Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/15 maq. 22-24
  • Cayman—Lihleke-hleke Tse Ileng Tsa Lebaleha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Cayman—Lihleke-hleke Tse Ileng Tsa Lebaleha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Likhulu, Basesisi ba Likepe ba Ikutsoang, le Mekhoa e Phahameng ea Boqapi ho tsa Mahlale
  • Baeti ba Mofuta o Mong
  • Macayman a Utloa Litaba tse Molemo
  • Ho Hlōloa Khanyetso Cayman Brac
  • Ba Hopotsoe ke Jehova
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/15 maq. 22-24

Cayman—Lihleke-hleke Tse Ileng Tsa Lebaleha

U KA sesa metsing a khutsitseng, a maputsoa. U ka iqoelisa ho batlisisa mesaletsa e mengata-ngata ea likepe tse ileng tsa shoela bolibeng ba leoatle. Kapa u ka etela polasi ea likhulu. Hokae? Lihleke-hlekeng tsa Cayman—Grand Cayman, Cayman Brac, le Little Cayman.

U ka ’na ua botsa, ‘Empa hantle-ntle Lihleke-hleke tsa Cayman li hokae lefatšeng?’ Eo ke potso e utloahalang hobane li nyenyane hoo li bontšoang seoelo limmapeng tsa lefatše. Le nakong eo li hlahisoang ka eona, li ka hlahisoa e le mathebanyana feela a mararo ka Bophirima Leoatleng la Caribbean, lik’hilomithara tse 240 ka boroa ho Cuba, kapa lik’hilomithara tse 800 ka boroa ho Miami, Florida.

Li fumanoe ka 1503 ke Christopher Columbus leetong la hae la ho qetela la ho fumana libaka tse ncha ha a potile West Indies, lihleke-hleke tsena—Cayman Brac le Little Cayman—li ile tsa bitsoa Las Tortugas (Likhulu), kaha ha ho mohla Columbus a kileng a bona Grand Cayman. Hoo e bile ka lebaka la palo e khōlō ea likhulu tse ileng tsa bonoa moo le ho pota-pota lihleke-hleke tseo. Ka 1670, ka Tumellano ea Madrid, Spain e ile ea bea lihleke-hleke tseo tlhokomelong ea Brithani, ’me li lutse e le kolone ea Manyesemane ho tloha ka nako eo.

Likhulu, Basesisi ba Likepe ba Ikutsoang, le Mekhoa e Phahameng ea Boqapi ho tsa Mahlale

Mehleng ea likepe tse neng li sesisoa ka liseile, lihleke-hleke tsena e ne e le kou ea likepe e ratoang haholo eo ho neng ho fapoheloa ho eona ea likepe tse khōlō tse neng li sesa metsing a Caribbean. Likhulu tse ngata tse tala tsa leoatle li ile tsa fetoha mohloli o motle oa nama e tala bakeng sa basesisi ba lapileng ba likepe. Likhulu li ne li jeoa ha li qeta ho hlabjoa, kapa li isoa likepeng li omelelitsoe kapa li nōkiloe ka letsoai. Li ile tsa fetoha mohloli o moholo oa protein nakong ea maeto a matelele.

Empa lihleke-hleke li ne li hlokomeleha ka ntho e ’ngoe hape. Naha e bataletseng le mabōpo a sireletsehileng li ne li hohela banna ba bangata ba tsamaeang moo looatle le ahlameng pel’a libaka tse itseng. Basesisi ba tsebisahalang ba likepe tse hlaselang likepe tse ling le ba ikutsoang, ba kang Sir Henry Morgan le Edward Teach, eo hape a tsebjoang e le Blackbeard, ba ne ba sebelisa lihleke-hleke tsena e le moo ba ipatang teng kapa e le moo ba tlohang teng ha ba hlasela likepe tsa khoebo. Ho ikhopotsoa karolo ena e fapa-fapaneng ea histori ka mokete oa selemo le selemo o bitsoang Beke ea Basesisi ba Likepe ba Ikutsoang, oo sebakeng seo o nkoang e le karolo ea bohlokoa ea selemo.

Ha moloko oa likhulu o ntse o fokotseha ’me likepe tse tsamaisoang ka mosi oa metsi li nka sebaka sa likepe tse sesisoang ka liseile, ke likepe tse seng kae feela tse ileng tsa pota mona. Kahona kaha ke baahi ba seng bakae ba lihleke-hleke ba neng ba e-na le liea-Ie-moea, lihleke-hleke tsa Cayman, li ile tsa arohana le lefatše ka kakaretso ’me tsa lebaleha kahohle. Li ile tsa iphumanela lebitso “Lihlekehleke tse Ileng tsa Lebaleha.”

Leha ho le joalo, ka bo1960, boemo ba litaba bo ile ba qala ho fetoha. Melao ea sebaka seo ea libanka le ea makhetho, hammoho le ho qaleha ha litsamaiso tsa puisano tsa boqapi bo phahameng ho tsa mahlale, li ile tsa fetola sebaka sena se kileng sa lebaleha hore e be se seng sa litsi tse molemo ka ho fetisisa tsa machaba tsa libanka. Lihlekehleke li ile tsa bala selemo sa tsona sa bo500 sa ho bula banka ka Phuptjane 1987. Ntlafatso ena ea maemo le eona e ile ea hōlisa khoebo ea bohahlaoli. Lekhotla la moo la bohahlaoli le ile la nyakalla ha baeti bao kakaretso ea bona e bileng ba 8 244 ba e-tla moo ka 1966. Palo eo e ne e nyolohetse ho 430 000 ka 1986, e etsa hore ntle ho mesebetsi e meholo ea khoebo, bohahlaoli e be mosebetsi oa bobeli oa bohlokoa ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ho na le sehlopha se seng sa batho se thahasellang lihleke-hleke tsena haholo.

Baeti ba Mofuta o Mong

Lipaki tsa Jehova, tse nkang ka botebo mantsoe a Jesu a hore litaba tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lichabeng tsohle, ha lia ka tsa hlokomoloha Lihleke-hleke tsa Cayman. (Mattheu 24:14, NW) Esale pele hoo e ka bang ka 1929, Patrick Davidson, eo e neng e le molebeli oa mosebetsi oa ho bolela Jamaica, o ile a etela Grand Cayman. Ho sa tsotellehe khanyetso, o ile a khona ho jala lipeō tsa ’nete ea ’Muso.

Davidson o ile a nka leeto la bobeli ka 1937, empa ha ea ba ho fihlela ka 1950 moo Grand Cayman e ileng ea koaheloa ka ho phethahetseng ke Aleck Bangle le moromuoa e mong oa habo. Lingoliloeng tsa Bibele tse baloang ka makholo li ile tsa abjoa ka nako e khutšoanyane feela. Baromuoa ba tlaleha hore ba fumane batho ba botsoalle, ba buisehang habonolo, le ba chesehelang ho utloa litaba tse molemo.

Macayman a Utloa Litaba tse Molemo

Baromuoa le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa bona butle-butle le ka mamello. Ka 1959, ho ne ho e-na le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba ’Muso ba 12, ’me ho ile ha hlophisoa phutheho. E mong oa baahi ba pele ba sebaka seo ba ileng ba amohela ’nete ea Bibele e ne e le Wilbert Sterling. O sa ntsane a hopola hantle nako ea ha sehlopha se senyenyane sa Lipaki se ne se lokela ho koahela tšimo ea sona se tsamaea ka maoto. Le hoja hona joale a se a foufetse ’me a le lilemong tsa hae tsa bo80, Moena Sterling o sa ntsane a sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Georgetown.

Boiteko bo masene ba baboleli bao ba pele ba ’Muso bo hlohonolofalitsoe ke Jehova. Hona joale ka karolelano ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 60 har’a baahi ba ka bang 17 000. Baahi ba bangata ba lihleke-hleke ba ananela hore Lipaki li kahosele ka lebaka la borapeli ba tsona bo theiloeng Bibeleng.

Ka mohlala, mosali e mong ea neng a sebetsa ntlong ea lijo o ile a bona Paki e neng e ntse e bolela ka ntlo le ntlo. A atamela motho eo oa Paki ’me a mo botsa hore na o lokela ho etsa joang hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a bolelloa hore o tla lokela hore a rue tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ’me joale a e sebelise. (Johanne 17:3) Ha a utloa hoo, mosali eo o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele. Kajeno, o sebeletsa Jehova e le e mong oa lipaki tsa hae.

Ba bangata ho ba amohetseng ’nete ba tsoa linaheng tse ling. Ba fetotse Cayman lehae la bona kapa ke bajaki feela ba lutseng ka likonteraka tsa mosebetsi. Kahoo, khaitseli e mong o ile a bolela takatso ea hae ea ho bona Macayman a mangatanyana a sebaka seo ka phuthehong. O ile a rapela Jehova hore a mo thuse hore a fumane letsoalloa la moo le batlang ho ithuta Bibele. Nakoana kamorao ho moo, o ile a teana le mosali e mong e monyenyane ea neng a se a ntse a e-na le buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, ’me khaitseli a qalisa thuto ea Bibele le eena. Ka likhoeli tse seng kae, mosali enoa a qala ho ba teng libokeng, a tlohela bolumeli ba hae ba nakong e fetileng, ’me a qala ho abelana le ba bang seo a ithuta sona. Pele selemo se fela o ile a fetoha paki ea Jehova e inehetseng, le e kolobelitsoeng.

Mosebetsi oa ho bolela o ile oa fumana matla a eketsehileng ka 1982, ha banyalani ba babeli ba baromuoa ba abeloa ho ea sebetsa Grand Cayman. Ba ile ba tšoara lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ngata ’me ba rala motheo o motle bakeng sa keketseho e kholoanyane.

Ho Hlōloa Khanyetso Cayman Brac

Sehleke-hleke sa Cayman Brac se lik’hilomithara tse ka bang 140 ka leboea-bochabela ho Grand Cayman. Nako le nako, baromuoa le basebetsi ba bang ba nako e tletseng ba tsoang Grand Cayman ba ne ba pota moo ho isa litaba tse molemo ho baahi ba teng ba ka bang 1 700. Empa lintho tse thabisang tsa qala ho etsahala moo ka 1986.

Banyalani ba babeli ba neng ba sebetsa moo ka konteraka ba qala ho ithuta ’me ba tsoela pele ho isa ntlheng ea ho inehela le ho kolobetsoa. Eaba Lipaki tse ling tse peli li fallela moo li e-tsoa linaheng tse ling. Mosebetsi o eketsehileng oa phakisa oa halefisa bahanyetsi, ba ileng ba leka ho etsa hore ba boholong ba fanang ka tumello bakeng sa ba kenang ka hare ho naha ba hlakole mangolo a tumello ea mosebetsi a banyalani bana ba sa tsoa kolobetsoa. Leha ho le joalo, boiteko ba bona bo ile ba hlōleha ha ofisiri e khōlō ea ba kenang ka hare ho naha Georgetown, Grand Cayman, e bolela hore haeba bahanyetsi ba bolumeli ba khopisoa ke mosebetsi oa Lipaki, le bona ba lokela ho ea ka ntlo le ntlo ho o hanyetsa. Ha hoa ka ha bontšoa boikutlo ba ntoa ho tloha ka nako eo.

Ba Hopotsoe ke Jehova

Batho ba Lihleke-hleke tsa Cayman ka sebele ha baa lebaloa ke Jehova, ’Mōpi e Moholo. Ho e-na le hoo, o nolofatsa hore litaba tse molemo li boleloe lihleke-hlekeng tsena tse nyenyane, kahoo a phethahatsa boprofeta ba Esaia: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše, lōna ba tsamaeang holim’a leoatle, le lōna libopuoa tsohle tse ho lona, lōna lihleke-hleke le ba ahileng ho tsona.”—Esaia 42:10.

Lihleke-hleke tsa Cayman li ka thabela hore e be ponong ea Jehova, hase “Lihleke-hleke tse Ileng tsa Lebaleha.”

[’Mapa o leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leoatle la Caribbean

LITTLE CAYMAN

CAYMAN BRAC

[’Mapa]

GRAND CAYMAN

[’Mapa]

CUBA

LITTLE CAYMAN

GRAND CAYMAN

CAYMAN BRAC

JAMAICA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela