Tšepa Jehova—E Seng “Phetohelo!”
1. Boemo ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang e ne e le bofe ka Ntoa ea I ea Lefatše?
NAKONG ea Ntoa ea I ea Lefatše, maemo a batho ba Molimo a ile a thefuloa haholo ke bokoenehi bo feletseng. Mahloriso a neng a hlohlelletsoa ke lira tsa bolumeli le oona a ile a ba tukela. Ntlo-kholo ea bona e Brooklyn, New York, e ile ea koaloa. Ho feta moo, ba ne ba hloka thuso ea mookameli oa Mokhatlo, mongoli-ramatlotlo, mookameli oa ofisi, setho sa bongoli sa bohlophisi, le baemeli ba bang ba bane ba Mokhatlo—bao kaofela ba ileng ba kenngoa teronkong e khōlō e tšehetsang ’muso Atlanta, Georgia. Ho ne ho bonahala eka bofelo bo fihlile ho Liithuti tsa Bibele tse tsoetsoeng ka moea le hore khanya ea tsona ea leholimo e ne e le haufi. Empa ho ne ho se joalo!
2. Ke boprofeta bofe ba Esaia bo bileng le tšebeliso ea kajeno ka 1919?
2 Ha e le hantle, selemo ka 1919 lipotso tse ileng tsa botsoa ke moprofeta Esaia li ka botsoa hape tšebelisong ea kajeno ea Esaia 66:6-8: “Lentsoe le lerata le tsoa motseng, lentsoe le tsoa tempeleng, ke lentsoe la Jehova ea busetsang ho lira tsa hae ka liketso tsa tsona. A e-so ho utloe bohloko, o setse a belehile; a e-so ho be matsoalo, o setse a hlahisitse mora. Ke mang ea utloileng taba e joalo? Ke mang ea boneng e tšoanang le eona? Na naha [boemo ba katleho e khanyang ea moea] e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na, ha e le mona Sione a tsoala bana ba hae kapele a sa qala ho utloa bohloko na?”
3. Ke bopaki bofe bo neng bo le teng ka 1919 ba hore Sione e ne e tsoetse bara le hore “sechaba” se secha se ile sa tsoaloa “hang”?
3 Joalokaha eka li tsositsoe bafung, Liithuti tsa Bibele tsa Machaba li ile tsa tšoarela kopano ea tsona ea pele ea kamorao ho ntoa Cedar Point, Ohio, ka la 1-8 Loetse, 1919. Mookameli oa Mokhatlo, mongoli-ramatlotlo, mookameli oa ofisi, le batšoaruoa ba bang ba pejana, ba ileng ba hlakoloa liqoso tsohle, ba ne ba le teng ketsahalong ena e thabisang. Ba teng kopanong ba ile ba thaba ha Mookameli Rutherford a phatlalatsa tokollo ea makasine e ncha, The Golden Age—e tsebahalang e le Tsoha! kajeno. Hape, ho ile ha kolobetsoa batho ba ineetseng bocha ba fetang 200. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa puso ea Molimo o ile oa phelisa bara ba oona hore ba phele bophelo bo sehlahlo mehleng ea kamorao ho ntoa. E, hoo ho ile ha hloka mehato e mecha, e phephetsang le ea ho bula maliboho ka lehlakoreng la “sechaba” se tsoetsoeng, joalokaha eka e bile hang ’me sa lula ‘naheng’ e tsoetsoeng hang.
4. (a) Lintho tsee kaofela li ne li lokela ho ba le phello efe ho “Babylona e Moholo”? (b) Ho senoloa ha boemo ba sebele ba “Babylona e Moholo” le matla a leholimo a phahametseng batho ke selelekela sa eng?
4 Boemo e ne e le bo phephetsang. Bo ile ba tšohanyetsa “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Litho tsa eona, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, li ile tsa tšoenyeha haholo. E ile ea ikutloa hore khotso ea eona e lukiloe. Tšireletseho ea eona e le e ipolelang hore ke eona feela ea ’nete lefapheng la tšebeletso ea bolumeli joale e ne e beiloe kotsing. E ne e tla pepesoa mabapi le kamano ea eona ea sebele le matla a phahametseng motho a leholimo, e seng le Molimo oa Bibele e Halalelang, empa le “molimo oa lefatše lena”—Satane, mohlohlelletsi oa Antikreste ea profetiloeng boprofeteng ba Bibele. (2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 2:18) Ho senoloa hona e ne e mpa e le selelekela sa mahlaba a eona a lefu. Joale Moahloli ea Phahameng oa bokahohleng o tla e nka ka ho toba ’me a e ahlole, a sa e fe monyetla oa ho pholoha ho baratuoa ba eona ba pele ba ratoang haholo hona joale, linyatsi tsa eona tsa bopolotiki.
5. (a) Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo tla tsometsoa bo sa itebela, hona Molimo oa Bibele o bo talima joang? (b) “Babylona e Moholo” ha e bone eng?
5 Esita le Bokreste-’mōtoana, bo nang le Bibele e profetang lintho tsena kaofela, bo tla fumanoa bo sa lebela. Bo tla tšepa khoeletso ea “khotso le tšireletseho” tse tlang joalokaha li reriloe ke lichaba tseo bo ’nileng ba li etsetsa litšebeletso tsa bona tsa bolumeli. Ka nako e tšoanang, likereke tsa bona li tsamaisa sekotlolo sa koleke, li ithuisa ka menehelo e tšetsoeng ka moo. Leha ho le joalo, ho Molimo oa Mangolo a Halalelang, bo ‘futsanehile, bo foufetse hape bo feela.’ Ha bo tšepe Jehova, leha e le hore bo itšebelisetsa melemo ea sebele ea moea eo a fanang ka eona. (Tšenolo 3:17, 18) Ha bo bone mongolo o leboteng. Re bolela eng ka see?
Mongolo o Leboteng oa Hlaha
6. Joale ke ’muso ofe oa lefatše oa boholo-holo oo re o hopolang, ’me batho ba tšoantšetso ba Jehova ba ne ba tsoella joang ka nako eo?
6 Hore re tle re utloisise, re tlameha ho hetla morao lihoreng tsa ho qetela tsa ’muso oa boraro oa lefatše oa pale ea Bibele, Babylona, mabopong a Nōka ea Eufrate. Belshatsare e bile ’musi oa ho qetela Babylona, e neng e kopanyelletsa le setša sa Tora ea Babele, moo Molimo o matla ’ohle o ileng oa ferekanya puo e le ’ngoe ea liahi, o li qhalakanya. (Genese 11:1-9) Nakong ea lihora tsa ho qetela tsa Babylona, batho ba Jehova ba tšoantšetso, Bajode, e ne e le batšoaruoa ba kholehong naheng eo ea bohetene. Empa lilemo tsa bona tse 70 tsa ho ba kholehong li ne li le haufi le ho fela.
7. (a) Ke hobane’ng ha Morena Belshatsare a ile a tšoarela mahosana a hae mokete ka tšepo e feletseng? (b) Ho ile ha etsahala eng nakong ea mokete, hona e le ka phello efe ho morena?
7 Bamede le Bapersia ba kopaneng, ba neng ba lokela ho etsa ’muso oa bone oa lefatše oa pale ea Bibele, ba futuhela motse oa Babylona o sirelelitsoeng ka marako a phahameng le oo ho bonahalang o ke ke oa kenoa. Nōka ea Eufrate e ne e phalla har’a motse ’me e na le maliboho a maiketsetso mabopong a eona e leng moo mamati a buloang hare a koporo a marako a motse a neng a buloa teng. Ka tšepo e feletseng tšireletsehong ea motse, Morena Belshatsare a etsetsa “mahosana a hae a sekete mokete o moholo”—mokete o ipakileng e le oa hae oa ho qetela. Ka tšohanyetso, ka pel’a mahlo a Belshatsare, mane leboteng ha hlaha letsoho le tsamaeang. ’Me la ngola leboteng mantsoe ana a boprofeta “MENE MENE, THEKEL, UPHARSIN.” (Daniele 5:1, 5, 25) E ne e le bosiu ba la 5 Mphalane, 539 B.C.E. Mantsoe ao a ba le tšusumetso e tšosang. Morena Belshatsare a thothomela ke tšabo. Butle hanyenyane! Fumanang banna ba bohlale—lilaoli le balepi ba linaleli ba tummeng ka hore ba khona ho hlalosa lipontšo le meeka. Empa tlhaloso ea mantsoe ana a mohlolo, ao ba neng ba sa khone le ho a bala, e ne e ba phahametse. Joale ho ne ho tla etsoa joang?
8, 9. (a) E le mohloli oa ho qetela, ke tsela efe e ileng ea buelloa ho morena? (b) Daniele o ile a hlalosa mongolo o leboteng joang? (c) Ke hobane’ng ha mokete o moholo oa Morena Belshatsare o ile oa fella ka boprofeta bo lemosang ka koluoa e joalo?
8 Latang Mojode. Eng? Mojode? E, e mong oa mahosana le bahlomphehi, ea latiloeng Jerusalema naheng ea habo ’me a tlisitsoe ke ’Musi Nebukadnezare Babylona ho tla koetlisetsoa tšebeletso ea ’muso. Joale, e le thuso ea ho qetela, ke eona ntho e molemohali e neng e ka etsoa. Daniele o ile a buelloa ke mofumahali ’mè oa morena e le monna ea bohlale—monna ea neng a khona ho hlalosa lintho le ho li rarolla. (Daniele 5:10-12) Re ka utloa ho khutsa ho bileng teng ka kamoreng ea mokete ha Daniele, tumellanong le kōpo ea Morena Belshatsare, a tsoela pele ho hlalosa mantsoe ao a mohlolo ho ’musi oa ’muso oa boraro oa lefatšeng paleng ea Bibele le ho mahosana a hae.
9 Daniele a tsoela pele ho re: “Ke ka baka leo letsoho leo le rometsoeng ke oona ho tla ngola lengolo leno. Hlaku tse ngoliloeng ke tsona tsena: MENE MENE, THEKEL, UPHARSIN. Koahollo ea lihlaku tseno ke eona ena: MENE (baliloe) ke ho re: Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse. THEKEL (lekantsoe): U lekantsoe ka sekala, ’me ha fumanoa u le chatsi. PERESa (karolo): ’Muso oa hao o arotsoe, ’me o neiloe ba-Mede le ba-Persia.” (Daniele 5:24-28) Morena Belshatsare le mahosana a hae le metsoalle ea bona ea basali ba ne ba ntse ba bontša ho nyelisa borapeli ba Molimo oa Daniele ka boomo le ka ho hloka hlompho. Joang? Ka ho noella veine mehopeng ea gauda e neng e hapiloe tempeleng ea Jehova Jerusalema nakong ea timetso ea motse oo o halalelang ka selemo sa 607 B.C.E. Hoo ho ne ho tšoana le ho thonkha leqeba.—Daniele 5:3, 4, 23.
Cyruse ea Profetiloeng oa Busa
10, 11. (a) Jehova o ne a profetile hore e tla ba mang mohapi oa Babylona, ’me Esaia o ile a hlalosa tlhōlo e tlang joang? (b) Jehova o ile a phethahatsa boprofeta boo joang le ho tlisa kotlo e loketseng Morena Belshatsare le mahosana a hae?
10 Ho Esaia 45:1-3 Molimo o Holimo-limo o ile oa profeta: “Jehova o bolela ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo a mo tšoereng ka letsoho la hae le letona, ho hlōla lichaba pel’a hae, ho tlamolla linyepa tsa marena mathekeng a ’ona, le ho bula menyako pel’a hae, hore menyako e se ke ea koaloa, o re: Ke tla u etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ea koporo, le ho roba mekoallo ea tšepe. Ke tla u nea maruo a bolokiloeng nģalong tse ntšo, le tse patiloeng sephiring, u tle u tsebe hobane ke ’na Jehova, Molimo oa Iseraele, ea u bitsitseng ka lebitso la hao.”
11 Ho phethahatsa boprofeta bona, Jehova a kenya kelellong ea Cyruse Mopersia hore a khelose metsi a Nōka ea Eufrate ’me a a khelosetse letšeng le sebakeng seo. Joale, hoba nōka e horuloe, e le bosiu, mabotho a Cyruse a tsamaea lehlabatheng ka nōkeng ’me a ba a fihla hare ho motse. Kaha mamati a buloang hare a okametseng metsi a ne a siiloe a bulehile, mabotho ao a hloa mabopo a nōka ’me a kena sebakeng sa mokete, ’me a hlōla balebeli. Kahoo mokete oa Morena Belshatsare oa fella habohloko e le kotlo e mo loketseng le mahosana a hae—ka baka la ho tšoara ha bona ‘Morena oa maholimo’ ka lihlong, nyeliso le ho hloka hlompho ka ho sebelisa hampe mehope ea tempele e utsoitsoeng sebakeng se halalelang seo Jehova a lulang ho sona Jerusalema.
12. (a) Kaha Esaia o ile a profeta hore Cyruse e ne e tla ba mohapi oa Babylona, ke hobane’ng ha Daniele a abela ho haptjoa ha Babylona ho Dariuse Momede? (b) Dariuse le motsoalle oa hae Cyruse Mopersia, ba ne ba tšoantšetsa bo-mang?
12 Temana ea ho qetela ea Daniele khaolo ea 5 e bolela hore kamor’a hore Morena Belshatsare a bolaoe, Dariuse Momede o ile “a inkela ’muso, a le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” Kaha Dariuse o ne a le moholo ho Cyruse Mopersia, Daniele o ile a abela tlhōlo ena ea Babylona ho morena enoa oa Momede. O ile a busa ho tloha ka 539 ho ea ho 537 B.C.E. e le ’musi oa borena holim’a ’muso oa Medo-Persia. O tšoantšetsa Jehova Molimo hantle. Motsoalle oa Dariuse, Cyruse Mopersia, o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste, e leng eo Jehova a tlang ho mo sebelisa haholo ho ketola le ho timetsa “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.
13, 14. Ntle ho pelaelo Daniele o ile a supisa Cyruse Mopersia eng, ’me buka ea Esdrase ea kamorao ho kholeho e qala joang?
13 Ha Cyruse a hloella teroneng holim’a Medo-Persia ka 537 B.C.E., ha ho pelaelo hore moprofeta Daniele o ile a mo supisa boprofeta ba Jehova ka eena joalokaha bo fumanoa ho Esaia 45. Buka ea Esdrase ea kamor’a kholeho eo e qala ka mantsoe ana:
14 “Ka selemo sa ho qala sa Cyruse, morena oa Persia, hore ho tle ho phethehe lentsoe la Jehova le boletsoeng [mabapi le lilemo tse 70 tsa kholeho (Jeremia 25:12; 29:10, 14)] ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ea Cyruse, morena oa Persia; eaba o tumisa kahohle ’musong oa hae ka mokhosi le ka mangolo taba e reng: Ho itsoe ke Cyruse, morena oa ba-Persia: Jehova, Molimo oa maholimo, o ’neile mebuso eohle ea lefatše; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ea Juda. Har’a lōna mang le mang eo e leng motho oa sechaba sa hae, Molimo oa hae o ke o be le eena, ’me a nyolohele Jerusalema naheng ea Juda, ’me a hahe ntlo ea Jehova, Molimo oa Iseraele; ke oona Molimo o leng Jerusalema.”—Esdrase 1:1-3.
Cyruse e Moholoanyane o Hapa “Babylona e Moholo”
15. (a) Cyruse oa sebele o qalile ho busa neng? (b) Lipaki tsa Jehova li nka boemo bofe bo sa sisinyeheng mabapi le bofetoheli le Machaba a Kopaneng, hona hobane’ng?
15 Cyruse e Moholo oa kajeno oa sebele o qalile ho busa ka 1914 qetellong ea “mehla ea lichaba,” joalokaha ho profetiloe ke Jesu ka boeena ho Luka 21:24. Ka ho hlokomoloha ka ho feletseng ’nete ena ea bohlokoa lefatšeng, lichaba tse kahare ho Machaba a Kopaneng li ile tsa bea maikutlo selemong sa 1986 e le Selemo sa Khotso sa Machaba sa tsona. Empa Lipaki tsa Jehova ho hang ha lia fumanoa li sa itebela tabeng ena. Ha phatlalatso e profetiloeng ea “khotso le tšireletseho” e qetella e entsoe, li ke ke tsa kopana le batšehetsi ba lipolotiki le metsoalle ea “Babylona e Moholo” ketekelong ea ketsahalo e joalo e finyelletsoeng nakong ena e morao haholo paleng ea lichaba tsa lefatše. Ha li buelle bofetoheli le Machaba a Kopaneng kapa mohloli o mong oa khotso. (Esaia 8:12) E le bohato bo khahlanong le hoo, ka mantsoe a Esaia 8:20 li re: “E-eang molaong le bopaking; ekare ha ho sa uoe ka lentsoe lena, etlaba sechaba ha se sa tla chabeloa ke tsatsi le leng.” ’Me ha li fana ka lebaka la boemo ba tsona bo sa sisinyeheng, li re: “Hobane Molimo o na le rōna.” (Esaia 8:10) Ka ho toba feela, hoo ho bolela hore Jehova Molimo ha a nke karolo mehatong ea bopolotiki e nkiloeng ke lichaba molemong oa “khotso le tšireletseho” empa, ho e-na le hoo, ntle ho pelaelo o khahlanong le tsona.
16. Mantsoe a boprofeta ho Tšenolo 17:16, 17 a tla phethahatsoa joang ka ho feletseng, hona e le ka phello efe ho batho ba Jehova?
16 Ka ho sebetsa ka bohlale bo boholo, Jehova, ka Cyruse oa hae e Moholoanyane, o tla kenya lipelong le likelellong tsa baeta-pele ba lipolotiki ba lefatše hore ba fetohele “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Joalokaha eka ke ka linaka tsa sebata se mabifi, ba tla e hlaba ho fihlela e shoa. Lentsoe la boprofeta ho Tšenolo 17 le tla phahamisoa ka ho feletseng, ’me Lipaki tsa Jehova tse lefatšeng li tla thabela sena.—Tšenolo 17:16, 17; 19:1-3.
Ho Boloka Kamano Ea Rōna E Nepahetseng Le Jehova
17. Le hoja Lipaki tsa Jehova e se karolo ea “Babylona e Moholo,” babusi ba lefatše ba tla etsa eng?
17 Joale, le hoja Lipaki tsa Jehova e se karolo ea “Babylona e Moholo” empa e le ba e senolang pepenene, hape le hoja li sa ka tsa nka karolo litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena, litho tseo tsa lipolotiki tseo e seng tsa bolumeli li tla fetohela Lipaki tse pholohang. Li ikemiselitse ho ba bahatelli ba nang le taolo ea bompoli holim’a likarolo tsohle tsa mokhatlo oa batho lefatšeng, li tla futuhela ka matla a feletseng Lipaki tse tšepahalang tsa Ea Phahameng, eo e leng Mohloli oa puso eohle e lokileng.
18. Jehova o tla ba le katleho efe e tšosang, e fetang hōle Moroallo oa mehleng ea Noe?
18 Joale ke mona moo ’Musi ea Matla ’Ohle oa leholimo le lefatše a tlamehang ho kenella ’me o tlameha ho etsa hore batimetsi bao ba “Babylona e Moholo” ba tsebe le ho utloisisa hore Molimo o bileng le Lipaki tsa lekholong la bo20 la lilemo ke Molimo oa sebele, Molimo o matla ’ohle—Molimo o lokeloang ke borapeli ba pelo eohle le bo sa arohang ba libopuoa tse tlaase mona lefatšeng, bonamelong ba maoto a hae. O tla etsa sena ka mokhoa o tšabehang hoo Lipaki tsa hae tse shebelletseng li tla sala li ahlame ke ho makala ka ho feletseng. O tla bontša bohlale ba hae boo ho seng bo bo fetang le bo khanyang ba ntoa ho ea tlhōlong ea bomolimo. (Tšenolo 16:14, 16; 19:19-21) Hoo ho tla bolela ho fela ha tsamaiso ena e khopo ea lintho e laoloang ke Diabolose ka katleho e tlang ho feta ea Moroallo o timetsang lefatše oa mehleng ea Noe.
19. Jehova o tla ba le lipaki life mabapi le ho itlotlisa ha hae e le Morena oa Bokahohleng, ’me hoo ho tla bontša eng?
19 Feela joalokaha Jehova a bile le lipaki tse pakang ho fela ha lefatše leo la khale ka Moroallo o ileng oa qoelisa batho bohle ba kantle ho areka, ka tekanyo e fetang eo hōle, o tla ba le lipaki tsa hae tse mona tlase lefatšeng mabapi le ketso ena e ke keng ea hlola e phetoa ea ho itlotlisa e le Morena oa Bokahohleng. (2 Petrose 3:6, 7, 13, 14) Bana e tla ba ba mo tšepang bakeng sa khotso le tšireletseho har’a lefatše lena le ahlotsoeng. U tla thaba ha u balelloa har’a Lipaki tseo tse hauhetsoeng ka mohlolo. Khotso le tšireletseho tsa hao li tla be li bontšitsoe li tsoa ho Jehova Molimo e seng ho mokhatlo leha e le ofe, kapa bofetoheli, ka mebuso ea lipolotiki ea tsamaiso ena ea lintho e laoloang ke Diabolose.
20. Jehova o tla hlaha joang, hona re ikemiselitse ho etsa joang?
20 Jehova Molimo o tla hlaha ka khanya e le eena Ea nang le tokelo ea ho rapeloa le ho sebeletsoa e le Boleng ba Bomolimo bo phahameng—Molimo oa melimo, Eena feela eo mantsoe a mopesaleme ea bululetsoeng a neng a tobisitsoe ho eena: “Ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, e sa le u le Molimo.” (Pesaleme ea 90:2) Ka kananelo e hōlang kamehla, a re bolokeng tšepo ea rōna ho Jehova Molimo le kamano ea rōna le eena ka Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Upharsin” ke palo e ka bongateng ea lentsoe “Peres” ’me le bolela “likarohano.”
Na u sa Hopola?
◻ “Babylona e Moholo” ha e bone eng?
◻ Phello e tšabehang ea mokete oa Belshatsare e tšoantšetsa eng?
◻ Ke mang ea tla hapa “Babylona e Moholo”?
◻ Lipaki tsa Jehova li nka boemo bofe mabapi le bofetoheli le Machaba a Kopaneng?
◻ Ke hobane’ng ha bohle ba beang tšepo ea bona ho Jehova bakeng sa khotso le tšireletseho ba tla thaba?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Daniele o hlalosa mongolo oa mohlolo e le molaetsa oa timetso bakeng sa ’muso oa Babylona