Nyeoe E Ka Lekhotleng la Bokahohleng E U Amang
“Hlahisang nyeoe ea lōna, ho bolela Jehova; le tlise litaba tsa lōna.”—ESAIA 41:21.
1, 2. (a) Ke mang ea amehang nyeoeng ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea sebetsoa? (b) Ke eng e tsekoang?
HO THEOSA le histori ho ’nile ha e-ba le linyeoe tse se nang palo ka makhotleng. Ho tsena, ho ile ha hlahisoa lipaki ’me ha fanoa ka bopaki bo buellang lehlakore lena kapa le leng. Boholo ba linyeoe tsena li ne li ama batho ka bomong, ha tse ling li ne li ama lihlopha tse khōlō tsa batho. Empa linyeoe tsohle tse joalo hase letho ha li bapisoa le nyeoe e ka lekhotleng la bokahohleng e ntseng e sebetsoa hona joale. Ha ho bapisoa le tse ling ke nyeoe ea bohlokoa ka ho fetisisa historing e kileng ea e-ba ka lekhotleng. Liphello tsa eona li tla ama motho e mong le e mong lefatšeng, ho sa tsotellehe hore na o khetha ho ameha kapa che.
2 Motho ea hlahelletseng ka ho fetisisa nyeoeng ena ke motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, Jehova Molimo, “ea entseng maholimo, ea a phutholotseng, ea anehileng lefatše le limela tsa lona; ea neileng batho ba ho lona phefumoloho.” (Esaia 42:5) Ho tsekoa eng? Ho tsekoa bomolimo ba hae—ho loka ha puso ea hae ea bokahohleng bohle, ho akarelletsa lefatše le baahi ba lona. Ena e ka ’na ea bitsoa tseko ea bobusi ba bokahohleng.
3. Ke lipotso life tsa bohlokoahali tsekong ea bobusi ba bokahohleng?
3 Habohlokoahali tsekong ena ke lipotso tsena: Ke efe har’a melimo eohle e rapeloang e ipakileng e le e ka tšeptjoang hoo u neng u ka fanyeha bophelo ba hao le bokamoso ba hao ho eona? Ke efe eo kannete e kileng ea e-ba teng, ’me ke efe e neng e mpa e le lintho tse qapiloeng ke batho? Na ho na le Molimo oa ’nete, o phelang, o phahametseng tsohle o ka lopollang batho boemong boo ba leng ho bona ba tsieleho ’me oa tlisa ’muso oa mofuta o nepahetseng o tla tiisa khotso ea ’nete, tšireletseho, nala, le bophelo bo botle?
4. Ho ka thoe’ng ka ba ikutloang hore ha ho na tseko, kaha ba re ba se ba ntse ba lumela ho Molimo?
4 Batho ba bangata ba ikutloa hore ha ho na tseko bakeng sa bona, kaha ba re ba se ba ntse ba lumela ho Molimo. Empa na ba ka fana ka bopaki ba hore ka sebele molimo oo ba o rapelang ke Molimo oa ’nete, hore litšepiso tsa oona ke tse tšepahalang, le hore merero ea oona le melao ea oona e tataisa bophelo ba bona? Haeba batho ba joalo ba arabela ka hore e, joale ba lokela hore ba be ba khone ho arabela lipotso tsena: Ha e le hantle, ho na le bopaki bofe ba hore ho na le Molimo oa ’nete oo litšepiso tsa oona e leng tse tšepahalang? Morero oa Molimo bakeng sa batho le lefatše ke ofe? Re hokae kemisong ea Molimo ea nako, ’me bokamoso bo haufinyane bo re tšoaretse eng? O batla hore re etse eng re le batho ka bomong haeba re tla mo tšehetsa?
5. Batho ba ka bapisoa le bo-mang ha ba sa hlahise bopaki bo tšehetsang tumelo ea bona ho Molimo?
5 Batho ba bangata ba reng ba lumela ho Molimo ba sitoa ho arabela lipotso tsena ka mokhoa o khotsofatsang. Ba joalo ba ka tšoantšoa le ba neng ba ipolela hore ba lumela ho Molimo lekholong la pele la lilemo empa bao mesebetsi ea bona e neng e shanofatsa boipolelo ba bona. Lentsoe la Molimo ha le bua ka bona le re: “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso.” E, “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Tite 1:16; Jakobo 2:26) Kahoo, ba reng ba lumela ho Molimo empa ba sitoa ho fana ka bopaki bo tiileng bo tšehetsang hoo, ha ho kamoo ba fapaneng le batho ba makholong a fetileng a lilemo ba neng ba lumela ho melimo ea bohata eo e seng e le khale e nyametse hore e ka ba lintho tse rapeloang.
Linyeoe tse Fanang ka Mohlala
6, 7. (a) Hlalosa bolumeli ba Baegepeta ba boholo-holo. (b) Baiseraele ba ne ba ameha joang tsekong e pakeng tsa Jehova le melimo ea Egepeta?
6 Mohlala oa sena ke nyeoe e ileng ea hlahisoa khahlanong le melimo ea Egepeta ea boholo-holo hoo e ka bang lilemo tse 1 500 pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Baegepeta ba ne ba rapela melimo e mengata-ngata, ho akarelletsa liphoofolo tse kang poho, katse, khomo, koena, phakoe, sehohoana, phokojoe, tau, noha, lenong, le phiri. Boholo ba liphoofolo tsena li ne li talingoa e le melimo kapa melimotsana e nkileng sebopeho sa nama, ’me ho bolaea e ’ngoe ea tsona ka boomo ho ne ho tlisa kotlo ea lefu. Liphoofolo tse halalelang li ne li nokoa hore li se ke tsa senyeha ha li shoele ’me li etsetsoa liphupu tse khōlō.
7 Molimo oo Iseraele ea boholo-holo e neng e o rapela, Jehova, o ne o hanyetsa melimo eo kaofela. Moemeli oa oona, Moshe, o ile a romeloa ho kōpa Faro ho lokolla batho ba Jehova, ba neng ba le bokhobeng ka nako eo, kaha Jehova a ne a ba tšepisitse tokoloho. (Exoda 3:6-10) Empa Faro a phatlalatsa: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.” (Exoda 5:2) Faro o ne a kholisehile hore melimo ea Egepeta e ne e phahametse Jehova.
8, 9. (a) Jehova o ile a paka joang hore o phahametse melimo ea Egepeta? (b) Ha ho talingoa se ileng sa etsahala, ho ka thoe’ng ka melimo ea Egepeta?
8 Ke mang ea neng a tla ipaka e le Molimo oa ’nete ea neng a tla khona ho boloka litšepiso tsa hae ’me a khone ho sireletsa batho ba hae? Karabelo e ne e le haufi le ho hlaha. Jehova o ile a bolela esale pele: “Ke tla hlahisa likahlolo holim’a melimo ea Egepeta [kaofela, NW].” (Exoda 12:12) Na o ile a phethahatsa boprofeta boo? E! Jehova o ile a tlisa likotlo tse leshome tse senyang tse neng li reretsoe ho kokobetsa melimo ea Egepeta. Ho ne ho se le o mong oa melimo eo o neng o ka sireletsa Baegepeta. ’Me kotlo ea leshome e ile ea e-ba e totobetseng ka ho khethehileng, hobane e ile ea bolaea matsibolo a Egepeta, ho akarelletsa la Faro. Ena e ne e le kotlo e tobileng ho molimo oa bona o ka sehloohong Ra (Amon-Ra), kaha babusi ba Egepeta ba ne ba italima e le melimo ka bobona, bara ba Ra. Ho Baegepeta, lefu la letsibolo la Faro le ne le bolela lefu la molimo.
9 Leha ho le joalo, ha ho le le leng la matsibolo a Baiseraele le ileng la bolaoa, kaha a ne a sirelelitsoe ke Jehova. Hape, Jehova o ile a nea batho ba hae tokoloho eo a neng a ba tšepisitse eona. Hape e le kotlo ea ho qetela ho melimo ea bohata ea Egepeta, Faro le lebotho la hae—e mong le e mong oa bona—ba ile ba timetsoa Leoatleng le Lefubelu. Kahona Jehova o ile a ipaka e le Molimo oa ’nete. Litšepiso tsa hae ke tsona tse ileng tsa phethahatsoa, ’me barapeli ba hae ke bona ba ileng ba sireletsoa. (Exoda 14:21-31) Ka lehlakoreng le leng, melimo ea Egepeta e ne e se na matla a ho thusa barapeli ba eona. Ho ne ho se mohla melimo eo e kileng ea hla ea e-ba teng empa e ne e le lintho tse qapiloeng ke batho.
10. Ke tseko efe e neng e talimane le barapeli ba Jehova le Assyria?
10 Nyeoe e ’ngoe e amang bomolimo e ile ea hlahella hoo e ka bang makholo a robeli a lilemo hamorao, mehleng ea Morena Ezekiase.a Barapeli ba Jehova ba ne ba sokeloa ke ’Muso oa Lefatše oa Assyria o sehlōhō ka ho fetisisa o neng o hlōtse lichaba tsohle tse tseleng ea oona. Joale o ne o batla hore Jerusalema e inehele, motse oo ho oona ho neng ho e-na le ‘terone ea Jehova,’ e neng e emela borapeli ba hae lefatšeng. (1 Likronike 29:23) Morena oa Juda, Ezekiase, o ile a lumela hore Baassyria ‘ba ne ba timelitse linaha tseo tse ling kaofela ’me ba ne ba akhetse melimo ea tsona mollong, hobane e ne e se melimo, e mpa e le mosebetsi oa matsoho a batho.’—Esaia 37:18, 19.
11. Jehova o ile a pholosa barapeli ba hae joang, ’me hoo ho ile ha bontša eng?
11 Joale Ezekiase ea tšepahalang o ile a rapela Jehova, a kōpa tšireletso ea hae. Jehova o ile a tšepisa hore ha ho sebetsa le se seng sa Baassyria se neng se tla otla Jerusalema. (Esaia 37:33) Ho paka ’nete ea boprofeta boo, ha ho le se seng se ileng sa ho etsa. Ho fapana le hoo, “lengeloi la Jehova la tsoa, la bolaea batho ba likete tse lekholo le nang le mashome a robileng meno e le ’meli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assyria.” Kamor’a ho hlōloa hoo ho tlotlollang, morena oa Assyria, Sankeribe, a khutlela hae. Hamorao, ha a ntse a rapela molimo oa hae Nisroke, bara ba hae ba mo fenetha. (Esaia 37:36-38) Kahona Jehova o ile a boela a ipaka e le Molimo oa boprofeta ba ’nete o ka lopollang barapeli ba oona. Melimo ea Assyria le lichaba tse e potolohileng e ile ea ipaka e le ea bohata, eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng, e sitoang ho sireletsa balateli ba eona.
12. Belshatsare o ile a nyelisa Jehova ka tsela efe?
12 Hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo hamorao, Molimo oa lumella hore batho ba oona, ba neng ba sa tšepahale ba isoe botlamuoeng ke ’muso o hlahlamang oa lefatše, Babylona. Tšobotsi ea oona e hlahelletseng e ne e le melimo ea oona e mengata-ngata, melimotsana, le litempele tsa borapeli. Empa ka boikhantšo, morena oa Babylona Belshatsare a nyelisa Jehova. Ha a le moketeng o moholo, a laela hore ho tlisoe lijana tse halalelang tse neng li hapiloe tempeleng Jerusalema. “’Me morena, le mahosana a hae, le basali ba hae, le linyatsi tsa hae, ba e-noa ka mehope eo. Ba e-noa veine, ba ba ba roka melimo ea bona ea gauda, le ea silevera, le ea koporo, le ea tšepe, le ea mahong, le ea majoe.”—Daniele 5:1-4.
13. Jehova o ile a etsa hore Daniele a re’ng ho Belshatsare?
13 Hona e ne e le thohako e tobileng ho Jehova, phephetso ho eena ka lebitso la melimo ea Babylona. Joale Jehova a etsa hore moprofeta oa hae Daniele a fane ka bopaki ho Morena Belshatsare le ho bohle ba neng ba le teng moketeng oo. Daniele o ile a phahamisa bomolimo ba Jehova ’me a bolella Morena Belshatsare hore: “Ha ua ka ua kokobetsa pelo ea hao, . . . u ikhantšelitse Monghali oa leholimo, . . . ua ba ua roka melimo ea silevera, le ea gauda, le ea koporo, le ea tšepe, le ea mahong, le ea majoe, e sa boneng, e sa utloeng, e sa tsebeng letho, ’me Molimo o fuparetseng phefumoloho ea hao letsohong la oona, o busang tsohle tse tla u hlahela, ha ua ka ua o hlonepha.”—Daniele 5:22, 23.
14. Jehova o ile a bontša joang hore e ne e le Molimo oa ’nete?
14 Joale Daniele a fetisa molaetsa oa Jehova, e leng ona: Babylona le Morena Belshatsare ea ikakasang li ne li tla ketoloa ke Bamede le Bapersia bosiung bona boo! (Daniele 5:24-27) Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? E. “Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa, ’me Dariuse mo-Mede a inkela ’muso.” (Daniele 5:30, 31) Hape, joaloka ho Egepeta le ho Assyria, Jehova o ile a ipaka e le Molimo oa ’nete, Molimo o phethahatsang litšepiso tsa oona. Bahlanka ba Molimo ba ile ba rua molemo, hobane ba ile ba lokolloa botlamuoeng ’me ba khutlela naheng ea habo bona. Ba ileng ba phehella ho latela melimo ea bohata ba ile ba oela tlokotsing.
Boprofeta Bakeng Sa Mehla Ea Rōna
15. (a) Ke tšobotsi efe eo boprofeta bo bongata ba Bibele bo nang le eona? (b) Ke eng hape eo re buang ka eona ha re sebelisa lentsoe “molimo”?
15 Moprofeta Esaia o ne a bululetsoe ho tlaleha boprofeta bo ileng ba phethahala mehleng eo ea boholo-holo. Empa hangata boprofeteng ba Bibele, ho na le phethahatso e ’ngoe e kholoanyane e amanang le mehla ea rōna. Ho ne ho le joalo ka lintho tse ngata tseo Esaia a ileng a li ngola. Karolo ea molaetsa oa hae e ne e jere boprofeta mabapi le phephetso ea Jehova ea mehleng ea kajeno ho lichaba tsohle le melimo ea tsona. ’Me ka lentsoe “melimo” ha re bolele feela melimo eo batho ba e rapelang ka ho toba likarolong tsohle tsa lefatše, ho akarelletsa linaha tse bitsoang tsa bohedene kajeno, empa re bolela le lintho tse tšoanelang tlhaloso ea lentsoe leo. Tlhaloso ea buka e ’ngoe ea mantsoe e re lentsoe “molimo” ke: “Ea laolang karoloana e itseng kapa karolo ea ntho ea ’nete; motho kapa ntho ea bohlokoa bo phahameng ka ho fetisisa.”
16. Batho ba lichaba, ho akarelletsa Bokreste-’mōtoana, ba rapela melimo efe kajeno?
16 Ba nkoang e le melimo kajeno ba akarelletsa melimo e limillione e rapeloang ke Mahindu, ’moho le e rapeloang ke Mabuddha, Mashinto, batho ba lumelang hore moea o ka phela kantle ho ’mele oa nama, le batho ba bang ba tletseng cheseho e feteletseng ea bolumeli. E boetse e akarelletsa molimo oa lerato la lintho tse bonahalang, oo e leng eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho batho ba bangata lefatšeng, tšusumetso e ka sehloohong bophelong ba bona. E boetse e akarelletsa melimo ea matla a sesole le thuto ea mahlale eo lichaba li talimileng ho eona bakeng sa tšireletseho le ho bolokeha. Hape, batho ba bangata esita le Bokreste-’mōtoaneng ba reng ba lumela ho Molimo, ha ba hlile ha ba mo tšepe kapa hona ho mo sebeletsa ka botšepehi, empa ho fapana le hoo ba tšepa le ho sebeletsa batho kapa lintho tse itseng e le tsona tseo ba li tšepahallang ka ho fetisisa.
17. Phethahatso e kholoanyane ea molaetsa oa Esaia e supa ho eng?
17 Phethahatso e kholoanyane ea molaetsa oa Esaia e lebisitsoe ho melimo eohle e joalo mehleng ea rōna. Jehova o bolella lichaba hore li phuthehe hammoho ’me li “bue.” Oa li phephetsa: “A re kopaneng hammoho bakeng sa kahlōlo ka boeona.” (Esaia 41:1, NW) Kajeno, re phela nakong ea “kahlōlo” ea lefatše lena. Le “mehleng ea qetello” ea lona joalokaha ho boletsoe esale pele ho 2 Timothea 3:1-5 le Mattheu 24:1-14. Nakong ena Jehova o phephetsa melimo ea lichaba hore e bolele bokamoso ka nepo esale pele e le hore e ipake hore ke melimo. O boetse o e phephetsa hore e sireletse balateli ba eona haeba e ka khona. O re: “Hlahisang nyeoe ea lōna, . . . le tlise litaba tsa lōna . . . [le] re bolelle litaba tse tlang ho tla.”—Esaia 41:21, 22.
18. Molimo o matla ’ohle o itsebahatsa joang, ’me o tšepisa barapeli ba oona eng?
18 Molimo o matla ’ohle oa itsebahatsa hore na ke mang: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.” (Esaia 42:8) ’Me o bolella ba mo tšehetsang: ‘Le se ke la tšaba, hobane ke na le lōna; le se ke la tšoha, hobane ke Molimo oa lōna; ke tla le fa matla, ke le thuse.’ Oa ba tšepisa: “Bona, ba tla soaba, ba hlabisoe lihlong, bao e leng lira ho uena; ba u loantšang ba tla ba joale ka eka ba sieo, ba fele.” “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho . . . Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova.”—Esaia 41:10, 11; 54:17.
19, 20. (a) Esaia o bontša joang hore Jehova o na le nako e khethehileng ea ho lokisa litaba? (b) Ke bo-mang bao Jehova a ba hlahisang ‘mehleng ee ea qetello,’ ’me ba mo emela joang?
19 Ka nako e telele, makholo a lilemo, Jehova o ’nile a lumella lichaba hore li itsamaele ka litsela tsa tsona. Leha ho le joalo, nako ea hae e khethiloeng ea ho lokisa litaba lefatšeng e fihlile. Joale oa phatlalatsa: “E sa le ke khutsitse, ke ituletse, ke itšoere.” Empa joale, “Jehova o futuha joale ka mohale, o tsoha bohale joale ka motho oa ntoa, o etsa mohoo, o phahamisa litlatse tsa ntoa, o bontša lira matla a hae.” (Esaia 42:13, 14) Boprofeteng ba Esaia le ho ba lingoli tse ling tsa Bibele, ’moho le ho ba Jesu, Jehova o bolela esale pele hore o ne a tla hlahisa batho ‘mehleng ena ea qetello’ ho pakela ka cheseho, joalokaha eka ke lipaki nyeoeng ka lekhotleng.
