Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/1 maq. 26-29
  • Part 6—’Muso oa Botšelela oa Lefatše—Roma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Part 6—’Muso oa Botšelela oa Lefatše—Roma
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebotho la Roma
  • Litsela tsa Roma le Litlotla tsa Eona
  • ’Muso oo le Bokreste
  • Bo-Cesare
  • Ho Oa ha ’Muso oa Roma
  • Ho Tsebahala ha Marena Ana a Mabeli Hoa Fetoha
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 6
    Tsoha!—2011
  • Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ha Baa ka ba Nahana ho Sekisetsa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/1 maq. 26-29

Part 6—’Muso oa Botšelela oa Lefatše—Roma

’Muso oa Roma o ne o busa nakong ea ha Bokreste bo qala. Tsebo e molemonyana ka Roma ea boholo-holo e tla u thusa ho utloisisa maemo ao Jesu a neng a bolela har’a ’ona le moea o neng o foka ka matla ha balateli ba hae ba pele ba hasa Bokreste ho pholletsa le lefatše le neng le tsebjoa ka nako eo.

ROMA, ’muso oa botšelela oa lefatše oa histori ea Bibele, e ne e busa ha Jesu a tsoaloa le ha baapostola ba hae ba ne ba bolela. Greece, ’muso oa lefatše o neng o ile oa tla pele ho eona, o ne o hlahisitse puo ea machaba eo thuto ea Bokreste e neng e ka tsamaisoa ka eona ho pholletsa le karolo eo ea lefatše—Koine, kapa Segerike, kamoo ho tloaelehileng kateng. Joale Roma e ile ea lokisa maemo le litsela tse ileng tsa thusa ho hasa ’nete ea Bokreste ka potlako.

Roma, eo e kileng ea e-ba motse o monyenyane o neng o le Latium, Itali, e ile ea hōla ho ba hlooho ea ’muso oa lefatše o moholo ka ho fetisisa oa mehleng ea boholo-holo ea Bibele. Ho tloha sethathong, e ile ea hōla ho fihlela e laola hloahloa ea Itali. E ile ea hlōla Carthage e matla lebōpong le ka leboea la Afrika. Spain, Macedonia le Greece li ile tsa oela tlas’a taolo ea eona. Eaba e hapa Jerusalema ka 63 B.C.E. ’me ea etsa Egepeta setereke sa Roma ka 30 B.C.E. Ha o fihlile sehlōhlōlōng sa matla a oona, ’muso ona o matla o ne o namme ho tloha Brithani ho ea fihla Egepeta le ho tloha Portugal ho ea fihla Mesopotamia, naha ea Babylona ea boholo-holo. O ne o pota-potile Mediterranean ka ho feletseng, eo o neng o e bitsa Mare Nostrum (Leoatle la Rōna).

Lithako tsa Roma tse ngata li ntse li ka eteloa ho pholletsa le sebaka se neng se busoa ke ’muso oo o neng o namme haholo. U ka bona Lebota la Hadrian le Brithani, kotopo e bohehang ea Segovia e Spain, lebala la lipapali la Roma le Orange, lebala la lipapali le pota-potiloeng ke lerako le Arles (ao ka bobeli a leng Fora boroa). U ka tsamaea lithakong tse khutsitseng tsa Ostia Antica, haufi le Roma, ’me ua hlolloa ke Pompeii ea boholo-holo, e ka boroa ho Naples. Ha u le Roma u ka inahanela ka matšoele a tletseng cheseho lebaleng la lipapali le selika-likoe le nang le litulo tsa litepisi tse pota-potileng ’me ua bona Seemahale sa Tite se neng se keteka ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E., hoo Jesu a neng a ho boletse lilemo tse fetang 35 esale pele.

Roma ea boholo-holo barui ba ne ba e-na le malapa a maholo, ka bahlanka le makhoba ao ka linako tse ling a neng a baloa ka makholo. Mafutsana a ne a khobokantsoe matlong a neng a e-na le mekato e mengata a neng a iphaphathile ka literata tse litšila, tse khopameng. Ke ba fokolang haholo ba neng ba ka bitsoa ba sehlopha se mahareng. Naha e ne e ba lokisetsa lijo-thōllo le boithabiso mahala ho etsa hore mafutsana a se ke a etsa merusu. Makhetho a neng a batloa literekeng a ne a lefella litšenyehelo tsena.

Lebotho la Roma

Lebotho le tummeng la Roma le ne le entsoe ka lilegione tse ’maloa. Legione ka leng, le neng le entsoe ka banna ba pakeng tsa 4 500 le 7 000, e ne e le lebotho le feletseng ka bolona. Molaoli oa lona o ne a ikarabella feela ho hlooho ea ’muso. Legione le ne le arotsoe ka makholo a 60, hangata lekholo ka leng le ne le entsoe ka banna ba lekholo. Lekholo ka leng le ne le le tlas’a ketello-pele ea molaoli oa lekholo, ea bitsoang “ofisiri ea lebotho” ka ho New World Translation. Ke molaoli oa lekholo ea neng a laola masole a mane a ileng a bolaea Jesu, ’me ke eena eo, ka ho hlokomela maemo le liketsahalo tsa mohlolo tse neng li likolohile lefu la hae, a ileng a re: “Eo e ne e le Mora oa Molimo ruri!” (Mattheu 27:54; Johanne 19:23) E ne e boetse e le molaoli oa lekholo, Kornele, eo e ileng ea e-ba Molichaba oa pele ea sa bollang oa ho fetoha Mokreste.—Liketso 10:22.

Lilegione li ne li e-na le matšoao a naha, ao ho bonahalang e ne e le litšoantšetso tse neng li entsoe ka sefate kapa tšepe, a neng a phetha morero o tšoanang le o phethoang ke lifolaga tsa kajeno. Kaha a ne a nkoa a halalela, matšoao ana a ne a sireletsoa ka bophelo ba motho. Encyclopædia Britannica e re: “Matšoao a naha a Roma a ne a sireletsoa ka ho tlotlisoa ka mokhoa oa bolumeli litempeleng tsa Roma. Ho ne ho tloaelehile hore letona le laele hore letšoao la naha le akheloe mabothong a sera, ho eketsa cheseho tlhaselong ea masole a lona ka ho a hlohlelletsa hore a boele a fumane ntho eo ho ’ona mohlomong e neng e le ntho e halalelang ka ho fetisisa eo lefatše le neng le e-na le eona.”

Litsela tsa Roma le Litlotla tsa Eona

Roma e ile ea kopanya lichaba tse neng li le tlas’a eona ho etsa ’muso oa lefatše. E ile ea etsa litsela hore likarolo tsohle tsa ’muso ona li finyelloe. ’Me batho ba ne ba hlile ba tsamaea! Ak’u talime feela lethathamo la libaka tseo batho ba neng ba tlile Jerusalema bakeng sa Mokete oa Pentekonta ea 33 C.E. ba neng ba tloha ho tsona. Ba ne ba tloha Media ho ea ka leboea-bochabela, ho tloha Roma le Afrika Leboea ho ea bophirimela, le libakeng tse ngata tse mahareng.—Liketso 2:9-11.

Litsela tse ngata tse entsoeng ke baahi ba litsela ba Roma li ntse li sebelisoa kajeno. Ka boroa ho Roma, u ka khanna koloi u iphaphathile ka Tsela ea Appiuse ea boholo-holo, eo moapostola Pauluse ka boeena a ileng a kena Roma a nyoloha ka eona. (Liketso 28:15, 16) Ho ’nile ha boleloa hore litsela tsa Roma “li fane ka mecha ea ho tsamaea fatše eo ho sa kang ha e-ba e e fetang ho fihlela ha ho e-tla seporo.”—The Westminster Historical Atlas to the Bible.

Ha ba tsamaisa ’muso oa bona o neng o namme haholo, hangata Baroma ba ne ba boloka meetlo ea sebaka. Kahona, ba boholong libakeng tse fapaneng ba ne ba tsebjoa ka mabitso a fapaneng kapa litlotla tse fapaneng. Ho Modern Discovery and the Bible, A. Rendle Short o bolela hore esita le “bo-rahistori ba tsebjoang ba Roma” ba ne ba ke ke ba leka ho “nea batho bana ba phahameng kaofela tlotla e nepahetseng.” Empa, o re, mongoli oa Bibele Luka “kamehla o khona ho finyella ho nepahala ho phethahetseng” tabeng ena. Ka mohlala, Luka o bitsa Heroda “Moteterareke,” Heroda Agrippa “morena,” matona a Thessalonika “bapolitarake,” le Sergiuse Pauluse, ’musi oa Cypera, “’musisi.” (Luka 3:1; Liketso 25:13; Liketso 17:6; Liketso 13:7, bona New World Translation Reference Bible, mengolo e botlaseng ba leqephe.) Ka linako tse ling e ne e le chelete ea tšepe feela e fumanoeng mona kapa mongolo o mong moo tse neng li tiisa hore mongoli enoa oa Bibele o ile a sebelisa tlotla e nepahetseng ka nako e nepahetseng. Tlhokomelo e joalo le ho nepahala ho joalo ke bopaki bo eketsehileng ba bonnete boo ka bona Bibele e tlalehang linnete tsa histori tsa bophelo le mehla ea Jesu Kreste.a

’Muso oo le Bokreste

Ho ne ho e-na le phutheho ea Bokreste e ntseng e hōla Roma. Mohlomong e ne e entsoe ka ba neng ba khutletse Roma kamor’a ho amohela Bokreste Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:10) Buka ea Bibele ea Ba-Roma e ile ea ngolloa phutheho ena hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E. Hamorao, Pauluse o ile a tla Roma e le motšoaruoa, ’me ka lilemo tse peli a fana ka bopaki bo feletseng ho batho ba neng ba etela ntlo eo a neng a koaletsoe ho eona. Kahona, litho tsa Sehlopha sa Balebeli sa Lekhotla la ’Musisi li ile tsa ithuta molaetsa oa ’Muso, esita le litho tsa “ntlo ea Cesare” li ile tsa fetoha Bakreste.—Ba-Filippi 1:12, 13; 4:22.

Meetlo, melao, le litaelo tsa ’Muso oa Roma li boletsoe hangata ka Bibeleng. Taelo ea Augusto e ile ea tlisa Josefa le Maria Bethlehema, moo Jesu a ileng a tsoalloa teng. Jesu o ile a tiisa hore ho lefa lekhetho leo Cesare a neng a le batla ho ne ho loketse. Baprista ba Bajode ba ne ba iketsa eka baa tšepahala ho Cesare e le hore ba ka etsa hore Jesu a bolaoe. Hape tlas’a molao oa Roma, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a nkela nyeoe ea hae boipiletso ho Cesare.—Luka 2:1-6; 20:22-25; Johanne 19:12, 15; Liketso 25:11, 12.

Liaparo tsa ntoa tsa mohlabani oa Roma—heleme ea hae, tšireletso ea sefuba, thebe, lieta tsa ntoa, le sabole—li ile tsa sebelisoa ho tšoantšetsa bohlokoa ba ’nete, tšepo ea poloko, ho loka, tumelo, boboleli ba litaba tse molemo le Lentsoe la Molimo e le litšireletso tse re thusang ho ema re tiile khahlanong le litlhaselo tsa Satane. (Ba-Efese 6:10-18; 1 Ba-Thessalonika 5:8) Pauluse o ile a bua ka mohlala oa mohlabani ea rupetsoeng hantle ha a ne a bolella Timothea hore e be “mohlabani ea molemo oa Jesu Kreste.” (2 Timothea 2:3, 4) Leha ho le joalo, ntoa ea Bakreste e ne e le ea moea, e seng ea nama. Kahona, Bakreste ba pele ba ile ba hana ho sebeletsa lebothong la Roma. Justin Martyr (110-165 C.E.) o ile a re Bokreste “bo fetotse libetsa tsa rōna tsa ntoa,—lisabole tsa rōna ho ba mehoma, le marumo a rōna ho ba likofuto tsa ho phethola.” Bakreste ba bangata ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona ka ho hana ho sebeletsa sesoleng.

Bo-Cesare

Roma e ile ea fihla sehlōhlōlōng sa bophahamo ba eona tlas’a bo-Cesare. Ho ne ho tla ba molemo ho ikhopotsa linnete tse re tataisang ka ba bang ba bona, kamoo ba neng ba ameha kateng historing ea Bibele.

Ka selemo sa 44 B.C.E., Julius Caesar o ile a fenethoa. Octavian e ile ea e-ba eena ’musi a le mong. Ka 30 B.C.E. Octavian o ile a hlōla Egepeta, e leng ho ileng ha felisa ’muso oa Magerike oa Ptolemy moo. Hona ho ile ha tlisa bofelo ’Musong oa Lefatše oa Greece o neng o bile teng ha e sa le ho tloha mehleng ea Alexander e Moholo, lilemo tse 300 pejana.b

Ka selemo sa 27 B.C.E., Octavian e ile ea e-ba hlooho ea ’muso. O ile a inkela tlotla “Augusto,” e bolelang “ea phahamisitsoeng, ea halalelang.” O ile a ithehella bocha ka khoeli ’me a nka letsatsi le leng ho February e le hore August e ka ba le matsatsi a mangata ho tšoana le khoeli e reheletsoeng ka Julius Caesar. Augusto e ne e le eena hlooho ea ’muso ha Jesu a tsoaloa, ’me o ile a busa ho fihlela ka selemo sa 14 C.E.—Luka 2:1.

Tibere, mohlahlami oa Augusto, o ile a busa ho tloha ka 14 ho ea ho 37 C.E. Ka selemo sa bo15 sa puso ea Tibere, Johanne Mokolobetsi a qala ho bolela. Hape Jesu o ile a kolobetsoa nakong ea puso ea hae, a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ea lilemo tse tharo le halofo, a ba a nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo. O ne a ntse a busa ha balateli ba Jesu ba qala ho hasa Bokreste ho pholletsa le lefatše le neng le tsebjoa ka nako eo.—Luka 3:1-3, 23.

Gaiuse, ea neng a reiloe lebitso le reneketsang la Caligula, o ile a busa ho tloha ka 37 ho ea ho 41 C.E. Klaude (41-54 C.E.) o ile a mo hlahlama ’me a leleka Bajode Roma, joalokaha ho boletsoe ho Liketso 18:1, 2. Hamorao a jesoa chefu ke mosali oa hae, ’me mora oa hae e monyenyane Nero a hloella teroneng. Mollo o moholo o ile oa qhōma Roma ka Phupu 64 C.E., ’me oa felisa hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea motse oo. Rahistori Tacitus o bolela hore Nero o ile a bea Bakreste molato bakeng sa mollo oo e le hore ho se ke ha belaeloa ka eena, ’me bona ba ile ba “tsekolloa ke lintja ’me ba shoa” hape “ba ahlōleloa malakabe ba ba ba chesoa, ba sebeletsa e le khanya bosiu, ha leseli la motšehare le fetile. Nero a fana ka lirapa tsa hae bakeng sa ho shebella ketsahalo ena.” Nakong ea mahloriso ana, Pauluse, ea neng a ile a bolela ho tloha Jerusalema ho ea Roma mohlomong le ho ea fihla Spain, o ile a tšoaroa lekhetlo la bobeli. Mohlomong o ile a bolaoa ke Nero hoo e ka bang ka 66 C.E.

Lihlooho tse ling tsa ’muso oa Roma tseo re li thahasellang li akarelletsa Vespasian (69-79 C.E.) eo Tite a ileng a timetsa Jerusalema tlas’a puso ea hae, Tite ka boeena (79-81 C.E.), le moen’a Tite, Domitian (81-96 C.E.), ea ileng a tsosolosa ho hlorisoa ha Bakreste ka molao. Ho latela neano, ke nakong ea ho hlorisoa hona moo moapostola Johanne ea hōlileng a ileng a isoa sehleke-hlekeng se senyenyane sa mahloriso Patmose. Moo o ile a neoa pono e susumetsang ea qetello ea litsamaiso tsena tse khopo tsa lintho tsa batho le ho nkeloa sebaka ha tsona ke ’Muso o lokileng oa leholimo oa Molimo, eo Johanne a e tlalehileng bukeng ea Bibele ea Tšenolo. (Tšenolo 1:9) Ho bonahala eka Johanne o ile a lokolloa nakong ea puso ea ’musisi ea latelang, Nerva, 96-98 C.E., ’me Tlaleho ea hae ea Molaetsa le mangolo a mararo li ile tsa phethoa kamor’a hore Trajan (98-117 C.E.) a qale ho busa.

Ho Oa ha ’Muso oa Roma

Lekholong la bone la lilemo, Hlooho ea ’muso Constantine e ile ea etsa qeto ea ho kopanya batho tlas’a bolumeli bo le bong ba “K’hatholike,” kapa bo akaretsang. Meetlo ea bohedene le mekete ea bohedene e ile ea neoa mabitso a “Bokreste,” empa tšilafalo eona eo ea khale ea ’na ea tsoela pele. Ka selemo sa 325 C.E., Constantine o ile a okamela seboka sa kereke se neng se le Nicaea ’me a etsa qeto e buellang thuto ea Boraro-bo-bong. Ho e-na le ho ba Mokreste oa ’nete, Constantine o ile a phakisa ho fumana lebaka la ho bolaea mora oa hae oa matsibolo, Crispus, le mosali oa hae, Fausta.

Constantine o ile a fallisetsa ’muso oa hae Byzantium, eo pele a ileng a e rea Roma e Ncha ’me hamorao Constantinople (Motse oa Constantine). Motse ona o Bosporus, moo Europa le Asia li kopanang teng, o ile oa lula e le motse-moholo oa ’Muso oa Roma o ka bochabela ka makholo a 11 a lilemo, ho fihlela ha o oela Ottoman ea batho ba Turkey ka 1453.

Morao koana, Roma, lefapha le ka bophirimela la ’Muso oa Roma le ile la oa ka 476 C.E., ha ’musisi a ne a tlosoa ke Morena Odoacer, letona la Lejeremane, ’me terone ea sala e le feela. Hamorao Charlemagne o ile a leka ho tsosolosa ’muso o ka bophirimela ’me ka selemo sa 800 C.E. Mopapa Leo III a mo roesa moqhaka ho ba hlooho ea ’muso. Joale, ka 962 C.E. Mopapa John XII a roesa Otto I moqhaka ho ba hlooho ea ’Muso o Halalelang oa Roma oa sechaba sa Majeremane—tlotla e ileng ea lahloa hoo e ka bang ka selemo sa 1806.

Leha ho le joalo, ka nako eo ’muso oa bosupa oa lefatše e bile e le oa ho qetela oa histori ea Bibele o ne o se o ntse o phahama. Joalokaha ho profetiloe, le oona o nkeloe sebaka ke puso ea ka ho sa feleng, ’Muso oa leholimo oa Molimo.—Tšenolo 17:10; Daniele 2:44.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe 340-1.

b Kahona, nakong ea puso ea Roma lengeloi le ne le ka bua tjena ka mebuso ena ea lefatše: “Hape, ke marena a supileng. Ho se ho oele a mahlano [Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, le Greece], e mong o sa le teng [Roma], ’me e mong [Manyesemane le Maamerika] ha a e-so ho tle.”—Tšenolo 17:10.

[’Mapa o leqepheng la 28]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Meeli ea ’Muso oa Roma

Atlantic Ocean

BRITANNIA

GAUL

SPAIN

ITALI

Roma

GREECE

Mediterranean Sea

Black Sea

Caspian Sea

EGEPETA

Jerusalema

Tigre

Eufrate

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Tsela ea Appiuse eo Pauluse a ileng a tsamaea ka eona ha a ea Roma

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela