Ho Kula Kelellong—Ha ho Hlorisa Mokreste
LITSEBI tsa bophelo ba kelello li bolela hore mohlomong hoo e ka bang a le 1 ho ba 5 United States o tšoeroe ke mofuta o mong o itseng o hlokomelehang oa lefu la kelello. Mokhatlo oa Lefatše oa Machaba oa Bophelo o phaella ka hore ho ka ’na ha e-ba ba bangata hoo ba ka bang limillione tse 40 ba sa phekoloeng ho kula ha kelello linaheng tse hōlang moruong. Mathata a kelello a bile a fumanehile le har’a baahi ba bang ba lihleke-hleke tse kang paradeise tsa Pacific.
Ka baka leo ha hoa lokela ho re makatsa hore e be Bakreste ba ’maloa kajeno ba thulana le mathata a kelello kapa a maikutlo ho tloha ka ho ferekana kelello ka mokhoa o seng matla le ho tepella kelello hanyenyane ho isa ho kuleng ho matla ho kang ho tepella kelello ka matla, ho ferekana kelello ho sa laoleheng, ho tšaba lintho tse itseng ntle ho lebaka, le ho lahleheloa ke kelello. Ba bang ba bile le mathata a joalo pele e e-ba Lipaki, ha ba bang ba qalile ho hlokofatsoa ke ho kula kelellong lilemong tsa bona tsa botsofali.
Lebaka leo Bakreste e seng Mekhelo
Mosali e mong oa Mokreste ea qetileng lilemo tse fetang 20 tšebeletsong ea boinehelo o tlaleha hore o ile a hlokofatsoa ke mantsoe a matla le a sa khaotseng. O re, “Mohlomong ke ne ke nahanne ka ntho e ’ngoe e itseng, e ba ho se ho hlaha lentsoe le reng, ‘ipolaee.’ . . . U utloa mantsoe ana ka mokhoa o phehellang ho fihlela ha u sitoa ho mamella.” Ho tla joang hore e be Mokreste ea tšepahalang a ka hlokofatsoa ka tsela ee? Na 2 Timothea 1:7 (NW) ha e re: “Molimo ha oa ka oa re nea moea oa boi, empa oa matla le oa lerato le oa kelello e hlaphohileng”?
E, empa kelello e hlaphohileng hangata ha e bolele hakaalo ho phela hantle kelellong, empa e bolela haholo bohlale ba Mokreste ba ho sebelisa kahlolo e theiloeng Bibeleng. Ho fapana le motho oa lefatše ea ‘leng lefifing kelellong,’ kapa ea ‘kelello e bolileng,’ Mokreste o ‘nchafalitse kelello ea hae’ ka ho ithuta Lentsoe la Molimo. (Ba-Efese 4:17, 18, NW; 2 Timothea 3:8; Ba-Roma 12:2) Ha ho pelaelo hore hona ho amana haholo le ho hōlisa ho tsitsa ha Mokreste maikutlong le kelellong, empa ha ho mo etse mokhelo mathateng a bophelo ba kelello. Bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo mehleng ea Bibele, ba kang Epafrodite, ba ile ba hlokofatsoa ke mefuta e itseng ea ho kula kelellong.—Ba-Filippi 2:25, 26, TLP; Luka 2:48, TLP.
Moapostola Pauluse oa re hopotsa: ‘Bohle ba shoa ka Adama.’ (1 Ba-Korinthe 15:22) Ba bangata ho rōna ba na le mafu a totobetseng a ’mele. Ba bang ba hlokofatsoa ke ho kula kelellong kapa maikutlong.
Lisosa tsa ho Kula Kelellong
Ho kula ’meleng ho bonahala e le hona ho bakang ho kula ho hongata ha kelello. Ka mohlala, Bibele e bolela ka motho eo mahlo a hae a ‘bonang lintho tse makatsang.’ E be sesosa sa lipono tse joalo tsa bohata ke sefe? ‘Ho lula nako e telele [motho a e-noa] veine’! (Liproverbia 23:29-33) Ka ho hlakileng, tahi e ka bakela boko lipono tsa bohata. Lingaka li bolela hore ka tsela e tšoanang, ho se leka-lekane ha metsoako e sebetsang bokong, lefutso, ’me mohlomong le lijo li ka etsa hore boko bo sebetse ka mokhoa o fosahetseng. Ho ka fella ka mathata a kelello le a maikutlo.a
Likhatello tse matla tsa kelello, tse kang ho imeloa maikutlong, le tsona li ka ’na tsa qhomisa mathata a maikutlo. Ho leka ho boloka boitšoaro bo hloekileng le botho ba Bokreste ‘linakong tsena tse thata ho sebetsana le tsona’ e ka ba mohloli oa ho imeloa kelellong. (2 Timothea 3:1-5, NW) E, Lota ‘o ne a hlora moeeng oa hae o lokileng’ ke bokhopo boo a neng a bo bona letsatsi le letsatsi Sodoma! (2 Petrose 2:8) Ho feta moo, Bakreste ba bang ba ile ba ameha kelellong ka lebaka la hobane ba ile ba betoa, ba hleka-hlekoa ka mekhoa ea botona le botšehali, kapa ka lebaka la liketso tsa nakong e fetileng tsa boitšoaro bo bobe kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Lintho tse joalo li ka fokolisa ka matla bophelo ba kelello ba motho.
Seo Baholo ba ka se Etsang
Baholo ba amehile ka ho alosa mohlape oohle o beiloeng tlhokomelong ea bona—ho akarelletsa ba tšoenyehileng maikutlong. (1 Petrose 5:2; Esaia 32:1, 2) Ke ’nete hore hase lingaka, ’me ba ke ke ba phekola batho ka bomong joalokaha moapostola Pauluse a sa ka a phekola Epafrodite ho kuleng ha hae ’meleng le ho tepelleng kelellong ho ileng ha latela. (Ba-Filippi 2:25-29) Empa, ka ho bontša kameho ea sebele le kutloelo-bohloko ea botho, hangata ba ka etsa ho hongata ho thusa le ho khothatsa ba joalo.—1 Petrose 3:8.
Ho thoe’ng haeba moena a ka qala ho itšoara ka tsela e makatsang kapa a ka belaela ka ho imeloa maikutlong? Baholo ba ka ’na ba qala ho leka ho botsisisa ea kulang, ba leka ho fumana hore na ke eng se mo tšoenyang. Na tlokotsi e ’ngoe ea botho kapa boemo bo tepeletsang ka mokhoa o sa tloaelehang—mohlomong ho lahleheloa ke mosebetsi kapa ho shoa ha moratuoa—ka nakoana e entse hore a hloke botsitso? (Moeklesia 7:7) Na ea hlomohileng maikutlo a hae a batla a tepeletse ka lebaka la ho hlora ’me kahoo o hloka e mong ea ka buang le eena ‘ka mokhoa o tšelisang’? (1 Ba-Thessalonika 5:14) Kapa na ho ka etsahala hore e be moena o khathatsehile ka lebaka la bofokoli bo bong ba botho? Ho mo tiisetsa lerato la Molimo le mohau oa oona—hammoho le keletso e loketseng—ho ka ’na ha thusa ho fokotsa ho ferekana ha hae. (Pesaleme ea 103:3, 8-14) Ho ka finyelloa molemo o mongata ka hore feela ho rapeloe le moena ea kulang kelellong.—Jakobo 5:14.
Baholo ba ka ’na ba boela ba abelana le mokuli bohlale bo sebetsang. (Liproverbia 2:7) Ka mohlala, re hlokometse hore ho khathatseha maikutlong ho hong ho ka ’na ha amana le lijo. Ka lebaka leo baholo ba ka khothaletsa moena ho ja lijo tse leka-lekaneng ’me a qobe ho ja eng kapa eng ka mokhoa o tlōlisang. Kapa mohlomong ba ka ’na ba lemoha hore ea kulang kelellong o bile tlas’a khatello e matla mosebetsing oa hae ’me a ka rua molemo haholo ka “seatla se le seng se tletseng phomolo” ka hore ka mehla bosiu a fumane boroko bo khotsofatsang.—Moeklesia 4:6.
Ba ‘Batlang Ngaka’
Leha ho le joalo, haeba ho kula kelellong ho matla ho sa khaotse, ho molemo ho hopola mantsoe a Jesu: “Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batloa ke ba kulang.” (Mattheu 9:12) Batho ba bangata ba kulang kelellong ba tsila-tsila ho bona ngaka. Ka hona ho hlokahala hore baholo le litho tsa lelapa ba khothaletse moena hore a batle tlhokomelo ea meriana, e kang ho hlahlobjoa ka ho phethahetseng ke ngaka e tšeptjoang. Moprofesa Maurice J. Martin o re: “Mafu a mangata a sa tšoaneng a ’mele a itlhahisa eka ke ho ferekana kelellong.” ’Me le moo ho hlileng ho amehang ho kula ha kelello, hangata ho na le pheko e sebetsang e fumanehang.
Mosali oa moholo e mong o bolela kamoo monna oa hae ea neng a khathatsehile “a ileng a tšaba ho ba har’a baena le kamoo a neng a sa batle ho ea libokeng. . . . Ka matla o ne a batla ho shoa!” Empa kamor’a hore a fumane tlhokomelo ea meriana ea setsebi, mosali oa hae o bile le hona ho tlaleha: “Ha a sa tepeletse ka matla, ebile o se a rata ho ea libokeng. Hoseng hona o ile a fana ka puo ea phatlalatsa!”
Ho ke ke ha latoloa hore hase maemo ’ohle a ka rarolloang habonolo joalo. Ke hona thuto ea mahlale e qalang ho rarolla liphiri tsa mathata a kelello. Hore ho fumanehe hantle-ntle hore na motho o tšoeroe ke eng le hore a phekoloe e ka ba mosebetsi o molelele le o rarahaneng—empa hangata hoa putsa.
Ho Hlorisoa ke Bademona?
Bakuli ba bang ba mathata a kelello ba na le tšabo ea hore ba tlas’a tlhaselo ea bademona, ba bolela hore ka linako tse ling ba utloa “mantsoe.” Ke ’nete, hoa tsebisahala hore bademona ba ee ba etse hore batho ba phelang hantle kelellong ba itšoare ka mokhoa o makatsang. (Mareka 5:2-6, 15) Ha ho bopaki ba hore bademona ba ameha mabakeng a mangata a boitšoaro bo hlaha, joalokaha ba sa amehe mabakeng ’ohle a bomumu, bofofu, le sethoathoa. Empa, morao mehleng ea Bibele, ka linako tse ling bademona ba ne ba baka (kapa bonyane ba feteletsa) mafu ’ona ana! (Mattheu 9:32, 33; 12:22; 17:15-18) Leha ho le joalo, Bibele e khetholla ka ho hlakileng pakeng tsa “ba kulang, le ba nang le bademona.” (Mareka 1:32-34, TLP; Mattheu 4:24; Liketso 5:16) Ho hlakile hore bofofu bo bongata le sethoathoa se sengata kajeno li bakoa ke ho kula ’meleng—e seng bodemona. Ha ho pelaelo hore ho ka boleloa ho joalo ka ho kula ho hongata ha kelello.
Ho ntse ho le joalo, ho ke ho hopoloe hore Satane le bademona ba hae ba ‘loana ntoa’ le batho ba Molimo ’me hoa tsebahala hore ba hlasela Bakreste ba tšepahalang. (Tšenolo 12:17; Ba-Efese 6:12) Bademona ba khopo bo feteletseng, ’me ha hoa lokela ho re makatsa hore ba nyakalla ka ho fetisisang ha ba hlorisa meea e meng e kulang kelellong—ba thatafatsa mathata a eona.
Kahona haeba baholo ba e-na le lebaka le letle la ho belaela hore tšusumetso ea bademona ea ameha, ha ho kotsi ea letho haeba ba etsa lipatlisiso. Ka mohlala, na e be motho eo o kile a fumana lintho leha e le life tse belaetsang ka ho toba le ka boomo li e-tsoa ho batho ba bang ba amehang mofuteng o mong o itseng oa bodemona? Ho lahla lintho tse joalo ho ka ’na ha hlahisa topollo. (Liketso 19:18-20) Kaha Bakreste ba bolelloa hore ba ‘loantše Diabolosi,’ baholo hape ba ka eletsa ea hlorisoang hore a loantše “mantsoe” leha e le afe a makatsang ao e ka ’nang eaba a tsoa ho bademona. (Jakobo 4:7, TLP; Mattheu 4:10) Haeba motho a ikutloa a le tlas’a tlhaselo, o lokela ho rapela ka matla, a bitsa lebitso la Jehova ka lentsoe le phahameng.—Ba-Efese 6:18; Liproverbia 18:10.
Leha ho le joalo, ho ameha ha bademona ho bonahala e le mokhelo—e seng tlamo. Khaitseli e mong oa bolela: “Ke ile ka nahana hore ke tšoeroe ke modemona ho fihlela ha ke batla thuso ea meriana ’me ke tsebisoa hore ke na le ho se leka-lekane ha metsoako ea ’mele. Ke ile ka lopoloha haholo ha ke fumana hore liketso tsa ka li bakoa ke ho kula e seng motho e mong oa modemona ea keneng ka hare ho ’na!”
Meriana ea Mafu a Kelello
Hona joale lingaka li sebelisa meriana e sa tšoaneng ha li phekola ho khathatseha kelellong. Tšebeliso ea meriana e joalo tlas’a taolo ea lingaka e ’nile ea lumella Bakreste ba neng ba kula ka matla hore ba sebetse ka mokhoa o tloaelehileng. Leha ho le joalo, ka sepheo se setle baena ba bang, ba ’nile ba nyahamisa bakuli bana hore ba ka noa meriana eo ba e filoeng, mohlomong ba tšaba hore e ka ’na ea e-ba kotsi kapa ea lemalloa. Ke ’nete hore ho na le likotsi tse amehang tšebelisong ea mofuta ofe kapa ofe ea meriana, ’me “ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng,” a nahanela liphello tsa nako e telele.—Liproverbia 14:15.
Leha ho le joalo, ho khahlisang ke hore meriana e mengata ea kelello ha e etse hore motho a bone lipono tsa bohata, hase lithethefatsi, kapa hona hore ea lemalloa; e sebeletsa feela ho lokisa ho se leka-lekane ha metsoako ea boko. Ka mohlala, meriana ea kelello e ka ’na ea thusa ho theola matšoao a makatsang a ho lahleheloa ke kelello. Lithium e ka thusa ho theola ho tepella kelellong ’me ea theola ho tepella ha ho ferekana ho sa laoleheng ha kelello.
Ho ke ke ha latoloa hore meriana e matla ka linako tse ling e sebelisetsoa ho thethefatsa mokuli kapa ho hatella litšekamelo tsa ho ipolaea. Empa, haeba moena a sa sebelisetse meriana eo a e filoeng monyaka, empa a e sebelisetsa hore a etse lintho ka mokhoa o tloaelehileng, hona ho ka ’na ha talingoa ka tsela e tšoanang le ea motho oa lefu la tsoekere ha a sebelisa insulin.
Ho lokela ho hopoloa hore meriana ea mafu a kelello hangata e lieha ho sebetsa ’me e ka baka mathata a mang a bosula. Ka linako tse ling, ho boetse ho na le tekanyo e itseng ea ho leka le ho fosa ha ngaka e leka ho fumana moriana o ka sebetsang ’me mohlomong le hore na o ka fanoa ka tekanyo e kae hore o se ke oa baka mathata a mang a ka thōko. Hangata bakuli baa nyahama. Ka baka leo litho tsa lelapa le ba bang ba ka tšehetsa motho ea ntseng a phekoloa, ba mo khothaletsa hore a mamelle le ho sebelisana le basebeletsi ba tšoanelehang ba bongaka. Ho thoe’ng haeba a e-na le lipotso ka meriana e itseng? Kapa ho thoe’ng haeba bothata bo ka hlaha kapa ha bonahala hore phekolo ha e sebetse? Ho ka buisanoa le ngaka ea hae ka mathata a joalo.b Haeba ho hlokahala, ho ka ’na ha batloa maikutlo a ngaka e ’ngoe.
Phekolo ka Lipuisano
Mabakeng a mang, ho ka ’na ha boela ha nahanoa ka hore mokuli a buisane le motho ea koetlisitsoeng oa setsebi. Mohlomong ngaka e tšeptjoang ea lelapa eo ka boeona e tloaelaneng le mokuli e ka ’na ea sebetsa ka tsela ena. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho amohela thuso e tsoang ho ngaka ea mafu a kelello kapa setsebi sa kelello? Ena e ka ba qeto ea botho e ka etsoang ka mokhoa o hlokolosi hantle. Lingaka tse sa phekoleng ka meriana ha li tšoane tseleng eo li phekolang ka eona. Ka mohlala, tse ling li sa ntsane li sebelisa mekhoa ea Freud ea ho phenya-phenya histori ea bophelo ba motho, le hoja bohlokoa ba eona bo belaelloa ke ba bangata lebaleng la bophelo ba kelello.
Ho bileng ho tšoenyang haholo ke ’nete ea hore lingaka tse ling ka sepheo se setle li ’nile tsa fana ka keletso eo ho hang e hananang le Bibele. Li sitoa ho utloisisa melao-motheo ea Bibele—li bile li talima melao-motheo e joalo e le “bohlanya”—lingaka tse ling tse sa phekoleng ka meriana li ’nile tsa fihlela qeto ea hore ho latela ka thata-thata melao ea Bibele ea boitšoaro ke sesosa sa mathata a botho!—1 Ba-Korinthe 2:14.
Leha ho le joalo, lingaka tse ling tse phekolang ka meriana, ho akarelletsa litsebi tsa kelello le lingaka tsa mafu a kelello, li phekola ka ho tšoara lipuisano hoo ka sebele e seng ho phenya-phenya histori ea bophelo ba motho e mpa e le mokhoa oa ho thusa mokuli hore a utloisise ho kula ha hae, ho matlafatsa bohlokoa ba meriana, le ho otlolla mathata a teng. Mokreste a ka ’na a fumana liphekolo tse joalo e le tse thusang, empa ho hlokahala hore a hlophise litaba tsa hae hantle pele a amohela thuso e joalo: Hantle-ntle thuso ee e tla ama eng? Ho tla fanoa ka keletso ea mofuta ofe? Na ngaka eo ea utloisisa e bile e hlompha se lumeloang ke Lipaki tsa Jehova?c Haeba ho lumeloa hore ho tla amoheloa phekolo e etsoang ka lipuisano, ‘hlahlobisisa mantsoe’ a ngaka ho e-na le ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ntle ho potso.—Jobo 12:11, 12.
Boholong ba taba, ho kula kelellong ho ka talingoa e le bothata ba meriana—e seng ba moea. Ha ba utloisisa ’nete ena, malapa, baholo, le litho tsa phutheho ba ka ba le botšehetsi bo molemo ho ba kulang. Ka linako tse ling ba kulang kelellong ba boetse ba hloka ho tšehetsoa moeeng. Hore na phutheho e ka fana ka thuso ena joang ho tla tšohloa tokollong ea nako e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona litokollo tsa makasine oa habo ona Tsoha! tsa Pulungoane 8, 1987, le Loetse 8, 1986.
b Mokhatlo ha o buelle kapa hona ho fana ka kahlolo merianeng le liphekolong tse sa tšoaneng tse sebelisoang ke lingaka. Leha ho le joalo, lipatlisiso likhatisong tsa Mokhatlo li ka ’na tsa ipaka e le thuso.
c Haeba ho le thata hore ea kulang a hlalose boemo ba hae bo theiloeng Bibeleng ho ngaka e phekolang ka meriana kapa e sa phekoleng ka meriana, mohlomong Mokreste e mong ea hōlileng tsebong a ka mo thusa.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka ho ba bamameli le baeletsi ba molemo, hangata baholo ba ka thusa batho ba hlokofatsoang ke ho kula maikutlong
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ka linako tse ling ho molemo hore motho ea kulang kelellong a batle thuso ea lingaka