Part 2—Assyria E Sehlōhō—’Muso oa Bobeli o Moholo oa Lefatše
Lintho tse sibolotsoeng ke baepolli tsa matlo a borena a marena a boholo-holo a Assyria li ka tlatsetsa ho tšepeng ha hao ho nepahala ha histori ea Bibele. Lintho tsee tse sibolotsoeng li bontša eng ka histori ea Bibele, ’me li lokela ho bolela eng ho uena?
BAASSYRIA e ne e le batho ba ntoa ba mabifi. Ba ile ba haha ’muso o moholo, o khopo o ileng oa nama ho tloha hahabo bona karolong e ka leboea ho thōta ea Mesopotamia. Bibele e bua ka bona ka makhetlo a mangata, e le lira tsa Juda le Iseraele.
Ka sebele ho tseba ho eketsehileng ka batho bana ba boholo-holo ho tla re thusa ho utloisisa lintho tseo Bibele e buang ka tsona. Esita le litlaleho tsa Assyria ka botsona li tiisa bonnete ba histori ea Bibele le boprofeta ba eona. Empa Baassyria ba ile ba simoloha hokae?
Batho bana ba matla, ba neng ba itšoantša ba e-na le lintši tse teteaneng le litelu, e ne e le litloholo tsa Assure, setloholo sa Noe. Ha e le hantle, lentsoe le tšoanang la Seheberu le bolela “Assure” le “(Mo)assyria.” Nimrode, ea hlokomeloang ka Bibeleng e le “setsōmi se matla se hanyetsang Jehova,” o ile a theha metse ea Ninive le Kalah. Metse ena e ’meli, ’moho le Assure le Khorsabad, e ile ea fetoha metse e meholo ea Assyria hamorao.—Genese 10:8-12, 22, NW.
Buka ea Nahume e qala ka mantsoe ana: “Phatlalatso ea nyatso khahlanong le Ninive” motse-moholo oa Assyria. Hobane’ng? Hobane, joalokaha moprofeta Nahume a hlalosa hamorao, Ninive e ne e le “motse oa tšollo ea mali . . . kaofela o tletse thetso le bonokoane.” (Nahume 1:1, NW; 3:1, NW) Na o ne a feteletsa litaba? Le hanyenyane!
Baassyria ba ne ba e-na le botumo boo ho seng bo ka bapisoang le bona ba bobatana. Mekhabiso e matlong a bona a maholo a borena e ne e ba bontša ba hapa, ba chesa, ’me ba senya naheng e ’ngoe kamor’a e ’ngoe. Morena oa bona Ashurnasirpal o ithorisa ka ho koahela tšiea ka matlalo a lira tsa hae. O re: “Batlamuoa ba bangata har’a tsona ke ba chesitse ka mollo . . . Ho ba bang ka khaola linko tsa bona, litsebe tsa bona le menoana ea bona, ho ba bangata ka ntša mahlo. Ka etsa tšiea e le ’ngoe ka ba phelang le e ’ngoe ka lihlooho.”
Tšusumetso Ea Bolumeli
Empa, batho bana ba ne ba chesehela bolumeli haholo. Ho ’nile ha thoe ka Baassyria ba boholo-holo: “Ho loana e ne e le mosebetsi oa sechaba, ’me baprista ba ne ba butsoela ntoa ba sa khaotse. Ba ne ba tšehelitsoe haholo ka lintho tse hapiloeng . . . Morabe ona oa bahapi e ne e le o chesehelang bolumeli ka ho fetisisa.”—Ancient Cities, W. B. Wright, leqephe 25.
Baassyria ba ile ba ja bolumeli ba bona lefa ho Babylona. The Illustrated Bible Dictionary e re: “Likarolong tse ngata bolumeli ba Assyria bo ne bo fapane hanyenyane le ba Babylonia, moo bo nkiloeng teng.” Tokomane ea Assyria eo hona joale e bontšitsoeng Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane e London, e bontša molimo oa bona oa sechaba Assure o e-na le lihlooho tse tharo. Tumelo ho melimo e lihlooho li tharo e ne e tloaelehile borapeling ba bona. Kahoo, tlaleho ea bona ea sehlōhō le pefo, ha ho makatse hore moprofeta oa Bibele Nahume o ile a ngola hore Molimo o ’notši oa ’nete, Jehova, “oa iphetetsa, o tletse bohale” ho Baassyria.—Nahume 1:2.
Ha Ninive e oa, timetso ea eona e ile ea e-ba e feletseng hoo ka makholo a lilemo le tulo ea eona feela e neng e lebetsoe. Batho ba bang ba nyatsa-nyatsang ba ile ba soma Bibele, ka hore ha ho mohla motse ona o kileng oa e-ba teng. Empa o ne o le teng! O ile oa sibolloa bocha, ’me seo baepolli ba ileng ba se fumana moo ka sebele e ne e le se thahasellisang!
Matlo a Maholo a Borena aa Sibolloa
Ka 1843 moemeli oa lenģosa la Fora Paul-Émile Botta o ile a cheka Khorsabad, a tšepa hore e ne e le Ninive ea boholo-holo. Ho fapana le hoo, o ile a sibolla ntlo ea borena e khōlō ea “Sargone, morena oa Assyria,” ea boletsoeng ka lebitso ka Bibeleng ho Esaia 20:1. Ba nyatsa-nyatsang ba ne ba ile ba bolela hore Bibele e ne e fositse hobane e ne e le eona feela tokomane e tsebjoang ea boholo-holo e bolelang ka morena enoa. Empa Sargone o ile a ba teng, hobane baepolli ba ile ba sibolla ntlo ea hae ea borena e nang le likamore tse 200, ’moho le letlotlo la bohlokoahali la mengolo le lintho tse ling. Tsena li akarelletsa litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sargone tse tiisang liketsahalo tse boletsoeng ka Bibeleng, ho tsoa ponong ea litaba ea Baassyria. Hona joale, ho tloha bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, Sargone e ’nile ea e-ba e mong oa marena a Assyria ea tsebahalang ka ho fetisisa, le hoja lintlha tse ngata tse mo amang li ntse li sa fella.
Joale, ka 1847, Austin Henry Layard o ile a sibolla ntlo ea borena ea Sankeribe Ninive, lik’hilomithara tse ka bang 19 ka boroa-bophirima ho Khorsabad. Enoa ke eena Sankeribe ea ileng a hanyetsa Jerusalema ka mabifi ’me o boletsoe ka lebitso ka makhetlo a 13 ka Bibeleng. Layard o ile a hlahloba likamore tse 71 tsa ntlo ena ea borena. E ne e khabisitsoe ka mokhoa o majaba-jaba ka litšoantšo tsa lintoa, litlhōlo, le mekete ea bolumeli.
Ho makatsang le ho feta, baepolli ba ile ba fumana litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sankeribe ka boeena—litlaleho tsa selemo ka seng tsa liketsahalo, tse tlalehiloeng linkhong tsa letsopa, kapa liemahaleng. E ’ngoe ke e bolokiloeng Setsing sa Bochabela sa Univesithi ea Chicago, ha e ’ngoe, Seemahale sa Taylor, e le Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane.
Litšibollo tsee li ne li bontša eng? Hore seo Bibele e se buang ka batho bana le liketsahalo tseo ba neng ba ameha ho tsona ke ’nete e phethahetseng—esita le ha e bolela babusi ba Assyria ka mabitso!
Marena A Assyria
Mabitso a marena ana a boholo-holo a ka ’na a utloahala a makatsa ho uena, empa ke habohlokoa hore u tsebe bonyane a supileng a ’ona, kaha a amana haufi-ufi le liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng.
Salmanasare III o ile a latela ntat’ae Ashurnasirpal teroneng. Seemahale sa hae se Setšo se tsebahalang, se fumanoeng Nimrud (Kalah) ’me se bontšitsoe Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane, se na le setšoantšo se bontšang Morena Jehu oa Iseraele a mo ntšetsa lekhetho, mohlomong ka lenģosa.—Bapisa maemo a boletsoeng ho 2 Marena 10:31-33.
