Ho Sebetsana le Mefokolo ea ka
Joalokaha ho boletse Thomas Addison
HA KE sa le moshanyana, nonyana e sa ntšeng kotsi e ka tseleng e ne e ee e nketse hore ke phakise ke khelohe tsela ka ho felletseng. Ha beng ka ’na kapa metsoalle ba ne ba re etetse, ba ne ba ee ba fumane ngoana ea sa qoqeng a ipatelelitse ka mose oa ’m’ae. Boitšoaro ba ka bo tloaelehileng ho baeti e ne e le ho ikhula e be ke ea kamoreng e ’ngoe ea ho robala kapele kamoo ho ka khonehang. Leleme la ka le ne le rarahana ha motho leha e le ofe ea boholong a le teng, haholo-holo matichere a sekolo.
Ke eng e ileng ea ’nolofalletsa hore ke fetohe? Mocha eo ea neng a le lihlong tse utloisang bohloko joalo o ile a khona joang ho bua le bamameli ba likete-kete likopanong tse khōlō lilemong tsa morao-rao?
‘Ho Otlolla Thupa’ ha Batsoali
Batsoali ba ka—haholo-holo Ntate, Lescot le lesesaane, le matla—ba ile ba mphumana ke le ngoana eo ho leng thata ho mo utloisisa. A fetohile khutsana a le lilemo li 13, ka sebele ntate e ne e le motho ea molemo le hoja a ne a le bohale. O ile a ithuta ho ikhoantlella a sa le lilemong tse tlaase. Ka lehlakoreng le leng, ’mè eena e ne e le morali oa molemi ’me ka sebele o ne a le mosa. Ho koetlisoa ha ka ho tloha boseeng e ne e le ho mosa le ho tiileng, leha ho le joalo e ne e se ho ntšireletsang ka ho fetelletseng.
Ka 1945, ha ke le lilemo li tšeletseng, ke ile ka kena Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Puo ea ka ea pele ke ile ka e fana ka khanya ea lebone la kerosene phuthehong e ’ngoe ea Australia e nyenyane ea malapa a mararo feela. Esale pele haholo, Ntate o ile a nthusa ho lokisetsa, a hlalosa melemo ea ho bua ka bolokolohi. O ile a boela a hatisa ho se tšohe le ka mohla ka seo batho ba bang ba se buang kapa ba se nahanang. Joalokaha a ne a bolela: “Rōna batho re liqubu tsa lerōle kaofela. Liqubu tse ling li khōloanyane ho tse ling, ke phetho.” Mangole a ka a ile a otlana, liatla tsa ka tsa qala ho fufuleloa, ’me bohareng ba puo ea ka, ke ile ka rarahana leleme ’me ke ne ke se ke sa khone ho qetela.
E tlameha e be ke ne ke batla ke le lilemo li leshome ha Ntate a nka ’na le moen’a ka Robert a re isa seterateng se seholo sa toropo, hantle feela ka pel’a sebaka sa libaesekopo tikolohong eo. Mono re ne re phahamisitse limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! moo re bonoang ka ho felletseng ke barutoana ’moho le rōna sekolong. Limakasine tseo li ne li utloahala li le boima joaloka loto, ’me ka linako tse ling li ne li ee li qetelle li le ka mor’a ka! Ke ne ke ee ke leke ka matla ho ikhulela sebakeng se seng se potelletseng.
Leha ho le joalo, ha ke ntse ke shebelletse mohlala oa Ntate o sebete, ke ile ka khothala haholo. Ka mehla o ne a re ho ikhula e ne e le ho inehela ho Satane le ho tšaba batho. Teko e ’ngoe e ne e hlaha sekolong. E ne e se khale haholo Ntoa ea II ea Lefatše e felile, le bochaba Australia bo ne bo ntse bo le matla. ’Na le khaitseli ea ka Ellerie re ne re ee re sale re lutse nakong ea ha sekolo se bokane ha ho letsoa pina ea sechaba. Ke ile ka ho fumana e le teko ea sebele ho hlahella ke fapane, empa hape tšehetso ea batsoali ba ka e sa khaotseng le khothatso li ile tsa nthusa hore ke se ke ka sekisetsa.
Mohlala o Motle oa Ntate
Ha ho nahanisisoa ka semelo le boikutlo ba Ntate, ka sebele o ne a ’mamella haholo. O ile a qalisa ho sebetsa merafong ea mashala Engelane ha e sa le moshanyana ea lilemo li 13 feela. Ha a le lilemong tsa hae tse qalang tsa bo-20, o ile a fallela Australia hore a batle bophelo bo molemonyana. Empa ho oa ha moruo ka bo-1930 ho ne ho kene, ’me o ile a amohela mosebetsi tlas’a maemo a tšosang hore a hlokomele lelapa la hae.
Ka kakaretso Ntate o ile a tepelletsoa ke maemo le lipolotiki ka ho khetheha, kahoo ha a ne a bala libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower le ho pepesa ha tsona boikaketsi ba lipolotiki, ba khoebo, le ba bolumeli ka ntle ho tšabo, hoo ho ile ha thetsa pelo ea hae. E bile ka mor’a nako e khutšoaane ha a etsa boinehelo ba hae ba ho sebeletsa Jehova, ka moraonyana ho hore ’Mè a etse joalo. Ho sa tsotellehe ho senyeha ha letšoafo la hae ha morafo o mong o ne o heleha le ho se be le tsebo ea mosebetsi o khethehileng, Ntate o ile a nka lelapa leso ho ea sebeletsa libakeng tseo ho tsona ho neng ho e-na le tlhokahalo ea moea. Ho itšetleha ha hae ka Jehova ho ile ha nkhahla ka ho teba.
Ka mohlala, ke hopola ha re fallela torotsoaneng e ’ngoe ea merafo ea mashala moo bo-khaitseli ba bang ba babeli ba hōlileng e neng e le bona feela Lipaki, bao bobeli ba bona ba neng ba na le banna ba sa lumelang. Ho ne ho le thata ho fumana matlo, empa qetellong re ile ra khona ho hira ntlo e ’ngoe ea khale e ka ntle ho toropo ka limaele. Mokhoa oa rōna oa ho tsamaea feela e ne e le ka maoto kapa ka baesekele. Ka hona, hoseng ho hong ka meso, ha rōna bana ba bararo re ne re le sieo re lula le metsoalle, ntlo eo e ile ea cha lore. Batsoali ba rōna ba ile ba pholosa bophelo ba bona, empa ha ho na ntho le e ’ngoe e ileng ea bolokeha. Re ne re se na insurance ’me re se na chelete.
Ntate o ne a ntse a hopola sena pelenyana ho lefu la hae ka 1982. O ile a re: “Mora, na u sa hopola kamoo boemo bo neng bo bonahala bo tšabeha kateng pele, empa Jehova a ema pel’a rōna? Bonneteng, ka mor’a mollo, baena ba Perth ba ile ba romela thepa ea ka tlung, liphahlo, le chelete. Ka baka la ho fana ha bona, re ne re eme hantle licheleteng ho feta pele mollo o chesetsa!” Pele ke ne ke nahana hore Ntate o ne a fetelletsa litaba hanyenyane ha a ne a bua haholo hakaalo ka thuso ea Jehova bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, liphihlelo tse etsahalang khafetsa tsa hoo a neng a ho bitsa thuso ea bomolimo li ile tsa ba ngata haholo hore li ka hlalosoa ka tsela leha e le efe e ’ngoe.
Monahano o Molemo oa ’Mè
Bo bong ba mathata a ka a maholo ka mehla e ’nile ea e-ba monahano o sa nepahalang. ’Mè o ne a atisa ho mpotsa: “Ke hobane’ng ha ka mehla u talima bophelo ka lehlakoreng le lefifi?” Mohlala oa hae oa ho sheba ka lehlakoreng le khanyang e ne e le ntho e ntšusumetsang hore ke ’ne ke etse boiteko ba ho nahana hamolemonyana.
Haufinyane, ’Mè o ile a bua ka ketsahalo e ’ngoe toropong e ’ngoe e nyenyane ea temo kapele ka mor’a hore re fallele moo. O ile a makatsoa ke tlhaloso ea ngaka e ’ngoe ea sebaka seo. E ne e nahanne hore batsoali ba rōna ba ne ba eme hantle licheleteng, ha e hlokomela moaparo oa bona o hloekileng le ho bonahala ha bona ba itlhophile hantle. ’Nete e ne e le hore lehae la rōna e ne e le moliko o moholo, o arotsoeng ka ’methe ho etsa likamore. Ho ne ho se motlakase, gase, kapa metsi a ka tlung. Ka letsatsi le leng poho e ’ngoe e ile ea leka ho pshatla lemati le ka pele. U ka inahanela feela hore na ke ne ke le hokae: tlas’a bethe!
’Mè o ne a kha metsi a rōna selibeng se bohōle ba limithara tse 200, a sebelisa litoromolo tse peli tsa lilithara tse 15 tse tlanngoeng jokong eo a neng a e jara mahetleng a hae. O ne a e-na le bohlale ba ho bona lehlakore le tšehisang la lintho tse bosula ’me, a susumetsoa hanyenyane ke Ntate, o ne a talima boemo leha e le bofe bo thata e le phephetso e ka hlōloang ho e-na le ho bo talima e le tšitiso. O ne a ee a bontše hore le hoja re ne re se na lintho tse ngata tse bonahalang, re ne re thabela mahlohonolo a molemo a mangata.
Ka mohlala, re ne re qeta matsatsi a mangata a thabisang re etela masimong a hōle ho bolela teng, re hloma litente tlas’a linaleli, re pheha nama ea kolobe le mahe mollong oa ka ntle, ’me re bina lipina tsa ’Muso ha re ntse re tsamaea. Ntate o ne a ee a letse ’mino ka korosetina ea hae. E, ka litsela tsena re ne re ruile ka sebele. Litoropong tse ling tsa naha, re ne re hira liholo tse ling tse nyenyane ’me re phatlalatsa lipuo tsa phatlalatsa, tseo re neng re li nehelana ka Lisontaha motšehare oa mantsiboea.
Ka linako tse ling, ka baka la mathata a Ntate a bophelo a neng a khutla khafetsa, ho ile ha hlokahala hore ’Mè a etse mosebetsi oa boipheliso e le ho tlatsetsa cheleteng ea ntate e kenang ka lapeng. Ka lilemo-lemo o ne a ntse a oka ’mè oa hae le ntate-moholo ’me qetellong a oka Ntate oa rōna pele ba e-shoa. O ne a etsa sena a sa tletlebe. Le hoja ke ne ke ntse ke hlaseloa ke ho tepella maikutlo ka linako tse itseng ke bile ke e-ba le boikutlo bo sa nepahalang hangata, mohlala le tšusumetso e mosa tsa ’Mè li ile tsa mpha takatso ea hore ke ’ne ke leke.
Ho Sebetsana le ho Tepella Maikutlo
Lilemong tsa ha ke atamela lilemo tse mashome a mabeli, mefokolo eohle ea bongoaneng eo ke neng ke nahana hore e ne e kokobetse e ile ea khutla ka boiphetetso. Ke ile ka tsielehisoa ke lipotso tsa bophelo. Ke ile ka qala ho ipotsa, ‘Na ka bomong batho bohle ba na le monyetla o lekanang oa ho tseba le ho sebeletsa Jehova?’ Ka mohlala, ho thoe’ng ka ngoana ea tsoaletsoeng India kapa Chaena? Ruri monyetla oa hae oa ho tseba Jehova e ne e tla ba o fokolang haholoanyane ho feta oa ngoana ea bileng le lehlohonolo la hore a hōlisoe ke batsoali ba Lipaki. Hona ho ne ho bonahala ho sa loka! Hape, semelo le tikoloho, tseo ngoana a ke keng a li laola, li tlameha ho phetha karolo e khōlō. Ka litsela tse ngata haholo, bophelo bo ne bo bonahala bo se na toka. Ke ne ke ngangisana le batsoali ba ka lipotsong tse joalo ka lihora-hora. Ke ne ke boetse ke khathatsehile ka ponahalo ea ka. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ke neng ke sa li rate ho ’na.
Ha ke ntse ke thuisa ka litaba tsena, hoo ho ile ha nketsa hore ke tepelle maikutlo, ka linako tse ling e le ka libeke-beke tseo ho bonahalang eka ha li na ho fela. Ponahalo ea ka ea botho e ile ea mpefala. Ka makhetlo a ’maloa, ke ile ka lohotha ho ipolaea ka lenyele. Ho na le linako tseo ka tsona ke neng ke e-ba le boikutlo ba ho ikhotsofatsa ka baka la ho ikutloela bohloko. Ke ile ka ipona ke le moshoela-tumelo ea sa utloisisoeng. Ke ile ka itšehla thajana ’me ka lekhetlo le leng, ntle ho temoso, ka tšohanyetso ka ba le boikutlo bo tšosang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpotolohileng e ne e bonahala e se ea sebele, joalokaha eka ke ne ke shebile ka ntle ka fensetere e tletseng moholi.
Ketsahalo ena e ile ea ’nyarosa ka ho ntlhokomelisa hore e ka ’na eaba ho ikutloela bohloko ho kotsi. Ka thapelo ho Jehova, ke ile ka etsa qeto ea ho ikemisetsa ho etsa boiteko ba ho se inehele ho ikutloeleng bohloko hape. Ke ile ka qala ho tsepamisa mohopolo likhopolong tse molemo tsa Mangolo. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ke ile ka bala sehlooho se seng le se seng ka ho falimeha ho sa tloaelehang limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse neng li totobatsa libōpeho tse itseng tsa botho ’me li hlalosa mokhoa oa ho sebetsana le tsona. Ke ile ka boela ka lemoha ka hloko lintlha tse neng li phahamisoa ho Tšebeletso ea ’Muso tsa kamoo ho ka qoqoang le ba bang ka teng.
Pakane ea ka ea pele e ne e le hore ke leke ho qoqa halelele kamoo ho ka khonehang le motho a le mong sebokeng se seng le se seng sa Bokreste. Qalong, moqoqo o mong le o mong o joalo o ne o tšoarella hoo e ka bang motsotso o le mong feela. Ka baka leo, ka makhetlo a mangata ke ile ka khutlela hae ke ikutloa ke nyahame. Leha ho le joalo, matla a ka a ho qoqa a ile a ntlafala hanyane ka hanyane ka baka la ho tsitlella.
Ke ile ka boela ka qala ho etsa lipatlisiso tse ngata tsa botho lipotsong tseo ke neng ke e-na le tsona tse tsielehisang. Ho phaella moo, ke ile ka falimehela ho ja ha ka lijo tse matlafatsang ’me ka fumana hore ka ho ja lijo tse eketsehileng tse matlafatsang, boikutlo ba ka le mokoka li ile tsa ntlafala. Hamorao ke ile ka ithuta hore lintho tse ling li ne li ka qholotsa ho tepella maikutlo. Ka mohlala, ka linako tse ling ke ne ke e-ba le boikutlo bo matla haholo ka ntho e itseng e thahasellisang ka ho khetheha hoo ke neng ke ee ke be le boikutlo bo phahameng. Ka mehla hona ho ne ho lebisa ho fokoleng ho sa khaotseng, ho fella ka hore matla a ka a theohe ’me ke tepelle maikutlo. Karabelo e ne e le hore ke ithute ho phehella ho thahasella taba e itseng empa e seng ho nyakalla ho tlōla. Esita le ho fihlela kajeno, ke ntse ke lokela ho itebela.
Bohato bo bong e ne e le ho finyella pakane eo esale batsoali ba ka ba e phahamisa ka pel’a rōna bana, ke hore, tšebeletso ea nako e tletseng. Boikemisetso ba khaitseli ea ka ba ho itšoarella tokelong ena ea ho bula maliboho ka lilemo tse fetang 35 bo lutse e ntse e le tšusumetso e tiileng ho ’na.
Ho Sebetsana le Bothata ba Mora oa Ka
Ka mor’a lilemo tse itseng ke ntse ke le pula-maliboho ea lesoha, ke ile ka nyala pula-maliboho e ’ngoe ’moho le ’na, Josefa. E ’nile ea e-ba motlatsi ea molemo ho ’na ka litsela tsohle. Ka mor’a nako, re ile ra ba le bana ba bararo. Ngoana oa rōna oa letsibolo, Craig, o hlahile ka 1972 a holofetse boko habohloko. Boemo ba hae e ’nile ea e-ba phephetso ea sebele, kaha ha a khone ho iketsetsa ntho leha e le efe haese hore feela a sokole ho itjesa lijo. Ha e le hantle, re mo rata haholo, ka hona ke ile ka hahamalla mekhoa eohle ea ho mo thusa hore a itjare haholoanyane. Ke ile ka mo etsetsa lithuso tse sa tšoaneng tsa hore a tsamaee. Re ile ra teana le lingaka tse ngata tse itšebetsang empa li ne li e-na le katleho e fokolang. Hona ho nkhopolitse hore maemo a mang bophelong a tlameha ho amoheloa.
Nakong ea lilemo tsa bophelo ba hae tsa pele tse 12, ka tšohanyetso Craig o ne a ee a khaotse ho ja le ho noa. Hona ho ne ho lateloa ke lehlatso le itšemang feela. Ho ile ha nahanoa hore sesosa ke ho senyeha ha methapo ea boko. O ne a ee a qale ho tsitsipana hona ka pel’a mahlo a rōna. Thapelo e ile ea re thusa ho sebetsana le hoo, ’me meriana eo a e khethetsoeng e ile ea thusa ho laola bothata boo. Ka ho thabisang, Craig o ne a ee a bonahale a hlaphoheloa ka nako e loketseng, ’me ka lekhetlo le leng hape o ne a ee a re nyakallise ka ho bososela ha hae ho khahlehang le letoto la lipina le sa feleng.
Pele Josefa o ne a ho fumana ho le thata haholo ho ikamahanya le boemo bona bo otlang pelo. Empa lerato la hae le mamello ea hae ho hlokomeleng tlhokahalo e ’ngoe le e ’ngoe ea Craig li ile tsa qetella li hlōtse. Hona ho ile ha bolela hore re ’nile ra khona ho tsoela pele ho fallela kae kapa kae moo ho nang le tlhokahalo e kholoanyane ea thuso ea Bokreste. Ka tšehetso le thuso e sebetsang ea Josefa, ke ile ka khona ho sebetsa mosebetsi oa nakoana ka lilemo tse ’maloa, ho ntumellang ho ba pula-maliboho ea thusang hammoho le ho phelisa lelapa la rōna.
Tlhokahalo ea ho Nahana Hamolemo
Ha Craig a tepelletse maikutlo ka baka la ho kula khafetsa kapa ho ferekanngoa ke mefokolo ea hae, re mo khothatsa ka le leng la Mangolo a ka ao ke a ratang haholo: “Ha re ba ka ikhulang.” (Ba-Heberu 10:39, TLP) O le tseba ka hlooho, ’me ka mehla le ba le phello e khothatsang ho eena.
Kaha Craig o ne a ntse a batla a le monyenyane, o ’nile a ba le lerato le khethehileng bakeng sa tšebeletso ea tšimo. A sebelisa mofuta o khethehileng oa setulo se tsamaisoang ka mabili, o khona ho sebetsa ’moho le rōna hangata. Ka ho khetheha o thabela ho tla le rōna ha ke sebeletsa liphutheho tse ling mosebetsing oa potoloho ha ke nketse e mong sebaka, nako le nako. Litlhaloso tsa hae tse fokolang thutong ea sehlopha le ho bua ha hae a sa khaotse ka lipale tsa Bibele sekolong se khethehileng seo a neng a se kena, li ile tsa ba le tšusumetso eo rōna ba se nang mefokolo e itseng re neng re se na eona. Ka hona Craig o nkhopolitse hore ho sa tsotellehe hore na mefokolo ea rōna ke efe, Jehova a ka re sebelisetsa ho ntšetsa pele thato ea hae le morero oa hae.
Nako e seng kae e fetileng ke bile le tokelo ea ho ba morupeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Ka mor’a lilemo tsohle tsa ka ke le tšebeletsong, qalong ke ne ke ntse ke hlile ke le boi. Empa ka mor’a nakoana, ka ho itšetleha ka Jehova, methapo ea ka e ile ea kokobela, ’me hang hape ke ile ka utloa matla a Jehova a tšehetsang.
Ha ke hetla morao hona joale lilemong tse 50 tsa bophelo, ke kholisehile hore ke Jehova feela eo ka lerato a ka koetlisang motho ea joaloka ’na, a mo etsa motho oa moea.