Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
“SEO Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” (Mattheu 19:6) Hangata re utloa mantsoe ao a tsebisahalang a Jesu Kreste a qotsoa e le phatlalatso ea ho qetela moketeng oa lenyalo.
Leha ho le joalo, ka mantsoe ao, na Jesu o ne a bolela hore manyalo ’ohle e tla ba a kamehla eohle le hore ho ke ke ha e-ba le tlhalo boemong leha e le bofe? Ha re nka mantsoe ka booona, ho ne ho tla bonahala ho le joalo. Leha ho le joalo, ke eng se susumelitseng Jesu hore a etse polelo e joalo? Na o ne a thea ho hong ho hocha?
“Tšimolohong, ho no ho se Joalo”
Polelo ea Jesu e qotsitsoeng kaholimo e ne e le karolo ea karabo ea hae potsong ea Bafarisi: “Hleka motho o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae ka baka la eng le eng na?” (Mattheu 19:3-6) Ba sa khotsofatsoa ke karabo ea hae, Bafarisi ba tsoela pele ho ’motsa: “Moshe eena o laetse ke’ng ho nea mosali lengolo la hlalo, le ho mo hlala?” Moo teng, Jesu a re: “Moshe o le lumeletse ho hlala basali ba lōna ka baka la bothata ba lipelo tsa lōna; empa tšimolohong, ho no ho se joalo.” Eaba oa phaella: “’Me ke re ho lōna: E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe [“bohlola,” NW], a nyala e mong, oa feba; le ea nyalang ea hlaliloeng, le eena oa feba.”—Mattheu 19:7-9.
Re tlameha ho hlokomela hore polelo ea Jesu ea hore, “tšimolohong, ho no ho se joalo,” e ne e etsoa ka lebaka la tlhalo e neng e entsoe ho ‘fanoe ka lengolo la tlhalo.’ Ka mantsoe a mang, ha Molimo o thea lenyalo pakeng tsa Adama le Eva, ha oa ka oa ba fa ‘lebaka la eng le eng’ bakeng sa ho felisa lenyalo la bona. Joaloka banyalani ba phethahetseng, ba ne ba e-na le mabaka ’ohle a ho atlehisa lenyalo la bona. Le ka be le ile la atleha haeba ba ne ba tsoetse pele ba phela tumellanong le molao le tataiso ea Molimo.
Ha batho ba oela sebeng le ho se phethahaleng, ho ile ha e-ba joalo le ka molao-motheo oa lenyalo. (Ba-Roma 5:12) Kaha batho ba ne ba se ba sa phethahala, likamano tsa batho li ile tsa senngoa le ho silafatsoa ke boithati, meharo, le ho ithahasella ka bomong. Ke sona seo Jesu a neng a bua ka sona e le “bothata ba lipelo,” e leng lebaka leo ka lona Molao oa Moshe o ileng oa lumella tlhalo. Empa, Jesu a hopotsa Bafarisi: “Tšimolohong, ho no ho se joalo.” Hona joale, tlas’a maemo a ho se phethahale, balekane ba lenyalo ba lokela ho etsa boiteko bo hlokahalang ho lokisa maima le mathata leha e le afe ho e-na le ho a sebelisa e le mabaka kapa phephi bakeng sa ho khaola lenyalo la bona. Leha ho le joalo, Jesu o bontšitse hore ho na le ntho e le ’ngoe eo e leng mokhelo, e leng bohlola. Ho se tšepahalle kano ea lenyalo e ka ba le leng la mabaka a ho khaola lenyalo.
Hoa thahasellisa ho hlokomela kamoo litlhaloso tse fapaneng tsa karolo ena “ha e se ka baka la bofebe” li ’nileng tsa beoa kateng ho tšehetsa lipono tse itseng ka tlhalo. Ba boholong K’hatholike ka kakaretso ba nyahlatsa karolo ena ka hore litlaleho tse tšoanang ho Mareka le ho Luka ha li na eona. Leha ho le joalo, Cyclopedia ea McClintock le Strong e-ea hlalosa: “Ho lumellana ho hlakileng ha likarolo tsena ho tlameha ho fumanoa molao-motheong oa hore mokhelo o itseng tlalehong e feletseng o tlameha ho hlalosa tlaleho e khutšoaane haholoanyane, haeba sena se ke ke sa etsoa ka ho qobelloa. Joale, kaha tlhalo e ne e lumeloa ke bohle ka lebaka leo le le leng, Mareka le Luka ka tlhaho ba ne ba ka ’na ba nka hona habobebe ntle le ho ho hlalosa.”
Ba bang ba phea khang ka hore kaha Jesu o sebelisitse lentsoe “bohlola” (Ka Segerike, por·neiʹa) e seng “bofebe” (ka Segerike, moi·kheiʹa), e tlameha e be o ne a bolela ketso e ’ngoe e fosahetseng pele ho lenyalo e neng e ka etsa hore lenyalo le fetohe bosaoana le lefeela. Hona ke ho thibela moelelo oa lentsoe ho sa hlokahale. Libuka tse sa tšoaneng tsa boitsebiso li hlokomela hore por·neiʹa e bolela “boitšoaro bo litšila, bootsoa, botekatse, bohlola,” le hore ho Mattheu 19:9 “e emela, kapa e akarelletsa, bofebe.” Tse ling li phea khang hore Jesu o ne a qotsa bohlola feela tje e le mohlala ka har’a mabaka a mang a mangata a tlhalo. Ka ho hlakileng, hona ke ho qobella maikutlo temaneng.
Ho tloha qalong, ho hlakile hore Bibele ha e bolele hore manyalo ’ohle a tla lula e le a kamehla eohle le hore ha ho tlhalo e lumeletsoeng bakeng sa lebaka leha e le lefe ho hang. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e fana ka motheo o le mong feela o amohelehang bakeng sa tlhalo, e leng, “ka baka la bohlola.”
“Lenyalo a le ke le Hlomphehe”
Ka ho lumella lebaka la tlhalo, na Bibele e-ea e khothaletsa? Na tumello ee e theola bohlokoa ba lenyalo kapa e le amoha seriti sa lona? Kapa na ka ho lumella lebaka le le leng feela la tlhalo, Bibele e bea mojaro o sa utloahaleng ho ba nyalang le ba nyaloang?
Ka ho fapaneng ho hang, Bibele e bua ka lenyalo e le le leng la litlamahano tse atamelaneng le tse haufi-ufi tseo batho ba babeli ba ka li thabelang. Tlaleho ea Genese ea lenyalo la pele e re: “Monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) ’Me balekane ba lenyalo ba lokela ho lebela kamano ena ea ho ba “nama e le ’ngoe feela” e le ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Bibele ea eletsa: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila.”—Ba-Heberu 13:4.
Ho ’nile ha boleloa hangata, ka mekhoa e fapaneng, hore motheo oa lenyalo le tla tšoarella le le thabileng hase lerato la ho nkeha maikutlo empa la ho hloka boithati. Ke sona se bontšoang hantle ke Bibele. E re: “Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe, a e baballe, joale ka ha Kreste le eena a etsa kereke. . . . ’Me mosali eena a hlomphe monna oa hae.” (Ba-Efese 5:28-33) ’Me ka puo e tobileng, Bibele ea eletsa: “Monna a nee mosali seo e leng tšoanelo, le mosali a etse joalo ho monna oa hae. ’Mele oa mosali ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea monna; le ’mele oa monna ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea mosali. Le se ke la timana.”—1 Ba-Korinthe 7:3-5.
Ha balekane ba babeli ba utloisisa ho ea ka keletso e joalo e bohlale, ha ho bonolo haholo hore lenyalo la bona le tla theoha boemong ba lona ho isa moo e mong oa bona a ka ineelang litabeng tsa likamano tsa botona le botšehali le eo e seng molekane oa hae oa lenyalo, ho fellang ka ho senya kamano ea ho ba “nama e le ’ngoe feela.” Esita le haeba molekane e mong a sa lumele melao-motheo e joalo ea Bibele, molekane ea lumetseng a ka kholiseha hore tsela ea Molimo e ntse e le e molemo haholo, ’me kahoo mathata a mangata a lenyalo a ka lokisoa le ho qobjoa.
Joale, ho e-na le ho buella tlhalo e le tsela ea ho felisa lenyalo le sa thabang, Bibele e phehella Bakreste hore ba sebetse ka thata ho boloka lenyalo la bona le le hammoho le ho le etsa le thabileng. Maele a Bibele a re: “U thabele mosali oa bocha ba hao, . . . lerato la hae le u thabise pelo ka litšiu tsohle.”—Liproverbia 5:18, 19.
Na Tlhalo ke Karabo?
Ho thoe’ng haeba molekane e mong oa lenyalo a fetoha ea sa tšepahaleng? Ho toba ’nete, ho se tšepahalle kano ea lenyalo ho baka tlokotsi e tšabehang. Molekane oa sefebe o tlisetsa ea se nang molato bohloko le matšoenyeho, ea nang le tokelo ea Mangolo ea ho hlala molekane ea molato ’me a nyale kapa a nyaloe hape. Empa na tlhalo e tlameha ho ba teng? Na eo ke eona feela tharollo?
Re tlameha ho hopola hore le hoja Jehova Molimo a fane ka lebaka le lokileng la ho hlala, Bibele e boetse e re ka eena: ‘O hloile hlalo.’ (Malakia 2:16) Ho e-na le ho qhomela kapele qetong ea hore tlhalo ke eona feela tharollo, e mong o ne a ka ’na a nahanela monyetla oa ho atolosa mohau le tšoarelo. Hobane’ng?
Tlhalo ho hang e ke ke ea tlosa bohloko le ho hlabeha, empa mohau le tšoarelo li tla ho etsa, haholo-holo haeba mofosi kannete a ikoahlahela phoso ea hae. Lerato le bontšoang nakong e bohloko joalo ka sebele le ka matlafatsa lenyalo. Ho talima taba leseling lena ho tla thusa molekane ea se nang molato ho lekanyetsa hore na a ka latela tsela efe e molemohali, a hopola mantsoe a Jesu: “Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauheloa.”—Mattheu 5:7; bapisa Hosea 3:1-5.
Hape ho ka lekanngoang ke mathata a ka ’nang a hlaha ka bana ba ho motsoali a le mong lapeng. Bolutu ba motho ea hlaliloeng, le bona, bo lokela ho nahaneloa. Ho mosali, mathata a phahellane ka baka la ’nete ea hore likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, basali ba ntse ba le boemong bo bobe moruong. Kamor’a hore e be mohlokomeli oa lelapa ka lilemo tse ngata, ho thata ho ’mè oa lesoha ho khutlela mosebetsing oa ’maraka le ho hlōlisana le ba bang.
Basali ba bang ba ikutloa hore nakong ea ha ba sa ntse ba le lenyalong, ba lokela ho lula ba itokiselitse tlhalo haeba e ka etsahala. Ba ka ’na ba ingolisa likolong tse khethehileng kapa ba ntlafatse mesebetsi ea bona e le hore ba ka itjara licheleteng. Hore na motho a ka phehella tsela e joalo kapa che, eo ke qeto ea botho. Leha ho le joalo, ho e-na le ho senya nako le matla u itokisetsa ntho e ka ’nang ea etsahala, na e ne e ke ke ea e-ba letsete le bohlale haholoanyane ho senya nako le matla ho haha lenyalo le thabileng le le tšoarellang? Ka ho sebetsa ka thata a ntlafatsa tholoana ea moea oa Molimo le ho boloka pono e ntle ea moea, mosali oa Mokreste a ka thabela lerato le thoriso tsa monna oa hae. A ka boetse a ba le tšepo tšepisong ea Molimo ea hore o hlokomela litlhoko tsa ba batlang ’Muso pele.—Mattheu 6:33; Liproverbia 31:28-30; Ba-Galata 5:22, 23.
Tharollo ea ho Qetela
Hafeela re ntse re phela tsamaisong ena e sa phethahalang ea lintho, re ka lebella hore mathata a lenyalo a tla ba teng. Leha ho le joalo, ka ho latela keletso e bohlale ea Bibele, mathata ana a ka fokotsoa kapa ha sebetsanoa le ’ona hamolemo. Ho phaella moo, banna le basali ba utloisisang ho phela ka litekanyetso tsa Molimo lenyalong le lintlheng tse ling tsa bophelo ba hlohonolofatsoa ka tebello ea ho kena tsamaisong e ncha moo ‘ho loka ho tla ikahela teng.’—2 Petrose 3:13.
Tsamaisong eo, batho ba tla lokolloa botlokotsebeng le liphellong tsohle tse bohloko tsa sebe le ho se phethahale. Ha feela tokisetso ea lenyalo e ntse e tsoela pele mona lefatšeng, ‘seo e neng e le sona tšimolohong,’ e tla ba tekanyetso. Ka sebele, seo Molimo o se kopantseng hammoho, ha ho motho ea tla se arola.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Jesu o ile a re’ng ka tlhalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lefatšeng le lecha, ho ke ke ha e-ba le mathata a lenyalo a lebisang tlhalong