Ho Bolela ka ’Muso Naheng ea Lintho Tsa Mefuta-futa ea Malaysia
MEHAHO ea thapelo ea Masolomane e nang le litora tse manehiloeng ka gauda, litempele tse nang le menyako le lifensetere tse bōpehileng joaloka liqha, likereke tse nang le litora, le litora tsa litempele tse khabisitsoeng ka liemahale. Mona ke Malaysia, naha eo malumeli a mane a maholo a lefatše a kopanang ho eona. Baahi ba eona ba 16 000 000 ke Mamalay, Machaena, Maindia, Batho ba morabe o kopaneng oa Europe le Asia, Maiban, Makadazan le merabe e ’maloa ea sebaka seo. Mohlomong ha ho sebaka leha e le sefe se seng seo ho sona ho ka fumanoang bolumeli, bochaba, meetlo, neano, le puo ka mefuta e fapa-fapaneng haholo joaloka mona.
E lutse ka leboea ha u qeta ho feta mola o khaolang lefatše Leoatleng la Chaena Boroa, Malaysia e entsoe ka likarolo tse peli tsa naha: hloahloa eo pele e neng e bitsoa Malaya e ka bophirimela le linaha tsa Sabah le Sarawak tse sehleke-hlekeng sa Borneo ka bochabela. Ho tloha libakeng tsa mabalane tse meeling tse qhafutso, ho feta libaka tsa meru e teteaneng, tseo hangata motho a ke keng a khona ho li fohla, ho ea litlhōrōng tsa lithaba tse phahameng—ho akarelletsa Thaba ea Kinabalu e Sabah e bophahamo ba limithara tse 4 101—naha e tletse lintho tsa mefuta-futa feela joaloka batho ba eona le bochaba ba bona.
Lipaki tsa Jehova li loanela ho bolela “evangeli ena ea ’muso” tikolohong ena. (Mattheu 24:14) Li khona joang ho finyella batho, ka lipuo tsohle tse fapaneng, meetlo, le likhopolo tsa bolumeli? Ho bolela molaetsa oa ’Muso naheng ee ho joang? Ka holim’a tsohle, Lipaki li khonne ho finyella eng?
Ho Talimana le Phephetso ea Bolumeli
Ho finyella batho ba limelo tse fapaneng tsa bolumeli, bahoeletsi ba litaba tse molemo ba tlameha ho ithuta ho khetholla lelapa la Masolomane ho la Mahindu, lelapa la Mabuddha kapa la Matao ho la Boprostanta kapa la K’hatholike. See se ka etsoa joang?
Ho na le matšoao a hlakileng. Ka mohlala, aletare e bofubelu bo khanyang ke letšoao le totobetseng la lelapa la Matao kapa la Mabuddha joalokaha seemahale sa Maria kapa Jesu e le letšoao la lehae la K’hatholike. Makhasi a sefate sa mango ke pontšo e khethollang ka ho tšoanang malapa a Mahindu kapa mangolo a Searabia a nkiloeng ho Koran a ngotsoeng ka holim’a monyako malapeng a Masolomane.
Ho khetholla semelo sa bolumeli ba mong’a ntlo ke ntho e ’ngoe; ho tsosa thahasello ea hae litabeng tse molemo ke ntho e ’ngoe e fapaneng. Karabelo e tloaelehileng, hangata e le motsoako oa Sechaena, Semalay, le Senyesemane, ke: “Semua agama sama lah.” Sena se lateloa ke, “Ntšoarele, ha ke thahasellise.” Ka ho bososela ho hoholo, mong’a ntlo o sa tsoa u bolella hore o nahana hore malumeli ’ohle aa tšoana le hore ha a thahaselle.
Batho ba bangata ba Malaysia ba tsoetsoeng e le Mabuddha, Matao, kapa Mahindu ba ile ba khahloa ke tšokoloho e etsoang hang-hang e neng e khothalletsoa ke litšebeletso tsa Bokreste-’mōtoana ’me a kene lihlotšoaneng tse fapa-fapaneng tsa Boprostanta. Ba susumelitsoe ke baruti ba bona, ba bangata ba bona ba hanne ho mamela litaba tse molemo. Ho ntse ho le joalo, lebitso le leholo la Jehova le morero oa hae li ntse li tsoela pele ho boleloa naheng ena e nang le lintho tsa mefuta-futa.
Ka baka la mamello le kutloisiso ea Lipaki tsa Jehova, batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba arabela hamolemo molaetseng oa ’Muso. Ka mohlala, nahana ka Patrick, eo pele a neng a tsuba, a e-na le moriri o molelele o sa kangoeng. O ne a ikoetliselitse karate ea Machaena ’me o ne a e-ba mabifi ha a halefisitsoe. Le hoja a ne a se na morero bophelong, o ile a hlolloa ke mantsoe “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng,” ao mohoeletsi e mong oa ’Muso a ileng a ’malla ’ona ho Tšenolo 21:4. Kahoo Patrick o ile a amohela thuto ea Bibele. A thabisitsoe ke ’nete ea Mangolo eo a neng a ithuta eona, ka potlako a qala ho a phetela ’m’ae, ka ho mo ngolla le ka ho bua le eena ka ho toba ha a boela hae. Empa ’m’ae o ne a hanyetsa haholo.
Ka tsatsi le leng, Patrick le ’m’ae ba ne ba ntse ba khalemela moen’ae, eo ka ho tšoanang e neng e le setsebi sa karate. Ha moen’ae a qala ho mo otla le ho mo raha, ’m’ae o ile a makala ha a bona hore Patrick o ne a sa iphetetse empa o ne a eme a khutsitse. O ile a thahasella haholo ho tseba seo mora oa hae a neng a ithuta sona se neng se e-na le matla a makaalo a ho mo fetola. ’M’ae o ile a etsa tsoelo-pele e potlakileng ’me a kolobetsoa ka nako ea likhoeli tse tšeletseng. Eaba eena, ka mor’a moo, o pakela ’m’ae ea lilemo li 73, eo e neng e le Mobuddha ea chesehang. Mofumahali enoa le eena o ile a ananela tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Le hoja a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, o ile a qala ho ithuta buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, a ithuta ka hlooho litlhaku tsa Sechaena tse ngata kamoo a ka khonang. Joale le eena ke mohoeletsi oa litaba tse molemo.
Ho Sebetsana le Lipuo le Meetlo
Ho sebetsana le boemo ba lipuo tse ngata, ho hlokahala mokotla o tšetseng libuka tse ngata ha motho a bolela ka ntlo le ntlo. Empa hase ka mehla sena se rarollang bothata.
Ka mohlala, hore Paki ke Lechaena ’me e nkile libuka tsa Sechaena ha ho bolele hore habobebe feela a ka buisana le mong’a ntlo oa Lechaena. Na mokhoa oa bona oa ho bua oa tšoana? Haeba Paki ke ea moloko oa Hokkien ’me mong’a ntlo ke oa moloko oa Cantonese, sena e ka ba bothata. Kaha mokhoa oa ho bua oa Machaena o itšetlehile ka tsela ea ho bitsa mantsoe, phapang e nyenyane ka ho fetisisa ea ho bitsoa ha lentsoe e ka fana ka molaetsa o fapaneng ka ho felletseng. Ho etsa mohlala: E ile ea e-ba ho qabolang ka ho fetisisa ha khaitseli e mong oa pula-maliboho ea buang Sehokkien a ne a ntse a tsamaea sebakeng sa batho ba moloko oa Cantonese a bolella batho hore ke “seithuti se hlanyang” ha a ne a rerile ho bolela hore ke “seithuti sa Bibele.”
Esita le haeba ho sebelisoa lentsoe le nepahetseng, le ka ’na la se bolele ntho e tšoanang ho e mong le e mong. Kaha ba sechabeng sa merabe e mengata, ka kakaretso batho ba Malaysia ke batho ba amohelang baeti ’me ba seli hore ba se khopise motho leha e le ofe. Ho thata haholo ho bona hore ba re che ho batho bao ba qalang ho ba bona. Ka hona, motho o ithuta hore a se thabe haholo ha mong’a ntlo a arabela ka e ha a memeloa ho ba le thuto ea Bibele kapa ho ea libokeng tsa Bokreste. Hobane’ng? Hobane sena ha se hlile ha se bolele hore ho na le ntho eo a e amohelang. Ho nka nako le phihlelo ho fumana ba thahasellang kannete.
Malaysia ke e ’ngoe ea linaha tse nang le matsatsi a mangata ka ho fetisisa a phomolo le mekete ea bolumeli. Tsena ke linako tseo ka tsona batho ba tšoarehileng ka ho etela metsoalle le beng ka bona. Lipaki tsa Malaysia le tsona li eketsa mosebetsi oa tsona ’me li sebelisa matsatsi a joalo a phomolo ho phatlalatsa litaba tse molemo. Empa li tlameha ho etsa joalo ka hlompho le kutloisiso hore li tle li fumane litholoana tse ntle.
Selemo se Secha sa Machaena ke letsatsi le joalo hantle. Ho tiisa hore ho ba le nala bakeng sa selemo kaofela, Matao a lumela hore a lokela ho qala selemo se secha ka mantsoe a mosa le liketso tse ntle. Letsatsing leo, Paki e tla qoba ho sebelisa mantsoe a kang “lefu,” “ho kula,” le “bohloko.” Ho e-na le hoo, e tla lula e bua ka lihlooho tse thabisang, tse kang “ho phela ka ho sa feleng bophelong bo botle ’meleng ka khotso e sa feleng le nala lefatšeng le lecha.” Letsatsi lena la phomolo hase nako ea ho hopotsa batho bomalimabe ba bona.
“Naheng ea Batho ba Pomang Bafu Lihlooho”
Kaha “bongata bo boholo ba batho” bo entsoe ka batho ba “lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” re tlameha ho nahana ka meloko e mengata ea libaka tsa Malaysia Bochabela. (Tšenolo 7:9) Hoa thabisa ho bona hore lenane le ntseng le hola la baahi ba Sarawak—e kileng ea tsejoa e le Naha ea Batho ba Pomang Bafu Lihlooho—le arabela molaetseng oa ’Muso.
Ka mohlala, lilemong tse ’nè tse fetileng motseng o mong oa oli o meeling o bitsoang Miri, Sarawak, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba bararo feela. Kajeno, ba bangata ba bontša thahasello ea ho ithuta Bibele. Khaitseli e mong oa pula-maliboho o tlaleha lithuto tsa Bibele tse 17, ’me tse ling tsa liithuti tsa hae ka botsona li khannela batho ba bang ba thahasellang lithuto. Hona joale ho na le phutheho e hōlang ka potlako motseng o monyenyane oa Miri.
Tšobotsi e ikhethang ea batho ba Maiban ba Sarawak ke ntlo e motopo. Mohaho ona o motopo o hahiloeng holim’a lipalo o hahiloe ka lepolanka le thata le makhasi a palema. Hangata o hahoa lebopong la nōka qetellong ea sebaka se nang le meru, o na le likamore tse tlohang ho tse 30 ho ea ho 40 kapa ho feta tse bapelaneng ka mathōko ho holo e kopanetsoeng. Karolo e khōlō ea mosebetsi oa rōna oa boboleli e etsoa tšimong e tjena.
Ka lekhetlo le leng, ho ne ho lokela ho fanoa ka puo ea Bibele sehloohong “Tšepo ke Efe Bakeng sa Bafu?” ho e ’ngoe ea matlo ana a motopo. Tuai rumah, kapa ramotse o ile a bokella batho bohle hore ba kene ka ho ruai, kapa holo e kopanetsoeng. Bohle ba ile ba mamela ka hlompho ba thōtse nyele! ho fihlela puo e felile. Eaba monna e mong oa botsa: “Ke joang bafu ba ke keng ba tseba letho?” E mong o ile a tsitlallela hore ba lokileng ba se ba ntse ba le leholimong ’me ba babe ba liheleng tse chesang. Empa ba bang ba ile ba fumana tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise e le e ba khahlang ’me ba batla ho tseba ho eketsehileng. Ho ne ho tšoana feela leha Pauluse a bua le Baathene Areopago.—Liketso 17:32-34.
Juing Insoll o ne a phela ntlong e ’ngoe e motopo, e le Moiban ea lilemo li 72 eo e neng e le setho sa Kereke ea Chache. Ha a sa le mocha, o ne a emisoa hlooho ke lipotso tse kang tsena: Ke joang Molimo o lerato o ka hlokofatsang bafu ka ho sa feleng liheleng tse chesang? Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha ho e-na le ho hloka toka ho hokaale? Ho ne ho se ea neng a ka mo fa likarabelo tse khotsofatsang. Ka tsatsi le leng, motsoalle e mong oa hae ea tsoang toropong o ile a fumana kopi ea buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka ho hlokomela hore e ka ’na ea arabela lipotso tsa Juing, motsoalle oa hae o ile a mo alima eona. Juing o ile a thaba hakaakang! Qetellong, ka mor’a lilemo tse 60 a ntse a batla, o ile a fumana ’nete ka Molimo!
Juing o ne a ikemiselitse ho fumana kopi ea buka eo e leng ea hae. O ile a tsamaea lik’hilomithara tse 240 ho ea Kuching, motse-moholo oa Sarawak, ’me a fuputsa mabenkeleng a libuka. Ho ne ho se le mohlala feela oa buka eo. Bosiung boo, ha a le ha mong ka eena, o ile a utloa hore mong ka eena e mong o ne a e-na le kopi. O ile a isoa Holong ea ’Muso ea sebaka seo ’me a fumana likhatiso tse 15 tse fapaneng tseo a neng a tla khutlela le tsona ntlong e motopo eo a lulang ho eona.
Ka mor’a ho bala boitsebiso boo kaofela, Juing o ile a khutlela toropong, a kōpa ho kolobetsoa. Baholo ba ile ba bososela eaba ba sisinya lihlooho. Leha ho le joalo, ho ileng ha ba makatsa, ba ile ba phakisa ba fumana hore o ne a tšoaneleha ka ho felletseng. Kahoo, o ile a kolobetsoa! Ha a se a khutletse ntlong e motopo, ’me a nkile libuka tse eketsehileng tsa Bibele, Juing o ile a qala ho bolella baahisani ba hae. Qalehong, o ile a makala hore na ke hobane’ng ha metsoalle ea hae e sa amohele ’nete hang feela ka mor’a ho bala libuka. Empa o ile a phakisa a hlokomela hore o ne a lokela ho ithuta Bibele le eona. Ka mehla tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea Juing e ne e le lethathamo la batho bao a ba etelang!
Motseng o ka thōko oa Lahad Datu naheng ea Sabah re fumane tlaleho ena: Mosali e mong e mocha ea nyetsoeng a bile a e-na le bana ba bararo o ile a ithuta ’nete ka thuto ea Bibele e khannoang ka ngollano ke khaitseli e mong oa Kota Kinabalu, motse-moholo oa naha. Qetellong, mosali eo a etsa qeto ea ho kolobetsoa kopanong ea potoloho. Leha ho le joalo, ha puo ea kolobetso e le hare monna oa hae o ile a kena thoso! ’me a laela hore a khutlele hae le eena.