20 Batho bao Jehova a ba hlahisang ho mo sebeletsa ba fana ka bopaki ba hore ke Molimo oa ’nete, Mopholosi oa barapeli ba hae le Moripitli oa melimo ea bohata le balateli ba eona. Batho ba Jehova kajeno ba ‘bina lithoko tsa hae ho tloha lipheletsong tsa lefatše, ho tloha lichabeng tsohle le lihleke-hlekeng, ho tloha liqhooeng tsa lithaba.’ (Esaia 42:10-12) Sena se phethahatsa boprofeta bo bong hape ba Esaia bo ileng ba bolela esale pele hore: “Mehleng ea bofelo [mehleng ea rōna], . . . thaba ea ntlo ea Jehova [borapeli ba hae ba ’nete] e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla [e be kaholimo ho mefuta e meng ea borapeli], ’me [batho ba tsoang har’a] lichaba kaofela [ba] tla phallela teng.” Empa ba phehella ba bang ho etsa joang? Ba kōpa ka ho phehella ba lipelo li tšepahalang: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esaia 2:2-4.
21. Phephetso ea Jehova ho melimo ea lichaba e hlahisa lipotso life?
21 Kahona, joaloka hoja a bua le ba ka lekhotleng la linyeoe, Jehova o re: “Lichaba tsohle a li ke li bokelloe hammoho ’nģalong e le ’ngoe, ’me lichaba li ke li phuthehe. . . . A li ke li hlahise lipaki tsa tsona, hore li tle li boleloe e le tse lokileng, kapa a li ke li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’” (Esaia 43:9, NW) Hona ke phephetso e tobileng ho melimo ea lichaba tseo. Na ho teng leha o le mong oa eona o ka bolelang se tlang kamoso? Na e ile ea khona ho etsa see nakong e fetileng? Na e ka fumana motho lea mong ea ka fanang ka bopaki bo tiileng ba hore melimo e joalo e ipakile e le ea ’nete, e tšoanelang hore re ka tšepahala ho eona? Ke tlaleho efe eo melimo ea lichaba tseo e faneng ka eona, le eo balateli ba eona ba faneng ka eona mehleng ea rōna? Na ho na le moo e bileng molemo teng ho feta eo melimo ea Baegepeta ba boholo-holo, Baassyria, le Bababylona e e hlahisitseng? Ka lehlakoreng le leng, na bao ba pakelang Jehova ba hlahisitse bopaki bo tiileng ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete, eena feela Ea tšoaneloang ke borapeli ba rōna? Sehlooho se latelang se tla tšohla litaba tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokollong ea January 15 ea Molula-Qhooa re ile ra bua kamoo Jehova a ileng a putsa tšepo eo Ezekiase a neng a e-na le eona ho eena. Liketsahalo tseo tse susumetsang le tsona li ne li ama bomolimo.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Tseko ea bobusi ba bokahohleng ke eng?
◻ Kajeno “melimo” ea lichaba e amehang tsekong ke efe?
◻ Ke phello efe ea linyeoe tse tharo tse fanang ka mohlala e bontšang hore Jehova o phahametse melimo ea bohata?
◻ Esaia o bontša joang hore Jehova o tla lokisa litaba mehleng ea rōna?
◻ Ke lipotso life tse lokelang ho arabeloa ke balateli ba malumeli ’ohle kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Melimo ea Egepeta e ne e se na matla pel’a Molimo oa ’nete, Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Molimo oa ’nete o ile oa nea melimo ea Assyria kotlo e tlotlollang ’moho le balateli ba eona
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Daniele o ile a fetisetsa molaetsa oa Jehova ho barapeli ba melimo ea bohata ea Babylona