Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 12/15 leq. 29
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Hase Karolo ea Lefatše Lena”
  • Na ha se Sebe ho Utsoa?
  • Khoebo ea Borapeli ba Litšoantšo
  • Ke Hobane’ng ha Bosholu bo Ntse bo Eketseha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Bohloki bo Lokafatsa ho Utsoa?
    Tsoha!—1997
  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?
    Tsoha!—1995
  • Baprofeta ba Bohata Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 12/15 leq. 29

Ho Nyarela ka Litabeng

“Hase Karolo ea Lefatše Lena”

Ha batho ba fetang likete tse lekholo ba ne ba phuthehile Lebaleng la Lipapali la Olympic la Berlin Bophirimela bakeng sa lenaneo la ho qetela la Seboka sa Kereke ea Evangeli ea Jeremane, mopresidente oa kereke Helmut Simon o ile a ba phehella hore ba kenelle lipolotiking.

Simon o ile a thathamisa litseko tse kang tšebeliso e loketseng ea lichelete, ho bolokoa ha maemo a matle kamanong ea lintho tse phelang, ho theoa ha tsamaiso ea moruo e nang le toka, ho felisoa ha tlhōlisano ea ho etsa libetsa, le ho felisoa ha bothata ba ho hloka mosebetsi. O ne a ikutloa hore tsena ke tse ling tsa lintho tse sa rarolloang tse sokelang batho. Ho kenya bamameli ba hae moea oa ho potlaka ha litseko tsena, koranta ea Jeremane Frankfurter Allgemeine Zeitung e tlaleha hore “o ile a re ha ho letho le molemo le ka etsahalang lichabeng tsa Bophirimela le Bochabela ho feta hore baahi ba tsona ba kenelle lipolotiking.” Simon o ile a khothalletsa bohle ba neng ba le teng “ho nahana ka ho kenella ho joalo e le tšoanelo le ho talima seboka sa kereke e le boiteko ba Maprostanta bo hlophisitsoeng ba ho fumana litokelo tsa baahi.”

Leha ho le joalo, na ka nepo Bakreste ba ’nete ba ka ikenya boitekong bo joalo ba lipolotiki? Na Jesu ha aa ka a re balateli ba hae “hase karolo ea lefatše, feela joalokaha [eena e ne e] se karolo ea lefatše”? (Johanne 17:16, NW) Jesu o rutile balateli ba hae ho rapella ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela ea sebele bakeng sa batho. Hobane’ng? Hobane, joalokaha khale moprofeta Daniele a profetile, ’Muso oa Molimo “o tla robaka o felise” mebuso ea lefatše e hlōlehang, “empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Na ha se Sebe ho Utsoa?

Na ho utsoa ke sebe? Ha ho joalo ka mehla, ho ea ka moprista Ivo Storniolo oa Mok’hatholike. Koranta ea Brazil, O Estado de S. Paulo, e qotsa Storniolo a bolela hore “Molimo o hlohonolofatsa le ho lokafatsa ketso ea ho utsoa e etsoang ke mafutsana.” Hamorao, o boletse hore o ne a lebisitse “feela ho mafutsana a utsoang e le hore a boloke bophelo.” Ho ea ka maikutlo a moprista enoa, bacha ba litlokotsebe ba utsoang ha baa lokela ho fumana kotlo, kahobane ba ile ba “utsoetsoa pele ke batho ba nang le matla.” O Estado e hlalosa hore “ho ea ka mohopolo oa hae marginais [batho ba lelekiloeng sechabeng, bao ka kakaretso ba futsahehileng, ba sa sebetseng] le bona ba ‘har’a ba khethiloeng ba Molimo.’”

Na Bibele e tšehetsa mohopolo o joalo? Che, le hanyenyane. Le hoja Jesu a ile a khothalletsa balateli ba hae ho bontša kutloelo-bohloko ho batho ba hlokang, ha ho mohla a kileng a bolela hore mathata a sechaba, a kang bofutsana, a lokafatsa ketso ea ho utsoa. Ho e-na le hoo, joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Motho leha e le ofe eo e kileng ea e-ba lesholu o tlameha o khaotsa ho utsoa; ho e-na le hoo o lokela ho iponahatsa a tšepahala ka ho etsa mosebetsi o itseng ka matsoho a hae e le hore a be le ho hong hoo a ka ho abelanang le ba hlokang.”—Ba-Efese 4:28, The New Jerusalem Bible.

Khoebo ea Borapeli ba Litšoantšo

Pontšo ea sechaba ea lintho tsa bolumeli le thepa, e neng e tšoaretsoe Italy leboea, e ile ea lumella lik’hamphani tse 97 ho hlahisa lintho tseo li li rekisang. Har’a lintho tse ileng tsa bontšoa ho ne ho e-na le ntlo ea maipolelo e futhumatsoang, e sa ntšetseng molumo ka ntle e arotsoeng ka ntho e thibelang mafu hammoho le setulo se mabotho-botho. Hape ho ne ho e-na le lik’hantlele tse ling tse sa nkheng tsa “Mopapa John” tse sebelisoang ’miseng o khethehileng tse nang le lisupa-nako tse llang ka mor’a lihora tse 40; ’mino o entsoeng ka litšepe tse ngata tsa kereke o hatisitsoeng ka computer; mabokose a chelete ea ho thusa ba hlokang a sirelelitsoeng “a kang liseifi; li-video tsa ho ruta bana (e leng, The Bible according to Johnny); le mekotla ea libuka e entsoeng ka ntho e kang letlalo e tšetseng lintho tse hlokahalang bakeng sa ’Misa o tšoareloang ka ntle.

Liaparo tsa baruti ha lia ka tsa siuoa ka thōko sebokeng seo sa pontšo ea lintho tse rekisoang. “Baetsi ba liaparo tsa bolumeli” ba babeli ba ile ba hlalosetsa koranta ea Italy La Stampa, hore ‘har’a tsohle, baprista ba banyenyane ba batla liaparo tse ncha, tsa boea bo hloekileng bo nang le mokhabiso, moseho oa Sejeremane, unifomo, tse entsoeng ka mokhoa o bonolo empa e le tse theko e boima. ’Me ka thuso ea Molimo, khoebo e tsamaea hantle.’

Ho hahlaula ka mabaka a bolumeli le hona ho tlisetsa khoebo chelete. Koranta ea Italy La Repubblica ea tlaleha: “Selemo se seng le se seng ho na le batho ba limillione tse 15 ba nkang maeto ka mabaka a bolumeli, ’me batsamaisi ba maeto a bohahlauli, e-bang ke a bolumeli kapa che, baa ba tseka.” Ho etsa mohlala oa sena, mabapi le kereke e khōlō ea “Mohalaleli” Anthony e Padua, koranta ea Italy Il Messaggero e bolela hore “batho ha ba tšele limillione ka lihoteleng feela empa haholo-holo ka mabokoseng a chelete a kereke eo e khōlō bakeng sa litšoantšo tse halalelang le lintho tse behoang e le likhopotso.”

Ha ho makatse hore ha Bokreste-’mōtoana hammoho le bolumeli bohle ba bohata, bo timetsoa, ‘bahoebi ba lefatše ba tla bo llela ba be ba bo hlomohele.’ Tšenolo 18:11 e tsoela pele: “Mesebetsi ea bona ha e sa tla hlola e rekoa ke motho.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela