“Jehova Ke Molisa oa Ka”
“Jehova ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.”—PESALEME EA 23:1.
1, 2. Lintho tse ling tseo Davida a ileng a li finyella ke life, ’me o ngotse lipesaleme tse kae?
NAHANA ka ketsahalo ena: Mabotho a Bafilista a talimane le lebotho la Iseraele. Goliathe, senatla sa Mofilista, o eme moo ka tello. Mohlankana, ea hlometseng ka letjeketjane le majoe feela, o mathela ho ea kopana le eena. Lejoe le korotsoeng hantle le petsola lehata la senatla seo ’me lea se bolaea. Mohlankana eo e ne e le mang? Davida, molisa ea ileng a hapa tlhōlo ena e makatsang ka thuso ea Jehova Molimo.—1 Samuele, khaolo ea 17.
2 Kamor’a nako, mohlankana enoa a fetoha morena oa Iseraele, a busa ka lilemo tse 40. E ne e le seletsi se hloahloa sa harepa ’me o ile a ngola lithothokiso tse ngata tlas’a pululelo ea Molimo. Davida o ile a boela a ngola lipesaleme tse monate tse fetang 70 tseo e leng mohloli oa khothatso e khōlō le tataiso bakeng sa batho ba Jehova kajeno. Pesaleme e tsebjoang haholo ka ho fetisisa har’a tsona ke Pesaleme ea 23. Ke hobane’ng ha u sa phetle Bibele ea hao ’me u ’ne u ee le rōna ha re ithuta pesaleme ena temana ka temana?
Jehova, Molisa ea Lerato
3. (a) Ke makhetlong afe Davida a ileng a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a ka sireletsa linku tsa hae? (b) Ke ka kutloisiso efe Jehova e leng Molisa oa rōna?
3 “Jehova ke molisa oa ka.” (Pesaleme ea 23:1) Joaloka molisa ea nang le phihlelo, Davida o ne a tseba hore na ke joang a neng a ka etella pele linku, a li fepa, ’me a li sireletsa. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile a sireletsa ka sebete linku tsa hae ha li hlaseloa ke tau ’me ka lekhetlo le leng e le ha li hlaseloa ke bere. (1 Samuele 17:34-36) Linku tsa Davida li ne li tšepa molisa oa tsona ka botlalo. Empa ha a bapisoa le Jehova, eena ka boeena e ne e le nku. Kaha Davida o ne a ikutloa a sireletsehile tlhokomelong ea Molimo e lerato, o ne a ka re: “Jehova ke Molisa oa ka.” Na u thabela boikutlo boo ba tšireletseho tlas’a Molisa e Moholo, Jehova Molimo? Ruri o etella pele bahlanka ba hae ba kang linku kajeno, oa ba fepa ’me oa ba sireletsa. Ho feta moo, joaloka baholo ba khethiloeng ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, balisa ba tlaasana ba lerato ka cheseho ba hlokomela linku.—1 Petrose 5:1-4.
4. Kajeno boemo ba rōna bo tšoana le ba Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng joang?
4 “Nke ke ka hloka letho.” Ak’u nahane ka hloko ka polelo ena. Ka baka la tlhokomelo ea Jehova e lerato, na ha u be le boikutlo bo thobang ba ho tsitsa le ho ba le tšepo? Na u hopola se ileng sa etsahalla Baiseraele ha ba ntse ba lelera lefeelleng ka lilemo tse 40? Koana, Molimo o ile oa fana ka lintho tsohle tsa motheo tseo ba neng ba li hloka! Hoa tšoana kajeno. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ha ba hloke letho. Ba bangata ba ka pheta mantsoe ana a bululetsoeng a Davida: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” (Pesaleme ea 37:25) Kajeno, ho fanoa ka lijo tse ngata haholo tsa moea ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 4:4; 24:45-47) Ho phaella libokeng tse ’maloa tse tšoaroang ka beke, re na le Bibele, limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, le likhatiso tse ling tse ngata. Esita le linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng, ho ntse ho amoheloa lijo tsa moea kamehla. Linku tsa Jehova ha li hloke letho!
5. Ke hobane’ng ha linku tsa Jehova kajeno li lutse ka khotso ’me li khatholohile, hona e le ka phello efe?
5 “O mphomotsa makhulong a matala.” (Pesaleme ea 23:2) Ho ne ho e-na le makhulo a maholo a matala ho pota metse ea Iseraele ea boholo-holo. Joalokaha ka nako eo molisa ea lerato a ne a etella pele linku tsa hae ho li isa libakeng tse ntle tsa makhulo, tse sireletsehileng, kahoo Jehova o hlokomela linku tsa hae kajeno. Mopesaleme o re: “Re sechaba seo e leng molisa oa sona.” (Pesaleme ea 79:13; 95:7) Linku tsa sebele li lula hantle ha li khotsofetse ’me li khona ho phomola mofuthung oa letsatsi. Linku tsa Jehova kajeno li lutse ka khotso ’me li khatholohile hobane li tšepa balisa ba hōlileng moeeng—balebeli ba koetlisitsoeng ba liphutheho le lipotoloho. Ka baka leo, mehlape ea moea ea eketseha. Batho ba bangata bao pele ba neng ba tšoeroe hampe ke balisa ba bohata ba Babylona e Moholo joale ba thabile haholo ’me ba khotsofetse ka ho ba linku tsa Jehova.
6. Jehova ‘o re tsamaisa pel’a metsi a khutsitseng’ joang?
6 “O ntsamaisa pel’a metsi a khutsitseng.” Iseraeleng, molisa o ne a lokela ho tataisa mohlape oa hae ho ea letamong kapa molatsoaneng oa metsi. Empa hangata metsi a ne a sokoleha nakong ea selemo ea ha ho omile. Kajeno, Jehova ‘o re tsamaisa pel’a metsi a khutsitseng’ ka ho fana ka metsi a ’nete ka bongata bo boholo. (Bapisa Ezekiele 34:13, 14.) Hape moprofeta Esaia o fana ka memo ena e thahasellisang: “Helang! lōna kaofela ba nyoriloeng, tlong metsing.” (Esaia 55:1) Ka ho noa metsi ana a moea, linku li sireletsoa likahlōlong tse tukang tse tlang holim’a “ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli.”—2 Ba-Thessalonika 1:8; Tšenolo 7:16, 17.
7. Ke neng ho hlabolloa moeeng hoo Jehova a ho etsang ho leng molemo haholo-holo, ’me ke tlas’a maemo afe litemana tsa Bibele tseo motho a ithutileng tsona ka hlooho li ka ipakang li le molemo ka ho fetisisa?
7 “O hlabolla moea oa ka.” (Pesaleme ea 23:3) Ha re ikutloa re khathetse, re le khathatsong, re nyahame, kapa re talimane le khanyetso e matla, Jehova o re hlabolla ka Lentsoe la hae. Kahoo, ho molemo hore Bakreste ba itloaetse ho bala karolo eitseng ea Bibele letsatsi le leng le le leng. Na u etsa see? Ba bang ba fumana ho le molemo ho ithuta litemana tse itseng ka hlooho, tse kang Exoda 34:6, 7 kapa Liproverbia 3:5, 6. Ke hobane’ng ha see se le molemo? Koana, haeba u ka hlaheloa ke kotsi ’me u sa tšoara Bibele, likhopolo tsa Mangolo tse tšelisang li ka u matlafatsa hang-hang. Baena ba bangata ba ileng ba ahlōleloa lichankana kapa likampo tsa literonko ka baka la ho emela melao-motheo e lokileng ba tiile ba ’nile ba hlabolloa haholo ’me ba matlafatsoa ke ho hopola mangolo ao ba ithutileng ’ona ka hlooho. E, Lentsoe la Molimo le ka “thabisa pelo” ’me la “elisa mahlo”!—Pesaleme ea 19:7-10.
8. Na ho bonolo ho latela “mehlaleng ea ho loka,” empa ho etsa joalo ho isa ho eng?
8 “O ntsamaisa mehlaleng ea ho loka.” Ho thata ho latela mehlaleng ea ho loka, empa e isa bophelong. Ho joalokaha Jesu a itse: “Monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane.” (Mattheu 7:14) Moapostola Pauluse o bontšitse khopolo e tšoanang le ena ka ho bolella barutuoa ba Lystra, Ikone, le Antioke: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” Hape ka sebele Pauluse o ne a tseba seo a neng a bua ka sona. Nakoana pele ho moo, o ne a tlepelitsoe ka majoe ha a le Lystra ’me a siuoa hore a shoe!—Liketso 14:19-22.
9. (a) Molimo ‘o re tsamaisa mehlaleng ea ho loka’ joang? (b) Pesaleme ea 19:14 e ka ba molemo ka tsela efe? (c) Ke mangolo afe a ka re thusang ho qoba likotsi tsa boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali?
9 Jehova ‘O re tsamaisa mehlaleng ea ho loka’ ka ho re tataisa le ho re ruta ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Empa batho ba bangata ba latela tsela e phatlaletseng le e hebe-hebe ‘e eang timelong.’ (Mattheu 7:13) Litšila tse atileng tsa botona le botšehali le seoa se ntseng se pharalla ka potlako sa AIDS li hatisa tlhokahalo ea hore Bakreste ba qobe litloaelano tse mpe. (1 Ba-Korinthe 15:33) Hape re tlameha ho ba seli hore re thibele menahano ea rōna ka boeona hore e se lelere ho ea litseleng tse litšila. (Pesaleme ea 19:14) Re ntse re habile sepheo seo, kamehla a re ke re sebeliseng keletso e molemo eo Lentsoe la Molimo le fanang ka eona mabapi le likamano tsa botona le botšehali le hore na re ka qoba likotsi tse ngata tsa boitšoaro bo bobe joang.—1 Ba-Korinthe 7:2-5; Ba-Efese 5:5; 1 Ba-Thessalonika 4:3-8.
10. (a) Lipaki tsa Jehova li na le boikarabelo bofe mabapi le lebitso la Molimo? (b) Ke hobane’ng ha batho ba lefatše ba atisa ho re nyatsa? (c) Ke tlas’a maemo afe Jehova a tlang ho re thusa?
10 “Ka baka la lebitso la hae. ” Lipaki tsa Jehova li na le boikarabelo bo boima ba ho tlotlisa lebitso la Molimo le ho se le tlisetse thohako. (Mattheu 6:9; Exoda 6:3; Ezekiele 38:23) Batho ba bangata ba lefatše ba potlakela ho supa batho ba Jehova ka monoana ho ba qosa. Haeba sena se etsoa ka baka la ho emela ha rōna melao-motheo ea Bibele e kang ho se jele paate kapa ho halalela ha mali, matsoalo a rōna a lula a hloekile. Empa haeba sena se ne se ka etsahala ka baka la phoso ea rōna, re ne re tla be re nyelisa Jehova. (Esaia 2:4; Liketso 15:28, 29; 1 Petrose 4:15, 16) Kahoo e se eka re ka hloea bobe. (Pesaleme ea 97:10) Haeba re ka hlaheloa ke mahloriso, kamehla Jehova o tla re thusa ’me a re sireletse ka baka la lebitso la hae.
Jehova o Sireletsa Linku tsa Hae
11. Ho boleloa eng ka “khohlo ea moriti oa lefu,” ’me see se ka ’na sa re hopotsa eng ka Jesu?
11 “Leha nka tsamaea khohlong ea moriti oa lefu, nke ke ka tšoha bobe leha bo le bong.” (Pesaleme ea 23:4) Phetolelo ea Isaac Leeser e baleha tjena: “E, le haeba ke tsamaea kahare ho khohlo ea moriti oa lefu, ha ke na ho tšoha bokhopo.” Sena se ka ’na sa hopotsa motho likhohlo tse tebileng, kapa liphula tse tebileng, tse tlohang lithabeng tsa Judea ka lehlakoreng le ka bophirimela la Leoatle le Shoeleng. Phula kapa khohloana eo ho eona libata tse jang liphoofolo tse ling li ipatang meriting ke sebaka se kotsi bakeng sa linku. Davida o ile a feta har’a likhohlo tse ngata tse kotsi bophelong ba hae, lefu le mo tjametse mahlong. Empa kaha Molimo o ne o mo etelletse pele, o ne a le sebete ’me a sa inehele tšabong e feteletseng. Re lokela ho ba le tšepo e tšoanang ho Jehova. Ha ho buuoa ka “moriti oa lefu” tjena ho boetse ho re hopotsa boprofeta ba Esaia: “Leseli le khanyelitse ba ahileng naheng ea moriti oa lefu.” Mattheu o ile a bua ka boprofeta bona ’me a bo sebelisa ho Jesu Kreste, a re: “Sechaba se neng se lutse lefifing, se bone leseli le leholo; ’me leseli le chabetse ba neng ba lutse naheng ea lefu le moriting oa lona.” Joang? Ka phutuho e khōlō ea boboleli eo Jesu a neng a e etsa.—Esaia 9:2; Mattheu 4:13-16.
12. (a) Linaheng tse ngata bahlanka ba Jehova ba ithutile ho phela har’a mahloriso joang, ’me e le ka phello efe? (b) Petrose o ile a khothatsa Bakreste ba pele ba neng ba hlorisoa joang?
12 Davida ‘o ne a sa tšohe bobe leha bo le bong.’ Ho etsahala ntho e tšoanang ka bahlanka ba Jehova kajeno, le hoja ba sa ratoe lefatšeng lena le khopo le busoang ke Satane. (1 Johanne 5:19) Batho ba bangata ba hlile ba ba hloile, ’me ba hlorisoa hampe linaheng tse ngata. Empa linaheng tsena ba ntse ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, le hoja ba sa ho etse phatlalatsa joalokaha ba tloaetse. Baa tseba hore Jehova o na le bona ’me o tla ba sireletsa. (Pesaleme ea 27:1) Ho etsoa tsoelo-pele e ntle linaheng tse ngata tseo ho tsona mosebetsi oa ’Muso o tlamehang ho etsoa ka sekhukhu. Linaheng tse joalo, Lipaki tsa Jehova li pheta mantsoe a pesaleme: “Morena [“Jehova,” NW] o na le ’na, ha ke tšabe letho; motho a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 118:6, TLP) Lipaki tsena li boemong bo tšoanang le ba Bakreste ba pele bao moapostola Petrose a ileng a ba ngolla mantsoe ana a khothatsang: “Esita leha le ka utloisoa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tšabeng litšokelo tsa bona, ’me le se ke la tšoha.”—1 Petrose 3:14.
13. (a) Ke phetoho efe e thahasellisang e hlahang ho Pesaleme ea 23:4, hona hobane’ng? (b) Bakreste ba ka hlola lintho tseo ba li tšohileng joang?
13 “Hobane u na le ’na.” Ka kōpo hlokomela ntlha e ’ngoe e thahasellisang haholo polelong ena. Mopesaleme ea bululetsoeng o se a tlohetse ho sebelisa motho oa boraro ’me o fetohetse ho motho oa bobeli. Ho e-na le ho bua ka Jehova e le “o,” joale Davida o sebelisa seemeli “u.” Hobane’ng? Hobane ke katamelano e haufi haholoanyane. Kotsi e re atametsa ho Ntate oa rōna ea lerato, Jehova. Joale re thabela kamano e haufi haholoanyane le eena. Ka ho sebelisa thapelo le kōpo, re ka ipiletsa ho eena bakeng sa tšireletso, ’me kahoo ra hlōla lintho tseo re li tšohileng.—Bapisa Sofonia 3:12.
14. (a) Balisa ba ne ba e-na le lihlomo life mehleng ea Davida, ’me ba ne ba li sebelisa joang? (b) Balisa ba Bakreste ba sireletsa mohlape joang kajeno?
14 “Lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntšelisang.” Lentsoe la Seheberu sheʹvet, le fetoletsoeng e le “lere,” le ka bolela molamu oa molisa. Ka bobeli lere le seikokotlelo li ka sebelisoa bakeng sa tšireletso le ho tšoantšetsa kapa ho bontša bolaoli. Ka sebele, lihlomo tsena li ne li tla ba molemo haholo ho otla lintho tse hlaselang tse kang liphiri le linoha. Molamu oa molisa o ne o ka boela oa sebelisoa ho thiba linku hore li kene tseleng e nepahetseng kapa le hona ho khutlisa nku e tsamaelang haufi haholo le sebaka seo e ka ’nang ea oela ho sona kapa ea hlaha kotsi. Kajeno, Jehova o fana ka balisa ba tšepahalang, baholo liphuthehong, ba sireletsang mohlape khahlanong le bahlaseli ba moea ba kang bakoenehi. Kapa baholo ba ka ’na ba lokela ho laea ba khoehlisang ntlheng ea ho ba teng libokeng kapa ba fapohang boitšoarong ba Bokreste.
Mokete o Enneng Har’a Lira
15. (a) Ke phetoho efe ea ho tšoantšetsa e nang le moelelo o moholo e hlahang ho Pesaleme ea 23:5? (b) Ke linnete life tse bontšang hore batho ba Jehova ba fepiloe hantle moeeng, ’me ba fapane le bo-mang?
15 “U teka tafole pel’a ka, pontšeng ea lira tsa ka.” (Pesaleme ea 23:5) Mona re fumana phetoho ea ho tšoantšetsa e nang le moelelo o moholo, ho tloha ho molisa ho ea ho motho ea amohelang baeti. Joaloka motho ea amohelang baeti ea fanang, Jehova o fana ka lijo tse ngata tsa moea ka sehlopha sa “mohlanka” se tlotsitsoeng. (Mattheu 24:45) Le hoja re phela lefatšeng le tletseng bora, re feptjoa hantle. Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse kaholimo ho lekholo e le hore batho ba phelang libakeng tse qalikaneng joaloka Afrika Boroa, Greenland, Lihleke-hleke tsa Solomon, le India ba ka feptjoa moeeng. Ntle ho moo, liphutheho tse fetang 55 000 lefatšeng ka bophara li na le libui tsa phatlalatsa tse koetlisitsoeng hantle le matichere a koetlisitsoeng hantle le libaka tse ntle tseo ho kopaneloang ho tsona, ho akarelletsa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse makholo-kholo. Ho khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse kaholimo ho 3 000 000 ho thusa batho ba seka linku. Ho fapana le hoo, ba leng Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, baa lapa.—Esaia 65:13.
16. (a) Ho fapana le mosali oa moetsa-libe, mofarisi e mong o ile a hloleha ho etsetsa Jesu eng? (b) Jehova o fa bahlanka ba hae ba tšepahalang oli ea mofuta ofe kajeno?
16 “U tlotsitse hloho ea ka ka oli.” Iseraeleng ea boholo-holo motho ea amohelang baeti ka mofuthu o ne a fana ka oli bakeng sa ho tlotsa baeti ba hae lihlooho. Ka ho thahasellisang, ka lekhetlo le leng Jesu o ne a etetse Mofarisi e mong ea sa kang a tlotsa hlooho ea Jesu ka oli kapa hona ho fana ka metsi a hlatsoang maoto a hae. Ka nako eo, mosali e mong oa moetsa-libe a hlatsoa maoto a Jesu ka meokho ea hae ’me a a tlotsa ka oli e khethehileng e nkhang hamonate. (Luka 7:36-38, 44-46) Empa Jehova ke motho ea amohelang baeti ka mofuthu haholo! O fana ka “oli ea thabo” bakeng sa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Esaia 61:1-3) E, ka sebele batho ba Jehova ba thabile kajeno.
17. (a) ‘Mohope o khaphatsehang’ o bontša eng? (b) Jehova o fana ka ‘mohope o khaphatsehang’ joang bakeng sa bahlanka ba hae kajeno?
17 “Mohope oa ka oa khaphatseha.” Phetolelo e ’ngoe e re: “Mohope oa ka oa tšoloha.” (Moffatt) Sena se bontša bongata bo boholo ba lintho tsa moea. Le hoja ho sa boleloe ho noa ho tlōlisa, mantsoe ana a fana ka maikutlo a mohope oa veine e monate. Seno sena se na le litšobotsi tsa ho phekola, joalokaha ho bontšitsoe ke keletso ea Pauluse ho Timothea: “U se ke ua hlola u e-noa metsi feela, empa u n’ o noa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la lipabo tsa hao tse ngata.” (1 Timothea 5:23) Ka kutloisiso ea moea, veine e boetse e thabisa lipelo tsa rōna. (Pesaleme ea 104:15) Ntate oa rōna ea lerato, Jehova, ka seatla se bulehileng o fana ka mokete oa moea oa lintho tse molemo bakeng sa bahlanka ba hae ba tšepahalang, ho akarelletsa ‘mohope o khaphatsehang’ oa thabo.
18. (a) Ke bo-mang ba thabelang molemo oa Jehova le mosa oa hae o lerato, ’me Pesaleme ea 103:17, 18, (NW) e bontša see joang? (b) Ke tebello efe e khanyang e larileng kapele ho ba tšepahalang ho Jehova?
18 “Ruri molemo le mosa o lerato ka botsona li tla ntatela ka matsatsi ’ ohle a bophelo ba ka.” (Pesaleme ea 23:6, NW) Molemo ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea o halalelang oa Jehova. (Ba-Galata 5:22, 23) Molemo oa Molimo le mosa oa hae o lerato li thabeloa ke ba tsamaeang tseleng ea hae. (Pesaleme ea 103:17, 18, NW) Ka tumelo e matla ho Jehova, batho ba hae ba ka talimana le teko efe kapa efe eo ba thulanang le eona. Kamehla ke batho bao a ba hlohonolofatsang le bao a ba hlokomelang ka lerato. Hape ho tšepahala ho fihlela qetellong ho tla bolela bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ke tebello e babatsehang hakaakang!
19. (a) Ho ‘hlola ka tlung ea Jehova’ ho bolela eng? (b) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o theile eng ho phahamisa borapeli ba ’nete kajeno, hona ke hobane’ng ha batho ba likete-kete ba inehetseng ba nka ho sebeletsa moo e le tokelo e khōlō? (c) Ke bo-mang hape ba ikemiselitseng ho sebeletsa Molimo ka ho sa feleng?
19 “’Me ke tla ’ne ke hlole ka tlung ea Jehova ka mehla.” Mehleng ea Davida sehalalelisiso sa Molimo e ne e le tabernakele, hobane tempele e ne e e-s’o hahuoe. Kaha mopesaleme o ne a hopotse motho ea amohelang baeti ka lerato, ‘ho hlola ka tlung ea Jehova’ ho ne ho bolela ho ba le kamano e ntle le Molimo joaloka moeti oa Oona. (Pesaleme ea 15:1-5) Kajeno, ntlo eo e ka tsebahatsoa e le tempele e halalelang ea Jehova, tokisetso ea hae ea borapeli bo hloekileng. Morena Salomone o ile a neoa tokelo e khōlō ea ho haha tempele ea pele e bonahalang, e neng e khabisitsoe ka matlotlo a gauda ’me e hahetsoe ho tlotlisa Jehova. Ho sebeletsa moo e ne e le tokelo e khōlō hakaakang! Le hoja tempele e joalo e se e le sieo, Molimo o na le mokhatlo o hlophisitsoeng o halalelang bakeng sa ho o tlotlisa le ho phahamisa borapeli bo hloekileng. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o theile Mahae a Bethele linaheng tse makholo-kholo, e le mokhoa o mong oa ho etsa sena. “Bethele” e bolela “Ntlo ea Molimo,” ’me likete-kete tsa batho ba inehetseng li sebeletsa litsing tsena tsa puso ea Molimo. Ba bang ba banna bana le basali bana ba sebelelitse ka tsela ena “kamehla,” kaha ba qetile karolo e khōlō ea bophelo ba bona tšebeletsong ea Bethele. Ba bang ba limillione, bao e seng litho tsa lelapa la Bethele, ka ho tšoanang ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.
20. (a) Ke hobane’ng ha Pesaleme ea 23 e le karolo e totobetseng ea Mangolo, ’me e re thusa ho hlaolela eng? (b) Ke litokelo life tse letetseng bahlanka ba tšepahalang ba Jehova?
20 Pesaleme ea bo23 e tšoana le lehakoe la bohlokoahali le nang le mahlakore a mangata a phatsimang ke khanya. E phahamisa lebitso le khanyang la Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova, ’me e senola kamoo a tataisang linku tsa hae, a li sireletsang, le kamoo a li hlokomelang kateng. Ka baka leo, batho ba hae ba thabile, ba fepiloe hantle moeeng, ’me lenane la bona le eketseha ka potlako, esita le linaheng tseo ho tsona ho nang le khanyetso e mabifi. Pesaleme ea 23 e boetse e re thusa ho hlaolela tlamahano e mofuthu, e haufi-ufi le ’Mōpi oa rōna. Hape ha re talima maholimo a tletseng linaleli, joalokaha Davida a ne a atisa ho etsa ha a ntse a alositse mohlape oa hae, re leboha hore e be ’Mōpi oa bokahohle bona bo tšabehang o re hlokomela joaloka Molisa ea lerato. Ka lerato, o boetse o re tšepisa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha haeba re ipoloka re tšepahala ho eena. E tla ba ho hlollang hakaakang ka nako eo ho kopana le bahlanka ba tšepahalang ba tsositsoeng ba Molimo ba kang Davida! Hape e tla ba tokelo e kaakang ho sebeletsa Jehova, Molisa e Moholo, ka ho sa eeng kae!
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Jehova o ipaka e le Molisa oa rōna ea lerato joang?
◻ Molimo ‘o re tsamaisa mehlaleng ea ho loka’ ka tsela efe?
◻ Jehova o sireletsa linku tsa hae joang?
◻ Molimo o re teketse tafole har’a lira tsa rōna ntlheng efe?