Sehleke-hleke sa Thursday Se Utloa Litaba tse Molemo
HA SEFOFANE se ntse se pota-pota, sohle seo re ka se bonang ke sehlotšoana sa lihleke-hleke ka boholo le libopeho tse fapaneng bolibeng bo boputsoa ba metsi a leoatle. Ha re atamela fatše, re bona lebala la lifofane—le lesesaane hakaakang—empa ebile ho khathollang hakaakang!
Ra fihlela Sehleke-hlekeng sa Horn. Kamor’a leeto la bese ho ea koung ea likepe, seketsoana sa re isa Sehleke-hlekeng sa Thursday, bohareng ba Lihleke-hleke tsa Torres Strait. Lihleke-hleke tsena tse nyenyane li hasane joalokaha e ka ke majoe ao ho tsamauoang ho ’ona ha ho tšeloa ho tloha koung e ka leboea ea Queensland, Australia, ho tšelela Papua New Guinea.
Nakong ea mocheso le pula e ngata (Pherekhong ho ea ho Motšeanong), ntho e ’ngoe le e ’ngoe e talana ’me ea boheha. Ka linako tse ling ho hlaha leholiotsoana le befileng, le etsa hore tselana e ka hare-hare pakeng tsa lihleke-hleke e be kotsi. Bohareng ba selemo, komello le lerōle ke tse tloaelehileng.
Litaba Tse Molemo Li Fihla Lihleke-hlekeng Tsena
Ebile ka 1938 ha seketsoana sa Mokhatlo oa Watch Tower Lightbearer se bolelele ba limithara tse 16 se emisa hakhutšoanyane lihleke-hlekeng tsena ha se ntse se le leetong la sona le eang Dutch East Indies (hona joale Indonesia). Sekepe se ne se palangoe ke Lipaki tsa Jehova, tse supileng tse neng li chesehela ho arolelana molaetsa oa Bibele oa tšepo.
Leha ho le joalo, e mong eo baena bana ba neng ba sa mo tsebe, e mong oa baromuoa ba Bokreste-’mōtoana a fihla ka nako e tšoanang. A bolella baahi ba lihleke-hleke hore ba se ke ba mamela Lipaki kapa hona ho amohela libuka leha e le life tsa tsona. Empa ha baena ba fihla ha hae ’me ba bua le eena, o ile a amohela libuka tse 4. Ba bang ba baahi ba moo ba hlokomela sena, ka hona ba nahana: ‘Haeba a ka ba le tsona, rōna ho hana eng?’ Mantsiboeeng ao, ha Lipaki tse ling li ntse li bontša ‘li-slide,’ moena e mong o ne a lutse kantle ka mabokose a libuka. Khafetsa, lefifing, letsoho le nang le chelete le ne le hlaha, ’me lentsoe le kōpa buka. Ka hora e le ’ngoe feela, ho ne ho nehelanoe ka libuka tse 200 ka tsela eo! Hamorao, moromuoa eo o ile a leka leha a sa ka a atleha ho sebelisa libuka tseo a neng a li nkile e le bopaki ba ho nģosa Lipaki.
Ho Theoa Phutheho
Lipeō tseo tsa pele tsa ’nete ha lia ka tsa nosetsoa ka nako e telele. E bile ho fihlela morao lilemong tsa bo-1950 ha thuso e eketsehileng e fihla lihleke-hlekeng tsena tse arohileng. Basebetsi ba babeli ba nako e tletseng ba ile ba romeloa moo ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ba ile ba lateloa ke bo-Rudd, lelapa la litho tse tharo tse neng li tlile ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane. Kapele, phutheho e nyenyane e ile ea theoa Sehleke-hlekeng sa Thursday.
Tsena e ne e le linako tse thata, ho na le bothata ba ho fumana libaka tsa bolulo le khanyetso e matla e tsoang ’musong le malumeling a molao. Ka lekhetlo la pele phutheho e ne e kopane kamoreng e nyenyane e neng e le hantle feela ka holim’a maifo a lebaka la moo. Ak’u nahane feela hore na ho ne ho chesa hakaakang libakeng tse chesang!
Ka ho hlokomela tlhokahalo ea ho ipoloka li le matla moeeng, Lipaki tsa ikemisetsa ho ba kopanong e lebōpong la Australia, bohōle bo ka bang lik’hilomithara tse 1 300. Li se na chelete ea sefofane, ka thapelo tsa batla tsela e ’ngoe ea ho ea kopanong.
Pele, baena ba ile ba reka seketsoana sa sebopeho sa perela se tsofetseng se neng se se na enjene, litšepe tse fehlang metsi, liseili, le ankora. Ha ba ntse ba batla har’a liketsoana tsa khale, qetellong ba fumana se seng se nang le enjene ea disele ea boholo ba lisilindara tse hlano le gearbox. Ha ba se rekile, baena ba ile ba thabela ho fumana liseili, liankora, le likarolo tse ling tse ngata. Empa ho ne ho ntse ho se na litšepe tse fehlang metsi le tšepe e li kopanyang.
Moena Rudd a kōpa mong’a sebaka seo ho emang likepe ho sona hore na a ka sheba ho pota-pota moo. Mong’a moo ka ho soasoa a re haeba a ka fumana tšepe eo kae kapa kae tikolohong eo ea mehaho, Lipaki li ka inkela eona. Ho makaleng ha mong’a moo, tšepe eo e ile ea fumanoa. Ha ba ntse ba ea ka ntlo le ntlo hoseng ho hong hamorao, Moena Rudd a raha ho hong ka har’a joang bo bolelele. E ne e le tšepe e fehlang metsi e neng e ka lekana hantle seketsoana sa bona!
Kamor’a hore ba lokise sekepe, phutheho ea ba 25 e ne e itokiselitse leeto la matsatsi a supileng. Ha ba tloha, ngaka ea moo ea litaola ea ba tšela “bomalimabe.” Bosiung bo bong seketsoana sa tšoasoa majoeng. Baena ba sebelisa nako eo hamolemo ho tšoasa litlhapi tse ngata. Ha leqhubu la hoseng le kena, sekepe sa tšoasoloha ’me sa tloha, le hoja ba ne ba lokela ho pompela metsi kantle bakeng sa karolo e setseng ea leeto.
Ha ba fihla Townsville, Australia, ba kopana le monna e mong oa morui e bile e le mong’a sebaka seo ho emang likepe ho sona. Ho bonahala a ne a balile pampiri ea litaba e buang ka boiteko ba bona ba ho ba kopanong, ’me a susumelletseha ho thusa. O ile a tsitlella ho lokisa tšenyeho e seketsoaneng le hoja ba ne ba ke ke ba khona ho lefa kapa ho thusa ka ho lokisa hobane ba ne ba le kopanong. Hamorao, ba ile ba lefisoa feela £40 (R140) ho e-na le £500 (R1 700) e neng e ka be e hlile e loketse.
Ho Fihla Lihleke-hlekeng tse Ling
Ka tataiso ea Jehova, molaetsa oa ’Muso o boetse o fihlile le lihleke-hlekeng tse thōko. Ka mohlala, Moena Rod Anderson le Moena Allan Webster, ba neng ba ile ba ea Sehleke-hlekeng sa Thursday lilemo tse ’maloa tse fetileng, ba ile ba sebelisa seketsoana sa bona ho paka lihleke-hlekeng tse ling. Ho tla fihlela joale, ho bolela ho ne ho entsoe lihleke-hlekeng tse 12 ho tse 17 tse nang le baahi.
Sebaka Se Setle Sa Ho Kopanela
Leha ho le joalo, e ne e le khale baena ba ipotsa hore na ba tla ke ba be le Holo ea ’Muso eo e leng ea bona Sehleke-hlekeng sa Thursday. Joale moea oa Jehova oa totobala ha o sebetsa. Ka Loetse 1983, Moena Graham Keen, setsebi sa mohaho, a tla ho tla thusa ho haha holo. Liphutheho tse ’maloa tsa Australia ka lipelo tse bulehileng tsa fana ka thepa e hlokahalang bakeng sa mohaho. Thepa ena e ile ea pakoa ka har’a lintho tse tšelang ’me ea palamisoa sekepe ho tloha Cairns, Queensland. Baahi ba lihleke-hleke ba ile ba hlolloa ha ba bona thepa ena e ngata e le setšeng seo pele se neng se se na letho. Ho ile ha nka feela matsatsi a mosebetsi a 140 ho phetha holo eo, hammoho le lehae kamorao. Ho ne ho na le ba thabileng ba 120 ba tlileng letsatsing la ha ho neheloa holo e ncha.
E bile thabo e kaakang ho Lipaki tsohle tsa Jehova ho ba le Holo ee e ncha ea ’Muso e neng e tla sebeletsa e le setsi bakeng sa mosebetsi oa ho hasoa ha litaba tse molemo Lihleke-hlekeng tsa Torres Strait. Ka thuso ea moea oa Jehova, lia thaba ho isa thoriso ho Jehova Molimo.—Esaia 42:12.