Ho Bokella ho Tlisa Thabo Japane
“HO NE ho e-na le bopaki bo hlakileng ba hore Baromuoa ba ikutloa ba nyahame haholo.” Kamoo ho ileng ha bolela Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, ka mor’a hore a hlahlobe ka boeena boemo ba bolumeli Japane ka 1912. O ne a bua ka ho hlōleha ha baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ’me a bolela: “Seo Majapane a se hlokang ke ‘Molaetsa o Molemo oa ’Muso.’”
Na tlhokahalo ee ho na le mohla e neng e tla khotsofatsoa? Tlhase ea ’nete e ile ea khanyetsa Majapane ka sehlotšoana se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang ka bo-1920 le bo-1930. Le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, tse seng kae li ile tsa tiisetsa ho utloahatseng litaba tse molemo ho sa tsotellehe khatello ea ’muso oa bompoli. Leha ho le joalo, mosebetsi o moholo haholoanyane oa ho bokella o ne o boloketsoe letoto lena la lihleke-hleke tsa Bochabela bo Hōle.
Ka ho fihla ha baromuoa ba Watchtower ba 15 ka 1949, Jehova o ile a phefumolohela bophelo bo bocha mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso Japane. Baromuoa ba sa tsoa fihla ba ile ba bona hohle liphello tsa Ntoa ea II ea Lefatše: Metse e setseng e le masupi, ’me batho ba ne ba ferekane, kaha tsamaiso ea bona ea boholo-holo ea lintho tsa bohlokoa e ne e phethotsoe. Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana le bona ba ile ba tsosolosa mosebetsi oa bona Japane ka nako e tšoanang, empa ba ile ba hlōleha ho etsa Majapane Bakreste ba ’nete. Baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ba fihlileng ka 1949 le ba fetang 150 ba ileng ba latela ka morao ho moo ba ile ba talimana le phephetso e khōlō ea ho lema ka likelellong le lipelong tsa Majapane tumelo ho ’Mōpi, Jehova Molimo. Ba ile ba tobana le phephetso ee joang?
Ho Rala Motheo
Boiteko ba bona ba boromuoa bo ile ba qala ntlong e nyenyane ea mekato e ’meli Tokyo. Ka bo-1950, pokello e ile ea tla butle. E mong oa Majapane a pele a ileng a arabela litabeng tse molemo mehleng eo o ile a nahana: ‘Ke ba ’maloa feela ba tla tla ’neteng Japane pele ho Harmagedone.’ E mong oa balebeli ba pele ba potoloho o hopola a sheba ka fensetere ea terene ’me a ipotsa hore na matlo a metseng e menyenyane eo a fetang ho eona a tla ke a finyelloe ka litaba tse molemo.
Ho ile ha nka hoo e ka bang lilemo tse leshome tsa boiteko ba baromuoa hore palo ea bahoeletsi ba ’Muso Japane e finyelle pakane ea ba sekete se le seng. Empa ka 1963, ka baka la keketseho e tlang e iketlile, lekala la thepa ea boemo bo tlaase la Tokyo le ile la heletsoa ’me sebakeng sa lona ha ahoa mohaho oa mekato e tšeletseng oa marako a entsoeng ka samente, konkreiti le mareinfoso.
Baromuoa ba ile ba rala motheo o motle bakeng sa hore ka moso ho kenngoe moea oa bopula-maliboho ka lipelong tsa liithuti tsa bona tsa Bibele. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko bo kopanetsoeng ba baromuoa le bo-pula-maliboho ba Japane, ’me lenane la Lipaki la nyolohela ho ea pakaneng ea likete tse leshome ka 1970. Ka 1972, ho khema le keketseho, mohaho oa khatiso oa mekato e meraro le oa bolulo oa mekato e mehlano e ile ea ahoa Numazu, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 120 boroa-bophirima ho Tokyo. Joale, ho e-na le ho hatisetsoa limakasine ke k’hamphani ea ka ntle, Molula-Qhooa le Tsoha! li ne li haroloha khatisong ea lekala la Japane ka bolona ho fepela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso moo.
Ke mang ea neng a ka lebella hore mosebetsi oa ho bokella o ne o tla ba moholo haholo bakeng sa mehaho ea Numazu nakong ea lilemo tse leshome tse latelang? Empa ke sona se etsahetseng, ’me Jehova o ne a hopotse ho etsa katoloso e kholoanyane ea ho haha ho jara pokello e hōlang.
Keketseho ho sa Tsotellehe Bomalimabe
Mehaho e hokahantsoeng ka mokhoa o lohakaneng ea lekala le lecha e menang e Numazu ka makhetlo a mararo e ile ea phethoa ka 1982 Ebina, sebaka se seng sekae ho elella ka boroa ho Tokyo. Nakong eo e neng e neheloa ka eona ka Motšeanong selemong seo, Jehova o ne a hlohonolofalitse Lipaki tsa Japane ka likhoeli tse latellanang tsa litlhōrō tsa bahoeletsi ka nako e fetang lilemo tse tharo. Keketseho ena e ile ea tsoela pele ’me ka Motšeanong 1985 lenane la bahoeletsi ba Japane le ile la fihla pakaneng ea likete tse lekholo. E, Jehova o ne a potlakisa mosebetsi ka nako ea teng, ka hona katoloso e tsoelang pele ea mehaho ea lekala ho ne ho se kamoo e ka qojoang. (Esaia 60:22, NW) Lilemo tse seng kae ka morao ho ho neheloa ha mehaho e hokahantsoeng ka mokhoa o lohakaneng ea Ebina, Sehlopha se Busang se ile sa lumella mohaho o mocha oa mekato e tšeletseng oa fektheri o nang le matlo a ka tlaase le sebaka sa bolulo sa mekato e robeli.
Ka ho hlakileng, Satane o ne a sa thaba ke khōlo ena har’a bahlanka ba Jehova hobane khoeli ka mor’a ho fihla pakaneng ea bahoeletsi ba likete tse lekholo, nyeoe e matla ea tšelo ea mali e ile ea hlaha Japane. Moshanyana ea lilemo li leshome o ile a shoa ka morao moo—empa e seng hobane batsoali ba hae ba ile ba mo hanela tšelo ea mali. (Liketso 15:29) Ka baka leo, mehloli ea litaba e ile ea loantša Lipaki. Le hoja ntat’a moshanyana eo ka nako eo e ne e se Paki e inehetseng, o ile a emellana ka katleho le ho tsunya-tsunngoa ntle le mohau ke baqolotsi ba litaba. Hamorao o ile a kolobetsoa ’me hona joale o sebeletsa le mosali oa hae e le pula-maliboho oa ka mehla.
Tlhaselo ee e ile ea ama mosebetsi oa ho bokella joang? Hanyenyane haholo. Liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa emisa lithuto tsa tsona, empa litlhōrō tsa khoeli le khoeli tsa bahoeletsi li ile tsa tsoela pele li sa khaotse, ’me Tšitoe 1988 e ile ea tšoaea selemo sa leshome sa litlhōrō tse latellanang. Nakong ea lilemo tse supileng pakeng tsa ho neheloa ha mehaho ea pele e hokahantsoeng ka mokhoa o lohakaneng ea Ebina le ho neheloa ha e mecha, lenane la bahoeletsi le ile la imena habeli ho tloha ho 67 000 ho feta 135 000, ha palo ea bo-pula-maliboho ba ka mehla e ile ea imena hararo ho tloha ho 12 000 ho ea ho 36 000, ’me palo ea lithuto tsa mahae tsa Bibele e batlile e imena habeli ho tloha ho 97 000 ho ea ho 172 000. Ke bopaki bo tsotehang hakaakang ba tlhōlo ea Jehova holim’a litlhaselo tsa Satane bathong ba hae!—Liproverbia 27:11.
Ho Haha Mehaho e Mecha
Lipaki tsa Jehova ha li hahe mehaho e majaba-jaba ho khahlisa batho. Empa ha li ntse li khema le keketseho ea baphatlalatsi ba ’Muso, mehaho ea tsona hangata e lokela ho ba meholo haholo. Fektheri e ncha ea Majapane ke mohlala o motle. Sebaka sa eona fatše se ka etsa li-square meter tse 22 500 ’me se mena habeli sebaka sa fektheri ea pele. Sebaka seo ho tlameloang libuka ho sona, Lefapha la Tšebeliso ea Mechine, le Lefapha le Romellang ka Ntle a ile a isoa fekthering e ncha, ’me hoo e ka bang mekato e ’meli e sebelisetsoa ho bolokela. Ho ntse ho le joalo, fektheri e ncha e sa na le sebaka se ka sebelisetsoang ho eketsehileng. Ho ile ha raloa metheo matlong a ka tlaase a mohaho bakeng sa mechine e ’meli ea rotary offset e hatisang ka potlako e khōlō, ’me mekato e ’meli e sa ntsane e sa tšela letho, e loketse katoloho ea ka moso.
Mohaho o mocha oa mekato e robeli oa bolulo o na le kamore ea ho amohella baeti e kopaneng le phachise e khabisitsoeng ka mokhoa o ipiletsang. Ho na le likamore tsa botho tse 128 bakeng sa basebetsi ba Bethele le sebaka sa li-square meter tse 8 980—ho tšoana le sebaka sa areka ea Noe. Moahelani o bile a botsa basebetsi ba mohaho hore na a ka kenya kōpo joang bakeng sa “likamore tsa batho ka bomong” tse ncha.
Bohle ba bileng le karolo mohahong ba neha Jehova tlotla ea ho laola mosebetsi oa ho haha. (Pesaleme ea 127:1, 2) Lebotho le leholo la mosebetsi le ne le entsoe ka basebetsi ba ithaopileng ba banyenyane ba lilemong tsa bona tse 20, ba tletseng cheseho empa ba se na tsebo ea ho haha. “Qalong,” kamoo ho bolelang setsebi se seng sa lipolane se neng se sebetsa mohahong, “ho ne ho le thata ho ’na ho etsa polane ka tsela e ka utloisisoang ke baena ba se nang phihlelo.” Leha ho le joalo, ka moea oa tšebelisano ka mahlakore ’ohle, litšitiso li ile tsa hlōloa.
Ho ithaopela ho sebelisana hona ho ile ha nolofalletsa moea oa Jehova ho sebetsa har’a basebetsi. Mosebetsi e mong o sa hopola: “Nako le nako ha re ne re etsa mosebetsi oa ho cheka, pula e ne e e-na—e-bang e ne e le hoseng haholo kapa bosiu—ke ne ke tsoa ho ea mohahong ho bona hore na mabota a tšehelitseng a ntse a eme. Nako le nako, ke ne ke fumana lifahleho tse ling tse tšoenyehileng moo, ’me bohle re ne re sebetsa hammoho, re le metsi tlepere!, ho sebetsana le boemo leha e le bofe bo neng bo sa lebelloa. Liphihlelo tse joalo li ne li hōlisa boikutlo ba rōna ba botsoalle.”
Tšehetso Bakeng sa ho Bokelloa ha Machaba
Kaha mehaho e mecha e hahiloe e le hore e tšehetse mosebetsi oa Jehova oa ho bokella, ho ne ho loketse hore e neheloe ho eena hang ha e phethiloe. Lenaneo la ho nehela le ile la tšoaroa ka la 13 Motšeanong, 1989, ho le teng Carey Barber, John Barr, le Lloyd Barry ba Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, le basali ba bona. Majapane a pele a ileng a kolobetsoa a ka holimo ho sekete a ile a memeloa ho ba teng lenaneong la nehelo, ’me a thabela ho fumana metsoalle ea khale e ntseng e sebeletsa Jehova ka botšepehi. Baemeli ba tsoang linaheng tse 13 ba ile ba amohela memo ea ho ba teng le ho kopanela ketsahalong ena e thabisang. Moemeli e mong o ile a re: “Ho ne ho tšoana feela le kopano e nyenyane ea machaba.”
Se ileng sa etsa lenaneo hore e be la machaba kannete e ne e le litlaleho tse tsoang linaheng tse robong ho tseo. Tlamahano e matla ea boena e ile ea utluoa ha baemeli ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng tsa Asia ba pheta mehlala ea tšebelisano-’moho ea machaba ’me ba supa ’nete ea hore fektheri e ncha e sebeletsa litlhoko tsa linaha tsa habo bona hammoho le tsa tšimo ea Japane. Lekala la Japane hona joale le hatisa libuka ka lipuo tse 13 ’me le romela lingoliloeng linaheng tse ngata.
Thapama, Moena Barber o ile a buisana le bamameli ’me a hatisa bohlokoa ba ho phethahala ha boprofeta ba Ezekiele. Eaba Moena Barr o fana ka puo sehloohong “Ho Tlatsa Lefatše ka Khanya ea Jehova,” a thusa bamameli ho ananela matla a phunyelletsang a ’nete.
Puo ea nehelo e ile ea fanoa ke Moena Barry, eo nakong e fetileng a neng a ile a sebetsa e le moromuoa Japane ka lilemo tse fetang 25. Puong ea hae e neng e re “Le Tlameha ho Thaba ka Pel’a Molimo oa Lōna, Jehova,” o ile a khothalletsa bamameli ho thabela hore e be ba phela nakong e tšoantšelitsoeng ka Mokete oa Metlotloane, kapa oa Pokello, oa Iseraeleng ea boholo-holo. A supa mabaka a ho thaba ha a pheta histori e khutšoanyane ea mosebetsi Japane. Ha Moena Barry a buella hore mehaho e mecha e neheloe ho Jehova, bohle ho bamameli ba arabela ka mahofi a mofuthu.
Ka letsatsi le latelang, baemeli ba Sehlopha se Busang ba buisana le bamameli ba 233 780 ba neng ba bokane libakeng tse 46 tse neng li hokahantsoe ka mehala ea thelefono lihleke-hlekeng tsohle tsa Japane. Ka sebele, joalokaha Moruti Russell a ne a ile a bolela ka 1912, Majapane a hloka litaba tse molemo tsa ’Muso. Jehova o ile a khotsofatsa tlhokahalo eo ka ho rala motheo ka mosebetsi oa baromuoa le ho kenya moea oa bopula-maliboho ka ho Lipaki tsa Majapane. Mehaho e sa tsoa neheloa e eme e le bopaki ba ‘ho potlakisa’ ha Jehova pokello nakong ea Mokete oa ’nete oa Metlotloane.—Esaia 60:22, NW.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ka letsohong le letšehali: mohaho o mocha oa fektheri o Ebina le (ka tlaase ka letsohong le letšehali ) lenaneo la nehelo le tsoela pele ’me (ka tlaase ka letsohong le letona) kamore ea ho amohella baeti e nang le phachise ea mohaho o mocha
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Mohaho o mocha oa bolulo le (setšoantšo se manehiloeng) kamore ea pokello ea libuka mokatong oa bobeli oa mohaho oa liofisi
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Baromuoa bana ba 19 ba sehlopha sa bo11 sa Gileade ba bile teng nehelong. Tšebeletso ea nako e tletseng ea bana—ha e kopanngoa le ea ba bang ba bahlano ba sehlopha sa bo11 ba shoeleng ba tšepahetse kabelong ea Japane—e etsa palo-kakaretso ea lilemo tse 1 023
Litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang—Carey Barber, John Barr, le Lloyd Barry—ba nkile karolo lenaneong la nehelo