Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/1 maq. 21-23
  • Tokoloho ea Bolumeli E-ea Sireletsoa India

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho ea Bolumeli E-ea Sireletsoa India
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Kamoo Tseko e Hlahileng
  • Bana Khahlanong le ’Muso
  • Na ke Tšabo ea Bonngoe ba Sechaba?
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/1 maq. 21-23

Tokoloho ea Bolumeli E-ea Sireletsoa India

KA LA 11 Phato, 1986, Lekhotla le Phahameng la New Delhi le makalitse batho ba limillione. Ka nako e ’ngoe ha bochaba bo ne bo le matla, ba ’maloa ba ne ba lebeletse hore tokoloho ea malumeli a manyenyane e ke ke ea hlomphuoa. Empa kamor’a tlhahlobisiso ea linnete, lekhotla le phahameng la India le laetse hore bana ba Lipaki tsa Jehova ba ke ke ba qobelloa ho bina pina ea sechaba. Lekhotla la etsa qeto ena ea bohlokoa:

“Re khotsofetse hore, nyeoeng ena, ho lelekoa ha bana ba bararo sekolong ka lebaka la ho khomarela ka botšepehi tumelo ea bona, ho se kopanele pineng ea sechaba nakong ea thapelo ea hoseng le hoja ba eme ka tlhompho ha pina e binoa, ke tlōlo ea molao oa litokelo tsa bona tse lumelloang ke ‘tokoloho ea letsoalo le tokelo ea ho bua ka bolokolohi, ho sebelisa bolumeli le ho bo phatlalatsa.’”

Moahloli O. Chinnappa Reddy le Moahloli M. M. Dutt ba Lekhotla le Phahameng la India ebile baahloli ba neng ba mametse nyeoe e tsebisahalang ea Lipaki tsa Jehova ea ho se bine pina ea sechaba.

Kamoo Tseko e Hlahileng

Hoo e batlang e le halofo ea Lipaki tsa Jehova tse 8 000 India li fumanoa naheng e nyenyane ea Kerala karolong e ka boroa ea sechaba sena se seholo. Likolong tse ngata moo, pina ea sechaba e binoa kamehla. Tloaelo sekolong seo e ne e le hore liithuti tsohle li bine pina ea sechaba hammoho. Leha ho le joalo, bana ba Lipaki tsa Jehova, ba ne ba ema feela ha ba bang ba bina. Joaleka ha kahlolo ea Lekhotla le Phahameng e itse: “Ha ho ea khathatsoang. Ha ho ea tšoenyehang. Ha ho ea nahanang hore ke ho hlompholla kapa ho se rate naha ea habo. Bana ba tloheloe ka khotso litumelong tsa bona.” Bona e bile boemo bo lateloang ka lilemo.

Joale ha fihla Phupu 1985. Setho sa Lekhotla la Melao se ile sa phea khang hore motho ea hanang ho bina pina ea sechaba ha a rate naha ea habo. Ho ile ha latela puisano e ileng ea phatlalatsoa likoranteng tse ngata tse tsebisahalang naheng.

Balaoli ba likolo tse ngata Kerala, ba neng ba mamelletse bana ba Lipaki tsa Jehova ho fihla nakong eo, ba ile ba tšoha ka lebaka la khanyetso ena Lekhotleng la Melao le maikutlo a mabe a phatlalalitsoeng. Ka lebaka leo, bana ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba lelekoa likolong ka ho latelana.

Bana Khahlanong le ’Muso

V. J. Emmanuel, eo bana ba hae ba bararo ba banyenyane, Bijoe, Binu Mol, le Bindu, ba lelekiloeng sekolong, o ile a batla thuso ea molao. Mong. Emmanuel o ne a kholisehile hore molao o tla lumellana le eena. O tsebile hore, ho ea ka Karolo 25 (1) ea Molao-Motheo oa India, “batho bohle ba na le tokelo e lekanang ea tokoloho ea letsoalo le tokelo ea ho bua ka bolokolohi, ho sebelisa bolumeli le ho bo phatlalatsa.”

Qetellong Lekhotla le Phahameng la Kerala la mamela nyeoe ena, empa la hana boipiletso ba V. J. Emmanuel. Boo ebile bohato bo makatsang haholo hobane Molao-Motheo oa naha oa India ha o hlalose hore pina ea sechaba e tlameha ho binoa e le ho bontša hlompho. O mpa o hlalosa hore baahi ba lokela “ho mamela Molao-Motheo le ho hlompha melao le melaoana ea ’ona, Folaga ea Sechaba le Pina ea Sechaba.” Ha ho molao leha e le ofe o hatellang hore baahi bohle ba India ba bine pina ea sechaba.

Boipiletso bo ile ba etsoa Lekhotleng le Phahameng la India. Lekhotla le Phahameng, ha le etsolla seo le se buileng pele ho Lekhotla le Phahameng la Kerala le itse: “Lekhotla le Phahameng le ahlotse ka phoso ’me le tsoile lekoteng. Le hlahlobisitse ntlha e ’ngoe le e ’ngoe, le lentsoe ka leng la Pina ea Sechaba ’me le qeta ka hore ha ho lentsoe kapa mohopolo Pineng ea Sechaba o ka siteloang maikutlo a motho a bolumeli.” Joaleka ha Lekhotla la Naha le Phahameng le hlokometse ka ho nepahetseng hore, “eo hase eona taba.”

Taba ke ea bolumeli, e leng, tokelo ea batho ea ho fumana bolokolohi ba bona ba borapeli. ’Nete ke hore, Lipaki tsa Jehova ha li bine pina ea sechaba ea naha leha e le efe. Bonneteng, lipina tse joalo, ke lifela kapa lithapelo tse fetotsoeng lipina, ’me Lipaki tsa Jehova ka letsoalo le koetlisitsoeng hantle li hana ho li bina. “Ha li bine,” ho hlalositse moahloli oa Lekhotla le Phahameng la India, “ka lebaka la tumelo ea bona e tšepahalang hore bolumeli ba bona ha bo lumelle ho kopanela litšebeletsong tsa bolumeling leha e le life ha e se feela lithapelo tsa bona tse lebisoang ho Jehova Molimo oa bona.”

Ka ho hlakileng, Molao-motheo oa India o tiisa “bolokolohi ba puo le maikutlo,” bo kopanyeletsang bolokolohi ba ho thōla. Ke seo bana ba se entseng ha pina ea sechaba e ne e binoa thapelong ea hoseng sekolong—ba ne ba thōtse. Leha ho le joalo, balaoli ba sekolo Kerala, ba beile thibelo bolokolohing ba ho thōla. Empa taba e khōlō ke hore na thibelo e lumellana le litokelo tse sireletsoang ke Molao-Motheo kapa che.

Lekhotla le Phahameng le fihletse qeto tabeng ena: “Re ka bolela ka ho toba hore ha ho molao o qobellang motho leha e le ofe ho bina Pina ea Sechaba kapa ho nahana hore ke ho hlompholla Pina ea Sechaba haeba motho a eme ka hlompho empa a sa bine Pina ea Sechaba ha e binoa.”

Joaleka ha ho hlokometsoe pelenyana, Molao-Motheo, ho ea ka boikarabelo ba moahi e mong le e mong, ke ho ‘hlompha Pina ea Sechaba.’ Mabapi le hlompho e joalo, Molao oa Thibelo ea ho Tlontlolla Sechaba oa 1971 o re: “Mang kapa mang ea thibelang ho binoa ha Pina ea Sechaba kapa a baka tšitiso sebokeng sefe kapa sefe moo ho binoang pina e joalo o tla ahloleloa chankane lilemo tse tharo, kapa o tla lefisoa, kapa likahlolo ka bobeli.” Leha ho le joalo, bana ba Lipaki tsa Jehova, ha ba e-s’o thibele mang kapa mang ho bina pina ea sechaba. Ha ba e-s’o bake tšitiso leha e le efe sebokeng leha e le sefe moo ho neng ho binoa.

Na ke Tšabo ea Bonngoe ba Sechaba?

Khang e ’ngoe ea Naha ke hore ho bina pina ea sechaba ho ne ho hlokahala bakeng sa bonngoe le botšepehi ba naha. Leha ho le joalo, na ruri ho qobelloa ho bina pina ea sechaba ho hlile ho tlatsetsa bonngoeng ba naha kapa botšepehi ho baahi ba eona?

Ho khahlisang, pina ea sechaba ea India e ka puo e le ’ngoe feela ea naha, kahoo ha e utloisisoe ke Maindia a mangata. Ka hona, ho ba bangata, ho bina pina ea sechaba mohlomong ke ho hlokang moelelo ’me ke tloaelo e se nang seo e se bolelang. Lipaki tsa Jehova ha li kopanele litloaelong tse joalo. Li rapela Molimo oa tsona feela, Jehova.

Hape ho ile ha phehoa khang ka hore haeba Lekhotla le Phahameng le ne le ka ema ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova, ho ne ho tla bea tšireletseho ea naha kotsing. Empa Lipaki tsa Jehova India li a fokola ka palo, li ka ba feela 8 000. Na sehlopha se senyenyane hakaalo se ka ba kotsi sechabeng sa batho ba fetang limillione tse 800? Ho feta moo, Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng lohle ka botšepehi ba tsona le ho utloa melao ea mebuso ea moo li phelang.

Naheng ea Nigeria ’muelli oa molao o itse: ‘Lipaki ke baahi ba lefang lekhetho le ba utloang molao. Paki leha e le efe e ka tšepahalang bolumeling ba eona ho isa ntlheng ea ho mamella kotsi ea ho lahleheloa ke litokelo tse itseng, e tla tšepahala ka ho tšoanang linthong tse ling. Lebaka le etsang hore e hane ho utsoa chelete ea ’muso ha basebetsi ba bang ba binang pina ea sechaba ba utsoa chelete ke hobane Bibele e mo laelang hore a se bine pina ea sechaba e boetse e re a se utsoe.’

Polelo ea ho qetela e tšoaeang kahlolo ea Lekhotla le Phahameng ke ea bohlokoa. Le itse: “Re lakatsa feela ho eketsa: moetlo oa rōna o ruta mamello; likhopolo tsa rōna li ruta mamello; molao-motheo oa rōna o sebelisa mamello; a re se fokoliseng bohlokoa ba eona.” Na ’muso le baetapele ba tla ananela tlhahiso ena e molemo? Na qeto ea Lekhotla le Phahameng e tla lula e sa fetohe? Ke nako feela e tla bolela.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Bana ba bararo bao ka tlhompho ba hanneng ho bina pina ea sechaba

Lelapa le inehetseng la bana ba bararo

Lelapa lena leo re balileng ka lona nyeoeng, le ithutile Bibele, ’me la kolobetsoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela