Na Bokreste ba ’Nete bo Hlahisa Batho ba Feteletsang Litaba?
BOKRESTE-’MŌTOANA bo bile le batho ba bona ba feteletsang litaba—ho tloha ho batho ba ichesang ka mollo lipontšong tsa nyatso tsa lipolotiki ho ea ho batho ba sitoang ho mamella ba nang le pono e fapaneng ea litaba tsa bolumeli. Ka mohlala, Ntoa ea pele ea Bolumeli e ile ea hlohlelletsoa ke Kereke e K’hatholike ho lokolla Jerusalema liatleng tsa batho bao e neng e ba talima e le bahedene. E ile ea qala ka lihlopha tse tharo tsa merusu tse sa khalemeloeng tseo ketso tsa tsona tse fetelletseng li neng li akarelletsa tlhaselo e sehlōhō ea Bajode Rhineland. Ha mabotho a sesole a Ntoa ena ea Bolumeli a atleha ho hapa Jerusalema, masole ana a bitsoang hore ke a Bokreste a fetola literata linōka tsa mali.
Bukeng ea hae The Outline of History, H. G. Wells o buile tjena ka Ntoa eo ea pele ea Bolumeli: “E ne e le polao e sehlōhō: mali a ba hlōtsoeng a ne a phalla literateng, ho fihlela banna ba qhafutsa ka har’a mali ha ba tsamaea. Ha bosiu bo oela fatše, ‘a lla ke thabo e khaphatsehang,’ masole a bolumeli a tla Nģalong ea mabitla a tsoa hatakela sehatelong sa veine, ’me a kopanya matsoho a oona a khenathetseng mali ho rapela.”
Ntoeng ea Bolumeli ea morao e ileng ea laeloa ke Mopapa Innocent III, Maalbigen le Mawalden a lutseng ka khotso, a neng a hanyetsa lithuto tsa Roma le liketso tse feteletseng tsa baruti, a ile a ripitloa. Mabapi le ho feteletsa litaba ho ileng ha bontšoa ho bona, Wells o ngotse: “Hona ho ne ho lekane bakeng sa kereke ea mopapa ea Lateran, ka hona re bona ntho e sa tloaelehang ha Innocent III a butsoela Ntoa ea Bolumeli khahlanong le litho tsena tse malimabe tsa lihlopha tse ikarotseng, ’me a lumella leloabe le leng le le leng ho kena lebothong la sesole . . . le tlhekefetso eohle e ka nahanoang har’a bafo ba lutseng ka khotso ka ho fetisisa ba Morena oa Fora. Ho bala litlaleho tsa makhopo le masetla-libete a ntoa ena ea bolumeli ke ho tšosang haholo ho feta tlaleho leha e le efe ea boshoela-tumelo ba Bakreste liatleng tsa bahedene.”
Pale ea Bokreste-’mōtoana e tletse litlaleho tsa batho ba feteletsang litaba, ’me hangata ba ’nile ba hlahisa litholoana tsa pefo. Kahoo re ka fihlela qeto ea hore ho feteletsa litaba ha ho hlahise litholoana tse ntle. New Standard Dictionary of the English Language (khatiso ea 1929) ea Funk le Wagnalls e hlalosa ho feteletsa litaba ka tsela e latelang: “Cheseho e senyekhenyekhe kapa e ferekaneng.” ’Me e tsoela pele ho e hlakisa ka mantsoe ana: “Ha ho na nako paleng e bontšitseng bokhopo bo boholo, bootsoa bo feteletseng, le ho feteletsa litaba ka tekanyo e khōlō ho feta ea lintoa tsa bolumeli.”
Ho boetse hoa thahasellisa ho hlokomela tlhaloso e fanoeng ea polelo “motho ea feteletsang litaba” ke Webster’s Third New International Dictionary, khatiso ea 1961. E re: ‘Motho ea feteletsang litaba—ka Selatine, ke ea susumelitsoeng ke molingoana. 1. o kenoe ke ho kang modemona; ea sa tsebeng ho ithiba: ea nang le cheseho e feteletseng, e ferekanyang, e hlantšang. 2. ea laoloang, ea bontšang, kapa ea khethollehang ka cheseho e tlolisang: ka mokhoa o senyekhenyekhe, ka mokhoa o se nang kelello; mafolo-folo a feteletseng, haholo-holo litabeng tsa bolumeli.’ Re ntse re nahana ka likhopolo tsena, na re ka re Bakreste ba ’nete ke batho ba feteletsang litaba?
Ho Khetholloa ka Litholoana
Joalokaha sefate se khetholloa ka litholoana tsa sona, le liphello tsa liketso tsa batho li khetholla hore na batho ba li hlahisang ke ba mofuta ofe. Jesu Kreste, Mothei oa Bokreste, o ile a supa sena. O itse: “Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate. Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.”—Mattheu 7:18, 20.
