Matlotlo a Tsoang Tlalehong ea Molaetsa oa Luka
MORA oa Jehova, Jesu Kreste, o tsebahala haholo ka ho ba mosa. Joale, ke ho loketseng hakaakang hore mongoli oa Molaetsa Luka a hatelle mosa, mohau, le kutloelo-bohloko! Ho Bajode le Balichaba ka ho tšoanang, ruri o ngotse molaetsa o futhumatsang pelo ka tlaleho ea bophelo ba Jesu lefatšeng.
Litšobotsi tse ling tsa Molaetsa ona li bontša hore li ngotsoe ke motho ea rutehileng. Ka mohlala, molaetsa ona o na le kenyelletso e nang le mantsoe a bokheleke le pokello ea mantsoe e batsi. Lintlha tsena li lumellana hantle le ’nete ea hore Luka e ne e le ngaka e rutehileng haholo. (Ba-Kolosse 4:14) Le hoja ebile molumeli ka mor’a lefu la Jesu, o ile a tsamaea le Pauluse ho ea Jerusalema ka mor’a leeto la boraro la boromuoa la baapostola. Hoba Pauluse a tšoaroe moo le ho kenngoa teronkong Cesarea, mofuputsi enoa ea seli o tsebile ho bokella boitsebiso ka ho buisana le lipaki tse boneng ka mahlo le ho hlahloba litlaleho tsa sechaba. (1:1-4; 3:1, 2) Mohlomong Molaetsa oa hae o o ngoletse Cesarea nakong ea lilemo tse peli moapostola a le moo teronkong ka hoo e ka bang 56-58 C.E.
Litšobotsi tse Ling tse Khethehileng
Bonyane mehlolo e tšeletseng ea Jesu ke e khethehileng Molaetseng oa Luka. Ena ke: ho tšoasoa ha lihlapi ka mohlolo (5:1-6); ho tsosoa ha mora oa mohlolohali oa Naine (7:11-15); phekolo ea mosali ea futahaneng ea sa tsebeng ho inamoloha (13:11-13); ho folisoa ha monna ea nang le lepera (14:1-4); ho folisoa ha balepera ba leshome (17:12-14); ho khutlisetsoa ha tsebe ea mohlanka oa molaoli e moholo.—22:50, 51.
Hape tšobotsi e khethehileng tlalehong ea Luka ke litšoantšo tse ling tsa Jesu. Tsena li akarelletsa: batho ba babeli ba nang le molato (7:41-47); Mosamaria ea molemo (10:30-35); sefate sa feiga se sa beheng (13:6-9); mokete o moholo oa lijo tsa mantsiboea (14:16-24); ngoana ea lehlasoa (15:11-32); morui le Lazaro (16:19:31); mosali oa mohlolohali le moahloli ea sa lokang.—18:1-8.
Liketsahalo tse Amang Maikutlo
Ngaka Luka o ile a bontša kameho ho basali, bana, le batho ba tsofetseng. Ke eena feela ea buileng ka ho se belehe ha Elizabetha, kemolo ea hae, le tsoalo ea Johanne. Ke Molaetsa oa hae feela o tlalehileng ka ho itlhahisa ha lengeloi Gabriele ho Maria. Luka o ile a susumelletseha ho bolela hore lesea le ile la tlōla ka pōpelong ea Elizabetha ha Maria a buisana le eena. Ke eena feela ea buileng ka ho bolotsoa ha Jesu le ho hlahisoa ha hae tempeleng, moo A ileng a bonoa ke Simeone ea tsofetseng le Anna. Re fumana tsebo ea rōna ka ho bongoana ba Jesu le Johanne Mokolobetsi ho Molaetsa oa Luka.—1:1–2:52.
Ha Luka a ne a ngola ka mohlolohali oa Naine ea masoabing ka lebaka la ho lahleheloa ke mora oa hae a le mong lefung, o boletse hore Jesu o ile a “mo utloela bohloko” ’me eaba o tsosa mohlankana. (7:11-15) Tlaleho e fumanehang Molaetseng oa Luka feela, e boetseng e futhumatsang pelo, ke ketsahalo e amang Zakea, molaoli oa balekhetho. Kaha a ne a le mokhutšoaane, o ile a hloella sefateng hore a bone Jesu, ebile mohlolo o mokaakang ha Jesu a bolela hore o ne a tla lula ntlong ea Zakea! Luka o bontša hore leeto leo ebile tlhohonolofatso e khōlō ho mong’a mokete ea thabileng.—19:1-10.
Ho Utloa ho Mongoli
Molaetsa ona o na le mabitso kapa mantsoe a mangata a nang le tlhaloso ea bongaka kapa bohlokoa. Mantsoe ana haa ka a sebelisoa ho hang kapa e seng ka kutloisiso ea bongaka ke bangoli ba bang ba Mangolo a Bakreste a Segerike. Empa re ka lebella puo ea bongaka ho tsoa ho mongoli.
Ka mohlala, ke Luka feela ea boletseng hore mohoehali oa Petrose “o ne a tšoeroe ke feberu e bohale.” (4:38, TLP) O boetse a ngola: “Bonang! monna ea tletseng lepera!” (5:12, NW) Ho bangoli ba bang ba Molaetsa, ho ne ho lekane ho bolela lepera feela. Empa ha ho joalo ka ngaka Luka, ea bontšitseng hore bohloko ba monna enoa bo ne bo le boemong bo fetelletseng.
Ho Nyarela Meetlong
Luka o boletse hore ka mor’a tsoalo ea Jesu, Maria o ile a ‘mo phuthela ka masela.’ (2:7) Ka moetlo, lesea le sa tsoa hlaha le ne le hlatsuoa ebe le tlotsoa ka letsoai, mohlomong bakeng sa ho omisa letlalo le ho le thatafatsa. Joale lesea le ne le phutheloa ka masela, joaloka ka setopo. Masela a ne a boloka ’mele o tsepame ebile o futhumetse, ’me masela a fetang ka tlas’a selelu le hloohong a ne a ka ’na a koetlisa ngoana ho phefumoloha ka linko. Tlaleho ea lekholong la bo19 la lilemo ka meetlo e tšoanang e qotsitse moeti ea tsoang Bethlehema a re: “Ke ile ka sika leseanyana liatleng tsa ka. ’Mele oa lona o ne o tiile, o ne o tiisitsoe haholo ka lesela le lesoeu la line le ’mala oa sekarelata. Maoto a lona le matsoho a ne a hlile a tiile, ’me hlooho ea lona e ne e thatiloe ka lesela le bonolo, le lefubelu, le neng le feta tlas’a selelu le phatleng.”
Molaetsa oa Luka o boetse o re neha leseli ka meetlo ea lepato la lekholong la pele la lilemo. Jesu ha a le haufi le khoro ea Naine a bona ho jeroe mofu, “ngoana ea ’notši oa ’m’ae, [oa mohlolohali],” ’me “o ne a latetsoe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.” (7:11, 12) Ka kakaretso lepato le ne le e-ba ka ntle ho motse, ’me metsoalle ea mofu e ne e felehetsa setopo ha se ea lebitleng. Mohlomong mojaro oa mofu o ne o entsoe ka marapo a lohiloeng a nang le lithupa tse hlahelletseng lintlheng tsa ’ona ho nolofaletsa banna ba bane ho o jara mahetleng a bona ha mokoloko o ea setšeng sa bafu.
Setšoantšo se seng se tlalehiloeng ke Luka, Jesu o buile ka monna ea ileng a oela har’a lihloela. Mosamaria ea molemo “a tlamella maqeba a hae, a a tšela ka oli le ka veine.” (10:34) Ona e ne e le mokhoa o tloaelehileng oa ho hlokomela maqeba. Oli ea mehloare e ne e tla nolofatsa maqeba le ho a thoba. (Esaia 1:6) Empa ho thoe’ng ka veine? The Journal of the American Medical Association e itse: “Veine e ne e le moriana o moholo Greece. . . . Hippocrates oa Cos (460-370 B.C.) . . . o ile a sebelisa veine haholo, a e buella e le moriana oa maqeba, moriana oa feberu, le moriana o eketsang ho phalla ha metsi a litšila ’meleng.” Setšoantšo sa Jesu se ne se supa litšobotsi tsa veine tse thibelang ho bola, tšoaetso, esita le molemo oa oli ea mehloare e thusang ho folisa maqeba. Ha e le hantle, ntlha ea setšoantšo seo ke hore moahisani oa ’nete o etsa ka mosa. Ke kamoo re lokelang ho sebelisana le batho ba bang kateng.—10:36, 37.
Lithuto tsa Boikokobetso
Ke Luka feela ea buileng ka setšoantšo seo Jesu a ileng a fana ka sona ha a bona baeti ba khetha ho lula litulong tse ka pele lijong. Nakong ea mekete, baeti ba ne ba lula litulong tsa lisofa haufi le mahlakore a mararo a tafole. Baapehi le baqhatsetsi ba ne ba lula ho sona ka lehlakoreng la bone. Ka tloaelo, ho ne ho lula batho ba bararo setulong, e mong le e mong a shebile tafoleng ha a ntse a phomotse ka setsoe sa letsoho le letšehali ’me a nka lijo ka letsoho le letoha. Maemo a mararo a ne a bontša hore motho o na le boemo bo phahameng, bo bohareng, kapa bo tlaase setulong. Motho oa boemo bo tlaase setulong sa boraro o ne a e-na le boemo bo tlaase ka ho fetisisa lijong. Jesu o itse: ‘Enore ha u bitsitsoe, u ee, u lule tulong e kamorao, hore ea u bitsitseng ha a e-tla, a re ho uena: Motsoalle, fetela pele. ’Me joale, e tla ba hlompho ho uena har’a ba lutseng lijong le uena.’ (14:7-10) E, ka boikokobetso ha re etelletseng ba bang ka pele ho rōna. Ha e le hantle, ha a sebelisa setšoantšo, Jesu o itse: “Hobane e mong le e mong ea ikhōlisang, o tla kokobetsoa; ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla hōlisoa.”—14:11.
Hape ha a boela a hatella boikokobetso, e leng ho khethehileng ka Molaetsa oa Luka, ebile setšoantšo sa Jesu ka mo-lekhetho le Mofarisi ba rapelang tempeleng. Har’a lintho tse ling, Mofarisi o ile a re, “Ke itima lijo habeli ka veke.” (18:9-14) Molao o ne o hloka ho itima lijo hanngoe ka selemo. (Levitike 16:29) Empa Bafarisi ba ne ba se ba fetellelitse taba ea ho itima lijo. Mofarisi eo ho buuoang ka eena setšoantšong o ne a itima lijo ka letsatsi la bobeli la beke hobane ho ne ho nahanoa hore ebile nakong eo Moshe a nyolohetseng Thabeng ea Sinai ka eona, moo a ileng a amohela matlapa a mabeli a Molao. Ho boleloa hore o ile a theoha thabeng ka letsatsi la bohlano la beke. (Exoda 31:18; 32:15-20) Bafarisi ba ile ba qotsa ho itima lijo ha hae habeli ka beke e le bopaki ba tlamo ea hae. Empa setšoantšo sena se lokela ho re susumelletsa ho ba baikokobetsi, e seng baikhohomosi.
Matlotlo a tsoang ho Molaetsa oa Luka a paka hore ke a khethehileng le a rutang. Mehlala e qotsitsoeng e re thusa ho phelisa liketsahalo tsa bophelo ba Jesu lefatšeng. Re boetse re rua molemo ka boitsebiso ba meetlo e meng. Empa haholo-holo re tla hlohonolofatsoa haeba re sebelisa lithuto tse joalo tsa boikokobetso tse rutiloeng hantle ho Molaetsa oa Luka, ngaka e ratehang.