Ho Nyarela ka Litabeng
Pefo e Profetiloeng
“Bacha ba ntse ba e-ba mabifi haholo ho feta kamoo ba neng ba le kateng lilemong tse fetileng,” ho hlokometse James Fox, seithuti sa tlōlo ea molao Univesithing ea Northeastern. “Ke bona phetoho ea sebele mofuteng oa bacha oo re u fumanang,” ho bolela Faye Harrison, moahloli oa Michigan. “Ba thata haholo, ba potlaka haholo (ho ea pefong), ba kena haholo botlokotsebeng ba bacha.” Ha e le hantle, bacha ba halefileng ba ka tlase ho lilemo tse 20 ba “ikarabella ka lipolao tsa batsoali tse 300 selemo le selemo,” ho tlaleha Detroit Free Press.
Ke hobane’ng ba pefo e eketseha har’a bacha ba kajeno? Fox o hlalosa lebaka e le ho fumaneha habonolo ha libetsa, pefo ea thelevishene, ’me ho ea ka USA Today, “ka kakaretso, ke tlhompho e fokolang bolaoling.” Ha ho tobisoa taba ho batsoali, David Ramirez, moahloli oa Denver, o lumela hore “melemo ea setso le metheo ea tlhompho ha li fetisetsoe baneng ’me ho bonahala batsoali ba bangata ba haelloa ho li fetisetsa baneng ba bona,” ho hlokomela The Denver Post.
Mantsoe a nakong ka ho fetisisa ke a ngotsoeng ke moapostola Pauluse, eo makholong a fetileng a lilemo a profetileng hore “mehleng ea qetello linako tse thata ho sebetsana le tsona li tla ba mona. Hobane batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, bakaki, . . . ba sa utloeng batsoali, . . . ba hlokang lerato la tlhaho . . . ba se nang boitšoaro, ba bohale, ba sa rateng molemo.” (2 Timothea 3:1-3, NW) Bakreste ba ka itebela khahlanong le mekhoa e joalo ka ho haha likamano tse lerato tsa lelapa, kamoo li bontšitsoeng kateng bukeng ea Bibele ea Deuteronoma 6:4-9 le Ba-Kolosse 3:12-14, 18-21.
Ho Lefa Moputso
“Ha re bale Bibele ’me ha re tsebe se leng ka har’a eona,” ho bolela mofuputsi oa Leamerika George Gallup, e monyenyane. “Rea lefa bakeng sa hona ’me re kotula ka ho loketseng lenaneng la tlhalano, tšoaro e mpe ea bana, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho qhekella le ho hloka botšepehi hohle sechabeng.” Ho latela phuputso ea Gallup, karolo ea 40 lekholong ea Maamerika e ea kerekeng Sontaha ’me ho e ka bang karolo ea 80 lekholong e nyala ka kerekeng, leha ho le joalo, lenane la tlhalano le eketsehile ka makhetlo a mararo ho tloha ka 1960, ’me lenane la tlhalano le eketsehile ka makhetlo a mararo ho tloha ka 1960, ’me lenane la batho ba lulang hammoho ba sa nyalana le eketsehile ka hoo e batlang e le ka makhetlo a mahlano, ’me bana ba matšeho ba eketsehile ka hoo e batlang e le ka makhetlo a mane. Ho ntša limpa ho imenne hararo ho tloha mahareng a 1972 le 1979.
Ha Gallup a supa hantle motsong oa bothata, o hlokometse: “Ka ho hlakileng likereke ha li finyelle motheong oa sehlooho oa lintho tsa bohlokoa. Re phela feela ka lekoko la bolumeli. Ha bo fetole bophelo le ho kenya tseleng. Ha bo a theoa Bibeleng.”
Leha ho le joalo Bokreste bo tlameha ho fetola bophelo, bo kenye tseleng ’me bo theoe Bibeleng. Mathomong bo ne bo le joalo. Bakreste ba pele ba ile ba rutoa ho ‘hlobola botho ba khale.’ Pauluse o ngotse: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona.”—Ba-Efese 4:22; 1 Ba-Korinthe 6:9-11.
“Motho oa Pele e ne e le Motho”
Boramahlale ba bang ba thuto ea ho iphetola ha lintho ba lumela hore ho iphetola ha lintho ho “lumeloa ka ho phethahetseng” le hore ke taba “e ka tiisoang phaposing eo ho etsetsoang liteko tsa mahlale ho eona.” Empa Sebokeng sa Bobeli sa Thuto ea Tšimoloho ea Motho, seo haufinyana se neng se tšoaretsoe Turin, Itali, ho ile ha hlaka hore boramahlale ba bangata ba ntse ba e-na le likhopolo tse fosahetseng tabeng ena.
Ho e-na le ho lumela hore ho iphetola ha lintho “ho lumeloa ka ho phethahetseng” ka ho hlakileng seboka se senotse liphapang tse khōlō tsa maikutlo mahareng a boramahlale mabapi le hore na ke neng hona ke joang motho a iphetotseng. Ka mohlala, seithuti sa tšimoloho ea motho Bernard Vandermeersch, se hatella ’nete ea hore, ha e le ka tšimoloho ea motho, liphello tsa mahlale a thuto ea tšimoloho ea motho “li hanyetsana le boitsebiso bo fumanoeng ke liphatsa tsa lefutso,” tse supang ho moholo-holo a le mong ea tšoanang.
Leha ho le joalo, likhanyetso tse joalo li fumaneha feela ho batho ba hlōlehang ho lumela ’nete e bonolo ea hore Molimo “o bōpile mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Liketso 17:26) O entse joalo joang? Genese 2:7 e bolela hore “Molimo oa bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela,” sena sa etsa hore ‘motho e be moea o phelang.’
Ha ho makatse, ha seithuti sa mahlale a tlhaho Giuseppe Sermonti, ha se bua ka liqeto tsa seboka, se lumetse hore “boiteko bohle ba hore re tsoa litšoeneng tse ileng tsa tlohela ho phela lifateng ’me tsa iphetola batho ha boa hlahisa liphello tse thahasellisang. Motho oa pele e ne e le motho.”