Ha a fihla hae, monna oa hae o ile a leka ho mo fetola empa a hlōleha. Qetellong, a tleroha: “Hantle ntho eo u e batlang ke eng?” Mosali oa hae a arabela: “Ke batla ho kolobetsoa.” Monna a botsa: “Ke habohlokoa hakaalo ho uena?” “E, ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Qetellong monna a arabela: “Ho lokile! Bitsa moholo oa hao. Ke tla haha letamo la ho sesa hore u kolobetsoe hona mona.”
Tumellanong le mantsoe a hae, ke sona seo monna eo a ileng a se etsa. ’Me mosali oa hae o ile a kolobetsoa ketelong e latelang ea molebeli oa potoloho—ka letamong la ho sesa leo monna oa hae a mo hahetseng lona! Empa ke eng e ileng ea fa khaitseli eo boikemisetso bo joalo? Koana, le hoja a ne a le thōko, ka mehla o ne a lokisetsa boitsebiso bohle ba liboka tse fapaneng. Haeba a ne a ka fetoa ke “seboka,” o ne a ikutloa eka o fetiloe ke lijo. Joale khaitseli enoa o ruta bana ba hae ’me o khanna lithuto tse tharo tsa mahae tsa Bibele.
‘E Monyenyane o Ata ho Isa Seketeng’
Mosebetsi oa ’Muso Malaysia o ne o buloe ke Alfred le Thelma Wicke, ba neng ba ee moo ba etsoa Australia ka 1939. Tšebeletso ea bona ea boromuoa e tšepahalang e tsoetse pele ka lilemo tse ka bang 50, ’me Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba bona ka ho babatsehang hakaakang! Ho tloha ha ho theoa ofisi ea lekala ea Penang ka 1972, Moena Wicke e le molebeli oa lekala, mosebetsi oa boboleli Malaysia o iphile matla. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 207. Lilemong tse leshome hamorao, lenane leo le ne le se le imenne hararo. Kahoo, ka Phupu 1983, lekala le ile la fallisetsoa Klang, motse o nang le kou ea likepe o haufi le motse-moholo o kopanetsoeng, Kuala Lumpur. Lekala le lecha le na le mokoloko oa mehaho e meraro eo mohaho ka mong oa eona o nang le mekato e ’meli, ’me le hlometse hantle bakeng sa litlhoko tsa hona joale. (Bona leqephe 26.)
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho isa molaetsa oa ’Muso ho baahi ba eketsehileng ba buang Sechaena le Setamil. Joale, ntle le liphutheho tse peli tsa Machaena, ho na le litsi tsa Machaena le Matamil liphuthehong tse ling tse ’maloa hammoho le setsi se hōlang ka potlako sa Majapane sa batho ba ka bang 20.
Tšimong eo kaofela, hona joale ho na le liphutheho tse 20, tse nang le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 900. Sena se fana ka karolelano ea mohoeletsi a le mong ho baahi ba 18 500. Kahoo ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ho bontša hore keketseho e ka ’na ea e-ba teng, batho ba 2 633 ba ile ba tla moketeng oa Sehopotso ka 1988. Lipaki tsa Malaysia li ile tsa thabisoa ke sena, ’me ba eketsehileng ba hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng. E, le Lipaki tsa Jehova tse Malaysia ka cheseho li lebelletse ho finyella pakane ea bahoeletsi ba 1 000. Li hopola hantle tšepiso ea Jehova: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.
[’Mapa o leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
THAILAND
MALAYSIA
Penang
Kuala Lumpur
Klang
Singapore
MALAY PENINSULA
SUMATRA
EQUATOR
South China Sea
PHILIPPINES
SABAH
Kota Kinabalu
Mt. Kinabalu
Lahad Datu
BRUNEI
Miri
MALAYSIA
SARAWAK
Kuching
BORNEO
600 Km
400 MI