Ho Nyarela ka Litabeng
“Ntat’a Rōna . . . ”
Basali naheng eohle ba ’nile ba bolella barapeli ’moho le bona hore ke ntho e tenang ho sebelisa ka ho khethehileng puo ea banna (‘Ntat’a Rōna ea Maholimong’) litšebeletsong tsa borapeli,” ho tlaleha Minneapolis Star and Tribune. “Basali ba re, e ba etsa hore ba ikutloe e le ba tlaasana, ’me ha ba tsebe ho buisana le molimo oa monna.” Ha lekhotla la tsamaiso la Kereke e Kopaneng ea Methodist Minneapolis, Minnesota, U.S.A., le tšehetsa tseko ena le khethile lethathama le lecha la mantsoe a lokelang ho sebelisoa ke litho tsa kereke ha li bua le Molimo lithapelong, litšebeletsong tsa borapeli, le mesebetsing e meng ea kereke.
Mantsoe a mang a sa bontšeng bong a lokiselitsoeng ke lekhotla la kereke ke “mohloli oa khotso, mohloli oa mohau, ea tšepahalang, le ea lerato, matla a bophelo ba rōna, . . . bohlale ba bokahohle, . . . ea phahameng le ea halalelang.” Tšebeliso ea mantsoe ana e tla khothalletsoa e le mokhoa o mong bakeng sa maemeli (a mabitso) a banna esita le mabitso a mang a kang Morena, le Ntate, a hlalosang Molimo e le e motona.
Leha ho le joalo, ho latola litšupiso tsa Bibele tse supang Molimo e le e motona ha li na mohlala oa nakong e fetileng. Nakoana pele Jesu, Mor’a ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo a shoa, ka ho tobileng o sebelisitse lentsoe la Searame Abba, le bolelang “Ntate,” ha a ne a rapela Jehova Molimo. (Mareka 14:36) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o sebelisitse lentsoe lena ho bontša kamano e haufi mahareng a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea le Ntate oa bona oa leholimo, Jehova. (Ba-Roma 8:15; Ba-Galata 4:6) Kahoo, haeba Jesu a rutile barutoa ba hae ho rapela hore, “Ntat’a rōna ea maholimong,” na kajeno Bakreste kaofela ha ba lokela ho etsa se tšoanang?—Mattheu 6:9.
Likereke li Molatong oa Chelete
Kamor’a seboka sa lekhotla la Kereke ea Dutch Reformed Transfala leboea, Afrika Boroa, ho tlalehiloe hore liphutheho tse 134 tsa kereke li na le molato oa R13 890 000. Ha moqolotsi oa litaba oa koranta ea Seafrikanse Beeld a hlalosa bothata bona, o botsitse: “Leha ho le joalo, na ka linako tse ling phoso ha se ea moruti le lekhotla la kereke?” ’Me koranta e tsoela pele ho hlalosa: “Hangata moliakone ke eena ea etsang liketelo tsa khoeli matlung a batho ho bokelletsa chelete, ’me moruti o tsejoa ka ho ba sieo ’me moholo enoa ea rometsoeng ho bokelletsa chelete ke motho ea sa tloaelehang sebakeng sa moruti. Na maemong a joalo, litho tsa kereke li lokela ho beoa molato ka ho ba le maikutlo a hore kereke e thahasella feela chelete ea bona e seng boiketlong ba tsona ba moea?”
Ho fapana le moo, tšebeletso ea Jesu le barutuoa ba hae e ne e hatella ho fana moeeng. (Mattheu 10:8) Le hoja ka boithatelo bamameli ba ananelang ba ne ba ba thusa ka litlhoko tsa motheo tse kang lijo le sebaka sa ho robala, Jesu le barutuoa ba hae ha ba ka ba batla melemo ea lintho tse bonahalang. (Luka 10:5-9) Joaloka ha moapostola Pauluse a boletse: “Ha ke ea ka ka lakatsa silivera, leha e le gauda, leha e le kobo ea e mong.” Ho e-na le hoo, o elelitse bahlanka ba ’nete ba Molimo hore “bophelo ba lōna bo se ke ba busoa ke ho rata chelete.” Maeto a hae a ntlo le ntlo a ne a etsuoa hore a ‘khothaletse ho sokolohela ho Molimo, le ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ (Liketso 20:20, 21, 33; Ba-Heberu 13:5, TLP) Ke baetapele ba mehleng ea hae ba hlalositsoeng ke mongoli oa Bibele Luka e le “ba ratang chelete.”—Luka 16:9-15.
Boithabiso bo Fosahetseng
Bakeng sa boithabiso, barutoana ba Jeremane Lahnstein ba qala ho etsa hore meea ea bonohe e bue ka ho sebelisa galase ea metsi e tsamaeang ho tloha ho tlhaku e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, e “ngola” molaetsa. Phello ebile efe?
“Bana ba lilemo li 15, ba ne ba tšaba ho ea ka kamoreng ea ho hlapela ba le bang, ba bua ka ho ferekaneng ka mademona. Bosiu, bacha ba batla ho robala le batsoali ba bona,” ho tlaleha koranta ea Jeremane Rhein-Zeitung. Tšabo e ile ea bonahala har’a ba bangata bao “libokeng tsa sekhukhu ba sebelisaneng le meea ’me qetellong le ‘Lucifer.’” Ha a bua ka karabelo ea bana “ho nahanoa hore ‘Lucifer’ o ile a kopana le bona,” tichere e ’ngoe e hlokometse: “Esita le bana ba bohale ka tšohanyetso ba ile ba ikokobetsa haholo. Ba ne ba tšohile haholo.” Kamor’a phihlelo eo, setsi sa bacha sa motse se thibetse “papali” e joalo, ’me batsoali ba kōpiloe hore ba se siee bana ba bona ba tšohileng ba le bang.
Ho ea ka koranta, “leqhubu la bonohe le fetela libaesekopong, TV, le lirekotong.” Leha ho le joalo, ho bapala ka bonohe e le boithabiso ha ho a neha bana ba Lahnstein thabo eo ba neng ba e batla. Hobane’ng? Hobane Bibele e re bolella hore Diabolose o mano ’me o ‘thetsa lefatše kaofela.’ E amahanya mosebetsi oa Diabolose lefatšeng le “bomalimabe.” Satane le ‘meea ea hae e bolotsana’ (mademona) ba lokela ho nkuoa e le kotsi ea sebele ea moea, ’me ba lokela ho qojoa.—Tšenolo 12:9, 12; Ba-Efese 6:11, 12; bapisa Liketso 19:19.