Liqeto Tse Tiileng li Kotulisa Litlhohonolofatso Suriname
KA NAKO e ’ngoe, Suriname e ne e le “e ’ngoe ea linaha tse ruileng ka ho fetisisa tsa Caribbean,” kamoo ho boletseng makasine ea litaba tsa machaba South. Chelete e neng e fumanoa ka ho rafa bauxite, mofuta oa makhala a phelang maoatleng, reise, libanana, le lithupa tse bobebe tse khomarelitsoeng hammoho, e neng e tšehelitsoe ke thuso ea tsoelo-pele, e ile ea fa baahi ba 400 000 ba naha ena eo pele-pele e neng e le kolone ea ma-Dutch monono o eketsehileng ho feta linaha tse ngata tsa boahisani.
Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1980, moruo o ile oa oa. Monono oa fetoha khaello, ’me mela e melelele ea ho folla lijo ea fetoha ntho e bonoang ka mehla. Ka 1986 ho qhoma ha ntoa ea bokhukhuni ho ile ha qobella baahi ba bang ba likete tse leshome ho tloha Suriname e ka bochabela ho balehela naheng ea boahisani French Guiana, ho ea qala bophelo bocha moo likampong tsa baphaphathehi. Nakong eona eo, likarolo tse khōlō tsa meru e teteaneng—lehae la Manegro a Phelang Hlatheng le Maindia a Amerika a ka bang 50 000—li ile tsa e-ba tlas’a taolo ea likhukhuni, hoo ha etsa hore ho etela ka tloaelo libakeng tse ka hare ho naha ho be kotsi. Liphetoho tsena, kamoo ho boletseng makasine ea South, li ile tsa siea naha e holofetse.
Na maemo ao a ile a boela a holofatsa mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova? Le hanyenyane, ho e-na le hoo li ile tsa eketsa mosebetsi oa tsona. Ka mohlala, palo ea Lipaki e phahame ho tloha ho 920 ka 1980 ho fihla ho tse ka holimo ho 1 400 kajeno. Ka ’Mesa 1989 ho ne ho na le bo-pula-maliboho ba thusang ba 338—hoo e batlang e le karolo ea 25 lekholong ea Lipaki tse neng li le teng ka nako eo. Leha ho le joalo, litlhohonolofatso tse joalo li bile teng feela ka baka la ho tiea, botšepehi, le lerato tseo Lipaki li li bontšitseng tlas’a teko. Mehlala e meng ea morao-rao ke ena ea kamoo liqeto tse tiileng li ileng tsa tlisa litlhohonolofatso tse enneng Suriname.
Qeto e Ileng ea Pholosa Bophelo ba Hae
Lumey Hoever, ofisiri ea mapolesa ea senatla ea seng a batla a le lilemo li mashome a mane hape e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a etsa qeto ea hore o tla tlohela mosebetsi oa hae ho sa tsotellehe moruo o mobe. Hobane’ng? Lumey oa hlalosa:
“Haesale ho tloha mohla ke balileng sehlooho sa Molula-Qhooa se neng se re lemosa ka likotsi tse amanang le ho nka libetsa, ke ile ka tseba hore ke tla lokela ho tlohela mosebetsi ona.a Leha ho le joalo, ke ile ka qea-qea, hobane ke na le mosali le bana bao ke lokelang ho ba hlokomela. Leha ho le joalo, ha ke ne ke chechisa qeto ea ka haleletsana, letsoalo la ka le ne le nkhathatsa haholoanyane. Ke ile ka ikhopotsa: ‘Haeba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o mphehella ho nahana ka ho tebileng ka hore na mosebetsi oa mofuta ona o hlile o loketse, e tlameha e be ho na le lebaka le letle.’ Ka hona ka Pherekhong 1986, ke ile ka etsa qeto.”
Empa ofisiri e ka holimo-limo ea mapolesa e ne e sa batle ho mo lumella ho tsamaea, ea ba ea tšepisa ho mo abela mosebetsi Tamanredjo, seteishene se neng se laba-labeloa ke ba bangata se haufi le motse-moholo. Empa Lumey o ne a tiile. O ile a ngolla letona la sepolesa, a le hlalosetsa litumelo tsa hae tsa bolumeli, ’me a kōpa hore a lokolloe. Ka ’Mesa 1986 karabo ea fihla: ‘Kōpo e amohetsoe!’
Lumey o ile a phakisa a fumana mosebetsi Lefapheng la Tlhokomelo ea Meru. Moputso o ne o se motle hakaalo, empa o ne a e-na le nako e eketsehileng ea ho ea le lelapa la hae libokeng Holong ea ’Muso. Ha feta likhoeli tse leshome. Ka tsatsi le leng, ka mor’a ho sebetsa letsatsi lohle polasing ea lelapa, Lumey le moen’ae ba ne ba le tseleng ba ea hae. Oa bolela:
“Ha ke atamela ntlo ea polasi, ke ile ka bona banna ba babeli ba apereng liphahlo tse tabohileng tse tšoehlang, hloohong ba itlamme ka lik’hafo. Ba mpitsa ka puo ea Sesuriname: ‘Kon dja (Tloo mona).’ Ha ke ntse ke ea ho bona, ha hlaha monna oa boraro ka sethunya se nang le lebanta se leketlile lehetleng la hae. Eaba hona ho reng etlo! ho ’na: likhukhuni!
“Ba ncheba ho tloha hloohong ho ea tsoa leotong. Eaba e mong oa banna bao ea itlammeng ka sek’hafo oa kharuma: ‘Ke tseba motho enoa. Ke lepolesa!’ Lifahleho tsa bona tsa hlokofala. Ka metsotsoana e se mekae, re ne re tjamelane. Ke ne ke fehile matšoafo. Eaba ke utloa molumo o lumelang fatše. Khoaqa-khoaqa—monna oa boraro o ne a khoephetsa sethunya sa hae hore a lokele ho thunya. Butle-butle, a nkorola ka sona sefubeng, a loketse ho mpolaea. Ka tleroha: ‘Se thunye! U etsa phoso. Ha ke sa le lepolesa.’
“Joale ke ile ka boela ka bona likhukhuni tse ling tse 12 tse hlometseng ka mor’a ntlo. Se seng sa tsona—monna ea litšika-tšika ea tenneng tšea, mabanta a mabeli a likulo a fapakane sefubeng sa hae se feela, hape a tšoere sebetsa se itsamaisang letsohong la hae—sa atamela. Sa nkharumela: ‘U re ha u sa le lepolesa. Ha u sa le lona hobane’ng?’ Kapele-pele ka itsebahatsa ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka hlalosa, ‘Lipaki ha li nke libetsa, ka hona ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka oa bopolesa ’me hona joale ke sebetsa Lefapheng la Tlhokomelo ea Meru.’ Ka phaella, ‘ha re nke lehlakore lipolotiking ho hang.’
“Ha se utloa hore ke Paki, sefahleho sa sona sa phutholoha ho se hokae. Ka ipotsa, ‘Na se tla nkholoa?’ Joale moen’a ka a fihla. Monna ea tenneng tšea, eo ka ho totobetseng e neng e le molaoli, a qala ho mo hloma lipotso. Ka mor’a hore moen’a ka a tiise polelo ea ka, molaoli o ile a bonahala a khotsofetse. A laela sekhukhuni se seng: ‘Saka yu gon! (Theola sethunya sa hao).’ Ke ile ka ikutloa ke lopolohile. Ke ile ka rapela: ‘Kea u leboha, Jehova, ka ho ntšireletsa!’”
Matsatsi a seng makae hamorao, Lumey o ile a utloa ho hong ho nyarosang. Banna ba bararo ba sa tsejoeng ba nkileng lithunya ba ne ba bolaile liofisiri tse tharo tsa mapolesa seteisheneng sa mapolesa sa Tamanredjo, sona seo ofisiri e ka holimo-limo ea mapolesa e neng e mo abela ho ea sebetsa ho sona! Lumey o re: “Haeba ke ne ke hlokomolohile keletso e neng e le sehloohong seo sa Molula-Qhooa, nka be ke le mofu hona joale.” Joale o phaella ka teboho: “Ka sebele Jehova o sireletsa bahlanka ba hae.”
Lerato le Ile la mo Susumetsa ho Pholosa Baena ba Hae
Ka Mphalane 1986 ha ntoa e qhoma pakeng tsa mabotho a ’muso le likhukhuni toropong ea Moengo eo ho rafshoang bauxite ho eona, Frans Salaoema, Lenegro le Phelang Hlatheng le neng le se le le ka holimo ho lilemo tse 40, o ile a lokela ho etsa qeto ea seo a neng a tla se etsa. Qetellong eena, mosali oa hae oa moimana, le bara ba hae ba supileng, hammoho le ba bang ba tsoang toropong, ba ile ba baleha ka litselana tsa meru e teteaneng ’me ba tšela Nōka ea Maroni e sephara ho ea batla tšireletso French Guiana.
Ho ntse ho le joalo, Frans o ne a ntse a tšoenyehile. Ha a ka a fumana Paki le e ’ngoe e tsoang phuthehong ea habo har’a baphaphathehi. A ipotsa: ‘Li hokae? Na nka khutlela morao ho ea li batla?’ Empa hoo ho ne ho tla ba kotsi. Boholo ba likhukhuni e ne e le Manegro a Phelang Hlatheng. O ile a nahana: ‘Haeba masole a ’muso a ka mpona ke ntse ke khukhuna ka har’a moru o teteaneng, ho felile ka ’na.’ Leha ho le joalo, o ile a etsa qeto ea ho khutla ho ea batla baena ba hae ba Bakreste. O ile a bolella Lipaki tse ’maloa tsa French Guiana: “Bekeng e tlang, le tšele nōka ho tla nkhahlanyetsa.”
Beke hamorao tsa tšela, empa Frans o ne a le sieo moo. Li ile tsa leta ho fihlela letsatsi le hlahlamang. Frans o ne a ntse a le sieo. Tsa etsa qeto: “A re luleng bosiu bo le bong hape.” Joale Frans a fihla a e-na le sehlopha sa Lipaki. Ho ne ho etsahetse joang?
Frans o ile a pheta: “Ka mor’a hore ke fumane baena, re ile ra fohla ntoa ea khumamela, ra nyenyelepela ka morung o teteaneng, ’me ra leba lelibohong.” Empa ba ne ba liehisitsoe ke eng? Frans o ile a supa mabokose a mararo ao a neng a tlile le ’ona. O ne a ile a ea motse-moholo ho ea lata libuka tsa Bibele bakeng sa Lipaki tsa baphaphathehi. Baena ba neng ba letile ba ile ba thaba. Hona letsatsing leo, Frans, Lipaki tse pholositsoeng, le mabokose a mararo ba ile ba tšela leliboho ba sireletsehile.
Hamorao Frans o ile a nka leeto le leng ho ea thusa Lipaki tse ling hape. Qetellong, Lipaki tse 37 li ile tsa tšela leliboho ’me tsa lula likampong tsa baphaphathehi. Frans o ne a behiloe sebakeng seo pele-pele e neng e le kolone ea balepera French Guiana, moo baphaphathehi ba sa tšoanelang ho etsa letho haese ho ’na ba phethoha mealong ea bona ea seile e leketlileng ntlong le ho phoka menoang.
Leha ho le joalo, Frans le lelapa la hae ha baa ka ba ba botsoa. Nakoana hoba a fihle ka kampong, Frans (eo joale a seng a e-na le morali) o ile a tšoareha ho bolella baahi ba malimabe litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka baka la tšusumetso ea hae e ntle, o ile a fuoa tumello ea ho tsamaea ka sethuthuthu ho ea bolela le likampong tse ling. Phello? Kajeno o khannela baphaphathehi ba habo ba 14 lithuto tsa Bibele. Ba bararo ba bona ba se ba kolobelitsoe!
Ha aa ka a Sekisetsa
Victor Wens, pula-maliboho ea khethehileng ea lilemo li 58 o boletse: “Ke tla khutla le liphallelo tse ncha ka mor’a libeke tse peli.” O ne a siea mosali oa hae le liithuti tse ling tsa Bibele motseng o sebakeng se meru bohareng ba Suriname. E ne e le ka Phuptjane 1987, ha a leba motse-moholo.
Ha mosali oa Victor le ba bang ba mo tataetsa, mekotla ea bona ea reise e ne e se e batla e se na letho. Ntoa ea likhukhuni e ne e thibile mekhoa eohle ea ho fumana liphallelo. Haufinyane tlala e ne e tla kena. Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomela hore leeto la Victor ka seketsoana le ne le le kotsi. O ne a ka ’na a sitisoa ho feta ke ntoa e befileng kapa ka phoso ha nahanoa hore ke sekhukhuni. Ba ile ba ipotsa ha butle-butle molumo oa enjene ea seketsoana o khaotsa ho utloahala, ‘Na o tla khutla a sireletsehile?’
Libeke tse peli hamorao, mosali oa Victor o ile a ea hloela ka nōkeng—empa ho ne ho se le moroeroenyana feela oa Victor. Ha feta libeke tse ling hape. Lijo tsa fela, hape a kula. O ile a rapela: “Jehova, ka kōpo lebela monna oa ka. E se eka a ka khutla hle!” Likhoeli tse tharo tsa feta. Ho ntse ho se Victor. Ho ne ho se ho senyehile hokae?
Hamorao Victor oa bolela: “Ka mor’a hore ke fihle motse-moholo, ke ile ka fumana tumello ea ho reka lijo le mafura tse neng li ka nka likhoeli tse tšeletseng. Eaba joale ke kōpa tumello ea ho khutlela hae. Ofisiri e ikarabellang e ile ea re: ‘U ka ea, empa u re fumanele moo likhukhuni li ipatileng, u be u khutle u tl’o re tsebisa.’ Pelo ea ka ea tetebela. Ka re: ‘Nke ke ka etsa joalo, Jehova ha a batle ha re nka mahlakore lipolotiking. Rōna Lipaki ha re nke lehlakore.’ O ile a araba: ‘Ha ho le joalo, ha u ee hae.’
“Beke e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke khutla ho ea kōpa tumello, empa karabo e ne e ntse e tšoana. Ka nako eo, ke ile ka utloa hore mosali oa ka oa kula. Ke ne ke lakatsa ho ea hae le ho ea mo oka. Empa, ke ne ke sa batle ho sekisetsa. Ke ile ka ikutloa ke se na thuso.
“Ha ke boetse ke khutlela hape, ho makaleng ha ka ba ile ba mpolella hore nka ea. Ba ile ba mpolella hore ba file baruti ba bang ba Pentekonta ba tsoang sebakeng sa heso tumello ea ho khutlela hae, le hore ke ne nka tsamaea le bona. Ke thabile, ke ile ka qala ho etsa litokisetso ho fihlela ha ke tsebisoa ke motsoalle oa ka hore baruti bana ba ne ba lumetse ho ba lihloela. Kaha ke ne ke sa batle ho fana ka boikutlo ba hore Lipaki tsa Jehova e ne e le karolo ea tokisetso eo, ke ile ka ikhula leetong leo. Ke ne ke boetse ke tsielehile.”
Qetellong ha chaba ho liofisiri hore Victor o ne a sa tl’o tlohela tumelo ea hae e matla. Khetlo la bobeli ha a li atamela, li ile tsa mo fa tumello.
Qetellong, ka Mphalane 1987, sehlopha se senyenyane sa Lipaki se ile sa utloa molumo oa seketsoana ’me sa bona seketsoana se laetsoeng thepa e ngata se hlaha. Victor oa bolela: “Ke ile ka ikutloa ke saretsoe ha ke bona mosali oa ka. O ne a bonahala a fokotse haholo! Empa, le eena o ne a thabile ke hore e be ke ne ke sa sekisetsa.”
Mosebeletsi e mong ea tsamaeang ea neng a sebetsa ka hare ho kampo oa babatsa: “Qeto e tiileng ea Victor e bile tlhohonolofatso ho rōna. Liofisiri le likhukhuni li ithutile hore Lipaki tsa Jehova ha li nke lehlakore. Hona joale li hlompha pono ea rōna, ’me mosebetsi oa rōna o tsoela pele ka matla.”
Ba Ile ba Nyalana ka Laboraro, ba Kolobetsoa ka Moqebelo
Beng ka bona ba ne ba hatella: “Le se ke la ba lithoto. Se keng la tiisa lenyalo!” Banna ba tšeletseng ba Manegro a Phelang Hlatheng ba morabe oa Aucaner, hukung e ka boroa-bochabela ho naha, ba ile ba utloisisa maikutlo a beng ka bona. Ho feta moo, moetlo o laela hore monna a se tiise lenyalo, ka tsela eo a ka hlala mosali neng kapa neng ha a rata. Leha ho le joalo, ha ba se ba ithutile thutong ea bona ea Bibele pono ea Jehova ka bohlola, banna bana ba ne ba fetotse monahano oa bona, ba mamella khatello ea batho ba ba potolohileng, ’me ka tieo ba etsa qeto ea ho nyalana ka tsela e nepahetseng.
Ho ntse ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-na le litšitiso. Maemo a ntoa a ne a koetse Ofisi eo ho Ngolisoang Manyalo ho eona ka hare ho kampo, ’me ho etela motse-moholo ho ne ho batla ho ke ke ha khoneha. Banyaluoa ba ka moso ba tšeletseng le bona ba ne ba lakatsa ho apara mese ea sebele ea lechato letsatsing la bona la lechato. Sena se ile sa senola thahasello ea batho ba moo ka moaparo o joalo o bohehang, le hoja ka sebele moaparo o joalo o hlile o sa hlokahale bakeng sa Bakreste.b Banna ba ne ba ipotsa: ‘Ke hokae moo re tla fumana mese ea lechato morung oo oo ho oona pula e nang khafetsa?’ Leha ho le joalo, liqeto tse tiileng tse entsoeng tumellanong le melao-motheo ea Bibele li ile tsa tlisa litlhohonolofatso. Ka Laboraro, la 16 Loetse, 1987, banyaluoa ba tšeletseng ba apereng mese e khahlehang ea lechato le banyali ba tšeletseng ba apereng lisutu tse bohehang ba ile ba nyalana. See se ile sa khonoa joang?
Daniël van Marl, e mong oa basebeletsi ba tsamaeang ea neng a chatisa oa hlalosa: “Ka Loetse, re ile ra lokisetsa kopano ea setereke St. Laurent, French Guiana, ’me ra kōpa Lipaki tse phelang ka kampong ho ba teng. Kopano eo e ile ea fana ka monyetla oa hore ba nyalane.”
Cecyl Pinas, setho sa Komiti ea Lekala se ikarabellang mosebetsing ka har’a kampo sea hlalosa: “Ke ile ka etela lelapa la Bethele le Netherlands pejana selemong seo ’me ka bua ka machato ao a neng a e-tla. Ka mor’a hore ke bolele hore re sebelisa mose o le mong oa lechato joalo-joalo, re o lokisa ka mehla hore o lekane monyaluoa ea latelang, ka boithaopo bo-khaitseli ba bane ba Bethele ba ile ba mpha mese ea bona ea lechato e le limpho bakeng sa ‘banab’abo’ bona ba Suriname. Pelo ea ka e ile ea thetseha haholo. Hamorao, kopanong Netherlands, ho ile ha fanoa ka mese e eketsehileng ea lechato.”
Hoseng ha letsatsi la lechato, liphetoho tse ling li ne li ntse li lokela ho etsoa. Margreet van de Reep o re: “Kapelenyana re ile ra atolosa matheka a mese e meng ’me ra lokisa bolelele ba e meng, empa re ile ra qeta hantle feela ka nako.”
Joale ha manyalo a se a tiisitsoe, ba bahlano ho ba neng ba sa tsoa chata ba ne ba loketse ho nka bohato bo bong. Ka Moqebelo bekeng eona eo, ba ile ba kolobetsoa Nōkeng ea Maroni. Ba ne ba chesehela ho khutlela metseng ea habo bona e libakeng tse meru e se e le balekane ba lenyalo ka molao ho ea kopanela mosebetsing oa boboleli. Na Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea bona?
Nel Pinas, ea ileng a qalisa mosebetsi oa ho bolela sebakeng sona seo ka 1967, o re: “Balekane bao ba lenyalo ba ile ba bontša batho ba ba potolohileng hore rōna Lipaki re phelela seo re se bolelang. Qeto ea bona ea ho tiisa lenyalo e le hore ba ka fetoha Bakreste ba ’nete e tsositse thahasello le metseng e hōle haholo. Hona joale Lipaki tsa moo li lebisa liketsoana tsa tsona linōkeng tseo le ka mohla re neng re e-s’o ka re bolela ho tsona pele, li fumana batho ba eketsehileng ba ikemiselitseng ho ithuta ka Jehova.”
Ka sebele, liqeto tse tiileng tsa Lumey, Frans, Victor, le ba bang ba bangata li tliselitse bona le Bakreste ba habo bona litlhohonolofatso tse enneng Suriname le libakeng tse ling. Nako le nako liphihlelo tse kang tsena li paka ’nete ea maele a Bibele: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Batla Khotso U e Phehelle” ho Molula-Qhooa oa January 1, 1984, maqephe 19-25.
b Bona sehlooho “Machato a Thabisang a Bokreste,” ho Molula-Qhooa oa October 15, 1984, maqephe 21, 22.
[Limmapa/Setšoantšo se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
ATLANTIC OCEAN
GUYANA
SURINAME
PARAMARIBO
Tamanredjo
Moengo
St. Laurent
Maroni River
FRENCH GUIANA
BRAZIL
300 km
200 mi
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mahlakore a mabeli a Holo ea ’Muso e ntle karolong ea naha e ka ntle
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Seketsoana sa sebele se entsoeng ka hore ho honngoe kutu ea sefate Suriname