Nako ea Kotulo Naheng ea Leqhoa le Lehloa
GREENLAND, sehleke-hleke se seholo ka ho fetisisa lefatšeng, kannete ke naha ea leqhoa le lehloa. Boholo ba sehleke-hleke sena se batlang se le bolelele ba lik’hilomithara tse 2 700 se lutse ka leboea ho Arctic Circle ’me ka mehla se lula se koahetsoe ke leqhoa leo ka karolelano le ka bang botenya ba lik’hilomithara tse 1,5. Karolo e ’ngoe kaofela ea Greenland e koaheloa ke leqhoa ka nako ea ho tloha ho likhoeli tse hlano ho isa ho tse robeli kapa le ho feta ka selemo. Ho boleloa hore bahahlauli ba pele ba Scandinavia ba ile ba e reha Greenland ho hohela bajaki. Leha ho le joalo, nakong ea lehlabula le lekhutšoanyane, libaka tse ling tse meeling li tšoaneloa ke lebitso leo.
Nakong ea selemo, leoatle le entseng leqhoa ho tloha ka leboea-bochabela Greenland lea phunyeha, ’me ho hlaha leqhoa le ipopileng. Leqhoa lena le theosa ho leba moeling o ka bochabela, ho pota Cape Farewell, le sebakanyana se seng sekae ho nyoloha ho leba moeling o ka bophirimela, e leng ho etsang hore ho tsamaea leoatleng ho be thata ka ho fetisisa ka likhoeli tse latelanang. Nakong ea mariha, leoatle le pota-potileng karolo e khōlō ea sehleke-hleke le etsa leqhoa, le khaohanya libaka tse nang le baahi. Ha e le hantle, leqhoa le busa naha, leoatle, le tsela eo batho ba phelang ka eona. Ho thata ho nahana hore na ho ka kotuloa eng naheng ena.
Ho Rala Motheo
Lichaba tsa Maeskimo a Inuit li ’nile tsa phela e le litsomi Greenland ka makholo a lilemo. Ka 1721 mosebeletsi oa Molutere Hans Egede o ile a tla Greenland e le moromuoa. Hamorao, Sehlopha sa Baromuoa ba Moravian se ile sa sebetsa ka mafolo-folo metseng e fapa-fapaneng. Ba bang ba baromuoa bao ba ile ba fetolela libuka tse ling tsa Bibele puong ea Segreenland, ba boloka lebitso la botho la Molimo, Jehova, phetolelong ea bona. Empa ho tloha ka 1900, ke Kereke ea Lutere ea Denmark feela e ’nileng ea sebetsa Greenland.
Ka 1953, ha Greenland e sa ntsane e le kolone ea Denmark, ho ile ha hlaha phetoho e khōlō ea liketsahalo. Ho latela Molao oa Motheo o mocha oa Denmark o ileng oa qala ho sebetsa selemong seo, lihlopha tsa bolumeli tse ling ntle le Kereke ea Lutere li ile tsa boela tsa lumelloa ho kena Greenland. Ka hona, ka Pherekhong 1955, Lipaki tsa Jehova tse peli tse tsoang Denmark li ile tsa fihla e le baromuoa. Kabelo ea tsona e ne e le sebaka sa lik’hilomithara tse 2 000 ho ikhohla ka moeli o ka boroa-bophirimela, moo e batlang e le Magreenland ’ohle a neng a phela teng—sechaba sa batho ba 27 000, se entsoeng haholo-holo ka litsomi le batšoasi ba litlhapi.
Kristen Lauritsen, e mong oa Lipaki tseo tse peli, oa hopola: “Tsebo ea rōna ea Segreenland e ne e tšoana le ha e se letho, empa re ne re e-na le takatso e matla haholo ea ho ruta Magreenland ’nete ea Lentsoe la Molimo. Re ne re e-na le lipampitšana tse seng kae ka Segreenland, ’me bukana ‘Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso’ e ile ea fihla hamorao selemong seo sa pele.” Ba ne ba etsa mosebetsi oa bona oa ho bolela joang?
“Qalong re ne re sebelisa likarete tse ngotsoeng ka mochini ho hlalosa morero oa ho eta ha rōna. Empa hamorao re ile ra ithuta lipolelo tse ling ka hlooho. Ka linako tsohle ho ne ho tsamauoa ka seketsoana pakeng tsa metse ’me se ne se sa tsamaee ka mehla, kaha ho bonahala likemiso li ne li sa tsejoe. Ho nyekoa ke pelo ka lebaka la ho ba leoatleng e ne e le phihlelo e tloaelehileng. Re ne re boetse re e-na le mathata a ho fumana libaka tsa bolulo. Hangata re ne re lokela ho qheqhebisa ka tente eo re neng re e nka ka mehla le thoto ea rōna.”
Empa ho ne ho e-na le matšeliso. Magreenland ke batho ba nang le botsoalle le ba amohelang baeti. Ke ha tlhaho ho bona ho lumela ho Molimo le ho hlompha Bibele. E batla e le ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e nang le Bibele e felletseng ka puo ea moo. Kristen o hopola hore ngoananyana e mong o kile a tla ho bona a nkile molaetsa o ngotsoeng o neng o re: “Haeba ha le e-s’o fumane sebaka sa bolulo, le ka tla ’me la lula le rōna.” Lelapa lena le ile la boela la ba thusa ho fumana sebaka seo ho sona ba ileng ba lokisetsa ho bontša e ’ngoe ea libaesekopo tsa Mokhatlo.
Bathusi Baa Fihla
Ka 1961 malapa a tsoang Denmark a ile a qala ho fallela Greenland ho tla sebeletsa moo tlhokahalo ea Lipaki e neng e le kholoanyane. A ile a etsa boiteko bo babatsehang ba ho ithuta puo ea Segreenland e thata haholo le ho mamella ho ba thōko le balumeli ’moho. A ne a tšoara liboka ka mehla ’me a ipoloka a le matla tumelong ea ’ona le mosebetsing oa Bokreste. Ka sebele mosebetsi oa ’ona e ne e se oa lefeela. Selemong seo liphutheho tse peli tsa ho qala li ile tsa hlongoa Greenland, e ’ngoe motse-moholo Nûk (Godthåb) le e ’ngoe Qaqortoq (Julianehåb), ho ea ka boroa. Ho ile ha tlisa thabo e khōlō ho Lipaki ha Magreenland a mang a neng a falletse Scandinavia a kolobetsoa.
Ka bo-1970 banyalani ba ’maloa ba bacha bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba fihla, ba etella pele mosebetsi oa ho paka. Ka 1973 Molula-Qhooa le buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng li ile tsa fumaneha ka Segreenland. Ba hlomelletsoe joalo, bo-pula-maliboho bao ba ile ba fohla sebaka seo se moeling, ba etela metse le metsana, ba jala lipeō tsa ’nete ka bongata. Ka lekhetlo la pele, mosebetsi oa boboleli o ne o fihlile moeling o ka thōko oa bochabela ho pota Ammassalik (Angmagssalik). E bile thabo e kaakang ha qetellong Mogreenland e mong a amohela ’nete Greenland selemong seo!
Kotulo Qetellong!
Ha lithuso tse ling tsa ho ithuta Bibele li hatisoa ka puo ea sebaka seo, ho ile ha tsamaisoa libuka tse ngata. Ka mohlala, ho ne ho tloaelehile hore Lipaki tse seng kae tse sebetsang tšimong e sa abuoang ka libeke tse seng kae li tsamaise ho tloha ho libuka tse 300 ho ea ho 400, libukana tse ngata ka mokhoa o tšoanang, le limakasine tse 1 000, hape li fumane lipeeletso tse 60 kapa 70.
Ka lebaka la ho jala hohle le ho nosetsa, ‘Molimo o melisitse’ lintho har’a Magreenland ao e leng matsoalloa a moo le Madenmark a phelang Greenland. (1 Ba-Korinthe 3:5-7) Kajeno, baboleli ba ’Muso ba 117 ba sebeletsa liphuthehong tse supileng le sehlopheng se le seng se ka thōko, tse qalikaneng ho pholletsa le naha ena ea leqhoa le lehloa. A re kopaneng le ba bang ba batho bana ba sebetsang ka thata.
Ho Etela Tšimo ea Greenland
Sebaka se setle seo re ka qalang ka sona ke phutheho e hōle-hōle ka boroa, e Qaqortoq (Julianehåb). Malapa a mahlano a tsoang Denmark a tlile ho tla sebeletsa mona. A mang a ’ona a sebelitse ka thata ho ithuta Segreenland e le hore a ka pakela Magreenland a sa utloisiseng Sedenmark. Flemming, hlooho ea lelapa le leng eo e bileng e leng pula-maliboho (’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso) phuthehong ena, o re: “Tšimo ea rōna e saballetse. E akarelletsa metsana e mengata eo ho tšoasoang litlhapi ho eona le metebo ea barui ba linku e patehileng har’a marang-rang a likou tsa leoatle tse ikhohlileng ka moeli o ka boroa.” Li sebelisa liketsoana tsa tsona tse nang le lienjene, Lipaki li nka maeto a bolelele ba lik’hilomithara tse 640 ho etela batho ba phelang libakeng tsena tse ka thōko.
Ka mor’a ho tsamaea ka seketsoana lihora tse tharo ho fohla likou tsena tsa leoatle tse khahlehang, re fihla phuthehong e latelang, e Narsaq. Mona ho phela lelapa le lulang le le leng la bahoeletsi ba ’Muso ba bane. Le hoja ba le thōko le ba bang, ba khona ho khothatsana le ho hahana moeeng ka mekhoa e metle ea ho ithuta le ka ho kopanela ka mehla libokeng le tšebeletsong ea tšimo.
Joale re kena sekepeng sa baeti se tsamaeang moeling se tlang mona beke le beke likhoeling tsa lehlabula. Leeto lena la lihora tse 24 le re tlisa Paamiut (Frederikshåb), moo ho nang le Lipaki tse leshome. Empa bohareng ba leeto, re feta motsana o nang le bahoeletsi ba babeli ba ka thōko. E mong oa bona, Ane Marie, o na le mora ea lulang Nûk ea ileng a ithuta ’nete lilemong tse seng kae tse fetileng ’me a qala ho mo pakela ka thelefono le ka mangolo. O ile a ananela seo mora a ’molellang sona. Ka ho bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e fumaneha ka Segreenland le ka ho mamela litheipi tsa Lipaki tsa Magreenland ha a pheta liphihlelo tsa ’ona, Ane Marie o nkile khato ho emela ’nete. A le ka holimo ho lilemo tse 60 a bile a se na tšehetso ea phutheho sebakeng seo, o atlehile ho tlohela mokhoa oa hae oa ho tsuba oo a neng a phetse ka oona ka lilemo tse 50, o khaolitse ho keteka Keresemese le matsatsi a tsoalo, ’me o qalile ho pakela motsana oo kaofela. Ka lebaka la boiteko ba hae bo etsoang ka mamello le mohlala o motle, batho ba ka bang leshome ba thahasellang ba bokana ka mehla ho ithuta Bibele le ho mamela liboka tse theipiloeng.
Ha re tloha Paamiut, leeto la seketsoana la lihora tse 14 leoatleng le halefileng le re tlisa Nûk. Ka hare ho motse-moholo ona o nang le baahi ba 13 000, ho na le bahoeletsi ba 43 ka phuthehong, ’me ba fetang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ho bona ke Magreenland. Liboka tsa beke le beke ke motsoako oa Sedenmark le Segreenland, oo ka sebele e leng phephetso bakeng sa lihlopha tse buang lipuo tseo.
Ha re khutlela sekepeng sa baeti se tsamaeang moeling, leeto la lihora tse robeli le re tlisa Maniitsoq (Sukkertoppen). Mona, malapa a mane a tsoang Denmark a sebetsa hammoho le bahoeletsi ba ’Muso ba seng bakae ba sebaka seo. Ba koahetse tšimo e motseng oo ka mokhoa o phethahetseng ba bile ba tsamaisitse libuka tsa Bibele tse ngata hoo halofo ea malapa a moo e nang le kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka Segreenland. Ka liketsoana tsa bona tse nang le lienjene, ba boetse ba lokisetsa maeto a ho paka khafetsa a ho ea metsaneng e ka thōko.
Ha re tsoela pele ho leba leboea, sebaka se latelang seo re emisang ho sona se bohōle ba leeto la lihora tse leshome, Sisimiut (Holsteinsborg). Malapa a mahlano a Madenmark le bahoeletsi ba seng bakae ba sebaka seo ba bōpa phutheho ea mona. Banyalani ba bang bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tlohang mona ba etela moeling o ka bochabela nako le nako. Sena se akarelletsa leeto la halofo ea hora ka sefofane sa seroala-nkhoana ho leba seemelong sa lifofane, leeto la sefofane la lihora tse peli ho feta sebaka se bohareng se koahetsoeng ke leqhoa, le leeto le leng le lekhutšoanyane ka sefofane sa seroala-nkhoana ho tšela kou e nyenyane ho ea Ammassalik moeling o ka bochabela. Ka sebele ponahalo ea sebaka seo ke e khahlehang—lithaba tse matsoelintsoeke tse phahameng haholo le liqubu tsa lehloa le leqhoa tse katileng mehohlo e ka tlaase. Batho ba amohela molaetsa oa ’Muso haholo, empa ke ba seng bakae ba seng ba nkile khato ho emela ’nete.
Ka mor’a ho tsamaea ka sefofane ho feta sebaka se koahetsoeng ke leqhoa, re emisa sebakeng sa ho qetela Ilulissat (Jakobshavn), phutheho e hōle-hōle ka leboea. Ilulissat ke lentsoe la Segreenland bakeng sa “lipolokoe tsa leqhoa,” ’me ke lebitso le loketseng. Haufi le moo ho na le qubu ea lehloa le leqhoa e hlahisang lipolokoe tse ngata ka ho fetisisa Karolong ea Lefatše e ka Leboea, ’me lipolokoe tsa leqhoa tse phaphametseng hohle holim’a likou tse khōlō le tse nyenyane tsa leoatle, li etsa hore ponahalo ea sebaka seo e be e hlollang haholo. Malapa a tšeletseng a tsoang Denmark le Magreenland a seng makae a bōpa phutheho ena e mafolo-folo haholo. Ho phaella motseng oa Ilulissat le tikoloho eohle ea Kou ea Disko, a na le seo e ka ’nang eaba ke tšimo eo ho pakoang ho eona e hōle-hōle ka leboea lefatšeng, ho ea fihla holimo motsaneng oa Kullorsuaq (Monoana o Motona oa Diabolose) haufi le 75 degrees ho mola o arolang lefatše ka leboea.
Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Ilulissat ba etela sebaka sena se hōle khafetsa, ba pakela batho ba Upernavik le Uummannaq. Bo le Helen baa tlaleha: “Libaka tsena tse bulehileng e sa ntsane e le paradeise ea Arctic e e-s’o thetsoe. Sebaka seo se ahiloe ka mokhoa o qalikaneng, ’me batho ba phela ka ho tsoma ho feta ho tšoasa litlhapi. Bophelo ba bona bo bobebe, ’me ha baa tšoenyeha haholo ka bokamoso. Bongata ba bona ba thahasella lintho tsa moea. Ka boithaopo ba mamela molaetsa oo re o tlisang.” Nako ke eona feela e tla bolela hore na batho ba joalo ba seka linku ba tla bokelleloa ‘mohlapeng’ o le mong oa ’nete tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste.—Johanne 10:16.
Ke bo-pula-maliboho ba Madenmark feela ba kileng ba sebetsa sebakeng sena, empa Magreenland a ka bang robeli a Nûk a ile a etsa theipi ea video e fanang ka bopaki bo akaretsang ka litumelo tsa rōna le tsela ea rōna ea bophelo. Ha bo-pula-maliboho ba sebelisa theipi ena tšebeletsong ea bona ea ntlo le ntlo, ka sebele e ile ea etsa hore batho ba bue ’me ba botse lipotso tse ngata, haholo-holo ka ho se keteke ha rōna Keresemese le ho se kolobetse masea. Ho ka ’na ha phaelloa ka hore libuka tse ka bang 200 li ile tsa tsamaisoa nakong eohle ea leeto la libeke tse ’nè le sa tsoa hlalosoa.
Kotulo e Tsoela Pele
Ho sa tsotellehe maemo a thata le mokoallo oa puo, kotulo ea ’Muso e tsoela pele. Magreenland a mangata a ithutile puo ea Sedenmark e le hore a rue molemo libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, liboka tse ntseng li eketseha ka lenane li tšoaroa ka Segreenland, e leng ho etsang hore ba eketsehileng ba khone ho kopanela phepong ea moea.
Ka mohlala, le hoja lenaneo la Kopano ea Setereke ea “Toka ea Molimo” ea 1988 le ile la fanoa ka Sedenmark Nûk, hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea lipuo e ile ea fetoleloa ka Segreenland. Ka kakaretso ho ile ha ba teng ba 163. Baeti ba tsoang phuthehong e hōle-hōle ka leboea ea Ilulissat le phuthehong e hōle-hōle ka boroa ea Qaqortoq ba ile ba lokela ho tsamaea sebaka se bohōle ba matsatsi a mabeli ho ea le ho khutla. Ba bane ba ile ba kolobetsoa kopanong eo.
Ho na le litebello life bakeng sa kotulo ka moso? Tse ntle haholo ka sebele! Ka 1989 e bile thabo ho bona ba 205 ba le teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Hona joale, ho tsamaisoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang lekholo. E, Jehova o hlohonolofatsa ka mokhoa o enneng ho sebetsa ha bahlanka ba hae ka thata naheng ena ea leqhoa le lehloa.