Jesu o ile a thea Bokreste ba ’nete e le sefate se monate. Kahoo, se ne se ke ke sa hlahisa litholoana tse mpe tsa ho feteletsa litaba. Ha ho mohla Jesu a kileng a phehella balateli ba hae hore ba itlhahise kotsi ’meleng kapa ba bang. Ho fapana le hoo, ha a qotsa o mong oa melao e ’meli e meholo, o itse: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Balateli ba hae ba ne ba lokela hore ba be mosa le ho lira tsa bona. Jesu o itse: “Ratang bao e leng lira ho lōna; ba le hloeang le ba etse hantle. Hlohonolofatsang le ba le rohakang, ’me le rapelle ba le tsohelang matla.”—Luka 6:27, 28.
Balateli ba ’nete ba Jesu ba ile ba tsoela bathong ba lichaba tse ngata tse fapaneng, e seng ka mollo le sabole, empa ka Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le ho ba phehella ka khotso. Ha ho mabotho a sesole a ileng a tsamaea le bona ho ea linaheng tse ling e le ho ea bolaea ka sehlōhō, ho hlokofatsa, le ho koetela bao ba hanang kolobetso ea Bokreste. Ho e-na le hoo, barutuoa ba Jesu ba ile ba latela mohlala oa hae oa khotso oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho bohle, ho ba khothalletsa ho nahanisisa ka boitsebiso bo fanoeng bo e-tsoa ka Mangolong. Litholoana tsa mosebetsi oa bona li ne li akarelletsa litholoana tsa moea oa Molimo—“lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22.
Ha hoa fapana kajeno. Bokreste ba ’nete bo ntse bo hlahisa litholoana tse monate. Sefate, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste, seo Jesu a se hlomileng lilemo tse kaholimo ho 1 900 tse fetileng se ne se le monate, ’me se ntse se le monate. Kahoo ha ho kamoo se ka hlahisang litholoana tse mpe, tsa ho hloka mamello, le tse mabifi tsa ho feteletsa litaba. Joale, ke hobane’ng ha ho feteletsa litaba e bile ho tloaelehileng hakaale har’a Bokreste-’mōtoana?
Moapostola Pauluse o ile a bontša hore ho ne ho tla ba le nako eo ka eona Bakreste-’mōtoana ba neng ba tla hlaha ka eona. Ba ne ba tla nka lebitso Bokreste empa ba sa tlo le phelela kapa hona ho hlahisa litholoana tsa lona tse monate. O ile a bolella baholo ba Efese: “Hobane kea tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lōna liphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape; le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:29, 30) Ho bakoenehi bana ho ile ha hlaha Bokreste-’mōtoana ka mekhatlo ea bona ea bolumeli e hlophisitsoeng e makholo-kholo e loantšanang e rutang lintho tse mpang li emeloa e le tsa Bokreste. Ha e le hantle, ke ‘lintho tse sothehileng,’ (NW) likhopolo tsa batho e seng ’nete ea Lentsoe la Molimo. Litholoana tse mpe tsa ho feteletsa litaba li iponahalitse har’a Bakreste bana ba bohata.
Na Cheseho ea Bokreste ke ho Feteletsa Litaba?
Ke ’nete hore ho feteletsa litaba ke mofuta o mong oa cheseho. Empa ho feteletsa litaba ke “cheseho e senyekhenyekhe kapa e ferekaneng,” cheseho e “se nang kelello.” Ho ke ke ha boleloa sena ka Bakreste ba ’nete.
Khafetsa, Bibele e eletsa Bakreste ho ba ba leka-lekaneng. Ka mohlala, Ba-Filippi 4:5, NW e re: “Ho leka-lekana ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” Hape Bakreste ba eletsoa “ho se nyefole motho, ho se rate ntoa, ho ba ba leka-lekaneng, le ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—Tite 3:2, NW.
Ka baka la hore Lipaki tsa Jehova li etela batho mahaeng a bona ho bua ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, li fapane le ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste. Ho cheseha hona tšebeletsong ea Bokreste hase motheo oa ho li talima e le tse feteletsang litaba. Ke cheseho e leka-lekaneng bakeng sa mosebetsi oo Jesu a o entseng le ho laela balateli ba hae hore ba o etse. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Motho ea behellang kathōko mabaka a mangata a botho a jang nako e le hore a ka nehelana ka nako e ngata ka hohle kamoo a ka khonang mosebetsing oa boboleli ba ’Muso hase ea feteletsang litaba. Ho e-na le hoo, o bontša kananelo ea hae ea hore ho potlakile ho thusa ba bang ho ithuta ka linnete tse tlisang bophelo tsa Lentsoe la Molimo ka nako e khutšoanyane e setseng hore mosebetsi ona o etsoe. Hona ke ho leka-lekaneng le ho molemo.
Ho e-na le hore e be mosebetsi oa ho feteletsa litaba o ntšang ba bang kotsi, tšebetso ena e haha tumelo ho Molimo le Lentsoeng la oona. E fana ka tšepo ho ba se nang tšepo, e tlisa tokoloho litumela-khoeleng tsa bolumeli le ho hlokeng tsebo, ’me e fetola batho ba bangata-ngata ba boitšoaro bo bobe le ba mabifi hore e be Bakreste ba hloekileng boitšoarong le ba nang le khotso. Litholoana tsena tse ntle li supa mokhatlo o motle o hlophisitsoeng.
Linaheng tse fetang 200, Lipaki tsa Jehova li boloka botšepehi ba tsona ’Musong oa Molimo, le hoja li thibeloa ke ba boholong libakeng tse ngata. Botšepehi ba tsona ho Molimo, ’Musi ea Phahameng, bo ke ke ba boleloa e le ho feteletsa litaba le hanyenyane. Ke eena ea Phahameng ka ho fetisisa, ’me haeba melao ea hae e hohlana le ea ’muso oa batho, Mokreste oa ’nete o tlameha ho mo utloa. Tlas’a mebuso ea batho, ka linako tse ling melao ea libaka e nkoa e sa sebetse hobane e hohlana le melao e kopanetsoeng ke linaha. Ka ho tšoanang, ho Bakreste ba ’nete melao ea batho ha e sebetse haeba e hohlana le ea ’Musi oa Bokahohle, Jehova Molimo. Kaha Mokreste oa ’nete a ke ke a utloa melao e ’meli e loantšanang, o etsa seo baapostola ba ileng ba se etsa. Ba itse: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Hona ke ho leka-lekaneng.
Ho leka-lekana ho tšoanang ho bontšoa ke Lipaki tsa Jehova mabapi le mekete ea sechaba le ea bolumeli e hohlanang le Lentsoe la Molimo. Hase ho feteletsa litaba ho hana ho kopanela ho seo ba bangata ka har’a naha ba se ketekang. Ho ba ba fapaneng ka baka la letsoalo la bolumeli ho bea Lipaki ka lehlakoreng le le leng le la Bakreste ba pele, ba neng ba sa kopanele meketeng e neng e tloaelehile mehleng ea bona. ’Me Lipaki tsa Jehova li thabela ho fana ka lebaka la Mangolo la ho se kopanele ha tsona.—1 Petrose 3:15.
Batho ba bang ba ka ’na ba nka Lipaki e le tse feteletsang litaba ka baka la ho hana ha tsona litšelo tsa mali, e leng mokhoa o amohelehang ho boholo ba lingaka. Le mona hape e ntse e le taba ea ho utloa molao oa Molimo. Balateli ba ’nete ba Jesu Kreste ba laeloa ho “tela . . . mali.”—Liketso 15:28, 29.
Na motho o feteletsa litaba ka hore, ka baka la letsoalo, a hane mokhoa oa phekolo ea meriana o amoheloang ka nako eo? Batho ba bang bao e seng Lipaki tsa Jehova ba hana litšelo tsa mali ka baka la ho tšaba ho tšoaetsoa AIDS kapa mafu a mang. Kahoo na ke ho hloka kelello hore Lipaki li kōpe phekolo ea meriana e seng khahlanong le matsoalo a tsona?
Joale, ho lokela hore ho etsoe qeto efe ka see? Ea hore Lipaki tsa Jehova hase tse feteletsang litaba kahobane li fapane le batho ba bangata ’me li tsitlallela ho utloa Molimo. Le hoja li e-na le cheseho ho Molimo, ha li na “cheseho e senyekhenyekhe kapa e ferekaneng” joalokaha eka li kenoe ke modemona; kapa hona hore li bonahala li “feteletsa, li ferekane,” kapa “li hlanya.” Ha ho mohla li eeng li hlahise ba bang kotsi ka mabifi kapa li itlhahise kotsi ka baka la cheseho ea bolumeli. Ho e-na le hoo, tumellanong le seo Bibele e se bolelang ka Bakreste ba ’nete, li ‘lula ka khotso le batho bohle.’—Ba-Roma 12:18.
Kahoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste 00 Jesu a ileng a o thea lekholong la pele la lilemo joaloka sefate se monate o sa ntse o tsoela pele kajeno o hlahisa feela litholoana tse monate. Kahoo, ho ke ke ha etsahala hore Bokreste ba ’nete bo hlahise batho ba feteletsang litaba.
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Ha ho na lebaka la ho talima Lipaki tsa Jehova e le batho ba feteletsang litaba ka baka la cheseho ea tsona tšebeletsong ea Bokreste