Hamorao lekholong lona leo la lilemo, hoo e ka bang ka selemo sa 844 B.C.E., moprofeta Jonase o ile a romeloa ho ea lemosa Ninive ka timetso e tlang.a Motse o ile oa baka ’me o ile oa bolokoa. Le hoja re sa tsebe hantle hore na morena oa Ninive e ne e le mang ha sena se etsahala, hoa thahasellisa ho hlokomela hore nako ena e ne e le ea ho fokotseha ha likhōka tsa Assyria.
Tiglathe-Pilesere III (hape o bitsoa Pule) ke morena oa pele oa Assyria ea boletsoeng ka lebitso ka Bibeleng. O ile a nama ho kena ’musong o ka leboea oa Iseraele nakong ea puso ea Menaheme (791-780 B.C.E.). Bibele e re Menaheme o ile a mo lefa litalenta tse sekete tsa silevera hore a khutle.—2 Marena 15:19, 20.
Litlalehong tsa hae ka boeena tsa selemo le selemo, tse fumanoeng Kalah, Tiglathe-Pilesere o tiisa ’nete ena ea Bibele, ha a re: “Ke amohetse lekhetho ho . . . Menaheme oa Samaria.”
Samaria Ea Oa
Leha ho le joalo, Samaria le ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome e ka leboea li ne li sa kena khathatsong le Baassyria feela empa le ’Mōpi oa leholimo le lefatše, Jehova Molimo. Li ne li furaletse borapeli ba hae ho ea borapeling bo mabifi le ba botahoa ba Baale. (Hosea 2:13) Le hoja li ile tsa lemosoa hangata ka baprofeta ba Jehova, li ile tsa hana ho khutla. Kahoo moprofeta Hosea o ile a bululeloa hore a ngole: “Samaria le morena oa eona ka sebele ba tla khutsisoa, joaloka lekala le omeletseng holim’a metsi.” (Hosea 10:7, NW; 2 Marena 17:7, 12-18) Bibele e bolela hore Baassyria ba ile ba etsa Iseraele sena—’me le litlaleho tsa Baassyria ka bobona li rialo, joalokaha re tla bona.
Salmanasare V, ea ileng a hlahlama Tiglathe-Pilesere, o ile a futuhela ’muso o ka leboea oa meloko e leshome oa Iseraele ’me a lika-liketsa motse-moholo oa oona Samaria o neng o sirelelitsoe hantle. Kamor’a ho lika-liketsoa ka lilemo tse tharo, Samaria ea oa (ka 740 B.C.E.), joalokaha baprofeta ba Jehova ba ne ba boletse hore ho tla etsahala.—Mikea 1:1, 6; 2 Marena 17:5.
Sargone II o ile a hlahlama Salmanasare ’me e ka ’na eaba o ile a qetella ho haptjoa ha Samaria, joalokaha ho boleloa hore qaleho ea puso ea hae e thulana le selemo seo motse o ileng oa oa ka sona. Bibele e re kamor’a hore Samaria e oe, morena oa Assyria o ile “a isa ba-Iseraele kholehong Assyria.” (2 Marena 17:6) Mongolo oa Assyria, o fumanoeng Khorsabad, o tiisa sena. Ho oona Sargone oa bolela: “Ke ile ka lika-liketsa Samaria ’me ka e hapa, ka khanna baahi ba eona ba 27 290 e le ba hapiloeng.”
Bibele e tsoela pele ho bolela hore kamor’a hore Baiseraele ba ntšoe, morena oa Assyria o ile a tlisa batho ba tsoang libakeng tse ling “a ba bea metseng ea Samaria tulong tsa bana ba Iseraele, ea e-ba bona ba ruang Samaria, ba lulang metseng ea teng.”—2 Marena 17:24.
Na litlaleho tsa Assyria le tsona li tiisa see? E, litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sargone ka boeena, tse tlalehiloeng Seemahaleng sa Nimrud, li re: “Ke ile ka tsosolosa motse oa Samaria . . . Ka tlisa ho oona batho ba tsoang linaheng tse hapiloeng ka matsoho a ka.”—Illustrations of Old Testament History, R. D. Barnett, leqephe 52.
Jerusalema Ea Pholosoa
Sankeribe, mora oa Sargone e bile e le mohlahlami oa hae, o tsebahala haholo ho liithuti tsa Bibele. Ka 732 B.C.E. morena enoa eo kelello ea hae e neng e sekametse sesoleng o ile a tlisa lebotho le matla la ntoa khahlanong le ’muso o ka boroa oa Juda.
Bibele e bolela hore “Sankeribe, morena oa Assyria, a futuhela metse eohle ea Juda e marako, ’me a e kena.” Morena Ezekiase oa Jerusalema, a tšositsoe ke tšokelo ena, “a romela ho morena oa Assyria, Lakishe” ’me a tšepisa ho mo qeka ka lekhetho le boima.—2 Marena 18:13, 14.
Na Sankeribe o tiisa hore o ne a le Lakishe? Ntle le tika-tiko! O ile a bontša mehato ea ho lika-liketsoa hona likarolong tsa lejoe le leholo le ntlong ea hae e khōlōhali ea borena eo baepolli ba ileng ba ithuta eona Ninive. Litšoantšo tsa likarolo tsena tse bontšitsoeng ka ho qaqa Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane li bontša Lakishe e hlasetsoe. Baahi ba eona ba phalletse ho inehela. Batlamuoa baa khannoa. Ba bang ba khokhothetsoe lipalong. Ba bang ba isa tlhompho ho Sankeribe ka boeena, eena motho ea boletsoeng tlalehong ea Bibele. Mongolo o letlapeng le bopehileng joaloka chesele o re: “Sankeribe, morena oa lefatše, morena oa Assyria, o ile a lula holim’a terone-nímedu ’me a laela hore ho hlahlobjoe tse hapiloeng (nkiloeng) Lakishe.
Bibele e re Ezekiase o ile a lefa “litalenta tse makholo a mararo tsa silevera, le talenta tse mashome a mararo tsa gauda” e le lekhetho. (2 Marena 18:14, 15) Tefo ena e tiisoa ke litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sankeribe, le hoja a bolela hore o ile a fumana “litalenta tse 800 tsa silevera.”
Ho sa tsotellehe tefo ena, manģosa a morena oa Assyria a ile a ema kantle ho marako a Jerusalema, a soma Jehova Molimo, ’me a sokela motse oa hae o halalelang. Ka Esaia, ea neng a le kahare ho Jerusalema, Jehova a re ka Sankeribe: “A ke ke a kena motseng ona, leha e le ho phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pel’a teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutulu. O tla khutla ka eona tsela eo a tlileng ka eona; a ke ke a kena motseng ona.”—2 Marena 18:17–19:8, 32, 33.
Na Jehova o ile a thiba Sankeribe, joalokaha a ne a tšepisitse? Bosiung bona boo Baassyria ba 185 000 ba ile ba ripitloa ke lengeloi la Molimo! Sankeribe o ile a checha ’me a khutlela Ninive, ho ea bolaoa ke bara ba hae ba babeli hamorao ha a ntse a khumametse molimo oa hae Nisroke.—2 Marena 19:35–37.
Ke ’nete hore Sankeribe ea ikakasang o ne a ke ke a lebelloa hore a ikhantše ka tahlehelo ena ea mabotho a hae. Empa seo a se buang ke se thahasellisang. Litlaleho tsa hae tsa selemo le selemo, tse tlalehiloeng ka bobeli Seemahaleng sa Setsi sa Bochabela le Seemahaleng sa Taylor, li re: “Ha e le Ezekiase, Mojode, ha a ka a ikokobeletsa joko ea ka, ke ile ka lika-liketsa metse ea hae e matla e 46, liqhobosheane tse hahiloeng ka marako le metsana e se nang palo e mathōkong a tsona, ’me ka (e) hapa . . . Eena ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, tulo ea hae ea borena, joaloka nonyana e koaletsoeng ka ntloaneng.” Sankeribe o re “khanya e tšosang ea borena ba ka” e ile ea aparela Ezekiase. Empa, ha aa re o ile a tšoara Ezekiase kapa a hapa Jerusalema, joalokaha a boletse ka “metse e matla” le “metsana.” Hobane’ng? Joalokaha Bibele e bontša, mabotho a matlahali a neng a rometsoe ke Sankeribe ho ea etsa joalo a ile a timetsoa!
Esare-Haddone, mora e monyenyane oa Sankeribe e bile e le mohlahlami oa hae, o boletsoe ka makhetlo a mararo ka Bibeleng—ho Marena a Bobeli, Esdrase, le Esaia. Bibele e tlaleha hore Baassyria ba ile ba tšoara morena oa Juda Manasse. Baepolli ba ile ba fumana lethathamo la Baassyria le akarelletsang “Manasse morena oa Juda” har’a ba neng ba ntšetsa Esare-Haddone lekhetho.—2 Likronike 33:11.
Ashurbanipal, mora oa Esare-Haddone, ho nahanoa hore ke eena “Osnapare e moholo, ea tumileng” ea boletsoeng ho Esdrase 4:10. O ile a atolosa ’muso oa Assyria ho fihlela boemong ba oona bo boholo ka ho fetisisa.
Qetello ea ’Muso oa Lefatše
Ka baka la bokhopo ba Assyria, timetso ea eona e hlile ea laeloa. Moprofeta oa Jehova Nahume o ne a ngotse hore motse-moholo oa eona Ninive o ne o tla kenoa ka likhōka ‘menyakong e holim’a linōka . . . ntlo ea borena [e tla] heleha!’ Ho ne ho tla haptjoa silevera le gauda, ’me motse o ne o tla etsoa lesupi, ’me batho ba ne ba tla re: “Ninive o sentsoe! Ea ka mo llelang ke mang!”—Nahume 2:6-10; 3:7.
Na see le sona se ile sa etsahala? Ere bahapi ba Ninive ba arabe. Ka 632 B.C.E. Bababylona le Bamede ba ile ba iphetetsa ka khalefo e chesang holim’a motse-moholo oa Assyria. Litlaleho tsa histori tsa Babylona lia tlaleha: “Khapo e khōlō ea motse le ea tempele ba ile ba e nka ’me ba [fetola] motse tutulu e lesupi.”
Joale litutulu tse peli tse khōlō li tšoaea sebaka seo e kileng ea e-ba motse-moholo ona o ikhohomosang. Ke bopaki bo khutsitseng ba ’nete ea hore ha ho sechaba—esita le Assyria e ikhohomosang le e mabifi—se ka thibelang phethahatso e tiileng ea boprofeta ba Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le matsatsi, re amohela tsela ea ho bala nako e bontšoang ke Bibele, e fapanang le matsatsi a boholo-holo a theiloeng mehloling ea lefatše e ke keng ea tšeptjoa hakaalo. Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea tsela ea Bibele ea ho bala nako, bona Aid to Bible Understanding, maqephe 322-48, haholo-holo karolo e buang ka Assyria, maqephe 325-6.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’MUSO OA ASSYRIA
Ninive
Babylona
Damaseka
Samaria
Lakishe
Jerusalema
ARABIA
EGEPETA
Leoatle le Leholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E theiloe ’mapeng ka tumello ea Pictorial Archive (Haufi le Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Morena Ashurbanipal o tšollela veine ea nyehelo holim’a litau tse shoeleng. Na see se u hopotsa Nimrode?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Museum oa Brithani, London
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Setšoantšo sa Baassyria se bontšang tlhaselo e kang setsokotsane ea ho lika-liketsa motse oa Judea Lakishe o neng o entsoe qhobosheane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Museum oa Brithani, London
Leralla la Lakishe. Qhobosheane ena ea bohlokoa e ka boroa-bochabela e ne e lebetse leralla la naha ea Judea ho fihlela Baassyria ba lika-liketsa Lakishe ka mabotho ’me ba e hapa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Haufi le Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Setšoantšo sa Sargone II (ka ho le letšehali) a talimile letona la Assyria leo e ka ’nang eaba e ne e le Khosana Sankeribe ea Neiloeng Borena
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Museum oa Brithani, London