Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/1 maq. 21-25
  • Jehova Ha A Furalle Bahlanka Ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova Ha A Furalle Bahlanka Ba Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba ka ba Pejana
  • Ho Ithuta ’Nete ea Bibele
  • Ho Sebeletsa Joaloka Barekisi ba Libuka
  • Tšebeletso ea Nakoana ea Bethele
  • Ho Paka ho sa Tsotellehe Khanyetso
  • Ho Tšoaroa Le Ho Koalloa
  • Ho Tloha Lefifing ho Kena Leseling
  • Ho Tlohela Borapeli ba Moemphera ho ea Borapeling ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Ho Jala ka Meokho le ho Kotula ka Mehoo ea Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/1 maq. 21-25

Jehova Ha A Furalle Bahlanka Ba Hae

Kamoo ho boletseng Matsue Ishii

E NE e ka ba selemo joale, ke koaletsoe boinotšing ka phaposing ea chankane e nyenyane, e litšila, le e tletseng matsetse Sendai, Japane. Ka nako eo eohle, ke ne ke sa lumelloa ho hlapa ke eme tlas’a pompo e nkhasang ka metsi kapa ka bate. Ke ne ke bereile liso ’meleng, ke lonngoe ke litšitšili. Ke ne ke futahantsoe ke lefu la serame hoo ke neng ke sitoa ho ema kapa ho lula. Ke fokotse hoo ke neng ke le letlalo le masapo ’me ke le boima bo ka tlaase ho lik’hilograma tse 30, ke ne ke le makhatheng a lefu.

Empa ke ne ke le moo ka lebaka lefe? Ke hobane’ng ha ba boholong ba ne ba ile ba kokota ka matla monyakong oa ka ka hora ea bohlano hoseng, ka la 21 Phuptjane, 1939, ’me ba ntšoara? Ke ne ke entse eng? Tseo e ne e le linako tse thata Japane hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 50. Ere nke ke u phetele ka tsona le ka maemo a ileng a etsa hore ke qetelle ke le chankaneng le kamoo ke ileng ka pholoha kateng.

Bophelo ba ka ba Pejana

Ke hlahetse Motseng oa Kure ka 1909, Japane, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 25 feela ho tloha Hiroshima. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le lebenkele la reisi le la liphahlo tsa Sechaena. Ha ke le lilemo li robong, mokakallane oa Spain o ile oa fihla sebakeng sa heso, ’me ka nakoana feela makese a batho ba shoeleng e ne e le hlaba sebakeng seo ho chesoang litopo ho sona. ’Na le moholoane oa ka oa ngoanana re ile ra tšoaroa ke lefu lena, ’me beke hamorao moholoane oa ka a shoa. Ka ho shoa ha hae ka tšohanyetso, ka qala ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Ho etsahala eng ka bona lefung?’

Ntate e ne e le Mobuddha ea mafolo-folo, ’me hore ke fumane karabo, ke ile ka etela litempele tse fapa-fapaneng tsa Buddha. Ke ne ke ee ke botse baitlami ba moo: “Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa?”

Ba ne ba ee ba arabele ka hore, “Ha ho hlokahale hore u nahane ka lintho tse joalo. Hafeela u ntse u itšetlehile ka Buddha ’me u ntse u etsa lithapelo tsa hao tse ngotsoeng, ha ho pelaelo hore u tla fumana Nirvana le ho kena paradeiseng.”

Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka tseba ka buka e bitsoang Bibele. Ka iphumanela e ’ngoe empa ke ne ke sitoa ho e utloisisa. Hamorao ka qala ho ea kerekeng ea “Bokreste” Motseng oa Kure. Ha ke utloa hore motho o shoa ka lebaka la sebe sa Adama, ka utloa e le ntho e utloahalang ho ’na, ’me ka ba setho se mafolo-folo sa kereke.

Ka nako eo maikutlo a neng a atisa ho boleloa metseng e kathoko e ne e le hore: “Bolumeli ba Yaso [Bokreste] bo tla senya naha.” Kaha e bile ’na “Mokreste” oa pele ea mafolo-folo sebakeng sa heso, batho ba motse ba ile ba ’nģosa ka hore ke tlisetsa motse lihlong ’me ba batla ba nqobella hore ke tlohe motseng. Batsoali ba ka ba ile ba soaba haholo ke ’na.

Ho Ithuta ’Nete ea Bibele

E le boiteko ba hore ke tlohele tumelo ea ka, Ntate a lokisetsa hore ke nyalane le motho eo ke sa mo tsebeng ho hang, Jizo Ishii, Mobuddha ea mafolo-folo. Moholoane oa hae e ne e le moprista e moholo oa tempele ea Buddha. Ke ile ka bolelloa hore le hoja Jizo e ne e se Mokreste, o ne a sa tl’o nkhathatsa ka tumelo ea ka. Eaba ke fallela Osaka ’me ha ke le lilemo li 19 ka nyalana le Jizo, eo e neng e le serōki. Empa ho fapana le seo Ntate a neng a se buile, Jizo o ne a nkhanela ho ea kerekeng.

Kamorao ho ntlo ea rōna e neng e le Tojo-cho, Osaka, ho ne ho e-na le ntlo e neng e e-na le letšoao: “Lekala la Osaka la Mokhatlo oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba.” Ke nka hore ke sehlopha sa Bokreste, ka etela ntlong eo.

Ka botsa mohlankana ea ileng a hlaha monyako: “Na u lumela hore Morena o tla ba teng la bobeli?”

A arabela: “Ho tla ha Kreste la bobeli ho ile ha phethahala ka 1914.”

Ke maketse, ka mo bolella hore hoo e ke ke eaba ho etsahetse. Ha a ’nea buka, The Harp of God, a re, “U lokela ho bala buka ena.”

Hore monna oa ka a se ke a bona buka ena, ka e pata ka mokotleng oa setoroi o nang le mashala ’me ke ne ke e bala neng le neng ha nka khona. Ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e ne e nkoela holimo joaloka seea-luma—ke ba 144-000 feela ba eang leholimong; Kreste hase karolo ea Boraro-bo-bong empa ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, Molimo o matla ’ohle; re phela nakong ea bofelo; ’me mokakallane oa Spain o ileng oa bolaea moholoane oa ka e ne e le karolo ea phethahatso ea boprofeta ba Bibele. Ke ne ke kholisehile hore hona ke ’nete eo esaleng ke e batla.

Qetellong, monna oa ka a fumana hore ke ne ke ntse ke bala buka ea Bokreste. Leha ho le joalo, eare ha ke emela tumelo ea ka ka tieo, a qala ho ipotsa hore na e be ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo e neng e ameha ’me a bala The Harp of God ka boeena. Ka kolobetsoa ka selemo se latelang, ka la 23 Tlhakubele, 1929, ’me monna oa ka a kolobetsoa nakoana kamorao ho moo.

Ho Sebeletsa Joaloka Barekisi ba Libuka

Ra koala lebenkele la ho rōka ’me ra lokolla basebetsi. Re tletse thabo, ra qalisa mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo, Osaka. Ka Loetse 1929, Japane ke ile ka ba oa bobeli ho barekisi ba libuka, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba neng ba bitsoa kateng ka nako eo, ’me monna oa ka a kenela mosebetsi oa borekisi ba libuka hamorao. Re ile ra koahela likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa Japane re le babeli, ho akarelletsa Osaka, Kyoto, Nagoya, Tokyo, Sendai, Sapporo, Okayama, le sehleke-hleke sa Shikoku. Re ne re lula sebakeng ka seng hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng, re hira ntlo e be re shebana haholo-holo le ho aba libuka.

Re ne re sebelisa libuka tse fumanehang ka Sejapane, tse kang libuka, The Harp of God, Deliverance, Creation, Reconciliation, le Government, hammoho le The Golden Age (Tsoha! hona joale) le Molula-Qhooa. Joaloka barekisi ba libuka, re ne re sebetsa lihora tse 180 ka khoeli re tsamaea ka ntlo le ntlo. Le hoja re ne re khathala ’meleng, thabo ea rōna ea ho sebeletsa e ne e le khōlō.

