Ho Phatlalatsa ’Nete Lithabeng tse Telele tsa Austria
AUSTRIA e tsebahala ka nepo ka liphula tsa eona tse lithabeng tse telele, Meru ea Vienna, le nōka e ntle e putsoa ea Danube. Libaka tsena le tse ling tse tsebahalang li hohela baeti ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše hore ba tle naheng ena e nyenyane e bohareng ba Europa.
Sehlōhlōlōng sa nako ea bohahlaoli ka Phato selemong se fetileng, sehlopha se seng sa baeti ba ka bang lekholo ba tsoang linaheng tse ling tse 17 se ile ba tla ho tla bona ntho e ’ngoe e fapaneng ka ho feletseng. Se ile sa tla Vienna ho tla ba teng ha ho neheloa ofisi e ncha ea lekala la Austria ea Mokhatlo oa Watch Tower, e tsamaisang mosebetsi oa boboleli ba ’Muso oa Lipaki tsa Jehova Austria.
Ho Tsoa Qalehong e Nyenyane
Ofisi ea pele ea lekala ea Mokhatlo Austria e ile ea theoa Vienna ka 1923. Hono e ne e le nako e katlaase ho lilemo tse leshome kamor’a ho eteloa ha babeeletsi ba bane ba Molula-Qhooa ka lekhetlo la pele motseng oo. Ka nako eo palo ea baboleli ba ’Muso e ne e hōlile ho fihla ho ba ka bang lekholo. Joale ha fihla Ntoa ea II ea Lefatše le ho nkoa ha naha ke Manazi, nako ea liteko tse matla le mathata bakeng sa baena ba tšepahalang. Empa ba ile ba mamella, ’me qetellong ea ntoa, lenane la bona le ne le hōlile ho ba ba kaholimo ho 700.
Ho hlokomela mosebetsi o ntseng o atoloha, ho ile ha rekoa mohaho o Gallgasse 44 ka 1957. Ho theosa le lilemo, mohaho ona o ile oa lokisoa ka makhetlo e le hore o ka amohela khōlo e eketsehang ka mokhoa o tsitsitseng ea mosebetsi oa ’Muso naheng eo. Ka 1973 palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea feta tlhōrō ea ba 10 000. Ka hona, mathoasong a bo-1980, ho ile ha etsoa lipolane bakeng sa katoloso. Litšitiso tsa molao li ile tsa qetella li tlositsoe, ’me ho ile ha fumanoa setša se haufi le lekala. Ka Tlhakubele 1983 feme e kathōko e ile ea qala ho etsa moralo. Kamor’a moo, baena ba ile ba tsoela pele ’me ba qetela mohaho.
“Ho Haha Bethele ea Rōna”
Lipaki tse tsoang likarolong tsohle tsa Austria li ile tsa ithaopela mosebetsi oo. Lepetjo e ne e le “re haha Bethele ea rōna.” Li ile tsa tla ka likoloi le libese, ho fihla ho tse ka bang 190 ka mafelo-beke a le mang. Ho ne ho hakanngoa hore mohoeletsi a le mong ho bahoeletsi ba bang le ba bang ba bahlano ka har’a naha o ile a kopanela mosebetsing oo. Ba bang e ne e le litsebi—litsebi tsa meralo ea mehaho, litsebi tsa lipompo tsa metsi, joalo-joalo. Ba bang ba ile ba fana ka thepa kapa ba lumela hore ho sebelisoe litsi tsa bona tsa mesebetsi ea matsoho. Ba bang ba bile ba siea mesebetsi ea bona ’me ba tla sebetsa nakong ea kaho kaofela.
Moena e mong ea ileng a qeta karolo ea matsatsi a hae a phomolo a le setšeng sa mohaho o ile a ngola: “Ke lakatsa ho le leboha hape ka beke e babatsehang ea matsatsi a phomolo. Ho ne ho tšoana le ho ba sehleke-hlekeng se khutsitseng se pota-potiloeng ke leoatle le befileng la batho. Ho thabela ho hlabolloa ho joalo moeeng le ’meleng ntle ho tefello e ne e le ntho e babatsehang.” Le bana ba banyenyane ba ile ba kopanela. Ngoana ea lilemo li robeli o ile a ngola: “Ke utloile hore le hloka chelete bakeng sa kaho ea Bethele. Ke lakatsa ho le romella e ’ngoe ea chelete eo ke e bolokileng. Ke kentse lisheleng tse 200 [hoo e ka bang R32] ka lengolong lena.” Ba bang ba ne ba paka bohobe kapa ba kha monokotšoai ’me ba etsa lino-mapholi bakeng sa baithaopi. Bahoeletsi ba liphutheho tse 36 tsa Vienna ba ne ba fana ka lino-mapholi ka Moqebelo o mong le o mong ho pholletsa le nako ea kaho kaofela.
Ho Hlomelloa Bakeng sa Keketseho e Eketsehileng
Ka ho nchafatsoa ha mehaho ea pele le ho eketsoa ha mehaho e mecha e pota-potileng, hona joale mohaho oa lekala o mena oa pele ka makhetlo a mararo ’me sebaka sa oona se fatše kaofela ke 5 400 square metres. Mohaho ona o akarelletsa likamore tse 38, ntlo ea ho jela ea batho ba 80, ntlo e ncha ea ho phehela le ntlo ea ho hlatsoetsa. Holo e ncha ea ’Muso e kamorao hantle ho mohaho oa pele. Liofisi tsa tsamaiso le makala a mang a fapa-fapaneng li karolong e setseng ea mohaho.
La 22 Phato, 1987, e ne e le letsatsi la ho neheloa ha mohaho o mocha oa lekala. Har’a baeti ba 282 ba neng ba le teng ho ne ho e-na le baeti ba ka bang lekholo ba neng ba tsoa makaleng a 16 a Europa le a le mong ea tsoang Korea. Hape batho ba Austria ba ka bang lekholo ba seng ba hōlile ba pholohileng liteko tsa Ntoa ea II ea Lefatše ba ne ba le teng. E moholo ka ho fetisisa har’a bona e ne e le Maria Hack ea lilemo li 102 ea tsoang Graz. Letšoele la batho ba 6 810 le neng le le libakeng tse ling tse supileng le lona le ile la utloa lenaneo la ho neheloa ka ho hokahanngoa ka fono-fono.
Libui tsa sehlooho lenaneong la ho neheloa li ne li akarelletsa T. Jaracz le M. G. Henschel ba Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se Brooklyn, New York. Ha a bua sehloohong se reng “Makala a Beang Litholoana Ho Tlotlisa Jehova,” Moena Jaracz o ile a sebelisa Johanne 15:2, 8 ho bontša hore ‘makala’ a sebeletsa ho tlotlisa Jehova ha a bea litholoana tse ngata. Mohaho o mocha oa lekala o tla tlatsetsa haholo ho hlahisa litholoana ho tlotlisa Jehova.
Puong ea nehelano, Moena Henschel o ile a hatisa hore Jehova ke Molimo oa morero. Ha aa tsebahatsa morero oa hae feela esale pele empa o boetse o pakile hore o na le matla a ho o phethahatsa. Ho sa tsotellehe khanyetso ea Satane, re ka kholiseha hore morero oa Molimo o tla phethahatsoa.
Ha lenaneo le e-ea qetellong, bohle ba neng ba le teng ba ile ba ikutloa ba khothalitsoe hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela ka matla a macha. Ka ho hlakileng, mohaho o motle o mocha o tla hlomella Lipaki tsa Austria ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho isa hōle le ho feta naheng ena ea lithaba tse telele, ho tlotlisa le ho rorisa ’Mōpi e Moholo, Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mohaho o mocha, o talimiloe motho a hlahile ka serapeng
Holo ea ’Muso
Monyako o moholo oo ho kenoang ka oona
Mohaho o mocha, le mohaho o nchafalitsoeng ka ho le letona