Lehae le Lecha Bakeng sa Sekolo sa Gileade sa Baromuoa
KA LA 1 Tlhakola, 1943, Nathan H. Knorr eo e neng e le mookameli oa Watchtower Bible and Tract Society, o ile a fana ka puo e bulang ho sehlopha sa pele sa sekolo se secha. O ile a hlalosetsa liithuti tseo tse lekholo hore “hase morero oa [sekolo] sena ho le hlomella hore le be basebeletsi ba hlomamisitsoeng. Le se le ntse le le basebeletsi ’me le bile mafolo-folo tšebeletsong ka lilemo tse telele. . . . Thupelo ea thuto . . . e etsoa ka morero o khethehileng oa ho le lokisetsa ho ba basebeletsi ba hloahloa haholoanyane.” Ho fihlela kajeno Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se tsoela pele ho koetlisa basebeletsi ho ea mosebetsing oa boromuoa linaheng lisele.
Morao koana ka 1943, Sekolo sa Gileade se ne se le tikolohong ea Finger Lakes ea New York State. Gileade e bile moo ka lilemo tse 17. Joale, ka 1961, ea beoa Brooklyn. Ka morero ofe? Kemiso ea thuto ea Gileade ka mehla e ’nile ea lokisetsoa ho khahlametsa litlhoko tsa tlhophiso. Tlhokahalo ea ho hōlisa le ho hlophisoa ho molemonyana ha lisebelisoa tsa makala lefatšeng lohle e ile ea hloka thupelo e matla haholoanyane ea liithuti e neng e tla etsoa ke basebeletsi ba ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova, e Brooklyn. Kahona ka lilemo tse telele, khatiso e bile ho koetliseng basebeletsi ba makala. Ka morao ho moo, tlhokomelo e ile ea khutlisetsoa mosebetsing oa boromuoa.
Ka lilemo tse latelang tse 27, ho tloha ka 1961 ho ea ho 1988, liithuti tsa Sekolo sa Gileade li ile tsa thabela tokelo ea ho phela le ho ithuta li kene hantle har’a basebeletsi ba ntlo-kholo e Brooklyn. Mono liithuti li ile tsa rua molemo botsoalleng bo haufi le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova le basebeletsi ba bang ba nang le phihlelo. Na ho ka ba le tsela e ’ngoe e molemo ho feta ee ea ho ithuta kamoo lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le tsamaisoang kateng? Liithuti ha lia ka tsa rua molemo feela ka koetliso eo li neng li e fumana sehlopheng empa hape li e fumane ka ho lemoha basebetsi ba ntlo-kholo ha ba sebetsa letsatsi le leng le le leng.
Sekolo sa Gileade se bile le phello efe mosebetsing oa machaba oa ho bolela? Ho bahokahanyi ba likomiti tsa makala a 93 ba sebeletsang ho hlophisa mosebetsi lefatšeng ka bophara, ba 74 ho bona ke ba fetileng Sekolong sa Gileade. Hona ho buella koetliso e babatsehang eo banna bana ba e fumaneng bakeng sa ho tšoara boikarabelo ba ho alosa batho ba Molimo kajeno. Balebeli ba bangata haholo ba tsamaeang bao hona joale ba sebeletsang litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng le bona ba fetile Sekolong sa Gileade. E, lenaneo la koetliso la Sekolo sa Gileade le khema le litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng.
Gileade e Falla Brooklyn
Leha ho le joalo, hang hape ho ile ha etsoa qeto ea ho fallisa Sekolo sa Gileade. Kahona hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1988, literaka tse ’ne tse tletseng thepa ea ntlo le thepa ea ofisi li ile tsa fihla lehaeng le lecha la Gileade—Lipolasi tsa Watchtower, tse Wallkill, New York. Ka likhoeli tse peli feela, basebeletsi ba tlhokomelo ea mehaho Lipolasing tsa Watchtower ba ile ba lokisa liphaposi tse ntle tseo ho ithuteloang ho tsona, phaposi ea polokelo ea libuka, le liofisi bakeng sa sekolo. Ba bang ba ile ba sebetsa motšehare le bosiu ho lokisa lisebelisoa tsa sekolo ka nako hore sehlopha se latelang se qale koetliso ea sona.
Ka la 17 Mphalane, 1988, sehlopha sa Gileade sa bo86 se ile sa qalisa. Ho se letho le haellang, sekolo se ile sa tsoela pele ka morero oa sona oa ‘ho koetlisa banna le basali hore e be basebeletsi ba hloahloa haholoanyane.’ Tikolohong ea sona e ntle e ncha Lipolasing tsa Watchtower, ho ile ha tsoakoa ka ntho e ’ngoe e neng e le teng sekolong sa pele tikolohong ea Finger Lakes.
Sehlopha sa bo86 se Fuoa Mangolo
Ka la 5 Tlhakubele, 1989, basebeletsi bohle ba ntlo-kholo ea Watchtower ba Brooklyn le ba Lipolasing tsa Watchtower ba ile ba bokana hammoho Holong ea Kopano ea Jersey City ho kopanela moketeng oa phano ea mangolo oa sehlopha sa bo86. Daniel Sydlik, setho sa Sehlopha se Busang o ile a bula lenaneo ka thapelo. Karl Klein oa Sehlopha se Busang o ile a sebeletsa e le molula-setulo. Kenyelletsong ea hae, o ile a hlokomelisa ka ho se tšoane pakeng tsa baromuoa ba linaha lisele ba Bokreste-mōtoana le ba Lipaki tsa Jehova. Kamoo baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba atlehileng kateng ho ruteng ’nete ea Lentsoe la Molimo linaheng tse kang Japane, moo hona joale ho leng teng Lipaki tse mafolo-folo tse fetang 131 000 tse kopanelang tšebeletsong ea tšimo!
Ka sehlooho se reng “Mesebetsi e Molemo E be Letšoao la Lōna,” Donald Krebs o ile a hlalosa karolo ea bohlokoa eo baromuoa ba Gileade ba e phethileng khōlong ea lefatše ka bophara ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. “Mesebetsi ea lōna e metle tšimong ea boromuoa le le baruti ba Lentsoe la Molimo e tla ba . . . tšobotsi e le khethollang. Re le khothalletsa ho sebetsa ka thata. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba lōna haholo.”
George Gangas, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo e matla ka sehlooho se reng “Bibele Ke Buka e Molemo Haholo Tlas’a Letsatsi.” O ile a eletsa liithuti: “Le se ke la lebala ho ithuta Bibele. Bibele e tletse mahakoe a moea . . . a benyang le a phatsimang. Motho ea a ananelang o batla ho a sheba ka linako tsohle le ho thabela botle ba ’ona bo phatsimang.”
Sehlooho sa Richard Eldred se ne se re “U ka Etsa Phapang.” Ha baromuoa ba bacha ba ama maphelo a batho ba bang, ba ka etsa hore ho be le phapang e molemo. Banna le basali ba mehleng ea boholo-holo ba kang Davida, Nehemia, Debora le Abigaile ba ne ba e-na le tšusumetso e molemo ho ba bang ka ho ba hlokomela ka botebo, ho boloka tumelo e sebete, le ka ho bontša boikutlo bo bonolo ba moea.
Lyman Swingle, setho sa Sehlopha se Busang eena a re ho sehlopha se fuoang mangolo, “Lemohang Moo le Leng Lehlohonolo Teng.” Hoba a thathamise mahlohonolo a ’maloa ao sehlopha se bileng le ’ona, a kang likhoeli tse hlano tseo ba bileng le tsona boithutong bo tebileng ba Bibele, o ile a ba khothatsa: “Ha bofelo bo ntse bo atamela, le ka ’na la fumana hore le tlameha ho etsa lintho ka potlako, tsela e ka ’na ea nyolosetsa haholoanyane, ’me ’mila oa senyeha haholoanyane. Empa tiisang hore ha ho mohla le khathalang, hore ha ho mohla le tlohelang, hore ha ho mohla le fetohang mengala.”
E mong oa barupeli, Jack Redford, o ile a hōlisa sehlooho se reng “Le se ke la Lumella Matla a Lōna ho le Fokolisa.” Se theiloe keletsong ea Salomone, “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa,” o ile a lemosa ka ho itšetleha haholo ka matla a botho ho e-na le ho itšetleha ka Jehova. (Moeklesia 7:16, 17) “Litšobotsi tse ntle tse feteletsoang li ka fetoha maraba.” Ka mohlala, motho ea matla molaong le taolong a ka ’na a nka tšobotsi e joalo ka mokhoa o feteletseng ka ho se tenyetsehe le maemo. Kahoo, o ile a fana ka keletso ena ho sehlopha: “Bohle re lokela ho lemoha mefokolo ea rōna, empa hape re lokela ho lemoha matla a rōna. U loke empa u se ke ua iketsa moloki. Itšetlehe ka Jehova. Etsa Jehova matla a hao.”
Ulysses Glass, morupeli le mongolisi oa sekolo, o ile a hlalosa mantsoe a Jesu, “Inkeleng joko ea ka.” (Mattheu 11:29, 30) Mona Jesu o mema barutuoa ba hae hore ba ‘kene tlas’a joko ea hae’ le eena. O ne a sa batle ho ba imetsa. O ne a hopola pele ka litlhoko tsa ba bang. O ne a bontša boikokobetso. Ha aa ka a khahlapetsa barutuoa ba hae. Jesu o itse, “Le ithute ho ’na.” Moromuoa o lokela ho ba le khopolo ea Kreste. Sebui sena se ile sa babatsa sehlopha sena ka moea oa sona oa ho fana le ho ba khothalletsa hore ba tsoelepele ho bontša moea o tšoanang likabelong tsa bona linaheng lisele.
Ho ea qetellong ea lenaneo la hoseng, setho sa Sehlopha se Busang Carey Barber se ile sa fana ka puo e matla ka sehlooho se reng: “Kotulo ke Bofelo ba Lefatše.” O ile a hlokomelisa ka phethahatso ea kajeno ea setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka. (Mattheu, khaolo 13) Pele, ho bokelloa batlotsuoa ba Kreste. Joale, haholo-holo ho tloha ka selemo sa 1935, linku tse ling li kopanetse ho ‘kotuloeng.’ Sekolo sa Gileade se finyelletse mosebetsi o babatsehang ho thuseng ho bokella barutuoa ba Kreste.
Hoba liithuti li fuoe mangolo a tsona, e mong ho tsona o ile a bala lengolo le khathollang le hlalosang maikutlo a tsona ka koetliso le tlhokomelo tseo ba li fumaneng ho barupeli le lelapa la Bethele. Karolo e ’ngoe ea lona e re: “Ho re thahasella ha lōna joaloka sehlopha sa Gileade hape le joaloka batho ka bomong ho re khahlile haholo ’me ke tsela e lokelang ho etsisoa. Maikutlo a rōna a farasitse ha re lokela ho arohana—re masoabi ha re lokela ho tloha hobane re tla le hloloheloa empa re thabile re bile re hlasimolohile ka lebaka la likabelo tsa rōna tse ncha.”
Bakeng sa lenaneo la thapama, liithuti li ile tsa kopanela Thutong ea Molula-Qhooa e neng e tsamaisoa ke Ralph Walls. Eaba joale sehlopha se etsa lipontšo tse itseng ka liphihlelo tseo ba bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo ha ba ntse ba le Lipolasing tsa Watchtower. Komiti e Rutang ea Sehlopha se Busang e ile ea fana ka lipapali tseo sehlooho sa tsona se neng se re “Ho Hlompha ba Boholong ho Hōlisa Bonngoe” le pontšo ea li-slide e bontšang thabo eo baromuoa ba linaheng tse ngata ba kopanetseng ho eona ka lilemo tsena tsohle. Lenaneo le ile la felella ka thapelo e mofuthu ea Frederick Franz, mookameli oa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ea lilemo li 95.
Ka karabelo ea bona e mofuthu lenaneong, ba neng ba le teng ba ile ba bontša hore ba thoholetsa baromuoa bana ba kamoso le hore ba ananela lenaneo. Ha ho pelaelo hore liithuti tse filoeng mangolo tse 24 tsa sehlopha sa bo86 sa Gileade li ikemiselitse ho etsa Jehova matla a tsona ha li e-ea likabelong tsa tsona tse khethehileng tšimong ea boromuoa.
[Lebokose le leqepheng la 21]
BOITSEBISO BO AMANG LIITHUTI
Palo ea banyalani: 12
Palo ea liithuti: 24
Palo ea linaha tseo liithuti li tsoang ho tsona: 6
Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 12
Lilemo ka karolelano: 32,3
Karolelano ea lilemo ’neteng: 14,1
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 9,1
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Sehlopha se Fumaneng Mangolo sa bo86 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lenaneng le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho isa ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho isa ho le letona moleng ka mong.
(1) Parrott, R.; Imig, E.; Benig, G.; Bengtsson, E.; Baart, W.; Ihander, K. (2) Lewis, J.; Hilario, L.; Lindmark, A.; Antoncich, C.; Agurs, C. (3) Bengtsson, R.; Parrott, J.; Benig, J.; Imig, J.; Baart, A.; Rissell, S. (4) Rissell, M.; Lewis, L.; Antoncich, M.; Hilario, R.; Agurs, H.; Lindmark, L.; Ihander, J.