Barekisi ba libuka ba Majapane, mehleng eo ba ne ba sa buseletsoe litšenyehelo tsa bona empa bakeng sa boipheliso ba ne ba amohela halofo ea chelete ea libuka tse tsamaisitsoeng. Bophelo bo ne bo le boima. Morekisi oa habo rōna oa libuka o ile a bolaoa ke letšollo le lefubelu. Ha ke ntse ke oka mokuli eo, le ’na ka tšoaroa ke lefu leo ’me ka kena sepetlele. Ha re sebeletsa Nagoya mollo o ile oa qhoma monyakong o bapileng le moo re neng re lula teng. Ra matha ho theosa le methati ho tloha mokatong oa bobeli ka liphahlo tseo re li apereng feela, re pholoha ka bophelo ba rōna feela. Linthonyana leha e le life tseo re neng re e-na le tsona le libuka tse abjoang kaofela tsa kubella, li re siea re se na letho.

Ha re ntse re sebeletsa Okayama, monna oa ka a tšoaroa ke feberu e matla ka matsatsi a mangata ’me lingaka tsa fumana hore o tšoeroe ke lefuba. Hangata ka nako eo lefuba e ne e le lefu le bolaeang. Haeba ho ne ho se mokhoa oa ho qoba lefu, re ne re batla ho ea Sapporo sehleke-hlekeng se kaholimo-limo ka leboea, Hokkaido, ho ea paka moo ho neng ho se mohla mosebetsi oa boboleli o kileng oa etsoa.

Ka Loetse 1930, ra fallela Hokkaido, moo ke neng ke lebelletse hore monna oa ka a e’o shoela teng. Mona moea o ne o pholile, lebese le litapole li ne li rekoa ka theko e tlaase, ’me bophelo ba monna oa ka ba ’na ba ntlafala. Ha ho mohla Jehova a kileng a re furalla empa o ile a re hlohonolofatsa ka thabo e khōlō tšebeletsong ea rōna.

Ha re ne re sebetsa Sendai ka lekhetlo la pele, Mong. Inoue, presidente ea Tohoku Imperial University, a lumela hore ke e’o buisana le eena ka seqo. A amohela libuka tseo ke neng ke li nkile, ’me a mphelehetsa ho ea monyako ho ea mpona ha ke tsamaea. Ha ke ntse ke paka ka ntlo le ntlo, ka boela ka teana le Bansui Doi, sengoli se tsebisahalang, se ileng sa fetolela Iliad le Odyssey tsa Homer ka Sejapane. O ile a amohela buka Creation.

Har’a ba ileng ba amohela molaetsa oa rōna ka kananelo ke lelapa la Miura la Ishinomori. Hagino, mosali oa hae, o ne a le lilemo li 17 ha a etela lapeng ha rōna Sendai. Hoba re sese bosiu re buisana ka Bibele, o ne a kholisehile hore re tšoere ’nete. Ka potlako lelapa lohle la fallela Tokyo, moo Hagino le monna oa hae, Katsuo, ba ileng ba sebeletsa e le barekisi ba libuka. Katsuo o shoele e le Paki e tšepahalang, ’me Hagino o sa ntsane a sebeletsa ka botšepehi. Mora oa bona, Tsutomu, e bile mofetoleli lekaleng la Japane la Mokhatlo oa Watch Tower ka lilemo tse ngata.

Tšebeletso ea Nakoana ea Bethele

Ka bo-1930 selemo le selemo ’na le monna oa ka re ne re ee re sebeletse ka likhoeli tse seng kae Bethele e neng e le Ogikubo, Tokyo. Ka nako eo, ho ne ho e-na le basebetsi ba ka bang 20 moo. Mechine ea ho hatisa e ’meli e lerata e ne e hatisa The Golden Age. ’Na le Jizo re ne re sebetsa Lekaleng la Liaparo. E ne e re ha linako tsa selemo li fetoha, barekisi ba libuka ba ne ba ee ba romelle liaparo tse hlokang ho lokisoa Bethele. Re ne re li hlatsoa, re li rōka le ho li otlolla, e be re li romella hape ho bona. Re ne re bile re ee re etsetse barekisi ba libuka liaparo tse ncha. Ha mosebetsi ona o ne o felile, ka borōna re ne re ee re khutlele mosebetsing oa ho rekisa libuka.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ke sa e lebaleng ka Bethele e ne e amana le kopano ea bohlokoahali Columbus, Ohio, U.S.A., ka 1931. Moena e mong o ne a entse seea-le-moea se amohelang litaba ka leqhubu le lekhutšoanyane ho amohela liphatlalatso tse tsoang kantle ho naha. Re buletse seea-le-moea sena letšehare lohle le bosiu bohle, re ne re leka ka “mahlo a matšo” ho fumana lenaneo la kopano. Har’a mp’a bosiu, lentsoe la mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, J. F. Rutherford, la hlahella ka sefutho se feletseng. Ka potlako moena e mong a qala ho fetolela. Kahoo re ile ra utloa qeto ea ho amohela lebitso le lecha, “Lipaki tsa Jehova,” le molumo o moholo oa litlatse tsa kananelo. Hole-hole Bethele ea Japane, ra phahamisa litlatse tsa thabo tumellanong le baena ba rōna ba Amerika. Metsotsoana hamorao, seea-le-moea ha sea ka sa hlola se amohela litaba hantle, ’me ha ho letho hape le ileng la utluoa kamorao ho moo. Empa Jehova o ile a re lumella hore e be karolo ea ketsahalo ena ea bohlokoahali.

Ho Paka ho sa Tsotellehe Khanyetso

Nakong ea ho oa ha moruo lefatšeng ka bophara kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, setsokotsane sa bochaba le sa ho loana sa haola Japane. ’Musi oa naha o ne a talingoa e le molimo o phelang o tšoaneloang ke botšepehi ba baahi bohle. Empa re ne re ee re bolelle batho hore: “Ho na le Molimo o le mong feela.”

Ba ne ba ee ba arabele, “Le bolela hore ’musi oa naha hase Molimo?”

Re ne re ee re hlalose, “Ho tla ba le bokamoso bo babatsehang bo tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo.”

Ba ne ba ee ba botse: “Le batla puso e ’ngoe ntle le ea ’musi oa naha?” Eng le eng eo re neng re e bua, mantsoe a rōna a ne a sothoa ’me re ne re bitsoa mahlaba-phieo. Ba boholong ba tiisa matla ho phenya-phenyeng ha bona libuka tsa rōna, ’me makhetlo ao mafokisi a sa aparang seaparo a neng a re sala morao ka ’ona ho bona seo re se etsang a ’na a eketseha.

Hangata hang ka selemo, ho ne ho tšoaroa puo ea phatlalatsa. Le hoja re ne re e-na le Lipaki tse ka bang 20 feela Tokyo, ho bile teng ba ka bang 500 puong “Ho Oa Ha Tsoelopele Ea Bokreste” Holong ea Sechaba ea Motse ea Yodobashi. Mapolesa a pota-pota sebui sethaleng, ’me haeba se ne se bua eng kapa eng eo mapolesa a neng a nka hore hase ntho e loketseng, lentsoe le ne le hlahella, “Sebui, emisa!” Ha ho le joalo, ka bohlale sebui se ne se ee se supe temana ’me se e bale. Kaha Bibele e ne e sa thibeloa, se ne se lumelloa ho tsoela pele.

Ho Tšoaroa Le Ho Koalloa

Hoo e ka bang lilemo tse leshome kamor’a hore re qalise mosebetsi oa ho rekisa libuka, ka kakaretso Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoaroa Japane. Hoseng hoo ha mapalesa-pelo ha la 21 Phuptjane, 1939, ke ile ka isoa sepoleseng Ishinomaki ’me ka koalloa ka phaposing e lefifi ea ba tšoeroeng eo siling ea eona e neng e leketlile mooa. Ka phakisa ka isoa Sendai ’me ka koalloa boinotšing. Monna oa ka le eena o ile a tšoaroa, ’me ra lahlehelana ho fihlela kamorao ho ntoa.

Ke ile ka lula phaposing eo e litšila hoo e ka bang selemo ’me ka batla ke e-shoa. Hamorao ka utloela hore nakong eo ba boholong ba ne ba ntse ba botsisisa Junzo Akashi, molebeli oa lekala la Japane. Qetellong, le ’na joale ka hlongoa lipotso. Motho ea hlomang lipotso ea nyelisang a ntaela, “Lahlela Bibele fatše ’me u e hatakele ka maoto.” Eaba joale o mpontša tlaleho ea ho hlongoa lipotso ha Akashi. Qalong ke ile ka nahana hore ke leqheka feela.

Motho ea ntlhomang lipotso a botsa, “Na u lumela ho Akashi?”

Ka arabela, “Akashi ke motho feela ea sa phethahalang. Hafeela Akashi a ne a ntse a latela melao-motheo ea Bibele, Akashi o ile a sebelisoa e le mohlanka oa Molimo. Empa kaha lipolelo tsa hae li se li khelohile Bibeleng, ha e sa le ngoan’eso.” E, ka sebele Akashi o ne a lahlile ’nete.

Qetellong, kahlolo ea lihuoa, ’me ka koalloa Chankaneng ea Basali ea Sendai. Ka boela ka beoa boinotšing. Lijo li ne li fanoa, le hoja e ne e le tse fokolang feela. Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke lumelloa ho otlolla maoto ka metsotso e 30 ke alositsoe ke molebeli oa mosali. Ka lekhetlo le leng molebeli e mong a mpolella hore: “Hoja linako e ne e le tse molemo, u ne u tla ba boemong ba ho re ruta. Kaha linako li mpe, ke u kōpa hore u mamelle.” Ke ile ka khothatsoa ke mantsoe a hae.

Ho sa le joalo, Japane ea ikakhela ka setotsoana ntoeng le United States, ’me hona ha hapa mahlo a lefatše. Ho ea qetellong ea 1944, lilemo tse hlano le halofo kamor’a hore ke tšoaroe, ke ile ka lokolloa. Ka Phato 1945 liqhomane tsa athomo tsa liheloa holim’a Hiroshima le Nagasaki, ’me Japane ea hlōloa ke ntoa.

Ho Tloha Lefifing ho Kena Leseling

’Na le monna oa ka ra khutlela Motseng oa Kure ’me mofere-fereng oa kamorao ho ntoa, ra fata-fata tsa ho phela ka ho bula lebenkele la ho rōka. Metsoalle ea khale e ne e qhala-qhalane, ’me ea re lahlehella ruri. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemo tse ’nè kamorao ho ntoa, ra utloela hore baromuoa ba tsoang United States, ba ne ba e-tla le hore mosebetsi oa ’Muso o ne o tla buloa hape Japane.

Monna oa ka, a e-na le mora oa rōna ea lilemo li tšeletseng eo re neng re itholetse eena ka lapeng la rōna kamorao ho ntoa, a ea kopanong ea pele ea kamorao ho ntoa, e neng e tšoaretsoe Tarumi, Kobe. Ea tsoela pele ho tloha qetellong ea Tšitoe 1949 ho ea kena selemong se secha sa 1950. Ho tloha ka 1939 mosebetsi oa ’Muso Japane o ne o ile oa feta har’a ‘mehla ea lefifi,’ empa qetellong re ne re kenngoa leseling!

Ka 1951 ra utloa hore Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ne a lokiselitsoe ho etela Japane, empa re sa tsebe letsatsi. Ka la 27 ’Mesa, 1951, ha re ntse re rōka liaparo ho fihlela bosiu bo boholo, re ile ra utloa litaba tsa ho qetela tsa seea-le-moea tsa letsatsi. Seboholi sa re: “Monghali N. H. Knorr, mookameli oa Watch Tower, o tla etela Japane ’me a fane ka puo Lebaleng la Kyoritsu.” Ka le hlahlamang ka palama terene ’me ka nka leeto la lik’hilomithara tse 900 ho ea Tokyo har’a bofuma bo matla ba kamorao ho ntoa. Ka la 29 ’Mesa, ke ne ke lutse ke mametse Moena Knorr.

Ke ile ka thaba haholo ha ke utloa ho phatlalatsoa ho hatisoa ha Molula-Qhooa ka Sejapane ka lekhetlo la pele kamorao ho ntoa. Ke ile ka ea hae ka tokollo e hatisitsoeng bocha ea la 1 Motšeanong, 1951. Ha ke hopole nako eo ka eona bophelong bohle ba ka nkileng ka thaba ho feta moo. Ka nahana, “Joale mosebetsi o boetse o butsoe hape ka molao Japane, ’me joalokaha ho profetiloe, mosebetsi oa Jehova o tla hōla, a le mong o tla fetoha ba sekete.”

Ho tloha ka nako eo re thabetse kopano e feletseng le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka Phato 1951 Moena Adrian Thompson o ile a re etela ka lekhetlo la pele e le molebeli oa potoloho. Liboka tsa tsosolosoa, ’me baena ba babeli bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba pele Japane ba abeloa ho ea Motseng oa Kure. Phutheho ea ’na ea hōla butle-butle, ’me monna oa ka a sebeletsa e le mohlanka oa phutheho.

Ho ile ha etsahala joang ka Lipaki tse ka bang 130 tsa pele ho ntoa Japane? Mohlala o mobe oa Junzo Akashi, molebeli oa lekala, o bile le phello e ileng ea ferekanya ba bangata. Ba seng bakae ba ile ba fetoha balateli ba hae, ba bang ba qhala-qhalana, ’me ba bang ho bonahala ba ile ba e-shoa mahlorisong. Ba ka bang leshome le metso e ’meli ba lula ba le mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova ’me ba bang ba sa ntsane ba hlohonolofalitsoe ka bophelo bo molemonyana ’me ba sebeletsa ka mafolo-folo.

Ha bophelo ba ka bo ntse bo ntlafala, ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla ka lilengoana tse seng kae. Ha monna oa ka a le lilemo li 71, o ile a hlatsa mali a mangata haholo ’me a potlakisetsoa sepetlele. Ka lehlohonolo, lingaka li ile tsa hlompha ho hana ha hae ho tšeloa mali. Le hoja a ile a hlaphoheloa haholoanyane, o ile a shoa likhoeli tse tšeletseng hamorao. Mora eo re neng re itholetse eena ka lapeng, Kozo, e bile pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse ngata ’me hona joale ke moholo oa Mokreste.

Ha ke hetla morao, ho bonahala eka boholo ba ba neng ba le bohlale haholo ba bile ba khona haholo ho etsa lintho pele ho ntoa, ba ile ba tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ha ba beoa tlas’a khatello e matla. Mohlomong ba ile ba tšepa bohlale ba bona. Ba ileng ba lula ba tšepahetse ba ne ba se na bohlale bo khethehileng ’me ba ne ba sa hlahella. Ka sebele kaofela ha rōna re tlameha ho tšepa Jehova ka pelo eohle ea rōna.—Liproverbia 3:5.

Ke ’nete hore qetellong ‘mahlomola a maholo’ a tla tla. (Mattheu 24:21) Ka nako eo re ka ’na ra tobana le liteko tse tla bontša hore tsa pele e ne e le lefeela. Ho li mamella ho ka ’na ha se be bonolo joalokaha motho a nahana. Empa haeba kannete re itšetlehile ka Jehova, re mo rata kannete ’me pelong ea rōna re tsetselela thuso ea hae, joalokaha a sa ka a mphuralla, a ke ke a furalla bahlanka ba hae ba ratang ho mo sebeletsa ka botšepehi.—Pesaleme ea 37:25.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke ile ka nyalana le Jizo Ishii, eo ke neng ke sa mo tsebe ho hang

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha Moena Knorr a etela Japane ka 1951, a sebeletsa baromuoa le likopano Tokyo, Nagoya, le Kobe (kaholimo)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela