Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 maq. 25-28
  • Maguatemala a Amohela Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maguatemala a Amohela Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Ho Bolela ka ’Muso Hoa Qaleha
  • Ho Bolela ka Lithabeng
  • Ho Theoha le Linaha Tse Tlaase Tse Mesikong ea Maoatle
  • Pefo le Mahloriso ho Fapana le Khotso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 maq. 25-28

Maguatemala a Amohela Litaba Tse Molemo

LITHABA tse putsoa le maralla a maholo a entsoeng ke seretse se foqohang fatše li hlahella ka tšohanyetso thōkoana ha sefofane se atamela motse-moholo. Baeti ba ka lehlakoreng le leng ba hlahela ka fensetere ea bona ’me ba bona Thaba ea Pacaya e kubellang, e ntša mosi o moholo o etsang mohoula o nyolohang e be o nyamella sepaka-pakeng. Baeti ba ka lehlakoreng le leng ba talima tlaase ’me ba bona likepana le liketsoana tse tsamaisoang ka masokoana ka thabo li tšela Letša la Amatitlán. Mona ke Guatemala, naha e nang le lintho tse ngata tse sa tšoaneng.

E lutse Amerika Bohareng, Guatemala e koahela sebaka se ka etsang 109 000 square kilometers. Ponahalo ea naha e fapana ho tloha lithabeng tse phahameng—ho akarelletsa maralla a 33 a entsoeng ke seretse se foqohang fatše, ao a 4 ho ’ona a ntseng a foqoha seretse—ho ea libakeng tse bataletseng tsa meru, libaka tse chesang tsa meru, le matša a hloekileng joaloka krystale le linōka. Bophahamo ba naha bo fapana ho tloha leoatleng ho ea ho limithara tse 4 211. Motse-moholo, e lula e le selemo ka mehla, ka mocheso o tloaelehileng oa 24° C selemo kaofela. Empa holimo lithabeng mocheso o ka theoha ho fihlela ho le leqhoa libaka tse meeling li ka ’na tsa e-ba le mocheso o phahameng haholo oa 38° C. Ena ke naha e ka lumellanang le seo e mong le e mong a se ratang, ka mabōpo a leoatle, libaka tse meru, lithaba, libaka tse omileng, le liphula tse nonneng. ’Me libakeng tsena kaofela, litaba tse molemo tsa ’Muso lia boleloa.

Ho Bolela ka ’Muso Hoa Qaleha

Ho bolela ka ’Muso ho qalehile Guatemala hoo e ka bang ka selemo sa 1920. Ka mor’a nako lihlotšoana tsa batho ba thahasellang le baboleli ba ’Muso li ile tsa qala ho etsoa likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha. Ha baromuoa ba babeli ba pele ba fihla ka la 21 Motšeanong, 1945, ba ile ba fumana thahasello e khōlō. E mong oa tlaleha: “Moqebelong oa bobeli ka mor’a ho fihla ha rōna, ke ile ka etsa qeto ea ho etsa mosebetsi oa seterata ka limakasine. Mantsiboeeng ao ke ile ka tloha mokotla oa ka oa libuka o tletse libuka, ’me ka mor’a hora le halofo, o ne o se na letho, ke tsamaisitse limakasine tse 32, libukana tse 34, libuka tse 4, le Bibele e le ’ngoe.” Khoeling eo ea pele ba ile ba qala ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 17! Lilemo tse 44 ka mor’a moo khaitseli oa pele oa moromuoa ea ileng a fihla moo o sa ntsane a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho.

Ho tletse maemo a fapaneng tšimong eo ho boleloang ho eona. Motse-moholo, Motse oa Guatemala, o na le mehaho e mengata ea kajeno e phahameng haholo, hammoho le libaka tse khethehileng tsa bolulo tse nang le matlo a matle, moo basebetsi ba arabelang ka intercom ha ho kokotoa. Empa thōkoana feela ho na le matlo a bolulo a nang le marako a makote le a ruletsoeng ka joang moo motlakase le metsi a ka tlung e leng litoro feela. Ka ho fapa-fapana ho joalo ha tšimo, ha ho ntho e kang letsatsi le tloaelehileng tšebeletsong ea tšimo.

Lilemong tsa morao tjena menyako e mengata ha e buloe hobane ka bobeli monna le mosali ba ile mosebetsing. Kahoo e le hore li ka pakela batho ba joalo, hangata Lipaki li kopanela mosebetsing oa seterata. Tse ling li qala ka 5:30 hoseng, li tsamaisa libuka liemelong tse phetheselang tsa libese. Paki e lokela hore e be e phela hantle ’meleng e le hore e khone ho potlaka joaloka batho ba mathelang libese tsa bona. Hoseng ho hong sehlopha sa Lipaki se ile sa etsa qeto ea ho atamela ba bang ba bakhanni ba li-taxi kaha batho ba emetseng libese ba ne ba fokotsehile. Ho ileng ha makatsa sehlopha sena ke hore bakhanni ba ’maloa ba li-taxi ba ile ba ntša likopi tsa bona tsa makasine oa Molula-Qhooa tse seng li ntse li thaliloe mela. Ba seng bakae ba ne ba e-na le lipotso, tseo baena ba ileng ba thabela ho li arabela ba sebelisa Libibele tsa bakhanni ba li-taxi ka bobona.

Ho Bolela ka Lithabeng

Panajachel ke o mong oa metse e mathōkong a Letša la Atitlán, letša le letle le leputsoa bo botala le potiloeng ke lithaba tse khōlō le maralla a mararo a entsoeng ke seretse se foqohang fatše. Metse e meng e rehelletsoe ka baapostola. Hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea batho ke ba morabe oa Maya, ’me Cakchiquel le Tzutuhil ke tse peli tsa lipuo tse khōlō. Le hoja banna ba boetse ba bua Sepanishe, basali ba bangata ha ba se bue, hobane ba qeta karolo e khōlō ea nako ea bona ba le hae. Motse ka mong o na le moaparo oa oona o mebala-bala oa moetlo, hangata ke o lohiloeng ka letsoho ke basali.

Ha u fihla Panajachel, u tla hlokomela hore ha o tšoane le metse e meng e menyenyane e Guatemala. Ka thōko ho matlo a boemo bo tlaase kapa a mapolanka, u bona matlo a matle a chalet. Ho fapaneng haholo le ho feta ke lihotele tsa sejoale-joale. Batho ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše ba tla Panajachel ho tla boha Letša la Atitlán.

Paki e ’ngoe e hlalosa kamoo mosebetsi oa boboleli o etsoang kateng mona: “Sekepana se hiroa esale pele bakeng sa letsatsi, ’me baena ba rōna ba tsoang Sololá e haufinyane, hammoho le ba bang ba chakileng ba tsoang Motseng oa Guatemala, ba memeloa ho thusa ho koahela tšimo e khōlō. Baena ba tsoang Sololá ke thuso e khōlō hobane boholo ba bona ba phela sebakeng se lithaba se tšoanang le seo re tla beng re etela ho sona. Hape ba bua puo ea sebaka seo. Leeto le qala esale hoseng haholo. Ha sekepana se tšela letša bana ba ntse ba bohile metsi a boputsoa bo kang ba krystale, ’me batsoali ba ithuta mantsoe a seng makae a puo.

“Lekhetlong lena ho tla eteloa metse e mehlano. Pele, ho etsoa lihlopha tse tharo. Joale ba aroloa ka bobeli—ba buang puo eo le ba sa e bueng. Ho na le liemelo tsa likepe tse tharo feela tse nyenyane tseo re ka theohang ho tsona ho ea fihla metseng ena, kahoo sehlopha ka seng se theoloa seemelong ka seng. Hoa thabisa ho bona baena ba rōna ba apereng moaparo oa habo bona o mebala-bala ba sebetsa ba thetsane ka mahetla le ba apereng moaparo oa bophirimela. Hono ka bohona ke bopaki bo botle ho baahi ba motse. Hangata bana ba chesehelang ho tseba litaba baa re lumelisa. Ka mor’a ho fumana morero oa ketelo ea rōna, ba mathela ho ea tsebisa baahi ba motse kaofela.

“Ka nako eo re fihlang matlong a boemo bo tlaase, batho ba bangata ba lebelletse ka cheseho ho bona libukana tsa rōna tse boholo ba makasine tse mebala-bala kapa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele tseo bana ba ba bolelletseng ka tsona. Buka efe kapa efe ea Bibele e setseng ntlong ea pele ke eona e tla kōptjoa matlong a latelang hobane e mong le e mong o batla ho ba le ntho e ntle e tšoanang le eo moahisani oa hae a e fumaneng. Ba bangata ha ba tsebe ho bala, kahoo ba thabela haholo-holo litšoantšo tsa Paradeise e tlang. Lifahleho tsa bona lia khanya ha ba mametse tšepo eo Bibele e e tšepisang ho Tšenolo 21:3, 4 bakeng sa bokamoso. Re emisa ho se hokae ho fumana lijo tse monate tsa motšehare ka mokhoa oa moketjana oa boithabiso e be re tsoela pele ho bua le batho ho fihlela ka 3:00 motšehare oa mantsiboea. Joale re leba seemelong sa likepe ho emela sekepana se tlil’o re lata. Hang ha e mong le e mong a palame ka thabo baena ba arolelana liphihlelo tsa bona.

“Khaitseli e mong o hopola thabo eo a ileng a ikutloa a e-na le eona ha a mametse mosali e mong holimo ho moo a neng a le teng a hoeletsa, ‘Ngoan’eso, ngoan’eso, ke ’na enoa. U khutlile hape ho nchakela. Kea leboha, kea leboha.’ O ile a sheba holimo mokolokong oa matlo a thabeng ’me a tseba mosali ea neng a mo hoehla ka thabo. Ka lekhetlo la ho qetela ha a ne a etetse motse oo, mosali eo o ne a bontšitse thahasello e khōlō ha ba buisana ka Bibele hammoho. Mosali eo o ne a ntse a emetse hore a khutle joalokaha a tšepisitse. Ba ile ba boela ba lula fatše thutong e ’ngoe e monate ea Bibele.

“Le hoja e mong le e mong a khathetse ke ho tsamaea libaka tse telele sebakeng se mafika, ka cheseho ba batla ho tseba hore na leeto le latelang le tla ba neng. Ha sekepana se fihla lebōpong, re lumelisana ka lipolelo tse buang ka ketsahalo e latelang e thabisang ha re arohana.”

Ho Theoha le Linaha Tse Tlaase Tse Mesikong ea Maoatle

Guatemala e boetse e na le mabōpo a mabeli a fapaneng: sebaka se mosikong oa Pacific le mabōpo a sona a bohehang a nang le lehlabathe le letšo le lebōpo la Caribbean le lehlabathe la lona le lesoeu.

Ka leeto la koloi la metsotso e 45 ho tloha motse-moholo ho leba Pacific, ho na le phetoho e khōlō ea tikoloho le boemo ba leholimo. Mosikong oa leoatle boemo ba leholimo ke bo chesang le bo mongobo, bo nang le likokoanyana tse ngata. Lifate tsa palema, coconut, le ceiba esita le limela tse ngata haholo li u fa bopaki ba hore u libakeng tse chesang. Ho na le liphutheho tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova metseng e mengata e tikolohong ena.

Mona baesekele e nkile sebaka sa pere eo e neng e le moetlo ho e sebelisa, kahoo ho tloaelehile ho bona baena ba rōna ba khanna ka potlako ho fohla masimo a lehlaka ha ba ntse ba paka ho tloha mokhorong o mong ho ea ho o mong. Moena e mong o ne a khannela monna ea lulang bohōle ba lik’hilomithara tse 35 thuto ea Bibele. Beke le beke o ne a tsamaea ka baesekele ea hae bohōle boo ho ea le ho khutla ho ea ruta motho enoa ea thahasellang ’nete ea Bibele.

U ka ’na ua nahana hore u kene naheng e ’ngoe haeba u etela likou tse peli tsa leoatle e leng e Santo Tomas de Castilla le Puerto Barrios mosikong oa Caribbean. Mokhoa oa bophelo o fapane le oa likarolong tse ling kaofela tsa Guatemala. Matlo a na le lirapa tsa joang bo kutuoeng le lihlahla tse bonoang ke bohle; ke ka seoelo u ka fumanang lerako la makote le pota-potile jarete, e leng letšoao le khethollang Mexico le Amerika Bohareng. Ho feta moo, mona u ke ke ua fumana moaparo oa morabe o itseng o tloaelehileng haholo likarolong tse ling kaofela tsa Guatemala.

Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng o hlalositse: “Kaha ena ke kou e nang le motse, u na le monyetla oa ho hlalosetsa batho ba mefuta eohle molaetsa oa Bibele. Ke ile ka kena ka menyako e butsoeng ea ntlo e ’ngoe e rekisang joala. ‘Mofumahali’ oa teng o ile a nka mpho ea buka le Bibele, ’me a ’memela ho tla mo ruta kamoo a ka ithutang tsona. Ha ke khutla bekeng e latelang, o ne a nkemetse tafoleng e khōlō a nkile Bibele le buka. A supa ka botsoalle hore ke lule fatše, o ile a re ke lete ka motsotsoana ha a bitsa ‘banana’ kaofela. O ne a batla hore le bona ba ithute. Pele ke hlokomela, tafole kaofela e ne e pota-potiloe ke ‘banana’ ba hae. A retelehela ho ’na, a re, ‘Joale re bontše kamoo re ka ithutang Bibele.’ Ke ile ka nahana: ‘Ke ikentse joang ho see?’ Empa ka kholiseho ka tsoela pele, joalokaha eka ka mehla ke ’nile ka ithuta Bibele ka ntlong e rekisang joala.” Mofumahali eo o ile a tsoela pele ka potlako, a tlohela khoebo ea hae, ’me a fetoha Paki e kolobelitsoeng. Kajeno o sebetsa ka mafolo-folo phuthehong e ’ngoe ’me eena ka boeena o khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele.

Ha u nka leeto la hora ka sekepe se entsoeng ka sefate ha u tšela kou u fihla motseng o motle oa Livingston, motse oa batho ba lenama ba tletseng botsoalle ba susumelitsoeng haholo ke tumela-khoela ea Maafrika le borapeli ba balimo. Mona ho tloaelehile ho utloa molumo oa meropa bosiu le ho bona mohobelo o kang oa Maafrika literateng nakong ea mekete. Hape u ka utloa puo eo litsebe tsa hao li sa e tloaelang—Caribe, kapa Garifuna. Sehlopha se senyenyane empa se hōlang ka potlako sa baboleli ba ’Muso se sebeletsa lithahasello tsa moea tsa batho mona.

Pefo le Mahloriso ho Fapana le Khotso

Ho ile ha hlaha mathata a itseng ka 1982 ha mopresidente e mocha oa Guatemala a ne a leka ho thibela mosebetsi oa likhukhuni o neng o iphile matla nakong ea ketello-pele ea ’musi ea busitseng pele ho eena. Leqheka la hae e ne e le ho etsa lihlopha tse lebelang tse entsoeng ka batho bao e seng masole ba nkileng lihlomo ba neng ba lebela literata bosiu, ba sireletsa metse ’me ba lemosa masole ka mosebetsi leha e le ofe o belaetsang. Libakeng tse ngata tšebetso ena ea balebeli bao e seng masole e ile ea ipaka e le teko ea ho se nke lehlakore ho baena ba rōna.

Motseng o mong phutheho eohle e ile ea tlisetsoa khatello ea ho koenehela ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste ka ho kenella mosebetsing oa sehlopha sa balebeli. Kaha ba ne ba tšosoa ka lefu, ba ile ba balehela motse-moholo, moo ba ileng ba amoheloa Holong ea ’Muso ho fihlela ba ka fuoa bolulo malapeng a baena. E, baena ba bangata ba mamelletse liteko tse boima le mahloriso e le boiteko ba masole ba ho ba qobella ho ba balebeli.

Moena e mong oa tlaleha: “Ke lilemo li 20 ’me ke lula le moholoane oa ka le mosali oa hae. Mathata a ka a ile a qaleha ha mosebetsi oa bokhukhuni le oa masole o qaleha polasing eo ke neng ke sebetsa ho eona. Ka lekhetlo le leng, batho ba robeli ba ile ba qhobjoa ba supiloe ka lithunya hona ka pel’a mahlo a rōna. Ke ba babeli feela ba ileng ba khutla; ba bang ba tšeletseng ha baa ka ba hlola ba bonoa hape.

“Ka ’Mesa 1984 mabotho a hlometseng a ile a tla polasing ho tla thaotha ba bacha. Ba ile ba kōpa ’na le bao ke sebetsang le bona hore re ikopanye le bona. Ka mor’a hore ke hane, ba ile ba nkotla ba sa khaotse. Ha ba bona sena, batho bao ke sebetsang le bona ba ile ba bokolla joaloka bana, ba nkōpa hore ke nke sebetsa ’me ke ikopanye le bona. Lesole le leng le ile la nkenya linala molaleng ’me la sotha litsebe tsa ka ha le leng le ile la nkoebetella fatše hore le leng hape le nkotle le be le nthahe. Ka khalefo ofisiri e ile ea kharuma, ‘U entse joang? U phoofolo, kapa u Molimo?’ Qetellong ofisiri e ’ngoe ea fihla ’me ea re, ‘Mo tloheleng hobane ke kamoo Lipaki li leng kateng. U tlameha ho li bolaea pele li lumela.’ Ofisiri ea pele ea re, ‘Mo thunye!’ Empa ho e-na le hoo o ile a nkhotla mpeng ka sethunya sa hae. Ha ba kholisehile hore nke ke ka ikopanya le bona, ba ile ba khaotsa ho nkotla. Ka mor’a matsatsi a mararo, ba ile ba ntokolla. Ka thuso ea Jehova ha kea ka ka tlohela botšepehi ba ka. Ke ka lebaka leo ke bolellang bacha ba bang hore ba be le tšepo e matla ho Jehova, ea tla re thusa ho ba le mamello ha re e hloka.” Ka thabo, boemo bo ile ba fetoha haholo ka mor’a hore mopresidente e mocha a be litulong ka Pherekhong 1986.

Haufinyane maemo a fapaneng a ntoa le khotso, leruo le bofutsana, bophelo le lefu, a tla nyamela ka ho sa feleng. Joalokaha Jehova Molimo a ne a rerile, Paradeiseng e tlang ea lefatše lohle, ho tla thabeloa maemo a fapaneng a monate a bosiu le motšehare, lithaba le liphula, maoatle a lumang le matša a khutsitseng. Le uena u ka ba teng moo haeba, joaloka baboleli ba ’Muso ba fetang likete tse leshome ba Guatemala, u amohela litaba tse molemo ka pelo eohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela