Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 maq. 21-24
  • Mahloriso Burundi—Tšepiso e Sentsoeng ea Tokoloho ea Bolumeli!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahloriso Burundi—Tšepiso e Sentsoeng ea Tokoloho ea Bolumeli!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Ho Koeneha ha ’Muso
  • Lipaki tsa Jehova—Li Loanela ho Ngolisoa ka Molao
  • Ho Qhoma ha Tlhoriso ea Bolumeli
  • Seo U ka se Etsang
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 maq. 21-24

Mahloriso Burundi—Tšepiso e Sentsoeng ea Tokoloho ea Bolumeli!

Linaheng tse ngata tsa Bophirima tokoloho ea bolumeli e nkuoa habobebe e le tšoanelo eo batho ba lokelang ho e fuoa. Leha ho le joalo, tlhoriso ea bolumeli e etsahalang naheng ea Afrika ea Burundi e bontša kamoo tokoloho e joalo ho leng bonolo kateng ho e senya. Ha e le hantle, ha feela litokelo tsa batho tsa motheo tsa sehlopha leha e le sefe li hatelloa, ha ho litokelo tsa motho tse sireletsehileng. Ka hona re khothalletsa babali ba rōna ho hlahloba se etsahalang Burundi.

LETSATSING la la 16 Tlhakola 1989, moriti oa Mehla e Lefifi o ile oa oela naha ea Afrika ea Burundi. Letsatsing leo mopresidente oa Rephabliki ea Burundi, Pierre Buyoya, o ile a tšoara lipuisano le baokameli ba liprofensi. Nakong ea lipuisano tseo, tlhoriso e mabifi hohle e ile ea qhoma khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Banna, basali, esita le bana ka potlako ba ile ba fetoha bahlaseluoa ba litlhaselo tseo e seng tsa molao, ho otloa, ho hlokofatsoa, le tlala.

Hore boemo bo joalo bo sehlōhō bo etsahale mehleng ena le lilemong tsena ke ntho e soabisang. Leha ho le joalo, tlhoriso ea Bakreste ba Burundi ka ho khethehileng ke ntho e soabisang. Hobane’ng? Hobane e bontša ho koenehela tšepiso ea tokoloho ea bolumeli.

Ho Koeneha ha ’Muso

Burundi ke sechaba se hōle sa Afrika se leng ka boroa ho mola-hare oa lefatše, le hoja naha ena e na le lithaba e thabela boemo ba leholimo bo pholileng, bo monate. (Bona ’mapa.) Ke batho ba ’maloa ho potoloha lefatše ba neng ba tseba ka Burundi ho fihlela ka Phato 1988, ha e ne e hapa lihlooho tsa litaba tsa lefatše. Nakong eo ho ile ha qhoma ntoa e mahlo-mafubelu mahareng a lihlopha tse peli tse khōlō tsa morabe tsa naha eo e leng Tutsi le Hutu. Ntle ho pelaelo sena se ile sa siea boikutlo bo bobe ka Burundi likelellong tsa batho ba bangata.

Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tse ntle tse ka boleloang ka naha ena e tsoelang pele. Batho ba eona ba mafolo-folo ebile ba sebetsa ka thata. Sehlooho ho The New York Times Magazine ka ho tsoelang pele se hlokometse hore “ka litsela tse ngata tse hlakileng ho moeti, Burundi, e ntse e futsanehile joalo, ea sebetsa. Maurice Gervais, moahi eo e leng moemeli oa Banka ea Lefatše, o e bitsa ‘naha e sebetsang hantle haholo.’”

Leha ho le joalo, boemo ba bolumeli ba Burundi bo sokela pono ena e babatsehang. Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong e ipolela e le Bakreste, ’me batho ba bangata ke Maroma K’hatholike. Leha ho le joalo, mekha ea lipolotiki e bontšitse ho se mamelle bolumeli ka tsela e tšoenyang. Ka la 16 Mphalane, 1985, The Christian Century e tlalehile: “Selemong se fetileng ’muso oa Burundi o ile oa eketsa liketso tse reretsoeng ho nyenyefatsa boteng ba kereke . . . Tokelo ea borapeli ba phatlalatsa le thapelo li ile tsa thibeloa ka tšohanyetso. Likereke tsohle tsa bolumeli bo bong . . . li koetsoe le ho thibeloa ho sebetsa; . . . Bakreste ba ’nete ba bangata ba kentsoe teronkong, ’me ba bang ba hlokofalitsoe . . . bohle ka lebaka la ho sebelisa tokelo ea bona ea bolumeli.”

Ho ne ho e-na le litebello tse khōlō ka Loetse 1987, ha molaoli e mocha tlas’a boeta-pele ba Mopresidente Pierre Buyoya a ne a nka puso Burundi. Mopresidente e mocha o ile a tšepisa sechaba sa hae tokoloho ea bolumeli, ’me ka potlako o ile a nka mehato ho tiisa seo a se buileng. Tlaleho e entsoeng ke Lefapha la ’Muso la U.S. e re: “Selemong sa pele sa puso, Mopresidente Buyoya o ile a etsa liphetoho tse babatsehang melaong ea Burundi mabapi le bolumeli bo hlophisitsoeng, o ile a lokisa boemo ba khatello ea bolumeli tlas’a puso [e fetileng]. Buyoya o ile a lokolla batšoaruoa bohle ba bolumeli, a bula likereke tse neng li koetsoe; ’me a khutlisa thepa eohle ea kereke e neng e nkiloe ke ’muso.” Liketso tsena tse babatsehang li ile tsa hapela Mopresidente Buyoya tlhompho ho barati bohle ba tokoloho lefatšeng.

Joale, ke hobane’ng ha haufinyane Lipaki tsa Jehova li khethollotsoe e le bahlaseluoa ba khatello ea bolumeli?

Lipaki tsa Jehova—Li Loanela ho Ngolisoa ka Molao

Lilemong tse mashome tse fetileng, Kereke ea K’hatholike “e ile ea fetoha e ikemetseng moruong le lipolotiking,” ho tlaleha The New York Times. Mehleng ea ha sechaba seo e ne e sa le koloni, kereke e ile ea lumelloa “ho busa naha ka ho felletseng,” kaha e ne e “phethahatsa karolo e khōlō bakeng sa ho fana ka tlhokomelo ea bophelo bo botle le thuto.” Ha ho le joalo ha ho makatse ha ’muso o ile oa ikutloa o tšositsoe ke bolumeli bo hlophisitsoeng.

Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Jehova li ne li qalisa mosebetsi oa tsona oa boboleli oa phatlalatsa Burundi ka 1963, ha lia ka tsa etsa boiteko ba ho itšunya-tšunya litabeng tsa ’Muso. Ho e-na le hoo, li ile tsa etsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Mattheu 24:14, NW) Kaha Bibele e bolela hore Bakreste ba ’nete “hase karolo ea lefatše,” Lipaki tsa Jehova li ile tsa lula li sa nke lehlakore litabeng tsa bopolotiki, e leng boemo bo nkiloeng ke Lipaki lefatšeng lohle.—Johanne 17:16, NW.

Ka lebaka la letsoalo Lipaki li ile tsa hana ho kopanela mekheng ea lipolotiki le ho bina lipina tsa mekha ea bopolotiki. Hangata mebuso e utloisisa boemo bona hampe, e nka hore ke ho se rate naha kapa ho tsoa ’muso ka tlaase. Empa ha ho joalo. Hohle lefatšeng Lipaki tsa Jehova li tsebahala e le baahi ba behang mohlala, le ba mamelang molao. Li mamela ka botebo keletso ea Bibele ea ho “ikokobeletsa” marena a maholo. (Ba-Roma 13:1, NW) Le hoja li sa lumelise folaga kapa ka tsela leha e le efe ho bontša tlhompho ho liemahale tsa sechaba tse kang lifolaga, ha li hlompholle litšoantšo tse joalo.—Exoda 20:4, 5.

Ka 1975 Lipaki tsa Jehova li ile tsa kōpa hore mosebetsi oa tsona o ngolisoe ka molao. Empa ka 1976 sesole se ile sa liha ’muso ’me sa beha Mopresidente Jean-Baptiste Bagaza setulong. O ile a tšepisa tokoloho ea borapeli. Leha ho le joalo ka Tlhakubele 1977, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa ka molao! Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa etsa boiteko ba ho hlakisa taba ena ho litho tsa ’muso oa Bagaza, empa ho ngola mangolo, ho etela matlong a boemeli a Burundi Fora le Belgium, le ho buisana le bahlanka ba ’muso Burundi ha ipaka ho se na thuso. Ka 1987 Lipaki tsa Burundi tse ka bang 80—banna le basali—ba ile ba kenngoa teronkong likhoeli. Ho ile ha shoa Paki e le ’ngoe moo.

Joale ka 1987 sesole se ile sa beha molaoli Pierre Buyoya setulong. Kapele-pele Mak’hatholike le Maprotestanta a ile a rua molemo ka ho mamelloa ha bolumeli—empa e seng Lipaki.

Ho Qhoma ha Tlhoriso ea Bolumeli

Ka mor’a lipuisano le Mopresidente Buyoya le balaoli ba liprofensi ka la 16 Tlhakola, 1989, ho ile ha tsebisoa se-ea-le-moeeng hore bo bong ba mathata a maholo ao Burundi e tlamehang ho tobana le bona ke ho eketseha ha Lipaki tsa Jehova. Joalokaha ba bolelletsoe hore ba etse ho hong, balaoli ba liprofensi tse hare ba ile ba qalisa leqhubu la tlhoriso. Le hoja boitsebiso bo e-s’o hlake hantle, litlaleho tse latelang li fana ka leselinyana la se etsahalang mona:

Province Gitega: Molaoli Yves Minani o ile a laela hore mapolesa le batho ba hlasele Lipaki tsohle tsa Jehova. Ka baka leo, litho tsa sepolesa sa tšireletso li ile tsa hlasela lelapa la Ntibatamabi Edmond, ’moleli oa pula-maliboho ea khethehileng, ’me ba mo tšoara. Ha a ntse a le teronkong, o ile a tingoa lijo. O ile a akheha ka makhetlo a mangata ka lebaka la tlala. O ile a boela a hlokofatsoa ka boiteko ba ho mo qobella ho lumela leshano la hore Lipaki tsa Jehova li ja mali a batho—leshano le hlokang motsoako!

Ka mor’a hore Edmond a tšoaroe, Ntikarahera Aaron le Ntimpirangeza Prime, bao le bona e leng Lipaki tsa Jehova, ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa teronkong Gitega. Ba ile ba hlorisoa ka tsela e tšoanang.

Nijimbere Charlotte, mosali oa molebeli oa potoloho—molebeli ea tsamaeang ea etelang liphutheho tse ngata—o ile a utloa ka tlokotsi ea baena ba hae ba Bakreste. O ile a leka ho ba isetsa lijo teronkong empa a tšoaroa ka la 16 Tlhakubele, 1989, ’me ba boholong ba leka ho mo koalla hore ba tsebe ho otla monna oa hae.

Province Muramvya: Molaoli Antoine Baza o ile a romella mangolo ho Lipaki tsohle tse tsebisahalang ho ikopanya le eena le ho hlongoa lipotso. Ka la 4 Tlhakubele, sehlopha se ile sa mamela kōpo ea hae. Le hoja ka boikokobetso se ile sa arabela lipotso tsa hae, se ile sa hana ho hooa mapetjo a mokha oa bopolotiki.

Karabelo ea molaoli ebile ho susumetsa batho ba motse ho hlasela Lipaki tsa Jehova. Ka la 16 Tlhakubele mapolesa a ile a kena mahaeng a Lipaki tse tsebahalang ’me a qala ho otla banna le basali ka lebaka la ho hana ho hooa mapetjo a mokha oa bopolotiki. Lebenkele la Paki le ile la nkuoa le ho koaloa—ha amohuoa lelapa tsela ea lona ea ho iphelisa.

Ka la 17 Tlhakubele basali ba bane ba ile ba otloa hobane ba ile ba hana ho latola tumelo ea bona. Ba ile ba kenngoa teronkong e se nang moea o hloekileng, esita le hoja e mong oa bona e ne e le ’mè oa lesea le matsatsi a 20.

Ka la 20 Tlhakubele sehlopha sa batho se hlometseng ka melamu le litoche se ile sa hlasela matlo a basali ba bang ba Lipaki, ba ba otla le ho ba leleka mahaeng a bona. Har’a ba ileng ba hlokofatsoa ebile mosali ea lilemo li 75 ea neng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova le bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 14!

Pierre Kibina-Kanwa, hlooho ea sekolo se tlaase sa Nyabihanga, o ile a leka ho hatella bana ba Lipaki ho lumelisa folaga ea sechaba. Ka ho hlōleha ho etsa joalo, o ile a ba leleka sekolong. Lipaki tse 22 motseng oo li ile tsa qobelloa ho baleha, tsa siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li neng li e-na le eona. Har’a ba ileng ba tšoaroa ebile Ndayisenga Leonidas, Kanyambo Leanard, Ntahorwamamiye Abednego, Bankangumurindi P., Kashi Grégoire, le Mbonihankuye Thadée.

Province Bujumbura: Motsamaisi oa sechaba Muhuta, Nahimana Macaire, o ile a laela hore Kavunzo Vincent, Ndabazaniye Sylvestre, le Ndizwe-Nzaniye—bao kaofela e leng Lipaki—ho tla sebokeng. Moo o ile a ba qosa ka hore ba ile ba ameha lintoeng tsa morabe ka Phupu 1988. Le hoja ka ho hlakileng Lipaki tsa Jehova li ne li sa ameha, ho ile ha latela ho otloa le ho tšoaroa.

Province Bubanza: Lipaki tse peli li ile tsa tšoaroa kahobane feela li ne li e-na le libuka tsa Bibele. Ha li ne li hana ho lumelisa mokha oa bopolotiki, Molaoli Kimbusa Balthazar o ile a ba romella kampong ea sesole. Moo li ile tsa hlokofatsoa ka hore ho pshatloe menoana ea tsona.

Seo U ka se Etsang

Litšoaro tsena tse mpe li etsahetse haholo hare ho naha, hōle le mahlo a batho ba tsoang linaheng lisele. Leha ho le joalo, likopi tse fetang limillione tse 13 tsa lihlooho tsena li tla abuoa lefatšeng lohle ka lipuo tse 106. Boemo bo nyarosang ba Burundi ha e sa tla ba lekunutu. Batho ba ratang toka ba tla tšosoa ke maemo a joalo a hlakileng a ho se hlompshoe ha litokelo tsa batho ho etsahalang—e leng litokelo tseo Maafrika a likete-kete a li loanetseng.

Ka hona Burundi e ipeile kotsing ka ho hlōleha ho boloka litšepiso tsa eona tsa tokoloho ea bolumeli. E ipeha kotsing ea ho senya botumo ba eona bo botle boo e bo sebelelitseng, botumo ba sechaba se tsoelang pele, se sebetsang ka thata. Na Burundi e batla hore e talingoe e le sechaba sa bahlorisi ba Bakreste? Re nahana hore ha ho joalo. Re nahana feela hore Mopresidente Buyoya o neiloe boitsebiso bo fosahetseng, o khelositsoe ke baeletsi ba hae.

Liqoso tse entsoeng khahlanong le Lipaki tsa Jehova ke leshano le hlokang motsoako le reretsoeng ho hotetsa hlaha ea bochaba. Lipaki tsa Jehova hase tšoso tšireletsong ea ’muso oa Burundi kapa sechabeng leha e le sefe. Ke batho ba khotso ba mamelang molao, ba hlomphang litšoantšo tsa naha. Ho fapana le se buoang ke batho, ka tsela leha e le efe li hana ho ja mali—esita leha bophelo ba tsona bo le kotsing.—Liketso 15:28, 29.

Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete hohle lefatšeng ba tla ba bonngoeng ho rapella banab’abo bona Burundi. (1 Timothea 2:1, 2) Babali ba bangata ba tla susumelletsoa hore ba ngolle Mopresidente Pierre Buyoya ka ho toba, ka tlhompho ba etse boipiletso ba hore tlhoriso ea bolumeli e khaotse le hore Lipaki tsa Jehova li ngolisoe ka molao e le bolumeli. Burundi e lokela ho arabela hantle haeba e lokela ho itlosa mahlong a lefatše.

His Excellency Major Pierre Buyoya

President of the Republic of Burundi

Bujumbura

REPUBLIC OF BURUNDI

[Limmapa tse leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

RWANDA

ZAIRE

BURUNDI

TANZANIA

LAKE TANGANYIKA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela