena ea leholimo e se e ntse e sebetsa ’me e lokisetsa batho hore ba pholohe Harmagedone! (Tšenolo 16:14-16) E tlameha ho ba batho ba mofuta ofe? Jesu Kreste o itse: “Ho lehlohonolo ba bonolo [ba mosa]; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” (Mattheu 5:5) Kahoo mono o ne a tiisa boprofeta bona ba boholo-holo: “Ha le e-so ho tle ho lōna, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:2, 3.
Hase hore ba bonolo ba tla pholoha Harmagedone feela empa, ka ho lula ba tšepahala ho Molimo, ba tla boetse ba rua bophelo bo sa feleng. Joang? Joalokaha ho se ho boletsoe, lelapa le leholo la Adama la litloholo le lahlehetsoe ke tebello ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la ho se utloe ha hae ha boetsalibe. Lefu le oetse moloko oohle oa motho ka Adama. Kaha e ne e le motho ea phethahetseng, ho ne ho hlokahala motho e mong ea phethahetseng ho lopolla, kapa ho rekolla, seo Adama a se lahlileng. Jesu Kreste o ile a koala sekheo seo ’me a fana ka bophelo ba hae “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Tokisetso ena ea topollo ke mpho e kholohali ea Molimo ho batho. E ke ke ea sebetsa feela ho ba pholohelang lefatšeng le lecha empa le ho ba tla beng ba tsoha bafung. Na hoo ho utloahala ho le hotle haholo? Jesu o itse: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.” Ke ntho e hlollang hakaakang! Ke thabo e kaakang ho baphonyohi ba Harmagedone, ba tlang ho amohela baratuoa ba bona ba tsoang bafung!—Johanne 5:28, 29.
Ke tebello le tšepo tse khanyang hakaakang! ’Me tsena kaofela li lokiselitsoe ke ’Mōpi ea lerato, Jehova, ka Mora oa hae ea ratoang, Jesu. Le hoja kajeno ho bonahala ho le lefifi hape ho tšosa, bokamoso bo tletse leseli le tšepo ho ba ithutang Bibele ’me ba nka bohato ka molaetsa oa eona o susumetsang. Re phela mehleng e hlollang. ’Muso oa Molimo o haufi. (Mattheu 24:33, 34) Rorisa Jehova, Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng”!—Jakobo 1:17.
Ha u ntse u thuisa ka litsela tse ngata tseo ka tsona re ruang molemo litokisetsong tsa Molimo le mererong ea oona, u ka ’na ua ikutloa u e-na le boikutlo bo tebileng ba teboho ’me u lakatsa ho bo bontša ka tsela e ’ngoe. Empa haeba u qala ho utloisisa le ho amohela tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso, u ka ’na ua ikutloa hore hoa hlokahala ho phenyekolla haholoanyane. Re u khothaletsa hore u hle u etse joalo. Tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo hammoho le libuka tse kang ena tse ka u thusang ho eketsa tsebo ea hao le kananelo ea hao bakeng sa merero e khanyang ea Molimo.
Ba seng ba kholisehile ka ho hlakileng hore ’Muso oa Molimo ke oona feela pheko malimabeng a lefatše ba ka ’na ba ikutloa joaloka mopesaleme ea bululetsoeng ea itseng: “Ke tla busetsa’ng ho Jehova? Melemo eohle ea hae e ho ’na.” (Pesaleme ea 116:12) Batho ba joalo ba tla fumana hore ho bolella ba bang ka seo Molimo o re etselitseng sona le bokamoso bo khanyang boo a bo tšoaretseng ba mo ratang le ho mo sebeletsa ho tlisa khotsofalo e tebileng le thabo ea sebele. Hobane’ng? Hobane, joalokaha Jesu a boletse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.
[Lebokose le leqepheng la 5]
JESU KRESTE—
◆ O phethahalitse boprofeta bo bongata ba boholo-holo, ka mohlala, Mikea 5:2; Mattheu 2:3-6
◆ O tiisitse tlaleho ea Genese ea qaleho ea motho—Mattheu 19:3-6
◆ O ile a hōlisa le ho hasa sehlooho se seholo sa Bibele, ho tumisoa ha Jehova ka ’Muso—Mattheu 4:23; 6:9, 10; Luka 8:1
◆ O rekollotse seo Adama a se lahlileng, bophelo bo phethahetseng ba botho, kahoo a nolofaletsa ba lumelang ho Eena ho fumana bophelo bo sa feleng—Johanne 3:16
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘U tla busetsa’ng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae?’